Eliabe—Mojudea ea Neng a sa Tšoanelehele Borena
BOPROFETA bo entsoeng liphateng tsa lefu ba mopatriareka Jakobo bo hlakisitse hore borena ka letsatsi le leng bo ne bo tla sebelisoa ke bana ba Juda, mora oa hae oa bone. Jakobo a re: “Molamu oa borena o ke ke oa tloha ho Juda, kapa lere la bolaoli [tokelo ea ho laela] pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo [Messia], le lichaba li be li mo utloe.” (Gen. 49:10) Empa ke Mojudea ofe oa pele ea neng a tla sebelisa matla a borena le a bolaoli?
Potso ena e ile ea arabeloa lilemo tse fetang 600 hoba Jakobo a bolele boprofeta ba hae. Moprofeta Samuele o ile a romeloa Bethlehema, hore moo a ee ho tlotsa e mong oa bara ba Mojudea Jese bakeng sa borena. Ponong ea botho, ea neng a ka khethoa ka ho utloahalang e ne e le mora oa letsibolo oa Jese, Eliabe. E ne e le motho eo ponahalo ea hae e hapang, a le molelele a le motle. Ha a mo bona, Samuele a ipolella hore: “Ruri, motlotsuoa oa Jehova o pel’a ka.” (1 Sam. 16:6) Empa ho ne ho se joalo. Lentsoe la Jehova e bile le reng: “U se ke ua talima tšobotsi ea hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; ’na ke mo lahlile hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” (1 Sam. 16:7) Ho ileng ha etsahala hamorao bophelong ba Eliabe ho supa hantle kamoo a neng a sa lokela borena.
Ha ntoa e qhoma pakeng tsa Bafilista le Baiseraele, Eliabe o ne a le lebothong la Morena Saule. Eena, hammoho le banna kaofela, ba utloa senatla sa Bafilista Goliatha se qholotsa: “ . . . kajeno ke nyelisa makhotla a Iseraele; ’neeng monna, re loane le eena.”—1 Sam. 17:8-10.
Eliabe o ile a itšoara joang? Na o ile a bontša hore o lumela matleng a Jehova hore a ka mo atlehisa hore a loane le Goliatha? Che, Eliabe ha a ka a iteka hore a ka ema ka sebete. Ka ho totobetseng o ile a kopanela ho se ileng sa etsoa ke Baiseraele ka kakaretso. Bibele e tlaleha hore: “Saule le ba-Iseraele bohle ha ba utloa mantsoe a mo-Filista eo, ba tšaba, ’me ba tšoha haholo.”—1 Sam. 17:11.
Mofilista Goliatha a ’na a nyelisa Iseraele hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea a mang le a mang ka matsatsi a 40. (1 Sam. 17:16) Nakong ena Jese a romela mora oa hae oa ho fela Davida, mokhethoa oa Jehova bakeng sa borena, moo Baiseraele ba neng ba hlomile litente teng le lijo bakeng sa Eliabe le baena ba hae ba babeli hammoho le molaoli ea neng a busa banna ba sekete. Jese a laela Davida hore: “U bone hore na banab’eno ba sa lutse hantle, u ntoo boea le taba tsa bona.” (1 Sam. 17:18) Kahoo, Jese ka ho totobetseng o ne a batla ho tseba hore na bara ba hae ba bararo ba tsoella joang ’me a batla bopaki ba hore baa phela le hona e le hantle.
Ha a fihla moo, Davida a utloa mohoo oa ntoa. A tlohela lijo le molebeli, ka potlako a mathela ntoeng e le hore a ka bua le baholoane ba hae. Ha a sa ntsane a botsa tsa bophelo ba bona, Goliatha a ema moo a tloaetseng ’me a phahamisa lentsoe la hae ho nyelisa lebotho la Ba-iseraele. Eare ha Davida a bontša ho thahasella sena, a botsa banna ba emeng moo ka taba ena, Eliabe a phasoloha ka bohale.—1 Sam. 17:20-28.
A tobisa mantsoe a hae ho Davida, Eliabe a re: “U tletse’ng koano? ’Me linkunyana tsela tse seng kae u li siile le mang nahathothe? Ke tseba boikhohomoso ba hao le mabela a pelo ea hao, hobane u tlile ho boha ntoa feela!” (1 Sam. 17:28) Eliabe ha a ka a leka ho batlisisa linnete empa a tlolela qetong e potlakileng mabapi le ngoan’abo. A bolela hore Davida ha a re letho ka linkunyana, tseo ho lahleha ha leha e le ’ngoe ea tsona ho neng ho tla bolela tlokotsi e matla bakeng sa lelapa. Empa ho ne ho se leshano le fetang leo. Ha a ne a sireletsa mohlape oa ntat’ae, Davida o ne a kile a bolaea bere le tau. (1 Sam. 17:34, 35) Ha a bolela ho ameha hona ka linku, Eliabe hape o ne a bontša boikutlo bo sa leka-lekanang. O ne a halefa ka taba e sa reng letho ha e bapisoa le khang e kholo e neng e phahamisoa ke Goliatha. Mofilista bonneteng ba litaba o ne a nyelisa Jehova, Molimo oa Iseraele—ntho e ’ngoe eo Davida a neng a e hlokomela ka mokhoa o hlakileng.
Ho theiloe holim’a khopolo-taba, Eliabe a ba a fetela pejana. A tsekisa Davida hore ke moikhohomosi, hore ka mabela o ikhethetse ho tla lebaleng la ntoa. A boela a ahlola Davida hore tšusumetso ea hae ke e mpe, e le ea nang le pelo e mpe. Lebaka leo Eliabe a ileng a fana ka lona bakeng sa hona ke lena: “Hobane u tlile ho bona ntoa feela.” Hona ho kenyelletsa hore Eliabe o ne a ikutloa hore ngoan’abo e monyenyane o ne a batla ho baleha mosebetsing oa hae hore feela a tl’o bona ntho e ’ngoe e kholoanyane.
Ha a itšireletsa qosong tsa bohata, Davida a arabela: “Ke entse’ng joale? Molato o kae, ha ke bua joalo?” Bonneteng, Davida o ne a re: ‘Ekaba qoso ea hao e theiloe holima’ eng? Hantle-ntle ke entse eng? Ebe ha kea tšoanela ho botsa lipotso, ho tseba hore na ho etsahala joang?’ Hona ha felisa litaba. Eaba Davida o botsisisa ho ea pele ’me a bontša tumelo e tebileng ho Jehova, a fumana ho hlōla Goliatha.—1 Sam. 17:29, 36-51.
Sena se boletsoeng se bontša ka matla hakaakang hore na ke hobane’ng ha Eliabe e ne e ke ke ea e-ba mokhethoa ea motle bakeng sa borena! Ntle ho bopaki bo hlileng bo hlakileng, a fihlela sepheo se sebe ka ngoan’abo Davida. O ne a haelloa ke tumelo e feletseng ho Jehova, ho se letho leo a le etsang ka linyeliso tsa Mofilista Goliatha. A sitoa ho bona bohlokoa bo boholo ba hore lebitso la Jehova le hlatsuoe thohako ea Mofilista, ho bonahala a amehile haholo ka linkunyana. Ka sebele, monna ea neng a bontša khaello e kaalo ea tumelo, sebete le kahlolo e leka-lekaneng o ne a ke ke a khethoa ke Jehova bakeng sa borena. Ea hlahlobang lipelo, Jehova, o ne a sa fosa ka ho khetha mora oa ho fela oa Jese, Davida, ho e-na le oa letsibolo.—1 Sam. 13:14.