Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/1 maq. 15-21
  • Ho Hlokahala Tsela e Nepahetseng e Khethoe Hona Joale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlokahala Tsela e Nepahetseng e Khethoe Hona Joale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO QOBA THOHAKO EA HO SE SEBELISE “LERUMO”
  • Baruke—Mongoli ea Tšepahalang oa Jeremia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Qoba ho “Ipatlela Lintho Tse Khōlō”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Baruke—Mongoli ea Ileng a Amohela Molaetsa oa Boprofeta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Etsa Maqhama a Tiileng a Setsoalle Pele Bofelo bo Fihla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/1 maq. 15-21

Ho Hlokahala Tsela e Nepahetseng e Khethoe Hona Joale

1, 2. (a) Bibele e profeta hore ho tla ba le lefatše la mofuta ofe haufinyane mabapi le borapeli? (b) Ke hobane’ng ha hona joale e le nako e potlakileng hore motho a etse qeto ea tsela ea hae?

HO LATELA linnete tse hatisitsoeng, bongata ba batho ha bo rapele Molimo oa Bibele e Halalelang. Paleng eohle e fetileng bongata bo boholo ba baahi ba lefatše ha ho mohla bo kileng ba mo rapela. Bolumeli bo ikopantseng ba Bojakane bo ipolela hore bo etsa joalo. Litsamaiso tse ling tse seng kae tsa bolumeli bo bong li ka ’na tsa bolela hore li etsa joalo ka ho tšoarella karolong e nyenyane ea Bibele. Empa ha bohle ba ipolelang hore ke balumeli ba timetsoa kapa ba qobelloa hore ba lahle bolumeli ba bona, na ho tla etsa phapang ea letho? Kapa lefatše lee e tla ba la mofuta ofe? E tla ba lefatše la mofuta o hlileng oa boleloa ke Bibele hore le tla tloha le fihla, lefatše la nakoana le se nang bolumeli.

2 Leha ho le joalo, ka mokhoa o pepenene haholo ho feta leha e le neng pele le tla rapela “molimo oa lefatše” lena, ’me Bibele e tsebahatsang “molimo” ona e re ke sera se seholo sa Jehova, Satane Diabolose. (2 Ba-Kor. 4:4) Jesu Kreste o ile a mo bitsa “morena” kapa” ’musi oa lefatše lena.” (Joh. 12:31; 16:11, NW) Ha haufinyane lefatše lohle le qobelloa ho rapela “molimo” ona oa bohata, motho ea nyarosoang ke maikutlo a joalo hona joale o tla etsa joang? O tla ba le matla a bolumeli a ho etsa joang? Ka keletso, hona joale ke nako e potlakileng ea ho etsa qeto!

3. Ke halelele hakae pele ho nako Jehova a ileng a etsa qeto ea hae pele a ahlōla lichaba?

3 Joele 3:14 e hlile e-ea bolela: “Matšoele, matšoele a teng a lehlana-hlana khohlong ea kahlolo [ea qeto, NW]! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng khohlong ea kahlolo [ea qeto, NW].” Moprofeta Joele o phethile buka ea hae hoo e ka bang ka 820 B.C.E. Lilemo tse fetang 200 pele Jehova a phethahatsa “qeto” ea hae ka tšoantšetso ho lichaba tsa mehla eo ea boholo-holo.

4. (a) Ntlheng ena, Jehova o re beetse mohlala o motle joang? (b) Baruke mor’a Neria o re beetse mohlala o motle joang?

4 Jehova o re beetse mohlala o motle. A etsa qeto ea hae pele ho nako ’me a e bolela pontšeng. Rōna, kajeno, nakong e thata joaloka eo, ho hlokahala hore motho e mong le e mong a etse qeto ea botho pele ho koluoa e tlang ea lefatše. Ho ba le maikutlo a hore ka nako eo motho ka tšohanyetso feela a ka fetola tsela eo a neng a e nkile eaba o etsa qeto e nepahetseng ’me kahoo a pholohe ho kopanela tlokotsing ke boithetso bo kotsi. Motho ea beileng mohlala ea ileng a nka bohato bo botle lilemo tse 18 pele ho tlokotsi ea lichaba eo a neng a lemositsoe ka eona ka 625 B.C.E. e bile Baruke mor’a Neria. 625 B.C.E. e bile selemo sa bone sa puso ea morena oa boraro ha ho qaloa kutung oa Jerusalema e ahlotsoeng. Lebitso la hae e ne e le Jojakime mor’a Josiase. O hloelletse teroneng ka 628 B.C.E., kamor’a hore moena oa hae, Joakaze, a tlosoe teroneng ke Faro Neko oa Egepeta ’me a theoleloe Egepeta.

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha e ne e le selemo se thata ha lentsoe la Jehova ka Jeremia le tlela Baruke? (b) Ho ea ka Jeremia 45:1-3, Baruke o ne a ikutloa joang ka nako eo?

5 Kamor’a hore Jojakime a buse ka lilemo tse tharo tlas’a Egepeta, moprofeta le moprista Jeremia a fumana molaetsa o tsoang ho Jehova bakeng sa mongoli oa hae, Baruke mor’a Neria. Joale e ne e le selemo sa bone sa Morena Jojakime. Seo e bile selemo se thata, hobane selemong seo (625 B.C.E.) Nebukadnezare mor’a Nabopolassar e bile morena oa Babylona. Morena oa Jerusalema joale o ne a tla tlameha ho lokisa litaba le morena oa ’Muso oa Boraro oa Lefatše, Babylona, mohapi oa ’Muso oa Assyria. Mona a re baleng Jeremia 45:1-3:

6 “Lentsoe leo moprofeta Jeremia a kileng a le bolella Baruke, mor’a Neria, ha a na a ntse a ngola mantsoe ana kaofela bukeng, ka molomo oa Jeremia, ka selemo sa bone sa Jojakime, mor’a Josiase, morena oa Juda, ke le reng: Ho itsoe ke Jehova, Molimo oa Iseraele, bakeng sa hao Baruke: U ipolella, u re: Ho malimabe ’na, hobane Jehova o ekelitse bohloko ba ka ka hlomoho; ke khathetse ke ho feheloa, ha ke bone khatholoho.”

7. Baruke o ne a ka ikutloa joang ha a bona boemo bo senyehang ho ea pele ba Jerusalema, ’me molaetsa o sa khaotseng oa Jeremia oa tsuo o ne o ka ama Baruke joang?

7 Hore na Baruke ho tla fihlela mona o ne a sebelelitse e le mongoli oa Jeremia ho tloha neng, ha re tsebe, empa o ne a sa na le lilemo tse ling hape tse 18 tseo ka tsona e neng e tla ba molekane oa moprofeta. Hore na ke “bohloko” bo bokae boo a neng a bo utloile ha a bona boemo bo ntseng bo senyeha ba ‘muso oa Juda, re sitoa ho fumana; empa joale, ntle ho moo, o ile a tlameha ho ngola molaetsa o bohloko oa tsuo o boleloang ke Jeremia. O ne a tla ikutloa joaloka Jeremia ha moprofeta enoa a ne a ngola buka ea “Lillo” kamor’a ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E. ke morena oa Babylona. Ho profeta ha Jeremia ho phehelletseng le ho tsoelang pele ha tsuo ho ne ho ka ‘na ha khathatsa Baruke.

8. Ho Baruke, Jehova joale a senola hore morero oa hae ke ofe, empa Baruke o ne a ipatlela eng?

8 Baruke o ne a sa lebella “khatholoho” bakeng sa hae. Jehova a hlokomela tšekamelo e botebong ba pelo ea Baruke ’me a re Jeremia a re ho eena: “Bona, seo ke se hahileng ke ea se ripitla, seo ke se hlomileng ke tla se epolla; ho tla ba joalo le lefatše lena kaofela. ’Me uena, na u ka ipatlela boholo na? U se ke ua ipatlela jona.”—Jer. 45:4, 5.

9, 10. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a e-na le lebaka la ho se amohele hore Baruke a ipatlele “boholo” ka nako eo?

9 Baruke o tseba “boholo” boo a neng a ipatlela bona, le hoja Jehova a sa ka a mo bolella bona. Ho totobetse hore Jehova o ne a sa bo lumele, ’me joale o lokela ho khaotsa ho bo batla. Hobane’ng?

10 E bile ka baka la morero o potlakileng oa Jehova. Selemong sona seo o ne a hlahisitse Nebukadnezare e le morena oa Babylona, ’me ke eena eo a neng a rerile ho mo sebelisa e le moahloleli oa hae khahlanong le batho bahabo Baruke. Haholo-holo ho tloha mehleng ea Morena Davida, (1077-1037 B.C.E.), Jehova o ne a hahile ’muso oa Iseraele, empa joale ka Nebukadnezare, o ne a tla tloha a qhaqha ’muso oo oa marena, hore o se ke oa sebetsa ka lilemo tse 2 520, kapa ho fihlela ka 1914 lekholong la rōna la lilemo. Morao koana ka 1473 B.C.E., Jehova o ne a hlomile sechaba sa Iseraele Lefatšeng la Pallo, empa joale, kamor’a lilemo tse fetang 800, o ne a tla tloha a se epolla. Ka lilemo tse 70 naha ea ’muso oa Juda e ne e tla lula e se na Mojode le phoofolo e thapileng, ha batho bahabo eona ba le botlamuoeng naheng ea Nebukadnezare. Ka baka la lintho tse neng li le haufi joalo, na e ne e le nako e loketseng bakeng sa motho ea tsebang morero oa Jehova joalokaha o boletsoe ke Jeremia ho batla “boholo” ba botho a ipatlela bona? Le hanyenyane!

11. Ho ne ho itšetlehile ka’ng hore Baruke a etse qeto e nepahetseng, le hona hona hoo?

11 Ke ka baka leo Jehova a ileng a mo bolella hore a khaotse ho ipatlela boholo. Ho thoe’ng haeba Baruke a ne a ka tsoela pele ho ipatlela lintho tsa boithati? Na joale o ne a tla lumellana ka pelo le molaetsa oo a neng a sebelisetsoa ho o ngola le ho o bolela? Che! Ruri ho ne ho tla latela lekhalo le itseng pakeng tsa hae le moprofeta oa Jehova. Haeba Jeremia a ne a tla lumellana ka pelo le molaetsa oa Jeremia le Jeremia ka boeena, o ne a tla tlameha hore joale a bupetse meharo ea hae. Ho ne ho tla feta lilemo tse 18 pele ho tlokotsi e hlileng ea boleloa, ’me joale e ne e le ho hlokahalang hore Baruke a etse qeto. Bona bophelo ba hae, “moea” oa hae, bo ne bo itšetlehile ka hore a etse qeto e nepahetseng, e, a itšoarella ho eona. Hona o ne a tlameha ho ho etsa haeba a ne a batla ho boloka litlamahano tsa hae li tiile.

12. Joaloka tabeng ea Baruke, ke hobane’ng ha ho le molemo ho rōna hore re khaotse ho ipatlela “boholo” lefatšeng lee?

12 Boemo bo thata ba Baruke bo tšoana hakaakang le ba rōna ba nang le tsebo kajeno! Haholo-holo ho tloha ka selemo sa 1914 ho ea pele, hobane ke ho tloha ka nako eo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa bolela hore Bojakane, bo neng bo tšoantšoa ka Jerusalema e sa tšepahaleng, bo tla senngoa ke e mong e moholo ho feta Nebukadnezare, Morena oa leholimo ea busang hona joale, Jesu Kreste. Kahoo e ne e se ho khothalletsoang hore mang kapa mang ea kamanong ea selekane le Molimo a batle “boholo” tsamaisong ena e oang ea lintho ka nako e kotsi joaloka ena. Ho ne ho tla bontša ho sitoa ho ananela hore re phela ‘mehleng ea bofelo.’ Ho ne ho tla bontša khaello ea tumelo le tšepo ho nepahaleng ha molaetsa o hatisoang ke sehlopha sa Jeremia le hore ke o nakong mabapi le ho ahloloa ha tsamaiso ena ea khale ea lintho. Bophelo ba motho, “moea” oa hae, bo kotsing hona joale! Hona joale Jehova o haufi le ho phetha mosebetsi oa hae oa ho liha le ho epolla, ka Jesu Kreste moemeli ea matla haholo ho feta Nebukadnezare. Na re rata ho ahloloa le se neng se tšoantšoa ka Jerusalema e koenehileng, Bojakane? Haeba ho se joalo, re tlameha ho etsa qeto ea rōna ha nako e sa le teng, ho etsa seo Jehova a ileng a bolella mongoli oa Jeremia Baruke hore a se etse, ’me hoo ke ho khaotsa ho ipatlela “boholo” lefatšeng lena.

13. Hona joale ke nako ea hore re kopanele le sehlopha sa Jeremia ho etsa joang?

13 Ka bomong re ke re phele tumellanong le molaetsa o boleloang ke sehlopha sa Jeremia. A re ke re khaotseng meharo ea boithati, re se ke ra bea lerato la rōna linthong tse sa tieang tsa tsamaiso ena e ahlotsoeng ea lintho. Hona ho re hloka ho kopanela ka sebete le sehlopha sa Jeremia ho lemoseng ka ‘letsatsi la liphetetso’ le tlang la Jehova. Pelo e habeli hase ntho eo re lokelang ho ba le eona hona joale.—Esa. 61:1, 2.

14, 15. (a) E le moputso oa kutlo, Baruke o ne a tla fumana eng e le “khapo” ea hae? (b) Na ho fetse ha e-ba joalo?

14 Moputso oa ho etsa see ke ofe? O beiloe ho seo Jeremia a ileng a bolelloa hore a se bolelle Baruke: “Ke ea tlisa bobe holim’a batho bohle, ho bolela Jehova; empa ke tla u nea bophelo ba hao, e be khapo ea hao nqalong tsohle moo u ka eang teng.”—Jer. 45:5b.

15 Ha fela ha e-ba ka tsela eo ho Baruke. Hona ho bontša hore o ile a etsa qeto e nepahetseng a sa liehe. Hona ho hlakisoa khaolong e tlang pelenyana, ho Jeremia 43:5-7, e bolelang ka se ileng sa etsahala Jerusalema kamor’a hore e timetsoe ka 607 B.C.E. Rea bala: Bajode ba pholohi leng ba tšohileng ha ba baleha naheng ea Juda ho ea Egepeta ba tsamaea le “moprofeta Jeremia, le Baruke mor’a Neria; ba ea Egepeta, hobane ha ba ka ba utloa lentsoe la Jehova; ’me ba tla Takpanese,” Egepeta e ka leboea. Leha ho le joalo Jeremia a ’na a profeta le kamorao ho moo ho bona Bajode bao ba sa mameleng.—Jer. 43:6–44:30.

16. Haeba Baruke o ile a pholoha ho fihlela morena oa Babylona a liha Egepeta, o ne a ka lebella’ng ho mohapi?

16 Bajode bao ba itaolang ha baa ka ba balehela puso ea ’Muso oa Bababylona oa Lefatše ho isa kae, hobane ka nako ea teng Nebukadnezare o ile a eketsa ’muso oa hae ka Egepeta. Haeba Jeremia le Baruke ba ile ba pholoha khapo ena ea Babylona, e ne e ke ke ea e-ba bahlaseluoa ba bohale ba Nebukakdnezare. O ne a e-na le lebaka la ho ba hopola ka mosa. Baruke o ne a tla ’ne a be le “moea” oa hae e le khapo ho tumisoeng ha tšepiso ea Jehova e ho Jeremia 45:5. Joale o ne a ka ananela ka botlalo hore na o bile bohlale, a ba a ba le mohopolo o nepahetseng hakaakang ka ho itokolla tseleng e seng nakong ea ho ipatlela “boholo.”

17. Ke molemo ofe oo re ka o fumanang ketsong e ikokobelitseng ea Baruke e le pontso ea ho etsa joang?

17 Na rōna kajeno re ka hla ra fumana molemo boikokobetsong bo mamelang ba Baruke keletsong e khalemelang ea Jehova! E! Ho sa tsotellehe hore na re amana haufi hakae le sehlopha sa Jeremia, re etsa ntho e amohelehang ho Molimo ka ho se ipatlele “boholo” mehleng ena e qetellang ea Bojakane. “Moea” oa rōna, bophelo ba rōna, re le batho, ke ba bohlokoa haholo ho feta ‘lintho tse khōlō’ tse ahloletsoeng ho feta le lefatše lena le khopo, le tla hlobolisa e mong le e mong le mo sia a le feela ho fihlela ka “moea” oa hae. Ho phela ka nako eo u le “moea” tlas’a kamohelo ea bomolimo e tla ba habohlokoa haholo ho feta ho thabela ka nakoana lintho leha e le life tse senyehang tsa Bojakane le Bolumeli bohle bo Boholo.

HO QOBA THOHAKO EA HO SE SEBELISE “LERUMO”

18, 19. Ke hobane’ng ha ‘letsatsi la liphetetso’ la Jehova le ne le sa feta ka tlokotsi holim’a Juda le Jerusalema?

18 Baruke le Jeremia ba ile ba hlomohela ho timetsoa ha Jerusalema le ho etsoa ha naha ea Juda e hlokang baahi. Empa lichaba tsa bahetene tse haufi le moo tsa nyakalla haholo ka tlokotsi e joalo e oetseng batho ba Jehova ba selekane. (Pes. 83:6-8; 137:7) Egepeta, koana, ha e ka ea thaba ho hang, hobane e ne e thabetse ho ba le Juda le Jerusalema li le tlas’a eona li bile li le setsoalleng le eona. Ntle ho moo, ’muso oa Juda o ne o sebelelitse e le sebaka se lipakeng pakeng tsa eona le ’muso oa lefatše o tšosang, Babylona. Leha ho le joalo Egepeta e ne e iketselitse tlaleho e sa tlotleheng mabapi le Juda le motse oa eona oa moreneng, Jerusalema, moo ‘terone ea Jehova’ e neng e lutsoe ke marena a lesika la borena la Davida. Lehloeo le lebe la lichaba ho batho ba Jehova ba selekane ha lea ka la fapoha mahlo a Jehova, kaha borapeli ba hae bo ne bo ameha.

19 Kahoo ‘letsatsi la liphetetso’ la Jehova le ne le sa fela ha a sebelisa morena oa Babylona hore e be kofuto ea hae ha a liha ’muso oa Juda. Senoelo sa tlokotsi ea sechaba se neng se beiloe melomong ea Juda le Jerusalema se ne se lokela ho neeletsoa lichaba tseo tse khopo hore li lihuoe e le tse hloileng Jehova.

20. (a) Jehova o ile a bululela Jeremia ho etsa joang mabapi le lichaba tseo tse mpe? (b) Jeremia 48:10 e boletsoe babapi le mang, ’me na ba ipakile ba lokeloa ke thohako?

20 Kahoo Jehova a bululela Jeremia ho phetha boprofeta ba hae ka ho bolela pele ho nako ka ho lihuoa ho befileng ha lichaba tse khopo joalo tse kang Egepeta, Filistia, Moabe, Ammone, Edomo, Kedare le eona Elame. (Jer. 46:1–49:39; 25:15-33) Bababylona tlas’a Morena Nebukadnezare ke bona bao Jehova a neng a rerile ho ba sebelisa ho tsokotsa “lerumo” la kahlolo khahlanong le lichaba tseo tse nyelisitseng Molimo oa ’nete. Ke ka baka leo ntlheng ena Jehova a ileng a bululela Jeremia hore a re ho makhotla ao a boahloli: “ho rohakoe ea tla etsa mosebetsi oa Jehova ka botsoa; ho rohakoe ea tlosang lerumo la hae maling.” (Jer. 48:10) Leha e le bona Bababylona kapa morena oa bona Nebukadnezare ha baa ka ba oela tlas’a thohako eo ka baka la ho hlōleha ho phethahatsa “thomo” ea bona e tsoang ho Molimo ka mokhoa o phethahetseng.

21. (a) Na Jeremia le Baruke ba ile ba “rohakoa” ka baka la ho se sebelise “lerumo” la tšepe? (b) Na Lipaki tsa Jehova ke tsona tse tla felisa Bojakane, kapa ke bo-mang?

21 Leha ho le joalo, rōna kajeno teng? Na re ka oela tlas’a thohako e joalo ka ho hlokomoloha thomo ea rōna, ka ho tlosa “lerumo”? Ke ’nete, rea tseba hore leha e le eena Jeremia kapa Baruke ha baa ka ba tsokotsa lerumo la tšepe khahlanong le lichaba tseo tsa sera. Eo e ne e se thōmo ea bona. Thōmo e joalo e ne e filoe Bababylona tlas’a ’musisi oa bona ea beiloeng teroneng bocha, Nebukadnezare. Sehlopha sa Jeremia sa kajeno e le Lipaki tsa Jehova se ke ke sa phahamisetsa Bojakane letsoho, bona bo neng bo tšoantšetsoa ke Jerusalema e koenehileng le sebaka sa eona. Bao e neng e kile ea e-ba metsoalle ea Bojakane ea bopolotiki le mekhatlo e meng e se nang bomolimo ba tla bo felisa ntle ho qenehelo, joaloka lichaba tse pholohileng tse ileng tsa thabela ho felisa Jerusalema le ’muso oa eona li ahelane le eona.—Tšen. 17:12-18.

22. Ke bo-mang ba sa tl’o kopanela tšepo e phahameng ea ba tla liha Bolumeli bohle bo Boholo, ’me boikutlo ba bao e ba bofe ho mebuso e mecha e busang?

22 Leha ho le joalo, ho felisoa ha Bojakane le likarolo tse ling tsohle tsa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ho tla sia eng e bonahala lefatšeng? Makhotla a bopolotiki ao e seng a bolumeli, hore a nke taolo ea litaba tsohle tsa batho! A tla etsa joalo ka tšepo e phahameng ea katleho ’me a ikutloa a lopolohile ka hore ha a sa bolelloa hona le hoane ke Bolumeli bo Boholo. (Bapisa Ezekiele, khaolo ea 23.) Empa tšepo e nyelisang Molimo joalo e ke ke ea kopaneloa ke sehlopha sa Jeremia le metsoalle ea sona e tšabang Molimo, le haeba ba ka bontša boikokobetso bo nang le moeli ho mebuso e busang e le “marena a maholo.”—Ba-Roma 13:1, 2, NW.

23. Ke eng joale e tla etsa hore karolo e saletseng ea ‘letsatsi la liphetetso’ la Jehova e phethahale?

23 ‘Letsatsi la liphetetso’ tsa Jehova kahoo le tla be le qalehile, empa le tla be le sa qeta ka ho timetsoa ha Bolumeli bo Boholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Le tlameha ho tsoela pele ho fihlela “phetetso” ea bomolimo e qhalanetse holim’a bahanyetsi bohle ba borena ba bokahohle ba Jehova. Empa pele ba tla leka ho etsa hore sehlopha sa Jeremia le metsoalle ea sona e tšepahalang se lumellane le tsamaiso ena e se nang bomolimo ea lintho ba sa itšiele letho, joalokaha Johanane le balateli ba hae ba ile ba nka Jeremia le Baruke ba ba kenya litlamong ’me ba ba qobella ho ea le bona Egepeta. Ha ba hlōleha ho sena, ba tla futuhela barapeli bana ba sa sekisetseng ba Jehova kahohle. Joaloka makhotla a lichaba tlas’a Gogo oa naha ea Magogo, ba tla leka ho hlasela paradeise ea moea ea masala a Jehova le metsoalle ea oona e sa arohaneng le oona. Kahoo a habile ho laola lefatše ka ho feletseng, a tla ipakahatsa e le a lokeloang ke bohale bo tukang ba Jehova bo lebileng ho bona.—Ezek. 38:1–39:20.

24. Ke mang joale ea tla loana le eena, ’me na ba tla ‘rohakeloa’ ho ba botsoa kapa ho tlohela?

24 Joale ho latela eng? Tšenolo 19:11-21 e bontša hore Jesu Kreste, mohloli ea fetang Morena Nebukadnezare, o tla palama le makhotla a mangeloi ho ea loana le eena. Ba ke ke ba rohakoa ka baka la ho phetha thōmo ea bona e tsoang ho Jehova ka botsoa. Ba ke ke ba lokeloa ke thohako ka baka la ho tlosa “lerumo” la polao maling a sera. (Jer. 48:10) Ba tla phethahatsa phetetso ea Jehova ho lichaba tse ikhohomosang. Ka ho etsa sena ba tla hlohonolofatsoa ka tlhōlo e khanyang, ho tumisoeng ha ka ho sa feleng ha Jehova.

25. Lipaki tsa Jehova joale li ka etsisa Jeremia joang kamor’a hore a hulanyetsoe naheng eo a neng a profetile khahlanong le eona?

25 Ho tloha selemong sa 1914 re bile “nakong ea bofelo.” (Dan. 12:4) Kahoo joale sehlopha sa Jeremia le metsoalle ea sona e ineetseng se tlameha ho hlokomelisa lefatše ka “lerumo” le tšosang, kofuto e bolaeang eo Jehova a tla e sebelisa ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang. (Matt. 24:21) Se tlameha ho etsisa Jeremia, eo, kamor’a hore a hulanngoe ka likhoka ho tloha naheng ea Juda, a ileng a bolela “lerumo” le tšosang la Morena Nebukadnezare le neng le tlela naha eo a hulanyelitsoeng ho eona, Egepeta, hape le Filistia, Moabe, Ammone, Edomo, le linaha tse ling tsa sera. Le hona joale pele ho qhoma ‘mahlomola a maholo’ ba tlas’a taelo ea bomolimo ho ‘bolela letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna’ ho Bolumeli bo Boholo le lichaba tsohle tsa lefatše. (Jer. 46:1–49:39) “Thōmo” ea bona ke ho utloahatsa molaetsa oa temoso: “Jehova o beile letsatsi la tefetso, le selemo sa phetetso see a tla lefetsa Sione ka sona.”—Esa. 34:8.

26, 27. Ke mantsoe afe a Jehova ho Ezekiele ao sehlopha sa Jeremia se lokelang ho a tebisa pelong hona joale?

26 Joale mantsoe a Jesu a boprofeta a ho Luka 21:22 a sebetsa: “Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngoliloeng li phethahale.” Hona joale ke nako e khethehileng ea hore sehlopha sa Jeremia se tebise pelong mantsoe a Jehova ho Ezekiele, ea qalileng ho profeta Babylona ka 613 B.C.E., lilemo tse supileng pele Jeremia a isoa Egepeta a sa rate:

27 “Ha e le seboholi, ekare ha se bona lerumo le e-tla, se sa letse phala, ’me sechaba se sa eletsoe, leha lerumo le ka tla, la ea le e mong oa bona, etlaba eo o shoele ka bokhopo ba hae, empa ke tla batla mali a hae letsohong la seboholi. Ha e le uena, mor’a motho, ke u entse seboholi sa ntlo ea Iseraele. U tla mamela lentsoe le tsoang molomong oa ka, u ba eletse ka lebitso la ka. Ha nka re ho molotsana: Molotsana, ka ’nete u tla shoa! . . . ha u sa bue ho eletsa molotsana eo hore a furalle mokhoa oa hae, molotsana eo o tla timela ka bokhopo ba hae, empa ke tla batla mali a hae letsohong la hao. Ha u mpa u eletsa molotsana hore a furalle mokhoa oa hae, leha a ke ke a furalla tsela ea hae, eena o tla timela ka bokhopo ba hae, empa uena etlaba u pholositse moea oa hao.”—Ezek. 33:6-9; bapisa Ezekiele 9:2-10.

28. Takatso ea sehlopha sa Jeremia le metsoalle ea sona ke efe ntlheng ee, empa ho ka ’na ha etsahala joang, ’me hona ho tla bolela eng ho bona?

28 Sehlopha sa Jeremia sa kajeno le metsoalle ea sona e sebelisanang le sona ha se lakatse ho ba molato oa mali ka tsela e joalo. Empa hoo ho ka ’na ha etsahala. Haeba, ka baka la ho tšaba motho, ba ka tlohela ho lemosa batho bohle ka “lerumo” la ‘letsatsi la liphetetso’ la Jehova ’me kahoo ba hlōleha ho phetha “thōmo” ea bona, ba ka iketsa ba lokeloang ke thohako ena. Ho bona, hona ho tla bolela ho hlōleha ho pholoha, ka baka la botlokotsebe ba bona.

29. Ho qoba ho nka tsela ea batho ba sa hlokomeleng kamor’a hore ho senngoe Bolumeli bo Boholo, ba batlang bophelo ba lokela ho etsa joang hona joale?

29 ‘Mahlomoleng a maholo’ a atamelang, ha “lerumo” la phetetso ea bomolimo le otla Bolumeli bohle bo Boholo, batho ba sa kang ba ela hloko “seboholi” sa Jehova, sehlopha sa Jeremia, ba tla batla tšireletso mekhatlong e ahlotsoeng ea bopolotiki—hona e le tiiso ea ho timetsoa ha bona “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ea Harmagedone. (Tšen. 16:14, 16) Ho qoba ho ea ka tsela eo le bona, ho hlokahala hore tsela e nepahetseng e khethoe hona joale ha tsela e nepahetseng e sa bulehile. Ho eona ha ho mohla ho tla hlokahala hore ba batlang bophelo ba fetole tsela ea bona.

(Sehlooho se qetellang letoto lena la boprofeta ba Jeremia se tla hatisoa hamorao.)

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

‘Letsatsi la liphetetso’ la Molimo ha se nako ea hore re ipatlele “boholo”

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Le ka mohla re se be botsoa ‘thomong ea Jehova’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela