Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Jesu o itse: “Moloko ona o ke ke oa fela tseo tsohle li e-s’o ho etsahale.” Ke moloko ofe ona oo, hona o nka nako e kae?
Ha baapostola ba Jesu ba mo kopa “pontšo” ka ho ba teng hoa hae le bofelo ba tsamaiso ea lintho, o ile a fana ka boprofeta ba hae bo tsebisahalang ka lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso pele ho bofelo. (Matt. 24, 25; Mar. 13; Luka 21) A boela a re: “Ruri kea le bolella, moloko ona o ke ke oa fela tseo tsohle li e-s’o ho etsahale.”—Matt. 24:34, phet. e ncha.
Ho theiloe Bibeleng le phethahatsong ea pale ea eona, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa supa hore boprofeta ba Kreste bo ne bo tla sebelisoa habeli: Pele, pakeng tsa 33 C.E. le ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E.; sa bobeli, phethahatso e kholoanyane ‘mehleng ena ea bofelo’ ho tloha ka 1914 C.E.
Leha ho le joalo, bahlalosi ba bang ba Bibele ba ile ba hlōleha ho ananela tšobotsi e habeli ea boprofeta bona. Ka hona ba ba le maikutlo a hore ka lentsoe “moloko” Jesu o ne a bolela mofuta kapa batho, ba kang batho ba Bajode kapa sehlopha sa batho ba khopo ba neng ba tla ba teng ho theosa le makholo-kholo a lilemo. Mohlomong ba ka ba ba supa 1 Petrose 2:9, eo, ho Bibele ea Sesotho e ngotseng phutheho e tlotsitsoeng ea Bakreste e le “moloko o khethiloeng.” Leha ho le joalo, liithuti tsa Bibele hona joale li hlokomela hore lentsoe la Segerike le ho 1 Petrose 2:9 le lokela ho ngoloa e le “mofuta” le hore ha le tšoane le lentsoe le ngotsoeng e le “moloko” ho Mattheu 24:34.
Jesu o ne a sa bue ka mofuta oa batho ho theosa le makholo a lilemo kapa Bakreste feela. Ntlha ea pele o ne a supa bamameli ba hae le Bajode ba bang ka nako eo. Se supang sena ke ’nete ea hore pelenyana hona mohlang oo, ha a ne a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajode, Jesu o ile a bua ka ho bolaea ha bona baprofeta ’me a re: “Tseo tsohle li tla hlahela moloko ona!” (Matt. 23:36) Mantsoe ana a ile a fetoha ’nete molokong o neng o phela ka nako eona eo ha, ka 70 C.E. Bajode ba Jerusalema ba talimana le timetso ea eona e sehlōhō. (Luka 3:16, 17) Hoo le hona ho ile ha tšoaea ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejode’ phethahatsong ea pele ea boprofeta ba Kreste.
Hona ho re thusa hore re utloisise “moloko” o ho Mattheu 24:34. Tšebelisong e tloaelehileng ea “moloko” kajeno e ka ’na ea sebelisetsoa (1) batho bohle ba ileng ba tsoaloa ’me ba phela ka nako e le ’ngoe, kapa (2) kakaretso ea nako e pakeng tsa ho tsoaloa ha batsoali le bana ba bona, eo hangata e balloang lilemong tse 20 ho isa ho tse 30. Jesu o ne a bolela hofe? Ka ho totobetseng e seng ho boletsoeng la bobeli, hobane tšebelisong ea eona ea pele “moloko” o ile oa nka ho tloha ka 33 C.E., ho fihlela ka 70 C.E. kapa lilemo tse 37 bonyane.
Hape, ho totobala hore ka lentsoe “moloko” Jesu o ne a sa bolele bana ba Bajode ba ileng ba tsoaloa ka 33 C.E. Luka o bolela hore kamor’a hore a kōptjoe ke Bafarisi hore na ’muso o ne o tla tla neng, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Mor’a motho . . . e ka khona a utloisoe bohloko bo boholo pele, a lahloe ke moloko ona.” (Luka 17:20-25) Ruri ho lahloa ho ne ho ke ke ha etsoa ke bana ba tsoetsoeng bocha. Ka mokhoa o tšoanang, tsela eo lintho li ileng tsa sebetsahala ka eona e bontša hore “moloko” oo ho boleloang ka oona ho Mattheu 24:34 o ne o akarelletsa bamameli ba hae le ba bang ba neng ba ka lemoha ho phethahala ha mantsoe a hae ho tloha ka 33 C.E. ho ea pele ho fihlela ha ho timetsoa Jerusalema.
Kahoo, ha ho fihloa tšebelisong ea mehleng ea rona, “moloko” ka ho utloahalang o ne o ke ke oa sebelisetsoa masea a ileng a tsoaloa nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. E sebetsa ho balateli ba Kreste le ba bang ba neng ba ka hlokomela ntoa eo le lintho tse ling tse ileng tsa etsahala phethahatsong ea “pontšo” ea Jesu e sebetsang habeli. Ba bang ho batho ba joalo ‘ba ke ke ba feta’ ho fihlela ho etsahala sohle se ileng sa profetoa ke Kreste, ho kopanyelletsa bofelo ba tsamaiso ea hona joale e khopo.
Jesu ha a ka a leka ho khothalletsa balateli ba hae hore ba sebetse lipalo tsa bolelele bo tsepameng hantle ba “moloko” ona. (Pes. 90:10) Ho e-na le ho lekanya hore na ho sa saletse lilemo tse kae, boholo, ho fihlela ho fihla bofelo, Bakreste ba lokela ho hopola temoso ea Jesu, e reng: “Lebelang hle . . . hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.”—Matt. 24:42-44.
Re na le bopaki bo bongata ba hore Mattheu khaolo ea 24 e phethahatsoa hona joale, ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho.’ Bopaki bo bong ke ho boleloa ho etsoang lefatšeng lohle ha litaba tse molemo tsa ’muso o hlomiloeng oa Messia, hoo Jesu a itseng ho lokela hore ho etsoe pele bofelo bo e-tla. (Matt. 24:14) Kahoo, ho e-na le ho kena ho lohotheng ka nako eo re ke keng ra e tseba, Bakreste ba ’nete ka mafolo-folo ba ke ba kopanele boboleling boo ba bohlokoa, ha ba ntse ba lebelletse ka tšepo ho phethahala ha mantsoe a Jesu ka “moloko ona” o ho Mattheu 24:34.