Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 3/15 maq. 19-21
  • Se Hlokomeloang ka Litšelo Tsa Mali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se Hlokomeloang ka Litšelo Tsa Mali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Khomarela Seo a se Lumelang
    Tsoha!—2015
  • Tlhokahalo e Hōlang ea ho Phekola le ho Buoa Ntle ho Mali
    Tsoha!—2000
  • Na U na le Stress?
    Tsoha!—2020
  • Lipaki Tsa Jehova li Thusitse Tsoelo-peleng ea ho Buuoa ha Pelo
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 3/15 maq. 19-21

Se Hlokomeloang ka Litšelo Tsa Mali

BATHO ba bangata ba hlokometse hore tumelo e le ʼngoe e khethollehang ho Lipaki tsa Jehova e amana le mali.

Likereke tse ngata li sa khutsitse ka taba, empa Lipaki tsa Jehova ha li tsila-tsile ho supa hore Lentsoe la Molimo le laela barapeli ba ʼnete hore ‘ba tele mali.’ (Lik. 15:28, 29; Gen. 9:3, 4) Joalokaha ho boletsoe bukaneng Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood, hona ho hanela ho amohela tšelo ea mali. Bukana hape e fana ka bopaki ba bongaka ba hore boemo bona ba bolumeli bo ka amoheloa bongakeng. Hoo e ka bang mabakeng kaofela ho buoa ho hlokahalang ho ka ʼna ha etsoa mali a le sieo haeba ngaka e nang le tsebo ka bohlale e ka sebelisa pheko e amohelehang e emang sebakeng sa mali.

Na polelo ena ka se ka etsahalang bongakeng ho bonahala ho le thata ho e amohela? Ba bang ba fumana ho le joalo. Empa nahana ka boitsebiso bo fumanoeng tokollong ea Phuptjane 1978 ea pampiri ea koleche ea lingaka tse buoang tsa Amerika ea Bulletin (Moq. 63, oa 6).

Tokollo ena e ne e sebetsana le taba ea “Melao ea Boitšoaro, Mekhoa le Bolumeli ba ho Buoa.” ʼMe e ne e e-na le sehlooho se reng “Melao ea Boitšoaro ho Buoeng: Ho Tlola Moeli oa Bohlale bo Botle” se ngotsoeng ke Dr. J. E. Dunphy, ea hlalositsoeng e le “e mong oa banna ba baholo ba seng ba holile ba bongaka ba Maamerika.” Ke moprofesa oa ho buoa Univesithing ea California ea Sekolo sa Bongaka, San Francisco. Dr. Dunphy o ile a hlokomela:

“Ha ke lumele hore bohlale bo botle bo lekane. Lilemong tse seng kae tsa ho feta, thutong e neng e fanoa ho Royal Society of Medicine ea England, Lord Hunt o itse, “Tumelo le bolumeli li atamelane haholo. Ha ke lumele hore motho a ka etsa bongaka, kapa hona ho etsa ntho leha e le efe hantle ʼme a phela bophelo bo feletseng le bo nang le thuso, ntle ho tumelo nthong e ʼngoe eo a ka theang ho eona monahano le boitšoaro. . . . Ntho e ʼngoe le e ʼngoe e ka eketsang tumelo ea bolumeli ea mokuli, kapa tumelo ka ho eena, ha a ntse a sebetsoa, kapa ho lingaka tsa hae, ke e tšoanelehang le e ka khothalletsoang.’”

Hoo ha kenyelletsa Dr. Dunphy tabeng ea Lipaki tsa Jehova le litšelo tsa mali. O itse:

“Re bile le bakuli ba ’maloa sepetleleng sa rona lilemong tse fetileng tse 12 bao e neng e le Lipaki tsa Jehova, ʼme ra ba buoa ntle ho litšelo tsa mali. Mohlomong e ka ʼna eaba kea fosa, empa ha ke hopole mokuli ea kileng a shoa ka baka la ho se tšeloe mali. Kea lumela, leha ho le joalo, mokuli o ne a ka ʼna a ba moputsoa ha letsatsi le ntse le phahama.

“Ke ile ka hlolloa ho fumana pampiri e sa tsoa hatisoa ke [ngaka e buang lipelo] Denton Cooley e tlalehang ka ho buoa ho matla ho ileng ha etsoa ho ba fetang 500 ho amang Lipaki tsa Jehova ho ileng ha etsoa ntle ho ho tšela mali ʼme ho bonahala ho ile ha e-shoa karolo ea 5 lekholong. Lipalo li lekane le lipalo tsa hae ho bakuli ba ileng ba neoa tšelo ea mali e lekaneng.”

Dr. Dunphy a fihlela qeto: “Tšelo ea mali ka sebele e etsa hore ngaka e ikutloe hamolemo, empa mohlomong e ke ke ea etsa hore mokuli a ikutloe hamolemo. Mohlomong re tloaetse ho tsela mali hore re ikutloe re phuthulohile. Ke hopola hore ha re e-na le Paki ea Jehova, ke hantle ha re ka nahanela pono ea eona ea litaba.”

Bulletin ea boela ea hlahisa karabelo ea Dr. Dunphy ha a koptjoa hore na a ka etsa joang haeba mokuli oa Paki a ka tsoa mali hoba a buuoe ʼme a hanoa ke meriana eo e seng ea mali.

“Ke hopola hore nka phehella mokuli hore a fetole maikutlo a hae ʼme a amohele tšelo ea mali. Empa hape nka supa hore haeba mokuli—ʼme ke bua ka ho buoa ho tobileng . . .—haeba mokuli eo a sa tsoelle hantle ʼme u hopola hore o tsoa mali, tšelo ea mali hase eona ntho e nepahetseng bakeng sa hae leha ho ka ba joalo. Ntho e nepahetseng ke ho buoa ho emisa mali. Ke hopola hore ha u ka nka bohato ka potlako u ka ʼna ua boloka mokuli. Ke ka baka leo ke reng ha ke hopole mokuli oa ka ea kileng a ineela ho tsoeng mali ho tsoetseng pele hobane feela e le Paki ea Jehova. . . .”

Mohloling o mong o fapaneng ho hang ho ile ha hlaha taba e khahlisang mabapi le ho buoa ntle ho litšelo tsa mali. ʼMè oa Carolina e ka Leboea o sa tsoa ngolla Mokhatlo oa Watch Tower, a re:

‘Morali oa ka ea lilemo li robong, Jill, o ile a tlameha ho buuoa ka mokhoa o kotsi le o tlang seoelo lesapong la mokokotlo, ʼme ka nako eona eo ho ne ho tlameha ho etsoa hore ho otlolloe lesapo la hae la mokokotlo. Ke lakatsa ho le bolella liketsahalo tse ileng tsa khannela hore Jill a fihle qetellong ena e thabisang.

‘Jill o hlahile a e-na le lesapo le leng le bolelele ba halofo le kathoko la mokokotlo le lehopo le kathoko le neng le etsa hore mokokotlo oa hae o sekame. Hona ha etsa hore mokokotlo oa hae o sekame o se ke oa tsitsa.

“Boloetse bona bo tšoenya bana ba bangata. Hangata bo ka phekoloa ka katleho ka ho kenya ntho e ka otlollang. Empa kaha ho na le boemo bo bong bo rarahaneng haholoanyane, ho thata ho bo phekola, hangata ho buoa ho ee ho hlokahale, ho khothalletsoa ha lesapo la mokokotlo le kobehile ka “30°.” Mokhoa oa ho kobeha o ka ’na oa tsamaea butle haholo empa joale oa phahama ka potlako. Ho fihlela ha Jill a le lilemo li supileng mokokotlo oa hae o ne o kobehile hanyenyane ba 12°. Likhoeli tse peli kamor’a hore a ee hlahlobong ea hae ea kamehla, ho kobeha ho ne ho fihlile ho 26°. ʼMe khoeli hamorao ho moo e ne e le 34°. Ho ne ho hlokahala hore Jill a buuoe ho otlolla mokokotlo oa hae kapele.

“Ngaka e buoang e neng e ile ea hlokomela Jill ho tloha ha a le lilemo li ʼne ea re bolella le monna oa ka hore nakong ea ho buoa ka boloetse ba mofuta oo mokuli o lahleheloa ke mali a etsang lithara ka hora. Bonyane ho buoa ho ne ho tla nka lihora tse ʼne. Ka mantsoe a mang, Jill o ne a tla lahleheloa ke ʼmali ʼohle a ʼmele oa hae. Ea re, ‘Ha ho ea ka le thusang.’ Ho thibela hore mokokotlo oa Jill o ka kobeha ho feta moo a mo kenya ntho e o tšehetsang.

‘Ha a ntse a le sepetlele bakeng sa hoo, ho ne ho nkuoa X-Ray nako le nako. Tlaleho e fumanoeng ka tsona, leha ho le joalo, e ne e sa hlahisoe nako le nako. Ho ile ha fumanoa hore o na le lesapo le hlabelletseng ka lesapong la mokokotlo la Jill. Le ne le ka ʼna la senya methapo ʼme ho tlameha hore le alosoe ka hloko.

‘Ngaka ea rona, leha ho le joalo, ea bonana le basebetsi-mmoho lekaleng lena. Ka mosa ona ra ea ho ngaka e buoang e ileng ea ikutloa hore e ka thusa Jill, Dr. B——, Univesithing ea Duke ea bongaka, Durham, Carolina e ka Leboea. Ha bonahala e le leeto le nyahamisang.

‘Dr. B——, ngaka e buoang ho otlolla moo ho kobehileng, a fumana bopaki ba hore sekotoana seo sa lesapo se se se qalile ho bolaea leoto la Jill le letona. Le qala ho arola lesapo la hae la mokokotlo. Haeba a sa buuoe, Jill o ne a tla shoa ho tloha thekeng ho ea tlase. Ha e le ka menyetla ea ho buoa ka boeona, Jill o ne a ka ʼna a lahleheloa ke tšebeliso leha e le efe ea ʼmele ka tlase ho letheka.

‘Dr. B——, a lokisetsa hore ngaka e buoang e sebetsanang le mokokotlo, Dr. O——, ʼme a re tiisetsa hore ho buoa ntle ho mali ho ka etsoa ʼme ho tla etsoa. A bolela hore ho buoa hoo ho ke ke ha nka nako e telele, ʼme haeba lipontšo tsa Jill li ka lula li le ntle, o tla tsoela pele ʼme a otlolle mokokotlo. Ka tsela eo Jill o tla lokela ho buuoa hang.

‘Hoseng ka la 9 Phuptjane, 1977, Dr. O——, a tlosa phatsa ea lesapo. Mosebetsi oa nka nako e ka etsang hora le metsotso e mashome a mararo. Joale Dr. B—— a etsa mosebetsi oa ho otlolla, hona ha nka lihora tse ʼne le metsotso e mashome a mararo. Hamorao a re tsebisa hore Jill o lahlehetsoe ke mali a ka etsang 300 cc, “. . . e se ntho e ka khotsoang ho hang.” Lihora tse tšeletseng a buuoa, empa a sa bonahale a le moputsoa ke ho lahleheloa ke mali!’

‘Empa tlaleho e ileng ea re tšoenya haholo e ne e e-so ho tle. Ho fihlela ha Jill a hlaphoheloa kamoo a neng a beetsoe hoo ʼme Dr. O—— a ka etsa litlhahlobo tsa methapo, ho ne ho se letho le neng le ka boleloa ka ho shoa litho ha mofuta ofe kapa ofe.

‘Joale ka tšohanyetso kamorao ho lihora tse tharo re letile ka mahlomola, menyako ea sepetlele ea buloa. Dr. B—— a tla a ikonka, baki e fokaela, matsoho a le ka holim’a hlooho, a etsa pontšo ea tlholo! Pele a bua feela ra be re tseba hore Jill o phetse hantle.

‘Jill o ne a bile Duke ka matsatsi a leshome le metso e robeli. Ke haelloa ke mantsoe a ho hlalosa kamoo basebeletsi ba Duke ba thusitseng le ho sebelisana kateng bakeng sa ho mo hlokomela. A hlaphoheloa kapele. Ho thusa hore moo masapo a sebelitsoeng ho phekolehe kapele ʼme a tšehetse mokokotlo, ho ne ho tla hlokahala hore Jill a apare lekoko (le kang la khulu) ka likhoeli tse tšeletseng.

‘Hona joale Jill o le hlobotse. Mokokotlo oa hae o lokile o otlolohile ʼme o phetha mesebetsi eohle. Ho theosa le lilemo Jehova o ʼnile a mo nea matla a ho mamella bohloko le ho tobana le ho buuoa ka sebete. Hona joale re mo shebella ha a tsamaea ’me rea kokobetsoa.’

Boitsebiso bo tiisang tjena ba bongaka bo ka ʼna ba thusa batho ba nahanang hore ba nahane haholoanyane ka se boleloang ke ʼMōpi oa motho ka mali.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela