Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 4/15 maq. 4-6
  • Matšeliso Nakong ea Masoabi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšeliso Nakong ea Masoabi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Tšepo ea Tsoho ke ea Sebele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Ke na le Tšepo ho Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 4/15 maq. 4-6

Matšeliso Nakong ea Masoabi

HO SHOA ha ea ratoang ruri ekaba phihlelo e ferekanyang ka ho fetisisa bophelong. Mosali e mocha oa Texas e ka boroa o-oa bolela: “Ha ke le moimana oa ngoana oa ka oa bobeli, monna oa ka a shoa. Phihlelo ena e bohloko ea ntepeletsa haholo. Ho phaella tsietsing ea ka, ngoana oa ka a hlaha ’me a shoa. Ka felloa ke puo le bohle, ho kopanyetsa le mora oa ka e monyenyane. Ho neng ho boetse ho ntšoenya ke ’nete ea hore, le hoja mora oa ka a ne a le moholo bo lekaneng hore a ka bua, o ne a sa iteke le ho bitsa lentsoe le le leng. Ka nako eo ke ne ke ichebile hoo ke sa hlokomeleng hore haeba ke sa mo buise, ha ho mohla a tla ithuta ho itlhalosa.” Mosali enoa o ne a hloka matšeliso ka matla a makaakang! Ka thabo, o ile a fumana matšeliso ha eo a neng a sebetsa le eena a qala ho buisana le eena ka Mangolo a Halalelang.

Hantle-ntle ke tšepo efe eo Bibele e fanang ka eona ho batho ba utloang masoabi a tlisoang ke lefu? Mangolo a hlakisa hore ha re na lebaka la ho tšoenyeha ka bafu kapa hona ho imeloa ke masoabi. Hobane, ka nako e tšoanelehang ea Molimo, baratuoa ba shoeleng ba tla khutlisetsoa bophelong. Moapostola oa Mokreste Pauluse o itse: “Ke na le tšepo ho Molimo, . . . ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng.” (Lik. 24:15) Ba tsosetsoang bophelong ba tla lebella hore ba ke ke ba hlola ba busoa ke ho hlomoha, ho kula kapa lefu. (Tšen. 21:3-5) Masoabi ’ohle ao batho ba bileng ho oona a tla tlosoa ka ho feletseng ke maemo a fetohileng a tla ba teng kamor’a tsoho ea bona hoo “tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.”—Esa. 65:17.

Kaha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lumela tsoho, ho lahleheloa ke baratuoa ho ne ho le bonolo haholo hore ba ho mamelle. Ba ne ba sa feteletse kapa hona ho se laole pontšo ea bona ea masoabi ea batho ba se nang tšepo. (1 Ba-Thess. 4:13) Empa motho a ka tiisa joang hore tsoho e tla ba teng?

Hoa hlokomeleha hore tšepo ea moapostola Pauluse e ne e theiloe tumelong ea hae ho Molimo. Kaha ea Matla ’ohle ke eena ea bōpileng batho, o tlameha hore hape a be le bohlale le matla tsa ho tsosa bafu, ho ba bōpa hape. Ha e le hantle, seo Bibele e se bolelang ka ho bōptjoa ha motho oa pele Adama se ka re thusa ho utloisisa mohlolo oa tsoho.

Adama o ile a bōptjoa ka metsoako e tsoang mobung. Koana, metsoako ena ha e na botho ’me e ke ke ea etsa mesebetsi e nang le boikutlo kapa monahano. Leha ho le joalo, ha Molimo o hlophisa metsoako ena ho e etsa ’mele o nyallanang ’me a nea ’mele oo matla ka matla a bophelo, ho ile ha hlaha botho bo khethollehileng—motho ea nang le matla a ho nahana le ho bea mabaka haesita le ea ka fetisang bophelo a bo neeletsa e mong ka tsoalo.—Gen. 2:7.

Hlokomela hore se neng se etsa Adama motho eo e neng e le eena hase motsoako o neng o entse ’mele oa hae. Ho e-na le hoo, ke seo Molimo o se entseng metsoako e tsoang mobung. Ka baka leo, tsoho ha e-ea itšetleha ka ho bolokoa kapa ho hahuoa hape ha likaroloana tsa ’mele oa motho ka mong pele ho lefu la hae. Le ha re ntse re phela, likaroloana tse bōpang ’mele ea rōna lia fetoha nako le nako. Kahoo likaroloana tse entseng ’mele oa hao kajeno li fapana ho hang le seo li neng li le sona lilemong tse fetileng tse supileng. Leha ho le joalo, u ntse u le motho eena eane. Ka mokhoa o tšoanang, le haeba motho o tsosoa ho ea bophelong ba botho kapa ba moea, ’mele oa hae ka ho oona o tla ba le litšobotsi tsohle tseo Molimo o faneng ka tsona tse mo etsang eena motho eane ea ileng a shoa. O tla itseba ka botlalo joalokaha a ne a phela pele.—1 Ba-Kor. 15:36-49.

Ntle ho ho fana ka tšepo ea tsoho, Bibele e fana ka mothèo oa tšepo ena. Ka Mangolo re ithuta hore ho khutlisetsa bafu bophelong hase ntho e ncha, ntho eo ho seng mohla e kileng ea etsahala. Ho fapana le moo, Bibele e fana ka mabaka a tobileng ao ho oona banna, basali le bana ba ileng ba tsosoa ho oona. (1 Mar. 17:21-23; 2 Mar. 4:32-37; Mar. 5:41-43; Luka 7:11-15; Joh. 11:38-45; Lik. 9:36-42; 20:9-12) Tsoho e tsotehang ho feta tsohle ke eo ea Jesu Kreste. Batho ba ka bang 500 bao e leng lipaki ba mo bone hoba a tsosoe bafung. (1 Ba-Kor. 15:6) Ketsahalo ena e bile le bopaki bo botle hoo moapostola Pauluse a neng a ka bolela hore ho latola tsoho ho bolela ho latola tumelo ea Bokreste kaofela ha eona. Rea bala: “Hobane ekare ha tsoho ea bafu e le sieo, ekaba Kreste le eena ha a ka a tsoha. ’Me ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, thuto ea rōna ke lefeela, le tumelo ea lōna ke lefeela. Hape, re ka fihleloa re le lipaki tsa leshano tsa Molimo; hobane ekaba re paketse Molimo ka bopaki ba rōna, ka ho re o tsositse Kreste, athe ekaba he ha oa ka oa mo tsosa, ha bafu ba fela ba sa tsohe. Hobane ekare ha bafu ba sa tsohe, ekaba Kreste le eena ha a ka a tsoha. ’Me ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, tumelo ea lōna ke lefeela.”—1 Ba-Kor. 15:13-17.

Bakeng sa moapostola Pauluse le ba bang ba likete-tsa-likete, tumelo e sa sisinyeheng tsohong ea bafu e ne e le mohloli oa matšeliso a sa hlōloeng ke letho. Ho ntse ho le joalo le kajeno. Ke ’nete, batho ba bang ba ka ’na ba soma mohopolo oa tsoho, ba bolela hore ha ho eo ba kileng ba mo bona a khutla bafung. Empa na ho se lumele ha bona ho ba bea boemong bo molemo ba ho talimana le lefu? Ka ho latola bopaki ba nakong e fetileng ba tsoho, ba ka nea ba saretsoeng matšeliso afe? Ha bona ka bobona ba lahleheloa ke baratuoa bao ba amanang le bona kapa metsoalle lefung, na ho se lumele ha bona ho ba thusa hore masoabi a bona a se ke a e-ba maholo? Linnete lia ipuella.

Kahoo, linakong tsa ho siama, u ’ne u fumane matšeliso pallong e tiileng ea Molimo ea tsoho joalokaha e beiloe ka Bibeleng. Ha ho tšepo e ’ngoe hape. U se ke ua e tlohela ea phonyoha. Hape, khotsofatsoa ke ho isetsa ba siameng matšeliso a ’nete ka ho abelana le bona molaetsa oa Bibele ka tsoho.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela