Ipakahatse u Tšepahala
“Efela se batloang ho liabi, ke hoba se seng le se seng se fumanoe e le se tšepehang.”—1 Ba-Kor. 4:2.
1. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba lokela ho etsa ka matla boitekong ba ho thusa batho ba kang bona?
BOHLE ba sebeletsang Jehova Molimo e le barutuoa ba tšepahalang ba Jesu Kreste ba na le letlotlo la bohlokoa. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 4:1-7.) Ho bona ba na le tsebo ea bohlokoa e ka bolelang bophelo ho ba qalang ho nka bohato tumellanong le eona. (Joh. 17:3) Ka ho utloahalang, he, ba lokela hore ba etse ka matla boitekong ba ho thusa batho ba kang bona moeeng. Hape, ba lokela ho ithaopela ho fana ka thuso e bonahalang ho ba hlokang. Ho fana ka mokhoa o joalo ho tšoarana ka matsoho le ho fana ha moea. Hona ho etsoa ke hobane lijo, liaparo le matlo lia hlokahala bophelong, ’me, ntle ho bophelo, motho a ke ke a rorisa Jehova Molimo.—Pes. 30:9; 88:10-12.
2. Ha ho talingoa keletso e lerato ea Jesu ho Luka 12:33, 34, barutuoa ba hae ba lokela ho ithaopela ho etsa joang?
2 Jesu Kreste o ile a phehella barutuoa ba hae, a re: “Bapatsang ka tseo le nang le tsona, ’me le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng maholimong, moo lesholu le sa atameleng teng, le moo tšoele e sa senyeng. Hobane, moo letlotlo la lōna le leng teng, ke moo le lipelo tsa lōna li tla ba teng.” (Luka 12:33, 34) Kahoo, boithaopo bo tlameha ho ba teng ba ho sebelisa nako ea motho le matlotlo ho fumantša ba bang molemo. Ka ho totobetseng, Jesu o ne a sa bolele hore barutuoa ba hae ba iphumanehise ’me kamorao ho moo ba phele ka ho qeneheloa ke ba bang. Empa barutuoa bana ba ne ba tlameha ho ithaopela ho arohana le matlotlo ho thusa batho ba hlileng ba hlokang nameng le moeeng.
3, 4. (a) Timothea o ne a lokela ho eletsa Bakreste ba ruileng joang? (b) Tumellanong le keletso ena, ba lokela ho qoba boikutlo bofe?
3 Moea oa keletso ea Jesu o bontšoa hantle ke seo moapostola Pauluse a se laetseng Timothea hore a se bolelle Bakreste ba ruileng. Rea bala: “Laela ba ruileng tsa mehla ea joale hore ba se ke ba ikhohomosa, ba se ke ba tšepa moruo o sa tieang, ba mpe ba tšepe Molimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re li thabele. Ba sebetse se molemo, ba ateloe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane; ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.” (1 Tim. 6:17-19) Khothatso ee e lerato e bolela eng?
4 Bakreste ba ruileng ba ne ba sa lokela ho italima ba phahame ka lebaka la matlotlo a bona. Leha e le hore ba ne ba lokela ho bea tšepo ea bona maruong. Kaha maruo a ka utsuoa, a lahleha kapa a senyeha, ke motheo o fokolang haholo oo motho a ka hahang tšepo ea hae ho oona. Empa Molimo oa ka ho sa feleng, Jehova, o lokeloa ke ho tšeptjoa ka ho feletseng. Hoja e ne e se ka litokisetso tse mohau tseo A li entseng bakeng sa ho boloka bophelo lefatšeng, ho ne ho se motho ea ka iphelisang. (Lik. 14:16, 17; 17:25) Ke booatla bo bokaakang he, ho hlokomoloha ’Mōpi le ho tsitsisa bophelo ba motho ho potoloha lintho tse bonahalang!
5. Re lokela ho sebelisa matlotlo a rōna joang, hona hobane’ng? (Luka 16:1-13)
5 Ka lebaka la hobane ke ’Mōpi, Jehova ke Mong a lintho tsohle. Kahoo, ke ho nepahetseng feela hore re mo rapele le hore re sebelise matlotlo leha e le afe ao mohlomong re nang le oona ka tsela e khahlisang mahlong a hae. (Pes. 95:3-6) Hona ho bolela ho sebelisa ha rōna matlotlo ana ho thusa ba bang moeeng le nameng. Tabeng ea Bakreste ba ruileng, ba ile ba khothalletsoa ho sebelisa mesebetsi ea bona e metle e ileng ea ngoloa joaloka matlotlo a bona a mangata. Ka ho sebelisa seo ba neng ba e-na le sona ho pholoseng ba bang, ba ne ba tla be ba ipeela letlotlo leholimong. Ha e le hantle, Bakreste bohle ba ineetseng, ka ho lula ba le mafolo-folo ho thuseng batho ba hlokang moeeng le nameng, ba bea letlotlo leholimong le tla bea haholo ka sebopeho sa moputso o tsoang ho Jehova Molimo.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore re se lumelle eng kapa eng e kena-kenane le ho bea ha rōna matlotlo leholimong?
6 Ho fapana le matlotlo a bonahalang a ka ’nang a utsuoa kapa liaparo tse tšoele e ka ’nang ea li ja, tlaleho ea mesebetsi e metle ho Molimo ke e sa senyeheng. Kannete, he, ha re sa ntsane re phela, re lokela ho rata ho etsa kahohle kamoo re ka etsang ho itebela khahlanong le ho itumella hore matlotlo a bonahalang, litaba tsa tsatsi le leng le le leng kapa menate li kena-kenane le ho iketsetsa ha rōna tlaleho e ntle ho Jehova Molimo. Haholo kaha bophelo nako ea bona ke e telele bo sa tsitsang, ke habohlokoa hore re ke se ke ra khelosoa sepheong sa rōna se seholo—ho lula re le bahlanka ba amohelehang ba Jehova Molimo le barutuoa ba tšepahalang ba Morena oa rōna Jesu Kreste. Ho bohloko hakaakang hore ebe motho a ka hlōloa ke lefu a e-so ho sebelise hamolemo monyetla oa hae ho ipokellela matlotlo leholimong!
7. Ke eng se ka re thusang ho lula tabeng ea ho bea letlotlo leholimong?
7 Ka baka leo, ke habohlokoa haholo hore re bee lipelo tsa rōna boitekong ba ho atolosa letlotlo la rōna leholimong. Ntho e ’ngoe e ka re thusang ho sena ke hore re iphe sebaka sa ho nahana ka kananelo seo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba se entseng lebitsong la rōna. Bona bophelo ba rōna ka bobona re bo kolota ho Jehova Molimo. (Tšen. 4:11) Ho sa tsotellehe boikutlo bo se nang teboho ba batho ba bangata hakana, Ea Holimo-limo o tsoetse pele ho lumella bohle ho fumana molemo oa litokisetso tsa hae tseo a faneng ka tsona bakeng sa ho boloka bophelo. (Matt. 5:45) Joale, pontšong ea lerato la hae le fetisisang, Jehova Molimo ha a ka a boloka le eena Mora oa hae ea ratoang ka ho fetisisa, Jesu Kreste, hore a shoe lefu le lihlong sefateng. Hona ha re nolofaletsa hore re lopolloe sebeng le lefung, qetellong re tla fetoha bana ba phethahetseng ka ho sa feleng. (Ba-Roma 5:8; 8:32) ’Me Jesu Kreste o bontšitse lerato la hae le leholo ka hore ka boithatelo a neele bophelo ba hae lebitsong la rōna. (1 Joh. 2:2) Na lerato leo re le bontšitsoeng ha lea lokela ho re qobella hore re tšoarelle monyetla o mong le o mong hore re ipakahatse re leboha ka ho thusa batho ba kang rōna moeeng le nameng?
SEBELISA NAKO HANTLE
8. Ke eng se ka bontšang hore motho o senya nako e ngata haholo ho phehelleng menyaka?
8 Kannete, lerato la rōna bakeng sa Jehova le Jesu Kreste le lokela ho re susumelletsa ho sebelisa nako ea rōna hamolemo. Na hona re ne re ka ho etsa haeba menyaka e ka fetoha ea bohlokoa hoo e itlhalosang hore re ke ke ra phela ntle ho eona? Le hanyenyane! Le ka mohla re se fifalloe ke ’nete ea hore, ka makholo a mangata a lilemo, batho ba baloang ka likete-tsa-likete ba phetse ntle ho sea-le-moea, thelevishene, libaesekopo, makoloi, lipapali, maeto a matla a boithabiso le tse joalo. Ka ho utloahalang, he, na ha ho bohlale ho tlohella lintho tse joalo li nke sebaka sa bobeli bophelong ba rōna? Kahoo, haeba motho a fumana hore boholo ba nako o bo senya menyakeng ho feta litabeng tse amanang ka ho toba le borapeli ba ’nete, na ebe hase hobane a fetohile ‘ea ratang menate’? (2 Tim. 3:4) Hona na haa ema kotsing ea hore ho hang a fetohe ea sa beeng ho hang ho tlisetseng lebitso la Molimo thoriso?—Luka 8:14.
9, 10. (a) Ho theiloe mohlaleng oa Jesu Kreste, pono e leka-lekaneng ea boikhathollo bo hahang ke efe? (b) Jesu o ne a bolela eng ha a re, “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae”?
9 Koana, bahlanka ba ineetseng ba Jehova Molimo ke ka nepo ba thabelang mefuta e sa tšoaneng ea boikhathollo kapa boithabiso bo hahang. Le eena Jesu Kreste o ile a amohela limemo tsa lijo le mekete ’me a tlatsetsa ho thabeleng mokete oa lenyalo ka hore ka mohlolo a fetole metsi veine e monate ka ho fetisisa. (Luka 5:29; 7:36; 14:1; 19:5, 6; Joh. 2:1-11) Empa Jesu ha a ka a etsa monyaka, ho akarelletsa le lijo le lino, ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba hae. Ka lekhetlo le leng o kile a re ho barutuoa ba hae: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” (Joh. 4:34) Na le rona ka mokhoa o tšoanang re thabisoa haholo ke ho etsa thato ea Molimo?
10 Ha Jesu a ne a bolela mantsoe a ka holimo, o ne a lapile a bile a khathetse. Leha ho le joalo, kaha monyetla o ne o itlhahisitse oa hore a fane ka bopaki, o ile a hapeha ho oona hoo ho se thabe ha ’mele oa hae ho ileng ha felella feela. Thabo le khotsofalo tse hlahisitsoeng ke ho etsa ha hae thato ea Molimo li ne li tšoana le lijo ho Jesu Kreste. Kannete, re batla ha hona ho fetoha ’nete tabeng ea rōna. Kahoo, ho hlokahala hore re hlahlobe menyaka e le hore e ke ke ea kena-kenana le hore re latsoe thabo e fetang eohle e tlang ka ho thusa batho ba kang rōna moeeng le nameng.
11. Na Bakreste ba na le tokelo ea ho sebelisa nako ea bona bakeng sa menyaka feela, ’me ke motheo ofe oo re ka o nkang ho Esaia 58:13, 14 ntlheng ee?
11 Ho qoba ho ba baithati tšebelisong ea rōna ea nako, ho hlokahala hore ka linako tsohle re bee ka pel’a rōna mohopolo oa hore nako ka boeona ke mpho e tsoang ho Jehova, e lokelang ho sebelisoa tumellanong le thato ea hae. Ha rea lumelloa hore re sebelise nako menyakeng ea rōna feela. Hona ho bontšoa hantle ho seo Jehova Molimo a neng a se lebelletse ho Baiseraele ka letsatsi la Sabbatha. Ka moprofeta oa hae Esaia, a re: “Ha u ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya sabbatha, ua tela mosebetsi oa hao ka letsatsi la ka le khethehileng; ha u ka bitsa sabbatha letsatsi la thabo, letsatsi le khethehileng la Jehova ua le bitsa khahliso ea hao, ua le hlompha ka ho lesa ho ea ka litsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi oa hao, le ka ho se bue litaba tsa lefeela; ke moo u tla ithabela ho Jehova.” (Esa. 58:13, 14) Kahoo, ntle ho ho tlohela mosebetsi, Baiseraele ba ne ba lokela ho talima Sabbatha e le letsatsi leo ka ho khetheha le neetsoeng ho Jehova. E ne e se letsatsi feela tjee la ho phehella menyaka ea bona empa e le nako ea ho fumana thabo ea ’nete ho etseng thato ea Molimo, ho etelletsa litaba tsa moea pele. Tumellanong le moea oa molao oa Sabatha, Bakreste ba ’nete ba lokela ho ameha ka ho sebelisa letsatsi le leng le le leng ka tsela e tlang ho fella ka ho rorisa Jehova Molimo.
LOKELA HO KHUTLA HA MORENA
12. (a) Joalokaha ho bontšitsoe ho Luka 12:35-40, ke lebaka lefe le leng la bohlokoa leo re nang le Iona bakeng sa ho tšoareha mosebetsing oa Jehova? (b) Re lokela ho loanela ho ba boemong bofe tsatsi le leng le le leng, hona hobane’ng?
12 Ho sa na le lebaka le leng bakeng sa bahlanka ba ineetseng ba Morena Jesu Kreste hore ba se be botsoa ho etseng mosebetsi oa Jehova. Lena le phahamisoa setšoantšong se latelang se ileng sa boleloa ke Mora oa Molimo, a re: “Matheka a Iōna a tlangoe, ’me mabone a lōna a tuke. Le Iōna le be joale ka batho ba lebeletseng morena oa bona hore na o tla khutla neneng bohaling, hore, etlere ha a fihla, a kokota, ba ’mulele hang-hang. Ho lehlohonolo bahlanka bao, Morena ha a fihla, a tla ba fumana ba falimehile! Ka ’nete ke re ho lōna: O tla itlama, a ba lulise lijong, ’me o tla atamela, a ba sebeletse. Leha a ka tla tebelong ea bobeli, leha a ka tla tebelong ea boraro, ’me a ba fumana ba le joalo, ho lehlohonolo bahlanka bao. Le lemohe hoba, hola mong a ntlo a ka tseba nako eo lesholu le tla tla ka eona, a ka lebela, a se ke a lesa ntlo ea hae ea phunngoa. Joale, le lōna le itokise; hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.” (Luka 12:35-40) Joalokaha re sa tsebe hore na bophelo ba rōna bo tla fela neng, ha re tsebe hantle nako eo Jesu Kreste a tla fihla ka eona bakeng sa ho liha kahlolo, le hoja re fela re tseba hore ketsahalo e ntse e atamela haholo. Hona ho bolela hore letsatsi le leng le le leng le lokela ho re fumana re lokile, re emetse ho khutla ha Morena oa rōna.
13. (a) Papisong ea Jesu, bahlanka ba ne ba etsa joang bosieong ba morena oa bona? (b) Morena o putsa bahlanka ba hae ba emeng joang?
13 Papisong, bahlanka ba etsa hona hoo hantle. Liaparo tsa bona tse telele ha lia leketla ka bolokolohi empa li tlamiloe pakeng tsa maoto a bona ’me li tlamelletsoe lebanteng. Ba itlamile joalo, ba tsoela pele ho hlokomela litšoanelo tsa bona kaha mabone a bona a fana ka khanya e hlokahalang. Le hoja nako ea ho lebella e ka fetela tebelong ea bobeli (hoo e ka bang 9 bosiu ho ea ho bosiu bo boholo) kapa ho kenella tebelong ea boraro (bosiu bo boholo ho ea ho 3 hoseng), bahlanka ba tšepahalang ba lula ba le mafolo-folo ba falimehile. Qetellong, ha a fihla ’me a bona boineelo ba bahlanka ba hae, morena o ba putsa ka tsela e sa tloaelehang ka ho fetisisa. O ba lulisa tafoleng ’me o qala ho ba sebeletsa. Ha a ba tšoare joale ka bahlanka, empa joaloka metsoalle e tšepahalang. Ke moputso o motle hakaakang oo ba o amohelang bakeng sa ho tsoela pele ho sebetsa bakeng sa morena oa bona har’a bosiu ha ba ntse ba emetse hore a khutle!
14. Ha ho talingoa lilemo tse ngata tse fetileng esale Jesu a boletse mantsoe a tlalehiloeng ho Luka 12:35-40, ke lipotso life tse ka botsoang?
14 Ho se ho fetile lilemo tse fetang 1 900 esale Jesu Kreste a fana ka setšoantšo sena. Kahoo balateli ba hae ba fela ba emetse hore a khutle ho tla liha kahlolo lefatšeng la bonyefoli ka nako e telele. Ho ba bangata, ho ka ’na ha bonahala eka tebelo ea bobeli e se e fetile le hore joale re kene tebelong ea boraro ka sebakana. Empa na ba bang har’a rōna baa tepella? Kapa, na re sa ntsane re itlamile ka matla bakeng sa tšebetso? Na re lumella mabone a rōna a khanye ka boitšoaro bo botle le bopaki bo chesehang ha re ntse re ipoloka re le matla ka ho ineela ho sebetseng ha moea oa Molimo?—Matt. 5:14-16; bapisa Zakaria 4:2-6.
15. Ha a khutla ho tla liha kahlolo, ke eng seo Jesu Kreste a tla se sheba har’a ba ipolelang hore ke barutuoa ba hae?
15 Morena oa rōna o tla sheba eng ha a khutla ho tla liha kahlolo? O tla hlokomela hore na ebe bao ba ipolelang hore ke bahlanka ba hae ba hlile ba joalo e le kannete. Na e bile ba tšepahalang ho bolokeng molao oa ‘ho etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle, ba ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ho ba ruta ho boloka tsohle tseo a li laetseng’? (Matt. 28:19, 20) Na ba na le tlaleho e ntle ea mesebetsi e bontšang kameho e mafolo-folo bakeng sa “e monyenyane” ho baena ba Kreste? Ha ba bona baena bana ba Kreste ba hloka, na ba ile ba fepa ba lapileng, ba nea ba nyoriloeng se nooang, ba amohela basele boeting, ba apesa ba hlobotseng, ba thusa le ho tšelisa ba kulang le ho etela ba neng ba koalletsoe litlamong ka phoso? (Matt. 25:35-40) Na ba lutse ba falimehile moeeng, ba sa silafatsoa ke mesebetsi e theolang ea nama?—Matt. 7:21-23; Luka 21:34-36; 2 Pet. 3:14.
16. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka ho teba ka seo re se etsang ho haheng tlaleho ea mesebetsi e metle ho Molimo?
16 Bohle re lokela ho inahana ka ho teba ka boemo ba rōna pel’a Molimo le Kreste hona joale. Nako ea rōna hase ea ka ho sa feleng ea hore re hahe tlaleho ea mesebetsi e metle. Ho sa tsotellehe hore na hona joale re lilemo li kae, leha e le lefu kapa ho khutla ha morena oa rōna li ka ’na tsa re tšohanyetsa. Haeba re se hloko ka boikarabelo ba rōna ba Bokreste, he, e ’ngoe ho liketsahalo tseo e tla re oela holimo re le boemong bo sa lokelang joaloka lesholu. E se eka rōna, he, re ka etsa ho matleng a rōna tsatsi le leng le le leng ho phela joalokaha eka ke la ho qetela la rōna, re sa lumelle litakatso tsa botho kapa menyaka li kena-kenane le tšebeletso ea rōna e tšepahalang ho Jehova Molimo le Morena oa rōna Jesu Kreste. Tabeng eo, ha ho mohla re tla ikoahlaea ka tsela eo re sebelisitseng nako ea rōna ka eona, le matla le matlotlo a bonahalang. Ha ho letho leo re tla le tšoha ha re eme pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste ha a etsa liqeto bakeng sa Ntate oa hae. (2 Ba-Kor. 5:10) E se eka re ka fumanoa re le batho ba nang le letlotlo le lengata leholimong.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Thuso e sebetsang ho ba hlokang moeeng kapa nameng e tlisa meputso e enneng ea moea