42 MARIA
O Ile a ba le Sebete sa ho Amohela Boikarabelo bo Boholo
KA LETSATSI le leng ho ile ha fihla moeti habo moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria, ea neng a lula Nazaretha e Galilea. Empa e ne e se moeti feela tjee, e ne e le lengeloi. Lengeloi leo e ne e le Gabariele. Le ne le tletse lebaka la bohlokoa. Le ne le tl’o fa Maria kabelo e khethehileng e tsoang ho Jehova, eo ho seng mohla e kileng ea fuoa motho ofe kapa ofe.
Lengeloi le ile la mo lumelisa la re: “Lumela uena ea hlohonolofetseng, Jehova o na le uena.” Qalong, Maria o ile a ‘makala haholo’ hobane o ne a sa bone eka o tšoaneloa ke thoriso e kaalo. Empa Gabariele o ile a mo khothatsa, a mo bolella hore ‘Molimo o mo hauhetse.’ Ka mor’a moo, a mo bolella ka kabelo e khethehileng e tsoang ho Jehova, a re: “U tla ima, u tsoale mora.” Eaba o tsoela pele ho re: “O tla ba matla, a bitsoe Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Jehova o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida . . . ’me e tla ba” Morena.
Maria o ile a ba sebete sa ho botsa lengeloi hore na sena se tla etsahala joang hobane o ne a lebelelitsoe, empa a e-s’o nyaloe ebile a e-s’o ka a robala le monna. Gabariele o ile a mo hlalosetsa hore moea o halalelang oa Jehova o tla ba holim’a hae, o etse hore a ime a be a tsoale ngoana ea phethahetseng. “Ngoana eo e tla ba ea halalelang, a bitsoe Mora oa Molimo.” O ile a ba a mo bolella ka ntho eo Jehova a e etselitseng mong ka eena Elizabetha. Boo e ne e le bopaki bo lekaneng bo ileng ba etsa hore Maria a lumele. Ka boikokobetso, o ile a re: “’Na ke lekhoba la Jehova, e se eka mantsoe ao a ka phethahala ho ’na.” O ile a nka Jehova e le Monghali oa hae ea lerato ’me eena e le lekhoba la hae le mamelang. O ne a kholisehile hore ha a etsa thato ea Jehova, Jehova o tla mo thusa a be a mo sireletse. Ho tseba seo ho ile ha mo thusa hore a be le sebete sa ho amohela kabelo eo e khethehileng.
Ka mor’a hore lengeloi le tsamaee, Maria o ile a chakela Elizabetha. Basali bana ba ile ba khothatsana bakeng sa boikarabelo bo bocha boo ba neng ba tl’o bo phetha. Maria o ile a hlalosetsa Elizabetha hore na o ikutloa joang ka Jehova. Kahoo, mantsoeng a hae re khona ho bona sebete seo a neng a e-na le sona. Moqoqong oo o mokhutšoanyane, o ile a qotsa mantsoe a tsoang Mangolong a Seheberu ka makhetlo a fetang a 20. Maria o ile a khona ho etsa joalo hobane o ne a nahanisisa ka ho teba ka Lentsoe la Molimo. Kaha o ne a tseba Jehova hantle, o ne a tseba hore a ka kholoa litšepiso tsa hae. O ile a lula le Elizabetha ka likhoeli tse ka bang tse tharo pele a ka khutlela hae. O ne a hloka sebete sa ho bolella Josefa hore o imme le hore na seo se etsahetse joang. Qalong, Josefa o ne a sa kholoe Maria, empa lengeloi la Jehova le ile la mo thusa ho utloisisa hore o ne a bua ’nete.
Ka mor’a hore Maria le Josefa ba nyalane, nako ea hore Maria a pepe e ile ea ’na ea atamela. Leha ho le joalo, Josefa o ile a ea le eena Bethlehema, hobane Sesare o ile a ntša taelo ea hore batho bohle ba tlas’a puso ea hae ba ngolisoe. Ho ne ho le thata ho Maria ho tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 150 ka tonki hobane e ne e le moimana. Empa o ile a tsamaea. O qetelletse a belehetse ngoana ka setaleng eaba o mo beha ka sejelong sa liphoofolo. Ho ntse ho le joalo, o ile a ba sebete ’me a tšepa Jehova. O ne a ikemiselitse ho etsa sohle seo a ka se khonang ho hlokomela mora enoa ea neng a ikhetha.
Lengeloi le ile la fa Maria kabelo ea bohlokoa e tsoang ho Jehova eo ho neng ho se mohla e kileng ea fuoa motho leha e le ofe
Ha lilemo li ntse li ea, Maria o ne a ntse a tl’o hloka sebete. O ne a hloka ho ba sebete nakong eo eena le Josefa ba neng ba hloka ho balehisetsa Jesu Egepeta, hobane Morena Heroda o ne a batla ho mo bolaea. O ne a se hloka ha eena le Josefa ba ne ba holisa bana ba bona ba supileng kapa ho feta moo, le hoja ba ne ba futsanehile. O ile a se hloka ha a ne a hlokahalletsoe ke molekane oa hae, Josefa, mohlomong pele Jesu e ba Mesia. O ile a se hloka ha Jesu a tloha lapeng ho ea phetha kabelo ea hae. Ka holim’a tsohle o ne a se hloka ha Jesu a ne a etselletsoa, ha a ne a tšoeroe le ha a ne a bolaoa. O ne a boetse a hloka sebete hore e be molateli oa Jesu, hobane Bajuda ba ne ba hloile balateli ba Jesu.
Kannete Maria o ne a e-na le kabelo ea bohlokoa. Ebe o ile a se fumana kae sebete sa hore a e phethe? Bibele e bontša hore ha Maria a ne a ithuta ntho e itseng e matlafatsang tumelo ea hae, o ne a e boloka pelong. Ka lebaka leo, o ne a e-na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo a ka nahanang ka tsona nako le nako. Tse ling o ithutile tsona Lentsoeng la Molimo, tse ling li tsoa ho mangeloi le bahlanka ba Molimo, ha tse ling tsona li tsoa ho mora oa hae. Ha Maria a ntse a nahanisisa ka ho teba ka lintho tsena kaofela, seo se ile sa mo fa sebete sa hore a hlole liteko tseo a ileng a kopana le tsona bophelong bohle ba hae.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Maria o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke bopaki bofe ba histori bo bontšang hore liketsahalo tse hlahang ho Luka 2:1-3 li ile tsa etsahala? (g 4/11 11 ¶4-5) A
British Library, London, UK, from the British Library archive/Bridgeman Images
Setšoantšo A: Taelo e fanoeng ke ’musisi oa Roma ea hore ho nkoe palo ea sechaba sa Egepeta ka selemo sa 104
2. Ke hobane’ng ha re ka re leeto le eang Bethlehema le ile la e-ba thata ho Maria? (ia 153-155 ¶4-7)
3. Ha Jesu e sa le lesea, Maria o ile a bolelloa hore o tla utloa bohloko joalokaha eka o “hlabiloe ke sabole e telele.” Mantsoe ao a ile a phethahala joang? (Luka 2:35; w08 3/15 31 ¶1)
4. Ke hobane’ng ha re ka re Maria o leholimong? (w18.07 10 ¶14) B
Setšoantšo B: Maria le bara ba hae ba ne ba le Jerusalema matsatsi pele ho Pentekonta ea 33
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Maria o ile a etela Elizabetha ha a ne a hloka matla le ho khothatsoa. (Luka 1:39, 40) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho kopa thuso ha re tobana le mathata le ha re thatafalloa ke ho phetha likabelo tsa rona? C
Setšoantšo C
Le hoja Maria a ne a lebelelitsoe ke Josefa, Jehova o ile a romela lengeloi ho Maria pele. Taba ee e re ruta’ng ka tsela eo Jehova a talimang basali ba tšepahalang ka eona?
U ka etsisa sebete seo Maria a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
Ke hobane’ng ha u ananela hore ekanna eaba Maria o khethiloe hore a e’o busa le Kreste leholimong?
Ithute Lintlha Tse Ling
Nahana kamoo Maria a ileng a sebetsa ka thata kateng ho holisa le ho hlokomela bana ba hae.
U nahana hore Maria o ile a ikutloa joang ha Gabariele a mo bolella hore o khethetsoe ho etsa kabelo ea bohlokoa?