Ha Bana ba Fetoha Litlokotsebe
MOHLANKANA oa charola o lutse a tšereane setulong matlong a hirisoang motseng oa New York. Ha a re letho ha ’mè oa hae a re a mo thuse ka mosebetsi o mong o boima. Ha ’mè oa hae a ntse a mo emelletse, moshemane o ema ka bohale. O rutla thelefono leboteng, o choatla thepa ea ntlo o roba le ntho e koalang monyako o kenang ka tlung. Tsena tsohle o li etsa a ntse a hoeletsa, a re: “Ke tla u bolaea!” Qetellong, lerata le bakoang ke bohale bo sa laoloeng lea nyamela.
Moshemane enoa oa setlokotsebe ha a hlonephe ntate oa hae kapa ’mè oa hae. Haele hantle, ha re letho ka boholo leha e le bofe ha a ntse a tsekela literateng le litlokotsebe tse ling, a nkile sethunya seo a sa se ngolisang molaong.
Batsoali ba bangata ba boemong bona boo baa botsa: ‘Ho ka ba tjee ka lebaka lefe? Re ile ra hlōleha hokae?’
BOHLOKOA BA THUTO E NEPAHETSENG
Ka linako tse ling ho ka ’na ha ameha tlhōleho ea batsoali. Haeba batsoali ba sa natse ho ruta bana ba bona ka polelo le ka mohlala, ba ke ke ba lebella ho ba le liphello tse molemo. Bibele e re: “Thupa le khalemelo li fa motho bohlale; empa mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liprov. 29:15) Thuto e nepahetseng e lokela ho qalisoa kapele kamoo ho ka khonehang, ho tloha boseeng. Kaha o ile a rutoa bonyenyaneng, Davida o ne a ka bua tjena ho e ’ngoe ea lipesaleme tsa hae: “Ka ’na ka u tšepa [Jehova] e sa le ke tsoaloa; e sa le le mpeng ea ’mè u le Molimo oa ka.” (Pes. 22:10) Ka ho tšoanang, Timothea o tsebile mangolo a halalelang ‘ho tloha bonyenyaneng.’ Ho tloha moo mohopolo oa hae o qalehang teng bophelong, o sitoa ho hopola ka nako eo ka eona a neng a sa tloaelana le Mangolo a Halalelang.—2 Tim. 3:15.
Ha bana ba ntse ba hōla, ho hlokahala boiteko ba ’nete ho ba thusa hore ba ananele hore kutlo metheong e phahameng ea Mangolo e isa tseleng e molemo ho feta tsohle bophelong. Hona ho joalo ka mokhoa o khethehileng ‘mehleng ena ea bofelo’ e thata. (2 Tim. 3:1, 2) Buka ea Bibele ea Liproverbia e ka ba thuso ea ’nete ho batsoali ha ba fetisetsa taeo ka matla a susumetsang. Buka ena ha e lemose feela ka kotsi ea setsoalle, boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali, bonyollo, tšebeliso e mpe ea tahi, le tse joalo ha li sebelisoa ka mokhoa o silafatsang, empa hape e fana ka khothatso ea ho latela tsela e nepahetseng. (Liprov. 1:10-19; 4:14-27; 5:3-14; 7:1-27; 23:20-35) Tšusumetso ea mofuta o sebetsang oo batsoali ba ka ’nang ba o kopanyelletsa ha ba fetisa thuto ea boitšoaro ho fana ka eona ho bana ba bona ba baholoanyane o bontšoa ka mantsoe a Liproverbia 3:1-6:
“Mora oa ka, u se ke ua lebala thuto tsa ka, pelo ea hao e ke e boloke likeletso tsa me; ’me u tla ekelletsoa ke tsona litšiu, le lilemo, le ho phela, le khotso. Molemo le ’nete li se ke tsa khaohana le uena, u ithoalle tsona molaleng oa hao, u li ngole letlapeng la pelo ea hao; ’me u tla fumana mohau le hlompheho pel’a Molimo le batho. U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa.”
HA BATSOALI BA BILE BOHLASOA
Koana, haeba batsoali ka nako e fetileng ba bile bohlasoa kapa ba hlōlehile, ba ka ’na ba ho fumana ho le thata haholo e bile e le teko ho fana ka thuto ea boitšoaro. Mohlomong e ka ba habohlokoa ho batsoali hore ba hlalosetse bana ba bona hore na ke hobane’ng ha ba tšoenyehile hakana ka hore ba etse seo ba neng ba se hlokomolohile. Mohlomong hona ho ka kopanyelletsa ho lumela ka boikokobetso ho hlōleha ha bona ha nakong e fetileng. Nako le mamello joale li tla hlokahala hore ho hapuoe tšepo ea bara le barali ba tlase lilemong, ho ba tiisetsa lerato le thahasello ea ’nete tsa batsoali. Mohlomong litholoana e ka ’na ea e-ba tse soabisang haholo qalehong, haesita le ho nyahamisa. Empa batsoali ba se ke ba potlakela ho tela, kaha hona ho ka etsa hore kameho ea bona le thahasello e be tse belaetsang. Mocha a ka ’na a nahana hore: ‘Haeba batsoali ba ka ba ne ba hlile ba tsotella, ba ka be ntse ba leka ho nthusa.’ Kahoo, ha batsoali ba lumella boiteko ba bona ba pele hore bo kolobisoe ke ho se arabele ha bana ba bona, mohlomong ba ka ba ba tlatsetsa hore bara le barali ba bona ba se ke ba ba tšepa. Ke kahoo e leng habohlokoa haholo hore batsoali ba mamelle. Kameho ea motsoali e ka ’na ea susumetsa letsoalo la ngoana, e hlahisa litšoaneleho tsa hae tse molemo haholo. Marta, eo e kileng ea e-ba moeta-pele oa sehlopha sa banana ba litlokotsebe, o-oa lumela: “Ke ne ke utloa bohloko ke ho bona ’mè a tšoenyehile hakana ke ’na, empa ho se mohla ke ho bontšang kapa hore ke etse hore a tsebe hore na ke ikutloa joang.”
Mohlala o motle ka mehla o tla ba le phello e matla ho bana ba marabele ho feta lipolelo tse ngata. Le hoja ho lokela hore ho emeloe ho loka ka tieo ho lokela ho bolokoa, batsoali ba lokela ho ikalosa khahlanong le ho hloka ho itšoara ebe joale ba tlatsa lerata kapa ba sebelisa mahlapa. Mangolo a ea eletsa: “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna.”—Ba-Ef. 4:31.
Le haeba bana ba ile ba hlokomolohuoa hore ba ka rutoa ka lilemo tse telele, tšepo e ka ’na ea e-ba teng. Momexico e monyenyane o pheta phihlelo ea hae:
“Ha ke le lilemo li supileng, ka lahla batsoali ba ka. Lapeng ea e-ba ka thoko ho tsela, makoloing a se nang beng, kapa ka nako tse ling, makoloi a tsamaisang thepa. Hammoho le bacha ba bang, ka qala ho utsoa. Re ne re tšoaroa ke mapolesa ka makhetlo a mangata ’me re isoa chankaneng. Ha re botsoa hore na batsoali ba rōna ba hokae, re ne re re ha re tsebe. Ha ke le lilemo li 10, ra kena sehlopheng sa ba mokolang lithethefatsi. Ka makhetlo a mangata ke ne ke e-ba lintšing tsa lefu. Ha ke le lilemo li 12, ra kena Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika ka bolotsana ’me ra tsoela pele ka mesebetsi ea rōna e sa eeng ka molao. Ka letsatsi le leng moeta-pele oa sehlopha sa rōna a ntšosa ka hore o tla mpolaea ka hore ke se ke ka arola seo ke se hapileng bosholung boo ke bo entseng. Ka shapuoa, ’me a nkamoha pesos tse 28 000,00.
“Ka utloa bohloko haholo ’me ka batla ho khutlela hae kapa ke ipolaee. Joale ka hopola nkhono ea phelang Ciudad Juárez, empa ke sa tsebe hore na sebakeng sefe. Ka qala ho mo batla. Eare ha ke mo fumana qetellong, o ne a itokisetsa ho ba teng kopanong ea Lipaki tsa Jehova, ’me a nkōpa hore ke tsamaee le eena.”
Mothèong oa seo moshemane enoa a se utloileng kopanong, a qala ho inahana ka ho teba ka bophelo ba hae. A qala ho ithuta Bibele ’me, thabong ea batsoali ba hae, a otlolla litsela tsa hae ’me a khutlela lapeng.
BORABELE HO SA TSOTELLEHE THUTO E NTLE
Empa ho thoeng haeba bana ba fetoha litlokotsebe ho sa tsotellehe thuto e ntle? Batsoali ba ka tšelisoa ke ’nete ea hore ba bile seli ho phethahatsa boikarabelo ba bona. Hape ba ka ba le tšepo ea hore kamoso boiteko ba thuto e nepahetseng bo tla khutlisetsa ngoana ea khelohileng monahanong. Tšepo ena e ka matlafatsa haholo.
Thuto e nepahetseng ruri e ka ba le matla a ka ho sa feleng ho bana. Bibele e-ea bolela: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liprov. 22:6) Le hoja ka kakaretso bana ba rutiloeng hantle ba sa fetohe batho ba bophelo bo bobe, ba bang ba ee ba khelohe empa ba boele ba khutle. Phihlelo ea bona e ka ’na ea tšoana le ea ngoana ea lehlasoa papisong e ileng ea etsoa ke Jesu Kreste. Rea bala:
“Motho oa horeng o na a na le bara ba babeli. E monyenyane oa bona a re ho ntat’ae: Ntate, mphe karolo ea letlotlo ee e tla ba ea ka. . . . Ha feta matsatsi a se makae, mora oa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola. Eitse hobane a qete tsohle, ha oa tlala e khōlō lefatšeng leo; ’me a qala ho hloka. A ea tholoa ke e mong oa batho ba naha eo; eo a mo romela merakeng ea hae ho alosa likolobe. O na a lakatsa ho khorisa mpa ea hae ka makhapetla a jeoang ke likolobe; empa o na a sa fuoe ke motho. Eaba moo a ikhopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlōloang ke bohobe; ’me ’na mona ke bolaoa ke tlala! Ke tla tsoha, ke ee ho ntate; ’me ke tla re ho eena: Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena; ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao; u nketse ea joale ka e mong oa bahlanka ba hao.”—Luka 15:11-19.
HO BOLOKA BOIKUTLO BO LOKETSENG
Ntate a itšoara joang? Kaha o ne a sa jara mora oa hae ka pelo, a mo utloela bohloko ’me a ba le lerato ho eena. Papiso ea Jesu e tsoela pele:
“Eare ha a sa le hole, ntat’ae a ’mona, a mo utloela bohloko, a titima, a itihela molaleng oa hae, a mo aka. Empa mora a re ho eena: Ntate, ke sitetsoe leholimo le uena, ’me ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao. Empa ntat’ae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokoa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monoaneng, le be le mo roese lieta maotong; ’me le tlise namane e nontšitsoeng, le e hlabe, re tle re je, re nyakalle. Hobane mora enoa oa ka o na a shoele, ’me joale o boetse o pholohile; o na a lahlehile, ’me joale o boetse o fumanoe. ’Me ba qala ho nyakalla.”—Luka 15:20-24.
Tumellanong le moea oa papiso ena, ho hlokahala hore batsoali ba ikalose khalefong le sehlōhōng ho bara le barali ba litlokotsebe. Ho seng joalo, ho ka ’na ha e-ba thata haholo hore ngoana a fetohe, joalokaha ho entse mora ea lehlasoa oa papiso ea Jesu.
Phello e ntle ea lerato le mosa e bontšoa hantle tabeng ea ngoanana oa Ohio eo batsoali ba hae e leng Lipaki tsa Jehova. A kholoa hore ha a ea lumelloa bolokolohi bo lekaneng, Vickie ea lilemo li 15 a qala ho fetohela matla a batsoali. Qetellong, ha a le lilemo li 17, a ikela ntlong eo a ikhiretseng eona motseng oo ho phelang bahabo-moholo. Le hoja beng ka eena bana ba ne ba sa khothalletse se etsoang ke Vickie, ba leka ho mo khothatsa. Ha etsahala joang qetellong? Ngoanana o re:
“Ke ne ke tepeletse haholo, ho isa moo ke neng ke le ntlheng ea ho ipolaea, ’me ke tenoa ke lefatše le batho ba ho lona. Joale ka ea lula le baheso moholo. Ha ho mohla ba kileng ba nkomanya kapa ba ntšulafaletsa. Ke ne ke tsila-tsila haholo hore nka ea libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, empa ka ea. Lerato le mosa tse ileng tsa bontšoa ke bohle e bile tse tsotehang. Ha ho mohla ba tla hlokomela kamoo ke neng ke ho ananela kateng, le hore ho bile bonolo hakaakang hore ke tlohele tsela eo ke neng ke phela ka eona ho ea kamoo ba ileng ba nketsa.”
Kahoo, ha bana ba fetoha litlokotsebe, batsoali ba se ke ba potlakela ho lahla tšepo. Ba ntse ba hloile bobe, ba tšoanela ho qoba ho ba thata le ho ba bohale bo tlōtseng ho bana ba bona. Ha bohlokoa haholo, batsoali ba lokela ho loanela ho bea mohlala o motle le ho boloka tumelo ea bona ho Molimo e le matla.
Ke se ileng sa etsoa ke Morena Davida. O bile mahlomoleng a moholo ka lebaka la mathata a lelapa. Mora e mong oa hae a mo fetohela ho hang, a batla terone ea hae le ho mo bolaea. Empa Davida ha a ka a tlohella hona hore ho mo nyahamise hore a ka sebeletsa Molimo ka ho tsoetseng pele. Haele hantle, ha a se a tsofetse a felloa le ke kelello, o ile a khothatsa mora oa hae Salomone, a re: “Hlokomela Molimo oa ntat’ao, ’me u o sebeletse ka pelo eohle ea hao le ka moea o o ratang; hobane Jehova o botsisisa lipelo tsohle, ’me o lekola merero eohle le mehopolo eohle. Ekare ha u mo batla, o tla fumanoa ke uena; ha u mpa u mo furalla, o tla u lahla ka ho sa feleng.”—1 Likron. 28:9.
Le haeba bana ba motho ba ne ba fetoha ba sa tšepahaleng, Jehova Molimo le ka mohla a ke ke a lahla bahlanka ba hae ba ineetseng. Joalokaha Ea Holimo-limo a ile a tiisa Davida nakong ea teko le mahlomola, ka mokhoa o joalo o tla matlafatsa batho ba hae kajeno hore ba mamelle likhatello, hammoho le bohloko bo hlahisoang ke ha bana ba fetoha litlokotsebe. Haele hantle, haeba litlamo tsohle tsa lerato la tlhaho li ka qhalana, ho hang motho a ke ke a ba mong, a lahloa ho se nang tšepo. Davida o itse: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.”—Pes. 27:10.