Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 47 leq. 212-leq. 215
  • “O Entse Seo a Neng a ka se Khona”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “O Entse Seo a Neng a ka se Khona”
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • O Ile a ba le Sebete sa ho Amohela Boikarabelo bo Boholo
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Ke Bone Morena!”
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 47 leq. 212-leq. 215

47 MARIA, KHAITSELI EA LAZARO

“O Entse Seo a Neng a ka se Khona”

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

MARIA o ile a angoa ke tsela eo Jesu Kreste a neng a le mosa ka eona. Jesu o ile a etsa lintho tse ngata tse bontšang hore o tsotella Maretha, Maria le Lazaro. Ka makhetlo o ne a ba etela habo bona Bethani, a ba ruta lintho tse ngata ka eena le ka Jehova. Jesu o ne a ba rata haholo. Leha Lazaro a shoa, o ile a mo tsosa.

Maria o ne a batla ho etsetsa Jesu ntho e khethehileng, e le hore a mo bontše hore o ananela lintho tsohle tseo a ba etselitseng tsona. O ile a khetha ho mo fa mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa. E ne e le “oli e turu e nkhang hamonate, e le nareda ea ’nete” ’me e ne e tšetsoe ka har’a botlolo e nyenyane e entsoeng ka lejoe. Mehleng eo, oli ena e ne e rekoa ka chelete e lekanang le eo mosebeletsi a neng a e etsa selemo kaofela. Bibele ha e re bolelle hore na Maria o ile a fumana oli ena joang kapa hore na o ile a e fumana neng. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba e ne e le ntho e turu ka ho fetisisa eo a neng a e-na le eona.

O ne a batla ho fa Jesu mpho ea bohlokoa empa o ne a tseba hore ha a ka etsa joalo, batho ba bang ba tla mo tšoaea phoso

Ka letsatsi le leng, Jesu o ne a chaketse lelapa le leng Bethani a ja ’moho le lona, eaba Maria o khetha hore a mo fe mpho ea hae ka nako eo. O ile a ea ho Jesu, a fihla a pshatla botlolo eo ea oli eaba o e tšela hloohong le maotong a Jesu. Ha a qeta ho mo tšela ka oli o ile a rola hloohong, a mo phumola maoto ka moriri oa hae. Ka nako eo, Bajuda ba bang ba ne ba ka ’na ba bona ho fosahetse hore ebe Maria o ile a rola hloohong. Empa Maria o ne a se na taba le hore na batho ba bang ba nahana’ng. O ne a ikokobelitse ’me a batla ho tlotlisa Morena oa hae.

Monko oa oli eo o ile oa tlala ntlo. Empa ha se batho bohle ba ileng ba thaba. Judase Iskariota o ne a halefile haholo, ’me ho bonahala eka o ile a khona ho susumelletsa baapostola ba bang hore le bona ba be khahlanong le mpho ena ea Maria. Judase o ile a re: “Ke hobane’ng ha oli ee e nkhang hamonate e ne e sa rekisoe ka lidenari tse 300 ebe chelete eo e fuoa bafutsana?” Nahana feela hore na ebe Maria o ile a ikutloa joang. O ne a fane ka mpho ena ka pelo eohle ea hae ka ho rata. Empa banna bana ba hlomphehang, e leng baapostola ba Jesu, ba ne ba mo halefetse. E ka ’na eaba o ne a soabile haholo. Empa Jesu o ile a mo emela.

Jesu o ile a re: “Mo tloheleng.” E tlameha ebe baapostola ba hae ba ile ba thola tu! ka mor’a hore a cho joalo. O ile a boela a re: “O nketselitse ntho e ntle.” O ile a ba hlokomelisa hore Maria o ne a bontšitse hore oa mo rata. Le hoja a ne a sa tsebe, Jesu o ne a le haufi le ho bolokoa, ’me ha a ne a mo tlotsa ka oli eo ho ne ho tšoana le ha a mo lokisetsa ketsahalo eo e bohloko. Jesu o ne a utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha Maria a ile a mo tšela ka oli, eaba o bua mantsoe ana: “O entse seo a neng a ka se khona.” A qetella ka ho re: “Kannete ke re ho lona, kae kapa kae moo litaba tsena tse monate tsa ’Muso oa Molimo li boleloang teng lefatšeng lohle, ntho eo mosali enoa a e entseng le eona e tla boleloa e le hore a hopoloe ka eona.” Jesu o ne a tseba hore Maria oa mo rata le hore o ile a hloka sebete hore a mo fe mpho eo a ileng a mo fa eona. O ne a lokela ho babatsoa eseng ho tšoauoa liphoso hobane o ne a le seatla se bulehileng.

Judase o tšoaea Maria phoso, empa Jesu eena o emela Maria ka pel’a baapostola. Maria o lutse ka pel’a maoto a Jesu a tlotsitsoeng ka oli, o tšoere botlolo e nyenyane e entsoeng ka lejoe.

Ka mor’a moo, ha ho na motho ea ileng a ba le sebete sa ho bua ka taba ea oli hape. Judase o ile a tsamaea eaba o rera ho tsoa Morena oa hae tlase. Empa mantsoe a Jesu a ile a ama Maria. Matsatsi a seng makae ka mor’a moo, Maria o ile a utloisisa hantle hore na mantsoe a Jesu a ne a bolela eng. Morena oa hae eo a mo ratang, o ile a qosoa ka bohata, a bolaoa eaba oa bolokoa feela joalokaha a ne a boletse. Re se re ka inahanela hore na ebe mosali enoa ea mosa, ea nang le kutloelo-bohloko o ne a utloile bohloko bo bokae. Nakong eo e boima, e tlameha ebe mantsoe a Jesu a ile a mo thoba maikutlo.

Letsatsing la boraro ka mor’a hore Jesu a shoe, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e hlollang. Morena Jesu o ile a tsosoa bafung. Nakoana ka mor’a moo, o ile a hlaha sehlopheng sa balateli ba hae ba fetang 500. Mohlomong o ile a ba bolella nakong eo hore ba bolelle “batho ba lichaba tsohle” litaba tse monate. (Mat. 28:​19, 20) O ne a ile a re ha batho ba ntse ba bolelloa “litaba tsena tse monate,” ba ne ba tla boela ba bolelloe ka tsela eo Maria a neng a ikokobelitse kateng le kamoo a ileng a bontša hore oa mo rata. E tlameha ebe Maria ha aa ka a ikoahlaela hore o ile a ba le sebete sa ho fa Morena oa hae sohle seo a ka se khonang. Ha ho pelaelo hore Maria o ile a lula a hopola mantsoe a Jesu bophelo bohle ba hae, ha a ne a mo babatsa ka lebaka la tumelo le sebete seo a se bontšitseng, a re: “O entse seo a neng a ka se khona.”

Bala litemana tsena:

  • Matheu 26:​6-13

  • Mareka 14:​3-9

  • Luka 10:​38-42

  • Johanne 11:​5, 6, 31-35, 41-45; 12:​1-8

U ka re’ng?

Maria, khaitseli ea Lazaro, o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Re tseba eng ka Maria le Maretha? (Luka 10:​39, 40; Joh. 11:20; ia 173 ¶5-6; 176 ¶17) A

    Maria le ausi oa hae, Maretha. Maria oa thuisa ha Maretha eena a bososela a tšoere baskete ea bohobe.

    Setšoantšo A

  2. 2. Ke eng e neng e ikhetha ka Jesu ho mesuoe e meng mehleng ea hae? (w99 9/1 30 ¶1-4)

  3. 3. Ke eng e neng e etsa hore oli eo Maria a ileng a e tšela ho Jesu e be ea bohlokoa? (w08 5/1 31) B

    Indian nard: © Haijie Lu, licensed under CC BY-NC 4.0. Source; dried jatamansi: wasanajai/stock.adobe.com; alabaster jar: © The Trustees of the British Museum. Licensed under CC BY-NC-SA 4.0. Source

    Setšoantšo B: Palesa le metso ea semela se bitsoang Nardostachys jatamansi tseo ho ka etsahalang hore ebe li ile tsa sebelisoa ho etsa oli eo Maria a ileng a tšela Jesu ka eona, le botlolo e nyenyane e entsoeng ka lejoe

  4. 4. Mehleng ea Bibele ho ne ho bolela eng ha motho a tšela oli hloohong le maotong a motho e mong? (w10 11/1 6 ¶4, nal.)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Jesu o ile a re “Maria o khethile ntho e nepahetseng,” ka ho beha Jehova pele. (Luka 10:42) Re ka mo etsisa joang kajeno? C

    Litšoantšo: Li bontša morali oa bo rona ea behang Jehova pele bophelong ba hae. Tse latelang li bontša kamoo a etsang sena kateng. Morali eo oa bo rona o tloha ’mokeng ha ba bang ba sala ba ntse ba bapala. Morali eo oa bo rona o robetse hamonate betheng ’me ho na le Bibele pel’a hae. Letsatsi le latelang hoseng, o thabela ho paka ka toroli le morali oa bo rona e mong.

    Setšoantšo C

  • Jesu o ile a babatsa Maria hobane a “entse seo a neng a ka se khona.” Taba ee e re ruta eng ka seo Jehova a se ananelang ka rona? (Mar. 12:​29, 30; 14:8)

  • U ka etsisa sebete seo Maria a ileng a se bontša joang bophelong ba hao?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • Ke hobane’ng ha u thabetse hore ebe Maria, khaitseli ea Lazaro, e ka ’na eaba o khethetsoe ho ea busa le Kreste leholimong?

Ithute Lintlha Tse Ling

Bana ba ka ithuta eng ho Maria, Maretha le Jesu ka ho etsa metsoalle?

Motsoalle oa ka e Lokela ho ba Motho ea Joang? (13:14)

Jesu o ile a ananela mpho ea boleng bo phahameng ea Maria, a boela a ananela mpho ea mohlolohali ea licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane. Taba ee e re ruta eng ka eena?

“Na U Iponahatsa U le ea Lebohang?” (w99 4/15 16 ¶3-7)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela