Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 6/15 maq. 12-16
  • Letlotlo la Hao le Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letlotlo la Hao le Hokae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LEKANYA MARUO A BONAHALANG KA NEPO
  • HLOKOMELA HO KHELOSOA KE LITABA TSA LETSATSI LE LETSATSI
  • LIPOLELO TSE TSOANG MOLOMONG OA JEHOVA LI NA LE MATLA A PHELISANG
  • Bothata ba Lefa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bothata ba Lefa
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Eletsa Batho Mabapi le ho Rata Maruo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ipakahatse u Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 6/15 maq. 12-16

Letlotlo la Hao le Hokae?

“Moo letlotlo la lōna le leng teng, ke moo le lipelo tsa lōna li tla ba teng.”—Luka 12:34.

1. Batho ba bangata ba amehile ka eng haholo? (Pes. 49:6-11; 144:12-14; Matt. 6:31, 32)

PALENG eohle ea motho, ba bangata ba ’nile ba tsitsisa bophelo ba bona ho fumaneng matlotlo a bonahalang—matlo, gauda, silevera, majoe a bohlokoa, mehlape e mengata ea liphoofolo tse sebelisoang, le tse joalo. Batho ba tsekelletse ho atisa matlotlo a bona, ba tšepile hore mesebetsi ea bona e tla fumantša bana ba bona molemo hammoho le litloholo tsa bona haesita le meloko e tla tla. Empa na matlotlo a bonahalang ke oona ao ka nepo e leng letlotlo le lokelang ho hlokomeloa haholo ke bahlanka ba Molimo?

2. Haeba Mokreste a ne a ka ameha haholo ka sepheo se bonahalang, o ne tla tšoana le ‘batho ba lefatše lena’ joang?

2 Haeba Mokreste a ne a ka ineela haholo-holo ho lelekiseng sepheo se bonahalang, na o ne a ke ke a ba kahosele ho batho ba sebeletsang Molimo? O ne a tla tšoana haholo le ba hlalositsoeng ke mopesaleme ea bululetsoeng Davida—“batho ba lefatše bao lefa la bona le leng bophelong bona. Ba khorise . . . le bana ba bona ba tla li khotsofalla, ba tle ba li siele le litloholo tsa bona.” (Pes. 17:14; phet. e ncha) ‘Batho ba joalo ba lefatše lena’ ha ba tsebe letho le leholo ho feta ho khotsofatsa litakatso tsa bona tsa botho. Sohle se boleloang ke bophelo ho bona ke ho sebeletsa bophelo bo botle, ho ba le malapa le ho a siela lefa. Ha ba nahane letho ka tlameho ea bona ho Jehova Molimo.

3. Seo e neng e le sa bohlokoa haholo ho Davida ke sefe? (Pes. 16:5-8)

3 Pono ea Davida bophelong e ne e fapane hakaakang! O itse: “Ha e le ’na, ho lokeng ha ka ke boha sefahleho sa hao, ’me ha ke phaphama, ke tla khora sefahleho sa hao.” (Pes. 17:15) E, thahasello ea hae e khōlō e ne e le ho lula a lokile e le hore a ka bona sefahleho sa Molimo, ke hore, a utloa mohau le tlhohonolofatso ea bomolimo joalokaha eka o eme pel’a Moetsi oa hae. Ha a “phaphama” a utloa tiiso e tsoang ho Molimo, Davida o ne a thabela ha Jehova a e-na le eena. Kannete, pelo ea mopesaleme e ne e beile lerato la eona matlotlong a moea a mamellang.

4. Ke eng se lekanyetsang hore na letlotlo la rōna le hokae?

4 Kajeno teng ho joang? Ho ahloloa ka boikutlo ba rōna, mantsoe le liketso, letlotlo la rōna, le hokae? Na le mona lefatšeng kapa na le maholimong? Hore na letlotlo la rōna le hokae ho itšetlehile tseleng eo lipelo tsa rōna li re susumetsang ka eona. Jesu Kreste o itse: “Moo letlotlo la lōna le leng teng, ke moo le lipelo tsa lōna li tla ba teng.” (Luka 12:34) Ho nahana le ho sebelisa ho hong hoo Mora oa Molimo a ileng a ho bolela joale ho ka thusa haholo hore re bee lerato la rōna moo le tšoanetseng ho ba teng.

LEKANYA MARUO A BONAHALANG KA NEPO

5. (a) Ke hobane’ng ha Jesu Kreste a ile a hana ho ikenya tsekisanong ea lefa? (b) O ile a fana ka temoso efe ka nako eo, hona hobane’ng? (c) Ke setšoantšo sefe seo a ileng a neelana ka sona ho hatisa booatla ba ho ameha haholo ka bohlokoa ba lintho tse bonahalang?

5 Ha re hlahloba se potolohileng mantsoe a Jesu, re hlokomela hore bongata bo boholo bo ne bo mametse Mora oa Molimo. E mong oa bona a phasoloha: “Moruti, bolella ngoane’so hore a arolelane lefa le ’na.” (Luka 12:13) Kaha molao oa Moshe o ne o qapolla hore mora oa letsibolo o lokela ho fumana likarolo tse peli tsa lefa, ruri ho ne ho se teng lebaka la litsekisano tse joalo. (Deut. 21:17) Mohlomong monna ea neng a kōpa Jesu hore a kenelle o ne a batla ho fetang kabelo ea hae ea molao. A bona se tsekoang, Mora oa Molimo a hana ho ameha empa a hlokomelisa bongata ka hore ka phoso bo lakatse sa batho ba bang. A re: “Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ea leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.” (Luka 12:15) Ha ho tsotellehe hore na motho o ruile hakae, a ke ke a ipoloka a phela ka ho sa feleng. O tla shoa joaloka motho e mong le e mong ’me a siee letlotlo la hae lohle leo a le bokelletseng. Jesu a boela a hatisa ntlha ena ha a fana ka papiso e latelang:

“Masimo a morui a na a beile haholo. Eaba o nahana ka ho eena, a re: Ke tla etsa joang; hobane ha ke na moo nka bokellang lijo tsa ka teng? A re: Seo ke tla se etsa ke sena: Ke tla qhaqha meliko ea ka, ke hahe e meholo; ’me ke tla bokella teng lijo tsa ka kaofela le mesebetsi ea ka; ’me ke tla re ho moea oa ka: Moea, u na le mesebetsi e mengata e bokelletsoeng lilemo tse ngata; phomola, u je, u noe, u nyakalle. Empa Molimo oa re ho eena: Leoatla tooe! Ka bona bosiu bona, moea oa hao o tla latoa ho uena; ’me lintho tseo u li lokisitseng, e tla ba tsa mang na?”—Luka 12:16-20.

6. Morui oa setšoantšo sa Jesu o ile a hlōleha ho ananela eng, ’me Jesu o sebelisitse setšoantšo joang?

6 Morui oa setšoantšo sena o ne a sa nahane ka hore na a ka sebelisa maruo a hae joang ho thusa ba bang. O ne a amehile ho hang ka khatholoho ea hae, a tšepile ho fumana molemo lilemong tse tlang ka letlotlo la hae leo a le bokelletseng. A lahleheloa ke pono ea ’nete ea hore bophelo ba hae bo ka fela ka potlako ’me kahoo a sitoa ho sebelisa matlotlo a hae ho haheng tlaleho ea mesebetsi e metle ho Jehova Molimo. Ka baka leo, lefung, a hloka letlotlo le sebopehong sa mesebetsi e metle e neng e ka putsoa ke Moetsi oa hae. Joalokaha Jesu a boletse: “Ea ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Molimo, o joalo.”—Luka 12:21.

7. Ke mantsoe afe a Jakobo a supang hore Bakreste ba ka ’na ba pitloa tseleng eo morui oa setšoantšo sa Jesu a neng a le ka eona?

7 Barutuoa ba Jesu Kreste ha baa beelloa ka thoko kotsing ea ho oela boemong bo joalo ba kelello bo kang ba morui ea papisong. Ka mohlala, morutuoa oa Mokreste Jakobo o ho fumane ho hlokahala ho khalemela balumeli bahabo ba bang, a re: “Joale, ke bua le lōna ba reng: Kajeno kapa hosasane, re tla ea motseng oa hore hoitseng, re tla lula teng selemo se le seng, re tla hoeba teng, re tla rua; athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lōna ke’ng? Ke moholi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela. Empa joale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore. Joale, le ithabela meithorisong ea Iōna; ho ithorisa hohle ho joalo ho hobe.”—Jak. 4:13-16.

8. Ke neng e leng boikhohomoso ho phehella sepheo se seholo sa lintho tse bonahalang, hona hobane’ng?

8 Ruri ke boikhohomoso bo fetisisang le boiphahamiso hore motho a bolele boikemisetso ba ho phehella sepheo se seholohali sa lintho tse bonahalang ka katleho ’me hoo a ho etsa a sa re letho ka thato ea Molimo tabeng. Ha ho tsela ea ho tseba le se tla etsahala hosasane. Litokisetso tse molemohali li ka ’na tsa hlōleha, kapa lefu la tla ka tšohanyetso, le sa lebelloa. Bophelo ba motho boa tetema le ho se tsitse joaloka moholi ’me kahoo hase motheo o tšepahalang oa ho haha tšepo ea motho. Kahoo, motho ea ithorisang kamoo a tla ntšetsa pele litokisetso tsa hae o hlokomoloha ho itšetleha ha hae ka Molimo ’me o hlokomoloha ’nete ea hore tlhohonolofatso ea bomolimo e-ea hlokahala hore motho a atlehe. Joalokaha morutuoa Jakobo a hlokometse hantle, ketso e ikhohomosang joalo e mpe.

9. Ke eng seo re ithutang sona ho 1 Timothea 6:9, 10 ka kotsi ea ho tsekella maruo?

9 Motho eo ka ho se tsotelle a tsoelang pele ka litokisetso tsa hae tsa lintho tse bonahalang ’me a qhelela thato ea Molimo ka thoko bakeng sa hae o kena kotsing e khōlō ea moea. Moapostola oa Mokreste Pauluse o hlokomelisitse: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong. Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba khelohile tumelo ’me ba ithlabile ka mahlomola a mangata.”—1 Tim. 6:9, 10.

10. (a) Re lokela ho etsa joang ha re lokisetsa nako e tlang, hona hobane’ng? (b) Na matlotlo a bonahalang a ka sebelisetsoa feela ho khotsofatsa menyaka ea botho, ’me Mangolo a re’ng ka see?

10 Ka lehlakoreng le leng, haeba lipelo tsa rōna li re susumetsa hantle, ha re na ho fifalloa ke pono ea ho se tsitse ha bophelo le hore ho hang re itšetlehile ka Jehova Molimo. Joale, neng le neng ha re etsa litokisetso bakeng sa nako e tlang, ka thapelo re tla nahanela hore na litokisetso tsena li kena joang morerong oa Molimo. Hona ho tla re thibela ho itohelleng ka ho fetisisa telekisong ea lintho tse bonahalang hoo re ka felloang ke nako ea ho haha tumelo e matla. Ho nahana ka thapelo ho joalo hape ho tla re thusa hore re bone hore matlotlo a bonahalang a ke ke a bokelleloa ho khotsofatsa nyakallo ea botho empa a lokela ho sebelisetsoa ho fumantša bahloki bao e leng batho ba kang rona molemo. Tšebeliso ena eo e seng ea boithati ea chelete ke ea bohlokoa ho beng ha motho Mokreste oa ’nete. Mangolo a re bolella: “Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa, a mpe a ineele ho sebetsa lintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ea hlokang.” (Ba-Ef. 4:28) “Borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona, ’me a ipoloka lefatšeng a se na le lethebanyana.”—Jak. 1:27.

HLOKOMELA HO KHELOSOA KE LITABA TSA LETSATSI LE LETSATSI

11. Jesu Kreste o fane ka keletso efe ka boikutlo bo loketseng mabapi le litaba tsa bophelo tsa tsatsi le leng le le leng?

11 Le hoja Bakreste ba bangata ba ka ’na ba lemoha booatla ba ho ipokellela matlotlo hore a sebelisetsoe thabo le molemo oa bona feela, ba ka ’na ba se hlokomele hore litaba tsa tsatsi le leng le le leng le tsona ka mokhoa o bonolo joalo li ka ba khelosa hore ba sebeletse Jehova Molimo ka moea ’ohle. Ena ke ntlha eo Jesu a neng a e bolela ha a hlokomelisa barutuoa ba hae, a re:

“Ka baka leo, ke re ho Iōna: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lōna, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa ’mele, ka seo le tla se apara. Bophelo bo fetisa lijo, le ’mele o fetisa liaparo. Lemohang makhoaba; ha a leme, ha a kotule, ha a na ntlo moo a bolokelang teng, leha e le moliko; ’me Molimo oa a fepa. Le fetisa linonyana hakakang! Ke mang har’a lōna ea ka eketsang boemo ba hae ka setsoe se le seng ka ho belaella teng? ’Me joale, ha esita tse nyenyane li le hlōla, le ipelaetsa ke’ng ka tse ling? Lemohang likhahla kamoo li melang kateng; ha li sebetse, ha li ohle; leha ho le joalo, ke re ho lōna: Esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona. ’Me joale, ereka ha Molimo o apesa joalo joang ba naheng, bo leng teng kajeno, ’me hosasane bo se bo tla lahleloa seboping, na haholo o ke ke oa le apesa lōna batho ba tumelo e nyenyane! Ka baka leo, le se ke la batla seo le tla se ja le seo le tla se noa, ’me le se ka la ipelaetsa; hobane lintho tseo kaofela li batloa ke lichaba tsa lefatše; empa Ntat’a Iōna o tseba hobane lea li hloka; le mpe le batle ’muso oa Molimo pele, ’me ntho tseo kaofela le tla li ekeletsoa.”—Luka 12:22-31.

12. Ke hobane’ng ha he sa utloahale ho tšoenyeha ka ho fetisisa ka lijo le liaparo le ho qala ho khoehlisa linthong tsa moea?

12 Haholo-holo mehleng ea mathata a moruo kapa theko e phahamang, ke hantle ha re nahana ka mantsoe ana a Jesu. Tlhokomelo eohle, ho tšoenyeha le lipelaelo tse lefatšeng li ke ke tsa ntlafatsa boemo ba rōna. Ho otleha ’meleng ho ke ke ha boloka bophelo ba rōna ka ho sa feleng, leha e le ho re fumanela lebitso le letle ho Jehova Molimo. Kahoo, motho ea hlokomelang lijo e le taba eo a e belaellang hakaalo hoo a hlokomolohang tšebeletso ea hae ho Molimo o tla be a hlile a bea bohlokoa bo phahameng ho pheliseng nama ho feta bophelo ba hae. Ka ho tšoanang, motho ea belaelang haholo ka seo a se hlokang ho apara, ’me a qala ho khoehlisa telekisong ea moea, o tla be a abela liaparo bohlokoa bo boholo ho feta ’mele oa hae. Kameho e sa hlokahaleng ka ho fumana lintho tse hlokahalang tsatsi le leng le le leng e bōpa ho haelloa ke tumelo matleng a Molimo a ho lokisetsa bahlanka ba hae.

13. Ke hobane’ng ha seo Jehova a se etselitseng makhoaba le likhahla tsa naha se lokela ho re khothatsa?

13 Ha ho talingoa tlaleho eo ho seng e lekanang le eona ea Jehova e le Molokisetsi, ha ho lebaka la hore mang kapa mang a ineele ho haelloeng ke tumelo ho joalo. Joalokaha Jesu a totobalitse, makhoaba ha a khathatsehe ka hore na sejo sa oona se latelang se tla tsoa hokae leha e le hore likhahla li belaela ka kaparo ea tsona. Leha ho le joalo, makhoaba ao, ka ho batla lijo, a fumana tse a lekaneng, hore a phele, ’me likhahla li hola feela ’me li apare mebala e metle ka ho fetisisa eo le Morena Salomone a neng a ke ke a phea khang le tsona ka moaparo oa hae o motle. E, Jehova Molimo o lokiselitse lintho e le hore makhoaba a tseba ho fumana lijo tse hlokahalang, ’me limela li ka apesoa ka lithunthung tsa botle bo fetisisang. Na rōna, ka baka leo, re ka nahana hore ka sehlōhō a ka lumella bahlanka ba hae hore ba lape ho isa lefung kapa ba tsamaee ba se na liaparo tse hlokahalang? A ke ke ka sebele. Kahoo, e le molao o akaretsang, Bakreste ba ’nete ba ka lula ba tiisehile hore, ha ba sa lumelle lintho tsa bophelo li ba sitise tšebeletsong ea bona ho Molimo, ba tla ba le lintho tse hlileng li hlokahalang. Ha e le hantle, ba tla ba molemong o fetang balefatše ba maemong a joalo a tsa moruo. Bakreste ba tsoella hamolemo kaha ha ba senye matlotlo a bona papaling ea chelete, ho tsubeng, ho noeng ka matla kapa tse joalo.

LIPOLELO TSE TSOANG MOLOMONG OA JEHOVA LI NA LE MATLA A PHELISANG

14. Ntle ho thuso e tobileng ea Jehova, na Baiseraele ba ka be ba phetse lefeelleng, ’me mantsoe a Moshe a senola eng ntlheng ee?

14 Nahana, hape, ka seo Jehova Molimo a ileng a se etsetsa Baiseraele lefeelleng. Moshe a ba hopotsa hore: “Hopola tsela eohle eo Jehova, Molimo oa hao, a u tsamaisitseng ka eona feelleng ka lilemo tsena tse mashome a mane. . . . O u kokobelitse, a u lapisa, a ntano u fepa ka manna, eo u nong u sa e tsebe pele, eo bo-ntat’ao ba sa kang ba e tseba, u tle u tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tsoang molomong oa Jehova.” (Deut. 8:2, 3) Lefeelleng le sa lengoang, Baiseraele ba likete-tsa-likete tse ka bang tharo ba ne ba ke ke ba phela ka lilemo tse 40. Ha e le hantle, Jehova Molimo o ba lumelletse hore ba kene boemong boo ba neng ba nahana hore ba tla hle ba lape ho isa lefung. Ba bokollela Moshe le Aarone, ba re: “La re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaee sechaba sena kaofela ka tlala.” (Ex. 16:3) Ho se teng mekhoa e tloaelehileng ea bophelo—bohobe—Baiseraele ba ikutloa hore ke ba shoeleng.

15. Jehova o ile a lumella Baiseraele hore ba lape hobane’ng ’me ke ka kutloisiso efe manna e bileng polelo ea molomo oa hae?

15 Jehova ruri a ba kokobetsa ka ho ba tlohella hore ba utloe ho hloka thuso ho joalo. Morero oa hae ka ho etsa joalo e ne e le ho ba ruta hore, ha phepelo e tloaelehileng ea lijo e fela, lipolelo tsa molomo oa Jehova li ka phelisa motho. Manna ea mohlolo e bile polelo e joalo, hobane Jehova o fane ka taelo ’me manna ea hlaha. Kaha Jehova Molimo o ile a phelisa sechaba kaofela lefeelleng ka lilemo tse 40, re ka ba le tšepo eohle hore lipolelo tsa molomo oa hae li tla re phelisa le rōna le kajeno.

16. Lipolelo tse ling tseo Jehova a li entseng tsa ho phelisa bahlanka ba hae ke life? (Pes. 37:3, 4, 23-26; 145:14-19)

16 Ke lipolelo life tseo Jehova a li entseng ka ho phelisa bahlanka ba hae? Mopesaleme ea bululetsoeng o ngolile: “Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae.” (Pes. 94:14) ’Me Jesu Kreste o itse: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? . . . Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matt. 6:31-33.

17. Ke sebopeho sefe se tšoarehang seo polelo ea molomo oa Jehova e se nkang ha ho fihloa ho bolokeng bophelo ba bahlanka ba hae?

17 Ka baka leo, ba batlang ’muso oa Molimo kannete le ho loka ha oona pele kaofela ba tla utloa tlhokomelo ea oona e lerato. Le hoja ba ka ’na ba iphumana ba le maemong a bonahalang a se na tšepo, lipolelo tse tsoang molomong oa Jehova li tla ba phelisa. Joalokaha manna e bile polelo e tšoarehang e tsoang molomong oa Jehova ’me e ile ea phelisa Baiseraele lefeelleng, ka ho joalo kajeno pallo ea Jehova ea ho phelisa bahlanka ba hae e tla ba ka sebopeho se tšoarehang. Ka mohlala, Jehova ka linako tse ling o ’nile a susumetsa balumeli hammoho kapa mohlomong le bona ba sa lumelang hore ba phallele bahlanka ba hae ba hlokang. Kaha kameho e sa lokelang bakeng sa litaba tsa tsatsi le leng le le leng tsa bophelo e ka senya pono ea rōna ea moea, ke hantle ha re boloka tumelo ea rōna e le matla matleng a Jehova ho re lokisetsa.—Ba-Heb. 13:5, 6.

18. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka ho teba hore na ebe re bea motlotlo leholimong? (b) Ke lipotso life tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona ho lekanyetsa hore na letlotlo la rōna le hlile le hokae?

18 Taba ena ea ho bea matlotlo leholimong e se ke ea nkoa habobebe. Mahlohonolo ’ohle le litebello tsa bophelo li itšetlehile ka eona. (Bapisa Luka 12:45-48). Kahoo, ho hotle hore e mong le e mong a itlhahlobe, a ipotsa: Na lithahasello tsa ’Muso ruri ke tsa pele bophelong ba ka? Na ke sebelisa nako ea ka, matla le matlotlo ka tsela e fellang ka thoriso lebitsong la Molimo le molemong oa batho ba kang ’na? Na kea bona hore lintho tse bonahalang hase ntho ea bohlokoa bophelong ba ka empa hore thabo ea ka e khōlō e tla ka ho sebeletsa Jehova Molimo? Ke feela ha tlotlo la rōna la sebele le le maholimong re ka arabelang ka E lipotsong tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Manna, polelo e tsoang ho Jehova e phelisitseng sechaba

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela