“Le se ke la Belaela”
KAMOR’A hore a lemose ka ho qoba lintho tse bonahalang, Jesu o ile a eletsa bamameli ba hae hore ba qobe ho tšoenyeha ho sa hlokahaleng ka ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong. “Ke moo ke reng ho lōna: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se noa; leha e le ka sa ’mele ea lōna, ka seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fetise lijo na? Na ’mele ha o fetise seaparo na?”—Matt. 6:25.a
“Hobane . . . Le ke ke la sebeletsa Molimo le Leruo,” barutuoa ba Jesu ba lokela ho qoba ho tšoenyeha ka mokhoa o tlotseng ka hore na ba ka fumana seo ba se hlokang letsatsi le leng le le leng joang. (Matt. 6:24) Mora oa Molimo o ne a sa rera ho nyahamisa batho hore ba ka ameha ka ho tšoanelehang le ho sebetsa ka masene bakeng sa lijo le liaparo. (Moek. 2:24; Ba-Ef. 4:28; 2 Ba-Thess. 3:10-12) Empa ‘lipelaelo’ ha li hlokahale ka ho fumana lintho tse joalo tse hlokahalang. ‘Moea le ‘mele’ (mona li emela motho kaofela ha hae) ke tsa bohlokoa ho feta lijo le liaparo. Kaha Molimo o file batho bophelo ba ’mele, ka sebele o tla hlokomela hore barapeli ba hae ba fumana lintho tsena tse hlokahalang ho ba boloka.
Jesu o ile a chorisa ntlha ena ka papiso: “Talimang linonyana tse fofang: ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle lisiung, empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa.”—Matt. 6:26a, phet. e ncha.
“Linonyana tse fofang” tsa leholimo tse fofang ka bolokolohi ka holim’a lihlooho ha li etse mesebetsi ea temo. Empa leha ho le joalo Molimo o bona hore li fumana lijo tse lekaneng. (Bapisa Jobo 38:41; Pesaleme ea 147:9.) Ena ke ntho e neng e hlile e ka shebisisoa, ea nahanoa ka mokhoa o tebileng. Bajode ba neng ba mametse Jesu ba ne ba ka bua ka Molimo e le ‘Ntat’a bona oa leholimo,’ haholo ka ha Baiseraele ba ne ba “khethiloe” e le batho ba Molimo ba selekane. (Deut. 7:6) Ha ba bapisoa le linonyana tsa leholimo, Jesu a botsa: “Ana lona ha le li fete hole ka bohlokoa na?” (Matt. 6:26b) Haeba Molimo o lokisetsa libopuoa tse fofang, o ka etsa joalo haholo hakaakang bakeng sa barapeli ba oona.
A bontša lefeela la ho tšoenyeha ka mokhoa o sa hlokahaleng ka ho fumana se hlokahalang bophelong, Jesu a tsoela pele: “Ke mang ho lōna eo ka ho ipelaetsa a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae, leha e le ka motsotsoana feela? (Matt. 6:27, phet. e ncha) Hangata Mangolo a tšoantša nako eo motho a e phelang le leeto, a sebelisa lipolelo tse kang “tseleng ea baetsalibe” le “’mileng o bataletseng.” (Pes. 1:1; 27:11) Ho belaela ka lintho tse hlokahalang tsatsi le leng le le leng ho ke ke ha lelefatsa bophelo ba motho leha e le ka motsotsoana feela, kamoo re ka bolelang kateng. Ho e-na le ho fumantša batho molemo, ho tšoenyeha ka mokhoa o sa hlokahaleng ho ka senya bophelo ba ’mele oa motho le ho khutsufatsa bophelo.
Jesu joale a kenyelletsa papiso ea bobeli, a re: “Hape le itšoenyetsa’ng le ka liaparo? Ithuteng ka lipalesa tsa naha hore na li hōla joang: ha li sebetse ka thata, ha li ohle, empa kea le bolella, esita le Solomone tlotleng eohle ea hae ha a ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsona.”—Matt. 6:28, 29, Phet. e ncha.
“Lipalesa tsa naha” li hlile li akarelletsa lipalesa tse ngata tse mebala-bala tse hlahang naheng ea Galilea. A Dictionary of the Bible ea Hastings e bolela hore:
“Tsena kaofela li hola har’a lijalo, hangata li lelefala ho li feta, li khantša masimo a ahlameng ka mebala ea tsona e sa tšoaneng ea bopinki bo pherese ho isa bophereseng bo tebileng le boputsoa, mebala ea borena ka sebele. Mang le mang ea kileng a ema har’a masimo a koro Galilea, ’me a bona botle ba lihlopha tsa lipalesa tsena, li hlaha ka mahlakoreng ’ohle li phahametse lijalo tse emeng, o tla hle a bone ho lokela ha papiso ea ’Moloki oa rona. . . . Haeba, leha ho le joalo, re utloisisa ‘likhahla feela tsa naha’ likhahla feela tse hlaha, tsena hape li ka kopanyelletsoa polelong ena. Papiso ea ’Molokoi oa rona joale e ka tšoana le ‘sešoantšo se seholo,’ sesupo sa mebala eohle e hlollang le libopeho tse se nang palo tsa limela tse hlaha ha li bokelletsoe tlas’a lebitso likhahla.”
Ha motho a hlokomela kamoo lipalesa tsena “li hōlang,” o hlokomela hore li etsa joalo ‘li sa sebetse ka thata’ kapa ‘li sa ohle,’ e leng ho etsoang ke batho hore ba tsebe ho etsa liaparo. Leha ho le joalo lipalesa tsa naha li “apere” ka botle boo moaparo oa batho, leha e le le oona o neng o hlokomeleha haholo ka botle oa Morena Salomone, o neng o ke ke oa fihla.—2 Likron. 9:15-21.
Ha e le ka “thuto” e papisong ena, Jesu o ile a bolela: “Ha e le moo Molimo a apesa joalo joang ba naha, bo leng teng kajeno, ’me kamoso bo lahleloe seboping, na lōna ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?”—Matt. 6:30, phet. e ncha.
“Joang ba naha” bo akarelletsa lipalesa tseo Jesu a ileng a li supa. Nakong ea selemo e chesang Palestina, joang boo bo omella ka nako ea matsatsi a mabeli feela. Lithupa tse omeletseng tsa lipalesa le joang li ne li bokelleloa libeso bakeng sa libopi. Kaha ka bokhabane Molimo o “apesa” limela tse omellang kapele hakana, potso ea Jesu ke e ntle, ha a re: “Na lona ba tumelo e fokolang a ke ke a le apesa ho feta?” Bahlanka ba Molimo ke ba bohlokoa haholo ho feta lipalesa. Ho tšoenyeha ho fetisisang ka ho fumana liaparo tse hlokahalang e ne e tla ba pontšo ea “tumelo e fokolang.”b
Jesu a tsoela pele: “Ha ho le joalo, le se ke la itšoenya, la re: ‘Re tla ja’ng? Re tla noa’ng? Re tla apara’ng? Hobane tsena tsohle li labalabeloa ke bahetene; athe Ntat’a lona ea maholimong o tseba hore le li hloka tsohle.”—Matt. 6:31, 32, phet. e ncha.
Lena ke lekhetlo la boraro moo Jesu thutong ea hae a bapisang “bahetene,” kapa bao e seng Bajode. (Bona Mattheu 5:47; 6:7.) Ho ne ho se moo ba amanang le Molimo, ’me bophelo ba bona ba bo tsitsisa ho pota linthong tse bonahalang le menyaka ea nama. Kahoo, haeba bahlanka ba Molimo ba ne ba halala matla a hae le boithaopo ba ho ba lokisetsa lintho tse hlokahallang bophelo, ba ne ba tla tšoana le batho bana ba bahetene ba ‘neng ba se na Molimo lefatšeng.’—Ba-Ef. 2:11, 12.
Kaha ea Holimo-limo o tseba se hlokoang ke batho ba hae, ba neng ba mametse Jesu ba ne ba tla etsa hantle ho ela hloko keletso ea hae e tsoelang pele: “Joale batlang ’Muso oa Molimo le ho loka ha hae pele, ’me tsena tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matt. 6:33.
Barutuoa ba Jesu ba ne ba mo amohetse e le Messia, e leng ho ileng ha ba bea tumellanong le hore ba ka fetoha karolo ea ’muso oa Molimo oa leholimo oa Messia, kapa puso. (Luka 22:28-30; Joh. 14:1-4; Dan. 7:13, 14, 18, 22, 27) Empa ba lokela ‘ho ’na ba batla’ hona “pele” ka linako tsohle ba o etsa ntho e khōlō e amang bophelo ba bona. Hape ba tšoanela ho batla “ho loka ha [Molimo]” ka ho lumela ho Messia oa Molimo le ka ho itšoara ka mokhoa o lumellanang le melao e meng ea Molimo. Koana, hona ho se ke ha etsoa ka maikutlo a molao a hore ho etsa meetlo ea bolumeli kapa liketso tse tlotlehang ho tlamella Molimo ho hlohonolofatsa motho. Ho loka hoo e leng hona ho buang ho Molimo ho tlameha ho hlaha pelong e tletseng lerato le kananelo bakeng sa seo a se entseng lebitsong la batho. (Bona Ba-Roma 10:3; 1 Johanne 4:19.) Batho bao kannete ba etelletsang pele borapeli ba Molimo bophelong ba bona ka ba tšepa hore “tsohle” tseo ba li hlokang tsatsi le leng le le leng ba tla “li ekeletsoa” ke Molimo o fanang oo ba o rapelang.
Jesu a ea pele: “Ka baka leo, le se ke la itšoenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itšoenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanoa ke bothata ba lona.” (Matt. 6:34, phet. e ncha) Letsatsi le leng le le leng le na le mathata a lona a bakang tsieleho ea tekanyo eitseng. Hangata mathata a letsatsi a hlaha a sa lebelloa ’me a bakoa ke lintho tseo motho a ke keng a li laola. (Hlokomela Moeklesia 9:11.) Bahlanka ba Molimo ba lokela ho talima litsietsi tse joalo e le ‘tse lekaneng letsatsi ka leng’ ’me ba talimane le tsona e le ’ngoe ka letšatsi. Ho e-na le ho ntlafatsa litaba, lipelaelo ka letsatsi la hosasane li bontša ho haelloa ke ho lumela ho Molimo ’me li thatafatsa ho loantšana le “bothata” ba letsatsi leo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Keletso eo Jesu a neng a sebetsana le eona sehloohong sena (Matt. 6:25-34) e hlaha ka ho se tšoane ho seng hokae le ho Luka 12:22-31. Taba e potolohileng temana ho Luka e beiloe selemo kamor’a Thuto ea Thabeng ea Galilea, boboleling bo tlang moraonyana ba Jesu Judea. Ka ho totobetseng Jesu o ile a ho bona ho loketse ho pheta keletso.
b Jesu o ile a sebelisa “ba tumelo e fokolang” feela mabapi le barutuoa ba hae. Hape e hlaha ho Mattheu 8:26; 14:31; 16:8 le Luka 12:28. Polelo e fumanoa mangolong a bo-rabbi, ho bontša hore e ne e tsebisahala haholo. Ka mohlala, Babylonian Talmud e bolela hore: “R[abbi] Eliezer e Moholo o-oa bolela: Mang le mang ea nang le bohobe ka serotong sa hae ’me a re, ‘Ke tla ja’ng hosesane?’ ke oa sehlopha sa tumelo e fokolang.”