Ho Hlaolela Moea oa ho Itela
“Banab’eso, kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng.”—Ba-Roma 12:1.
1. Ke hobane’ng ha Jehova a tšoaneloa ke mahlabelo a rōna ho eena?
HORE batho ba rate ho etsa mahlabelo, sepheo sa mahlabelo ao e lokela e be se tšoanelehang, se nkiloeng ka mokhoa o phahameng. Ka lintlha tsohle, Jehova Molimo o hlile o tšoaneloa ke mahlabelo leha e le afe ao re mo etsetsang oona. Ke eena ’Mōpi oa bokahohleng bo boholohali le bo tsotehang le mohloli oa lintho tsohle tse phelang. Hape ke Moetsi oa taolo e ncha ea ho loka e tla phekola mathata ’ohle a batho. Ka ho loketseng, Bibele e re: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.” (Tšen. 4:11) Kaha Jehova o tšoaneleha hakaalo, re phehelloa hore ‘re hlahise ’mele ea rōna e le sehlabelo se phelang’ ho eena.—Ba-Roma 12:1.
2. Ke’ng se akarelletsoang lentsoeng “sehlabelo”? (Bala Ba-Heberu 13:15, 16.)
2 Hantle ho ba sehlabelo se phelang ho Jehova ho akarelletsa eng? Tlhaloso e ’ngoe ea lentsoe “sehlabelo” ke “ho neelana ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa kapa e lakatsehang lebitsong la ntho e ’ngoe e nkoang e le e phahameng haholoanyane.” Tlhaloso e ekelletsang moo ea “sehlabelo” ke “ho nyehela bophelo ho molimo.” Kaha Jehova ha a re hloke hore re bolaoe aletareng e ’ngoe ea sebele, ho nyeheloa ha bophelo ba rōna ho ne ho tla ba tšebeletsong ea hae. Ha re bua ka timetso e tlang ea tsamaiso ena, moapostola Petrose o phehella Bakreste hore e be batho ba khethehileng ka ‘liketso tse halalelang tsa borapeli.’ (2 Pet. 3:11) Ka hona sehlabelo se amohelehang ho Molimo se kenyelletsa liketso tse molemo, haesita le ho lahla mekhoa eo Jehova a sa e amoheleng kapa e ka kena-kenanang le tšebeletso ea rōna ho eena.
3. Na Jehova o amohela mahlabelo ’ohle a kopanyelletsang borapeli?
3 Na tsela ea boitelo e bolela hore Molimo o hloka batho hore re fetohe ba chesehang ho tlōla, ho etsa lintho tse sa utloahaleng? Ka mohlala, batho ba bang ba khasa ka mangole libaka tse telele ho ea litempelaneng tsa likereke ka mangole a lutlang mali, ba hopola hore Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo. Ba bang ba ka ’na ba itapisa ka boomo le ho kōpa. Ba bang ba hana ho ja lijo tse itseng e le karolo ea borapeli ba bona. Empa Jehova ha a hloke bahlanka ba hae hore ba ikenye mathateng ka boomo. Ha a lumelle melao e entsoeng ke batho ea hore ba ka “itlama, le ka ho ikokobetsa le ka ho se hauhele ’mele.”—Ba-Kol. 2:23.
4. Ho bolela’ng ho itella lithahasello tsa Jehova kajeno?
4 Mofuta oa boitelo o utloahalang oo Jehova a o hlokang ke hore re lekanyetse litakatso tsa rōna tsa botho e le hore re ka sebeletsa tsela hae ka ho feletseng haholoanyane. Tsela eo e likoloha ’musong o tlang oa Molimo bakeng sa lefatše lohle, ’muso oa hae oa leholimo matsohong a Kreste. Kaha ’muso oo e tla tloha e e-ba oona matla feela a busang a lefatše, bohle ba batlang ho phela tlas’a tsamaiso ea oona e lokileng ho hlokahala hore ba ithute melao ea oona, metheo le merero. Hape ho hlokahala hore ba ntšetse pele lithahasello tsa oona, ‘ba bolela litaba tsena tse molemo tsa ’muso’ har’a batho kajeno. Ka hoo, ho itella lithahasello tsa Jehova ho bolela ho utloa melao ea hae le ho etelletsa ’muso oa hae pele bophelong ba rōna: Jesu o itse: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.”—Matt. 6:33.
5. Na tsela ea boitelo e lokela ho nkoa e le thata haholo?
5 Na tsela ea ho itela ke e bonolo? Che, ha e joalo. Empa ke Jehova Molimo le Kreste Jesu ba re memelang tseleng ena. Hoo ho bolela hore tsela e joalo e na le monyetla, kaha Ntate ea lerato le Mora oa hae, ea bōpileng batho, o tseba se ka finyelloang ke batho. Ho feta moo, kaha Jehova le Kreste ba na le lerato le lekana ho batho, re ka tiisa hore ba ke ke ba re kopa ntho leha e le efe e ka bang kotsi lithahasellong tsa rōna tse molemohali. Hape, ha re nahana ka meputso e meholo e larileng ka pele, ho ka boleloa ka tšepo hore ho etsa sehlabelo sa ho sebeletsa Jehova ke eona tsela feela e tšoanelehang ea bophelo kajeno. Ho hong hohle ho tla tloha ho fela ka masoabi.—Matt. 19:26; Ba-Roma 9:33; 1 Joh. 4:16.
6, 7. (a) Ho ile ha hlokahala hore Noe a itele ho eng? (b) Na Noe o ile a nyahamisoa ke ho feta ha nako?
6 Re ka khothatsoa haholo tseleng ea rōna ea boitelo ha re hlahloba pale ea Bibele ’me re bona kamoo batho ba bang bao e neng e le batho feela ba ileng ba phehella ka katleho tsela e joalo, le mahlohonolo ao ba ileng ba a fumana ka ho etsa joalo. Ka mohlala, Jehova o ile a kōpa Noe hore a tele lintho e le hore a ka etsa mosebetsi oo lefatše la mehleng ea hae le neng le o nka e le booatla. O ile a laeloa hore a etsa sekepe se seholo, areka. Leha ho le joalo ho ne ho se mohla ho kileng ha tšoloha lipula tse ngata kapa moroallo. Ho feta moo, Noe e ne e se mohahi oa likepe, hape o ne a ena le boikarabelo ba lelapa.
7 Ho haha areka e khōlō hakaalo ho ne ho tla hloka hore Noe a nke nako linthong tseo mohlomong a neng a ka ikhethela ho li etsa. Ka sebele, hoja ebe o ne a ile a kenya nako eona eo le matla ho atiseng matlotlo a hae a bonahalang, ntle ho pelaelo a ka be a ile a ba monateng o moholoanyane. Hape o ile a tlameha hore a tele botumo bo bong ba hae har’a bao a ahisaneng le bona, kaha mosebetsi oa hae arekeng o ile oa mo phetlela hore a songoe. Na o ile a nyahama kapa a tlohela kaha mosebetsi oo o ile oa mo nka lilemo tse ngata ha a ntse a letetse bofelo ba tsamaiso eo? Ho fapana le hoo, Noe o ile a tsoela pele le tsela ea hae ea boitelo. Hona ho ile ha akarelletsa ho ba ha hae ‘’moleli oa ho loka.’ (2 Pet. 2:5) O ne a utloisisa hore ha a phele lefatšeng le “tloaelehileng,” empa le neng le “bolile pel’a Molimo, . . . le tletse ho bolaeana,” le neng le tla qetella le timelitsoe. Kahoo, Bibele e re: “Eaba Noe o etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa joalo.”—Gen. 6:11, 22.
8. Kutlo ea Noe e re amile bohle joang?
8 Re lokela ho thaba haholo hore Noe o ile a hana ho ba ka lehlakoreng la ba ichebileng bobona ba mehleng ea hae. Ka baka la kutlo ea hae, rea phela kajeno, kaofela re le bana ba tsoileng ho Noe. Ba neng ba ichebile bobona ba ile ba lahleheloa ke sohle, matlo, matlotlo, hoo ba neng ba ho bitsa hore ke tsela e “tloaelehileng” ea bophelo. Ba ba ba lahleheloa ke bona bophelo ba bona le bophelo ba bana ba bona, ‘ha lefatše la mehleng eo le timetsoa ka metsi.’—2 Pet. 3:6.
9. Abrahama o hlohonolofalelitsoe ho ithaopela ho itela joang?
9 Abrahama ke e mong ea ileng a ananela bohlokoa ba ho itella Jehova. Jehova a mo laela hore: “Tloha lefatšeng la heno, le Ho mofuta oa hao, le tlung ea ntat’ao, u ee lefatšeng leo ke tlang ho u bontša lona.” (Gen. 12:1) Abrahama ha a ka checha kaha Jehova o ne a mo kōpa hore a kene tseleng ea bophelo e sa tsitsang joalo a tlohela e sireletsehileng. O ne a e-na le tšepo ea hore seo Jehova a neng a mo kōpa sona se nepahetse ’me se molemong oa hae. “Eaba Abrame oa falla, kamoo Jehova a ’moleletseng kateng.” (Gen. 12:4) Ke ’nete, hoo ho ile ha bolela boitelo bo boholo ka lilemo tse telele. Empa Jehova a hlohonolofatsa boithaopo ba hae ba ho sebeletsa haholo. Abrahama a bona tse ngata tsa liketso tse hlollang tsa Jehova lebitsong la hae le lelapa la hae; ha a ka a hloka letho le bonahalang; eaba o bitsoa “motsoalle oa Jehova.” (Jak. 2:23, NW) Hape, Molimo oa tšepisa Abrahama hore sechaba kaofela sa batho se ne se tla tsoa ho eena. Ha bohlokoa, Bibele e bua tjena ka sena: “Abrahama, hoba a lebelle ka sebete, ke moo a neiloeng seo a neng a se baletsoe.” (Ba-Heb. 6:15) Ho feta moo, o tlotlisitsoe ka ho ba moholo-holo oa Jesu.
10. Ho se tšoane ka boikutlo ho ile ha bapisoa joang lekholong la pele la lilemo, ka liphello life?
10 Lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, batho ba bangata banna le basali ba ile ba tela lintho tse ling tseo ba li thahasellang ka lebaka la lithahasello tsa Jehova. E, ba sebetsa ka thata ’me ba kena mathateng a mangata, empa khotsofalo ea bona e bile kholo ka ho tseba hore ba ne ba etsa ntho e nepahetseng ’me ba khahlisa Molimo. Hape, ba ne ba e-na le tšepo ea hore Jehova o ne a tla hopola tumelo le mesebetsi ea bona lebitsong la hae ’me o tla fela a ba nee moputso o motle nakong e tlang. ’Me ho thoe’ng ka ba neng ba hlile ba ichebile bobona, ba neng ba batla ho boloka tsela ea bona e “tloaelehileng” ea bophelo le ba ileng ba hana Jesu ka baka la ho tšaba hore ‘Ba-Roma ba tla tla, ba timetse motse oa bona le sechaba sa bona’? (Joh. 11:48) Hona molokong oo tsela ea bona ea bophelo ea felella leha ho le joalo. Makhotla a Roma a etsa naha lesupi, ka tahlehelo e kholo ea bophelo le thepa. Empa Bakreste ba itetseng ba utloa lithuto tsa Jesu, ba baleha sebakeng seo ’me ba boloka bophelo ba bona, le hoja morao ba ne ba tlohetse matlo le hoo e ka bang matlotlo a bona kaofela a bonahalang. Ruri ba nkoa ba le “lehlohonolo.”—Luka 21:20-24; 22:28-30; Tšen. 20:4-6.
BOITELO MEHLENG EA RŌNA
11. (a) Na kajeno Bakreste ba hlokoa ho tela matlotlo ’ohle? (b) Ho itella Jehova ho akarelletsa tšebetso ea rōna ho ba bang joang?
11 Na hona ke ho bolela hore bahlanka bohle ba Molimo kajeno ba tlameha ho tela matlo le matlotlo a mang a bonahalang e le karolo ea mahlabelo a bona ho Molimo? Che, hase eona taba, le hoja mehlala e hlokomelehang mabapi le Noe, Abrahama, le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ho bile teng ho ithaopela ho etsa joalo haeba ho hlokahala. Ntho e khōlō-khōlō ke boithaopo ba motho ho etelletsa pele lithahasello tsa Molimo bophelong ba hae, a etsa mahlabelo leha e le afe a hlokahalang hore ho etsoe joalo. Hase haholo-holo hore na motho o na le ho hokae kapa ha a na ho hokae, empa hore na pelo ea hae e hokae. Na e lithahasellong tsa Jehova pele, kapa na e lithahasellong tsa botho pele? ’Me karolo e ’ngoe ea lithahasello tsa Jehova e kopanyelletsa ho etsetsa batho ba bang lintho, joalokaha Lentsoe la Molimo le bolela hore re lokela hore ‘e mong le e mong a se ke a hlokomela tsee e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tsee e leng tsa ba bang,’ ’me “re se ke ra batla ho khahlisang rōna,” empa “motho ka mong ho rōna a khahlise ngoan’abo ka ho ’matlela se molemo ho eena, se ka mo hahisang.”—Ba-Fil. 2:4; Ba-Roma 15:1, 2.
12. Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela tsela ea boitelo ea ba bang mehleng ea rōna?
12 Na re bona moea o joalo oa boitelo mehleng ea kajeno? Rea o bona ruri. Bonneteng, batho ba likete-tsa-likete tse ngata bao hajoale ba thabelang linnete tsa Bibele le botsoalle ba Bokreste kopanong le liphutheho tse fetang 40 000 tsa Lipaki tsa Jehova hohle lefatšeng ba fumana molemo boitelong bo entsoeng ke bahlanka ba Molimo pelenyana mehleng ea kajeno. Morao koana ho isa qetellong ea lilemo tsa 1800 le karolong e qalang ea lilemo tsa 1900 batho ba bangata ba itetseng ba ile ba sebetsa ka thata ho ruta linnete tsa Bibele le ho thea motheo oa phutheho ea kajeno e bonahalang ea Jehova, eo ka eona hona joale re fumanang ’nete ka Jehova, haesita le melemo e meng e mengata.
13. Ke boitelo bofe bo etsoang ke ba bangata ho sebeletsa Jehova haholoanyane?
13 Hona joale, lefatšeng lohle, likete tsa mashome a mangata tsa banna le basali li etsa mahlabelo a sa tloaelehang ho sebeletsa Molimo. Ba bang ba se ba hlile ba tetse matlo le matlotlo e le hore ba ka sebetsa nako e tletseng bakeng sa lithahasello tsa Jehova mosebetsing oa boromuoa, mahaeng a Bethele, kapa e le baemeli ba tsamaeang ba sebeletsang liphutheho. Ba bang ba etsa mahlabelo a ho etsa mosebetsi o khethehileng, oa kamehla kapa oa bopula-maliboho bo thusang e le hore ba ka ruta ba bang haholoanyane ka taolo e ncha e tlang ea Jehova.
14. Jehova o talima tšebeletso ea ba maemong a horeletsehileng haholo joang?
14 Leha ho le joalo, hase bohle ba ineetseng ho Jehova ba lokolohileng boikarabelong ho isa moo ba ka etsang mosebetsi o joalo oa nako e tletseng. Ba bangata ho hlokahala hore ba sebetse ka thata tsamaisong e thata ea tsa moruo hore ba phelise malapa a bona, ba ananela hore haeba ba ne ba ke ke ba etsa joalo ba ne ba tla “fetisoa ke ea sa lumelang.” (1 Tim. 5:8) Batsoali ba Bakreste hape ba na le boikarabelo bo tlang le ho ba le bana. Ba utloisisa hore ba tlameha ho tela ho hong hoo ba ka ikhethelang ho ho etsa e le hore ba ka sebelisa nako ho holiseng bana ba bona “ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” (Ba-Ef. 6:4) Hape, ho na le ba bang bao, ka baka la ho se phele hantle ’meleng, botsofali, kapa likhaello tse ling, ba neelanang ka ho honyenyane haholo ho sebeletseng Jehova ka ho toba. Ho sena, ba tšoana le mohlolohali ea hlokang ea neng a ka neelana tempeleng ea Molimo ka “licheletana tse peli.” (Luka 21:1-4) Leha ho le joalo, batho kaofela ba joalo ba etsang seo ba ka se khonang ho thusa ba bang hore ba ithute ka Jehova ka sebele ba etsa mahlabelo a mo khahlisang. O ba ratela ho ithaopela ho mamella maemo a thata ’me leha ho le joalo ba nyehela ho mo sebeletsa ka mokhoa o itseng, kamoo maemo a bona a ba lumellang.—Jak. 5:11.
ITLHAHLOBE
15. Ho hotle ho ipotsa lipotso life?
15 Na u na le moea oa boitelo? Kapa, na u sekametse ho ichebeng bouena? Na u sebeletsa Jehova kamoo maemo a hao a ho lumellang? Ke hobane’ng ha u sa itlhahlobe ho bona haeba tšebeletso ea hao ea Bokreste ho Molimo e ka ntlafatsoa?
16. Re ka ‘lopolla linako’ joang? (Bala Ba-Roma 10:9, 10)
16 Ka mohlala, na u ka neelana ka nako e ngatanyana ea hao ho baleng Bibele ka bouena? Haeba u e-na le lelapa, na u na le lipuisano tsa Bibele tsa kamehla le lona? Na u ka nka nako e ngatanyana ea hao e ka thoko ho etela batho ba tikolohong eo u ahileng ho eona ho ba bolella ‘litaba tse molemo’? Kapa, na u ka neelana ka nako e ’ngoe ho thusa ba kulang, ba hōlileng, kapa ba bang ka ho ba etsetsa liketso tsa Bokreste tsa mosa le lerato? Mohlomong u ka ’na ua bapisa nako eo u e sebelisang, ha re re, boithabisong, bo kang ho shebella thelevishene, le nako eo u e sebelisang u sebeletsa Jehova karolong e ’ngoe ea mosebetsi oa hae kapa e ’ngoe. Na e tsitsitse?—Ba-Ef. 5:15.
17. Ke hobane’ng haele habohloko hore batsoali ba hlahlobe seo ba se kōpang hore bana ba bona ba se etse?
17 Na u motsoali? Hlahloba kamano ea hao le bana ba hao. Ananela hore nako e molemohali bakeng sa bana ba hao ho qala ho ithuta tsela ea boitelo ke bongoaneng. Nea bana ba hao mosebetsi o mong o molemo tikolohong ea ntlo. Ba etse hore ba bone hore papali hase eona feela taba bophelong, hore bophelo bo akarelletsa mosebetsi, boitelo. Mohlomong bongoaneng ba hao u ne u se na liaparo tse lekaneng, boithabiso bo bonyenyane kapa mohlomong lijo tse fokolang tse ntle. U ka ’na ua ikutloa hore ha u rate ha ngoana oa hao a ka hloka joaloka uena. Empa, ka lehlakoreng le leng, ho nea ngoana oa hao ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang ho ka ’na ha mo hloka bophelo ba hae! Ho ka ’na ha mo etsa hore a nahane hore lintho li itlela habobebe, hore ho etsa thato ea Jehova ho bonolo, ’me hamorao a ka ’na a tloha a se ke a ithaopela ho itella Jehova. Joalokaha lona batho ba baholo le se le tseba, bophelo bo thata, lintho ha li tle habonolo, ’me ho etsa thato ea Jehova ha ho hlile ha ho bonolo hakaalo. Ka hona, thusa bana ba hao ho ba le pono e leka-lekaneng ka bophelo. Ba rute hore le hoja nako e le teng ea boithabiso, le nako ea mosebetsi e tlameha ho ba teng, bakeng sa thuto ea Bibele, le bakeng sa boitelo. Laea bara le barali ba hao tseleng e utloahalang ea boitelo. Tholoana ea taeo ena mohlomong e ka ba e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa haholo tseo ba tla li futsa ho uena. (Ba-Ef. 6:4; Ba-Heb. 12:11) Joale mohlala oa hao o motle e tla ba tšiea e molemo haholo ea taeo ea molomo eo u fanang ka eona.
18. Haeba re ke ke ra neela nako e kholoanyane ea rona ho sebeletsa Jehova, re ka ’na ra ntlafatsa ho eng?
18 Le haeba u lenyalong kapa u lesooa, mohlomong ho ka etsahala hore ho itokolisa ho molemo ha botho ho tla bontša hore u sebelisa nako e ngata bo lekaneng kamoo u ka khonang ho sebeletseng lithahasello tsa ’Muso. Na ho sa na le ho hong hoo u ka ho etsang? E, ho sa le teng. U ka sebeletsa ho iketsa Mokreste ea molemo, u ithuta ho bonahatsa ka tekanyo e tletseng haholoanyane tholoana ea moea oa Molimo, e leng ‘lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, botšepehi, bonolo, le boitšoaro.’ (Ba-Gal. 5:22, 23) Ho feta moo, u ka sebeletsa ho ntlafatsa tšoaneleho ea tšebeletso ea hao ho Molimo.
19. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re hlaolele moea oa boitelo? (Bala Ba-Heberu 6:11; 1 Ba-Korinthe 15:58.)
19 Nakong e tlang, taolong e ncha ea Molimo, e tla ba ho khotsofatsang hakaakang ho lōna ho hetla morao le ho tseba hore ha ho ne ho hlile ho hlokahala nakong ena e potlakileng, u ile ua tšehetsa, ua itela kamoo ho neng ho hlokahala, ’me ua phetha karolo ea hao ho sebeletseng Jehova. E, ua ithaopela ho beella ka thoko lithahasello tsa botho bakeng sa lithahasello tsa Jehova, u ntse u hopotse meputso e babatsehang e ka pele. Hlaolela moea oa mopesaleme ea ileng a re: “Ka pelo e mafolo-folo ke tla u etsetsa mahlabelo, ke rorise lebitso la hao, Jehova, hobane le molemo.”—Pes. 54:6.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Petrose, Noe, Abrahama le ba bang ba ile ba itella Jehova ’me a ba hlohonolofatsa