Baruke—Mongoli ea Ileng a Amohela Molaetsa oa Boprofeta
HO ISA qetellong ea lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano tsa ho qetela tsa lekholo la bosupa la lilemo B.C.E. Baruke o ne a sebeletsa e le mongoli oa moprofeta Jeremia. O phetse nakong eo Baiseraele bahabo ba neng ba sa re letho ka lentsoe la Jehova empa ba tsitlella ho ikela ka litsela tsa bona. Ka baka leo, boprofeta bo ileng ba ngoloa ke Baruke, ka taelo ea Jeremia haholo-holo bo ne bo supa tlokotsi. Kaha boprofeta bona bo ne bo sa ratehe ho hang, ka linako tse ling Baruke o ne a kopanela liphihlelo tse bosula tsa moprofeta Jeremia. Ka lekhetlo le leng, boima ba maemo a neng a mo potolohile le se neng se fuperoe ke melaetsa ea boprofeta li bile tsa etsa hore le eena Baruke a thekesele, ’me hona ha fella ka hore a be le molaetsa o khethehileng o tobang ho eena oa boprofeta.
E ne e le ka selemo sa bone sa puso ea Jojakime ha Jeremia a phetela Baruke molaetsa oa boprofeta mabapi le ho timetsoa ha Jerusalema matsohong a Bakalde. Ka letsatsi le khethehileng la ho itima lijo ho ea qetellong ea selemo se latelang, Baruke, a nkile moqolo oo a o ngotseng, a hlaha ka lebaleng la tempele. Ho hlaha Baruke e seng Jeremia molato? Jeremia o ne a thibetsoe ho kena moo, mohlomong ka taelo ea bahlanka ba tempele. Ka hona Jeremia a rōmela Baruke ho ea bala lentsoe la Jehova pel’a Baiseraele ba bōkaneng. E mong oa ba neng ba mametse ha ho baloa pontšeng e ne e le monna ea itseng ea bitsoang Mikea. Ka potlako a tlalehela mongoli oa Morena Jojakime le mahosana ka sena.—Jer. 36:1-13.
Eaba mahosana a rōmela Jehudi ho Baruke, a bolela hore a tle le moqolo oa boprofeta. Baruke a tšoaroa hantle, hothoe a lule fatše le hore a bale moqolo. Ha a utloa molaetsa o matla o nyelisang, mahosana a tšoha, lifahleho tsa bona le botho ntle ho pelaelo li hlalosa ho tšoha ha bona. Ba ikutloa ba tlamehile ho bolella Morena Jojakime mabapi le se fuperoeng ke moqolo. Ho tiisa hore na Baruke o bile le karolo efe ho hlahiseng moqolo oa boprofeta, mahosana a kōpa: “Ak’u re lekanyetse hle kamoo u kileng ua ngola mantsoe ao kaofela a tsoileng molomong oa hae.” Karabelo ea Baruke ea hlakisa hore e ne e le mongoli feela eo ka ho tšepahalang a ileng a ngola se neng se boleloa ke Jeremia. A re: “O kile a mpolella mantsoe ao kaofela ka molomo oa hae, ka a ngola ka lengolong la enke.” A hlokomela hore molaetsa oa boprofeta o tla tsosa bohale ba morena, mahosana a fana ka keletso ea hore Jeremia le Baruke ba ipate. Joalokaha mahosana a ne a lebelletse, Jojakime a laela hore banna ba babeli bao ba tšoaroe. Leha ho le joalo, ka baka la tšireletso ea Jehova, ha hoa ka ha fumanoa moo Jeremia le Baruke ba ipatileng teng.—Jer. 36:14-26.
Phihlelo ena e tlameha e be e ile ea khothatsa Baruke haholo, kaha pelenyana o ne a ile a tobisoa molaetsa oa boprofeta ka boeena. Molaetsa oo oa sebeletsa ho otlolla monahano oa hae. Ke selemong sa bone sa puso ea Jojakime ha Baruke a bua a re, “Ho malimabe ’na, hobane Jehova o ekelelitse bohloko ba ka ka hlomoho; ke khathetse ke ho feheloa, ha ke bone khatholoho.” (Jer. 45:3) Mokhathala oo Baruke a neng a o utloa ke ho tepella ho neng ho hlahisoa ke ho lula har’a batho ba naha ea habo ba sa eeng ka molao. Ba ne ba silafetse, ba le manganga ba bile ba sa bake. Mohlomong Baruke o ne a ikutloa joaloka Lota ha a le Sodoma, eo Bibele e reng ka eena: “Monna eo ea lokileng, moeeng oa hae o lokileng, o na a ntse a hloreha ka tsatsi le leng le le leng, ha a na a ahile le bona, ka baka la mesebetsi e mebe ea bona.” (2 Pet. 2:8) Ho phaella ho utloeng bohloko pelong, Baruke o ne a hlomohile. Ke hobane’ng ha a ne a ikutloa hore Jehova Molimo o phaelletse bohloko ba hae ka mahlomola a joalo?
Lentsoe la Jehova ha lea ka la bolela phetoho ea letho e molemo bophelong ba Baruke. Ho e-na le hoo, e bile molaetsa o soabileng, o supang masoabi a itseng. Tebello ena ea tlatsa Baruke ka masoabi. Ponong ea botho ea litaba, o ne a se na tšepo ea ho ntlafatsa boemo ba hae. Eaba joale o-oa bokolla. O ne a sitoa ho fumana khotso, ‘ho se moo a ka khatholohang teng.’
Boikutlo ba Baruke e ne e se bo hahang. Ho ne ho hlokahala hore a lokisoe. Lentsoe la Jehova ho eena e bile le reng: “Bona, seo ke se hahileng ke ea se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba joalo le lefatše lena kaofela. ’Me uena, na u ka ipatlela boholo na? U se ke ua ipatlela boholo hobane bona, ke ea tlisa bobe holim’a batho bohle, . . . empa ke tla u nea bophelo ba hao, e be khapo ea hao nqalong tsohle moo u ka eang teng.”—Jer. 45:4, 5.
Kaha timetso eo Jehova a neng a e laetse ka molomo oa moprofeta oa hae Jeremia e ne e tlameha ho tla, ruri e ne e se nako ea hore motho leha e le mang a inahanele ‘lintho tse kholo.’ E ne e se nako ea ho nahana ka tšireletseho ea lintho tse bonahalang, nala, matlotlo kapa botumo. Baruke o ne a phehelloa hore a khotsofale, a utloisise hore o tla pholoha timetso e tlang a phela. Ke eng se neng se ka lekana le seo ka bohlokoa? (Matt. 16:26) Le hoja a ile a tiisetsoa hore o tla pholoha, Baruke o ne a tlameha ho ba le kabelo mathateng a batho ka kakaretso. O ile a latsoisoa tšireletso eo Jehova a neng a tla mo etsetsa eona ha Jehova a ba fihla eena le Jeremia hore ba ka oela matsohong a Morena Jojakime.
Le kamor’a timetso ea Jerusalema, ha e se e fetile, Baruke o ile a fumana hore ho sa ntsane ho hlokahala hore a mamelle le ho tšepa Jehova ho mo sireletsa. Ha Jeremia a bolella batho lentsoe la Jehova, a ba eletsa hore ba se ke ba balehela Egepeta, ha baa ka ba mo tsotella. Ho beela ho hana ha bona lentsoe la Jehova ka Jeremia lebaka, ba etselletsa Baruke, ba re: “U mpa u susumetsoa ke Baruke, mor’a Neria, bakeng sa rōna, hore re tle re neeloe matleng a ba-Kalde, ba tle ba re bolaee, kapa ba re ise kholehong Babylona.” (Jer. 43:3) Kahoo ba bolela hore Jeremia, ea neng a se a tsofetse joale, o ne a susumetsoa ke mongoli oa hae ’me joale o ne a se a sa bolele lentsoe la Jehova empa a fana ka molaetsa oa mongoli oa hae a re ke molaetsa oa Ea matla Oohle. Har’a boikutlo bo joalo, ho ne ho hlokahala hore Baruke a boloke tumelo lipallong tsa Jehova hore a mo boloke.
Rōna kajeno re ka fumana molemo phihlelong ea Baruke. Ho sebeletsa ha hae Jehova ka botšepehi e le mongoli oa Jeremia ha hoa ka ha fella ka hore a fumane moputso o khethehileng o bonahalang. Ka mokhoa o tšoanang, le rōna kajeno re ke ke ra lebella tšoaro e khethehileng ha mahlomola le mathata li oela batho bohle. Re lokela ho ikemisetsa ho hlomoha ke mathata le nakong ea ‘mahlomola a maholo’ a tlang, re khotsofalletse seo re se tiisetsoang ke Jehova hore: “Ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” (Matt. 24:21, 22; Sof. 2:3) Joale, ha re bona ho phethahatsoa ha kahlolo ea Molimo ho ba khopo, re ka lebella ka tšepo ho amohela meea ea rōna kapa bophelo e le seo re se hapileng ka ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ ho kena taolong e ncha ea Jehova ea ho loka le khotso.