Kamoo Letsatsi la ho Ikarabella le Sebelitsoeng Molemong oa Rōna
1. Ke hobane’ng ha lichaba li ke ke tsa hlōla Harmagedone, ’me melato ea tsona e tla lefshoa joang ka letsatsi la ho ikarabella?
‘NTOA ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’ohle’ Harmagedone le haufi bo ke keng ba chechisoa bakeng sa lichaba tsohle tsa lefatše. Le hoja li hlomelletse ka matla ho feta leha e le neng pele bakeng sa ntoa ea lefatše lohle, ha ho mohla li ka lebelloang hore li hlōle Molimo o Matla ’ohle. E le Molaoli e moholo oa makhotla ’ohle a leholimo, o tla etsa hore Motsamaisi oa hae e moholo oa mabotho, Jesu Kreste, a hlōle, hobane enoa ke “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.” O tla ba le letsatsi la ho qetela la ho ikarabella le lichaba tsohle tsa bahanyetsi. Ho methiloe likaleng tsa toka ea bomolimo, li tla fumanoa li fokola. Molato oa tsona o tla lokisoa ka ho timetsoa ha tsona ka ho sa feleng.—Tšen. 19:11-21; 17:14.
2. Ke hobane’ng ha mantsoe a Pesaleme ea 45:6, 7 a ile a tobisoa ho Morena kamor’a ntoa, ’me ho tsokotsoa hona ha lere ho paka eng bakeng sa batho?
2 Tlhōlo ea Harmagedone e tla tumisa borena ba bokahohle ba Molimo o matla ’ohle. Kaha o sebelisa Jesu Kreste ka katleho hore a hlōle ka mokhoa ona, Molimo o tla mo nka e le ea lokeloang ke hore a boloke terone ea hae ea leholimo. Ha feela Molimo o ntse o le teng, terone ea Morena oa hae ea tlotsitsoeng Jesu Kreste e tla tiea. ’Nete ena ea bohlokoa e hatisoa ke mantsoe a Pesaleme ea 45:6, 7, ao mopesaleme a a tobisang ho Morena, a re: “Terone ea hao ke . . . Molimo; e tiile ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la ho loka! U rata ho loka, ’me u hloile bokhopo. Ka baka leo Molimo, Molimo oa hao, o u tlotsitse ka oli ea nyakallo ho fetisa balekane ba hao.” Mantsoe ana re a hlokomela e le ao moapostola Pauluse a a qotsitseng ho pakahatsa ho phahamela ha Kreste mangeloi. (Ba-Heberu 1:7-9) Kaha o ratile ho loka ’me o hloile bokhopo kapa ho hloka molao, lere la Kreste le ne le tlamehile ho tsokotsoa lebitsong la ho loka. Hona ke bopaki ba molemo bakeng sa batho.
3. “Balekane” ba Jesu Kreste e ne e le bo-mang, ’me ke hobane’ng ha “oli ea nyakallo” eo a tlotsitsoeng ka eona e ne e feta ea bona?
3 Ha e le motho lefatšeng, bo-ntate moholo ba Jesu e ne e le marena. Mopesaleme o bolela hore o ne a tla ba le bo-ntate-moholo lefatšeng. Bongata ba bona, ho tloha ho Morena Jojakime ho khutlela ho Morena Davida, e ne e bile “balekane” ba hae ho tšoarisaneng ’musong o neng o hlomiloe ke Molimo le ho luleng “teroneng ea Jehova.” (1 Likron. 29:23; 2 Likron. 13:5, 8; Matt. 1:6-12) Bo-ntate-moholo bao ba borena ntle ho pelaelo ba ile ba thabela borena ba bona holim’a batho ba khethiloeng ba Molimo. Empa ha ho lea mong ho “balekane” bao ba borena ea neng a ka ikutloa a thabile ho fihla thabong eo Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a ikutloang eona. Borena ba hae bo phahametse ba bona hole, e le ba leholimo, e, bo phahametseng mangeloi. Jehova, Molimo oa Jesu Kreste, o mo tlotsitse haholoanyane ka “oli ea nyakallo” ka baka la boineelo ba hae bo phethahetseng, bo sa boleng ho Molimo oa ho loka.
LENYALO LE BANA
4, 5. Mopesaleme, ho Pesaleme ea 45:8-14a o bontša Morena ea hlōlang joale a etsang, ’me hona ho ka ’na ha re makatsa hobane’ng?
4 Ha Jesu Kreste a se a loanne ntoa eo a e hlōlang le lira tsa hae mona lefatšeng, tlhokomelo ea hae joale a ka e lebisa linthong tsa khotso. Mopesaleme ea bululetsoeng o mo tšoantša e le ea nyalang ’me a e-ba le lelapa. Hona ho ka ’na ha bonahala ho makatsa, kaha Mora Molimo e sa ka ea e-ba monna ha a le lefatšeng e le hore a ka nyala e mong oa barali ba batho. Ha a ka a latela tsela ea mangeloi a mang a itseng; “bara ba Molimo” mehleng ea Noe. (Gen. 6:1-4) Joale motho a ka ipotsa hore na mantsoe a tsoelang pele a Pesaleme ea 45 a tla ba ’nete joang:
5 “Myrrha le aloe le kasia li arubetsa liaparo tsa hao; u thabisoa ke molumo oa liharepa matlung a borena a khabisitsoeng ka manaka a litlou. Barali ba marena ba har’a ba ratoang ke uena; mofumahali oa hao o letsohong la hao le letona a hlophehile ka gauda ea Ofire. Mamela, morali oa ka, u lemohe, u sekehe litsebe! Lebala sechaba sa heno le ntlo ea ntat’ao! Morena o lakatsa botle ba hao; ereka ha e le morena oa hao, u mo utloe. Morali oa Tyre o tla u nyehela, ba baholo har’a sechaba ba u ananele. Ka hare ho ntlo, morali oa morena o lutse bokhabaneng feela; seaparo sa hae ke lesela le homiloeng ka gauda. O isoa ho morena holim’a liphate tse mebala-bala.”—Pes. 45:8-14a.
6. “Morali oa morena” ke mang ea tlisoang ho Morena, ’me Johanne ea Kolobetsang o ile a amana joang le eena?
6 Ke mang, joale, “morali oa Morena,” ea tlisoang ho morena ea hlolohetsoeng ho nyala ha ’mino oa liletsa tse tloaelehileng o nyakallisa se etsahalang? Ruri ke morali oa morena, e leng Jehova Molimo, “Morena oa ka mehla.” (Tšen. 15:3, NW) Kahoo ke khosatsana. Ke phutheho ea Bokreste e tlotlisitsoeng ea litho tse 144 000, tsena li talingoa e le motso, e le ’mele o feletseng. Johanne ea Kolobetsang o bile le tokelo e tlotlehang ea ho tsebahatsa litho tsa pele tsa sehlopha sena sa monyaluoa ho Jesu Kreste lefatšeng. Johanne o itse: “Ea nang le monyaluoa ke monyali; empa motsoalle oa monyali ea emeng teng le ho mo utloa, o ee a thabe ka thabo e kholo, ha a utloa lentsoe la monyali. Thabo ea ka, e leng e joalo, e phethehile.”—Joh. 3:29; 1:35-42; Tšen. 14:1-5.
7. Baapostola, ka ho etsa barutuoa, ba lebelelitse baa ho mang, ’me bana ba bōpa eng ha ba le kaofela leholimong?
7 Ka mokhoa o tšoanang, ka ho etsa barutuoa ba Kreste, moapostola Pauluse le baapostola ba bang ba lebelelitse bana joaloka ‘moroetsana ea se nang sekoli” ho Jesu Kreste e le “monna a le mong.” (2 Ba-Kor. 11:2) Joaloka ngoanana ea lebelelitsoeng ea siang ntlo ea batsoali ba hae ho ea ikopanya le monna oa hae le ho phela le eena, barutuoa ba tšepisitsoeng lenyalo ho Monyali oa leholimo ba tlameha ho lebala batho bahabo bona ba lefatšeng le matlo a bo-ntate ba lefatšeng ’me lerato la bona ba le bee ho Ea ba lebelelitseng leholimong, Jesu Kreste. Ha ba se ba qetile tsela ea bona ea lefatšeng ka botšepehi boroetsaneng bo hloekileng, ba tlameha ho letela lentsoe la Monyali oa bona ha a ba bitsa tsohong ea bafu. (1 Ba-Thess. 4:16, 17; Joh. 6:54) Leholimong bohle ba 144 000 ba bōpa “morali” oa Jehova Molimo, Morena, hobane ke ka moea oa Hae a ileng a ba tsoala e le Ntate ea ba nkelang ka lapeng la hae. Ha ba kopane ba bōpa Jerusalema e mocha, e bitsoang “monyaluoa, eo e leng mosali oa Konyana.” Ka lekhetlo leo o ‘itokisitse joale ka monyaluoa ea itlhophiselitseng monna oa hae.’—Tšen. 21:2, 9.
8. Ka baka la sebopeho sa se etsahalang, ke bo-mang ba bang teng ka tokelo ho ea ka Pesaleme ea 45, ’me ke bo-mang ba bang teng ho phethahatseng pesaleme?
8 Ke ketsahalo ea borena, lenyalo lena la mora oa Morena ho morali oa Morena. Hona ho ho etsa ho tšoanelehang hore ba borena ba ka ba teng, “mofumahali” hammoho le “barali ba marena.” Phutheho eohle ea Molimo ea leholimo, joaloka “mosali” oa mofumahali oa ‘Morena enoa oa ka mehla,’ e thaba joaloka ’mè, ’me litho tsohle tsa mangeloi tsa phutheho eo li thaba hammoho joaloka barali ba marena. Libopuoa tsena tsohle tsa leholimo li hopola hore Jehova Molimo ke eena ea entseng le hona hohle, ’me ka hona li re: “A re thabeng re nyakalle ’me re ise khanya ho oona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, ’me mosali oa eona o itokisitse.”—Tšen. 19:7.
9. Thabo ea “thaka tsa hae tsa baroetsana” e etsahala hokae, moo hobane’ng?
9 Leha ho le joalo, na lefatšeng ho teng ba tla thaba le maholimo a halalelang ka ketsahalo ena e khanyang ea bohlokoa bokahohleng? E! Pesaleme ea 45:14b, 15 e supa sena, ha e tsoela pele hore: “Baetsana ba [monyaluoa] ba baroetsana ba tlisoa ho uena [Monyali oa Morena]. Ba tlisoa ka thabo le nyakallo, ba kena tlung ea khosi.” (Phet. e ncha) Ke hokae, he, moo nyakallo ea baetsana bana ba baroetsana ba monyaluoa e bang teng? Ke ’nete hore ho boleloa hore ba kena ka tlung ea borena ea morena, eo e leng oa leholimo, empa na ba nyalana le morena? Che! Ha ho joalo, hobane le ho lebeletsoa ke eena feela ha ba ea lebeletsoa. Kahoo ha ba tsoaloe ka moea oa Molimo hore ba ee bophelong ba leholimo.—Joh. 3:3, 5.
10. “Thaka tsa hae tsa baroetsana” li tšoantšetsa bomang kajeno, ’me ba lefatšeng joang ha lenyalo le tsoela pele leholimong?
10 Litho tsa sehlopha sa “morali oa morena” li lebelelitsoe ho Kreste tlase mona lefatšeng, kahoo, ha e sa ntsane e le batho. Ka hona baetsana ba mpang ba mo latetse feela ’me ba sa kena lenyalong le feletseng ho Morena oa Monyali e tla ba sehlopha sa lefatšeng. Ba bonahala lefatšeng ha lenyalo la leholimo le tla tloha le felella. Baetsana bao ba baroetsana ka baka leo ba tšoantšetsa “bongata bo boholo” bo ileng ba qala ho hlaha ‘mehleng ea qetello’ le bo ikopanyang le masala a sehlopha sa monyaluoa pele sena se tloha lefatšeng ho ea ikopanya le Monyali Jesu Kreste leholimong. Tumellanong le sena hantle, “bongata bo boholo,” joalokaha bo hlile ba boleloa ho Tšenolo 7:9-17, bo qalile ho ipōpa ka 1935 le ho ikopanya le litho tsa ho qetela tsa sehlopha sa monyaluoa ea tsoetsoeng ka moea. Ka ho bolokoa ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang, bo tla be bo phela lefatšeng mona ha lenyalo la leholimo le tsoela pele. Bo tla thaba haholo ke ketsahalo eo.—Pes. 45:15.
“MAHOSANA LEFATŠENG LOHLE”
11. Na khanya ea Kreste ea hona joale le ea kamoso e itšetlehile ka botumo leha e le bofe ba bo-ntat’ae moholo ba lefatšeng, ’me Pesaleme ea 45:16 e bontša lenyalo la hae ho phutheho leholimong e le le beang joang?
11 Ha a le lefatšeng, Jesu Kreste o bile le bo-ntate-moholo ba khabane haholo. Empa khanya ea hae ea hona joale le ea kamoso ha e-ea itšetleha ka khanya leha e le efe e hlahisitsoeng ke bo-ntate-moholo ba joalo. Lesika la borena la Morena Davida le lula le tiile ho eena, hobane ke Mojalefa oa Kamehla oa Morena Davida le ’muso oa hae o ke ke oa fetela ho mohlahlami. (Luka 1:31-33) Leha ho le joalo, Pesaleme ea 45:16 e tšoantšetsa lenyalo la hae ho phutheho ea barutuoa ba tlotsitsoeng ba 144 000 e le le beang, joalokaha lenyalo le reretsoe joalo. Kahoo, temana ena, e tobisitsoeng ho Morena oa Monyali, e re: “Litulong tsa bo-ntat’ao ho tla lula bara ba hao, u tla ba bea mahosana lefatšeng lohle.”
12. Setulo se phahametseng tsohle tseo “bara bana ba lefatšeng ba ka fihlang ho sona ke sefe, ’me ke hobane’ng ha Morena a tla ba le ba lekaneng har’a bona hore a ka ba khetha ‘lefatšeng lohle’?
12 Ha ho lea mong ho “bara” bana eo e tlang ho ba mohlahlami oa Morena oa leholimo. Setulo sa bohosana lefatšeng ke sona se phahameng ka ho fetisisa seo “bara” bana ba ka fihlang ho sona. Bakeng sa ho khethoa ha “mahosana lefatšeng lohle” a tlameha hore a be mangata. Morena o tla ba le “bara” ba lekaneng bakeng sa morero ona, hobane, ntle ho tlotla ea hae ea ‘Molimo o matla’ tlotla e ’ngoe eo a bitsoang ka eona e tla ba “Ra-bo-sa-feleng.” (Esa. 9:6) Sehlabelo sa hae se phethahetseng bakeng sa batho bohle se mo nolofalelitse hore e be ea joalo. Ka sehlabelo seo sa topollo o ile a ba reka kaofela ha bona.
13. Morena o tla fetoha Ntàte ea neang bophelo ho bafu bohle ba lopollotsoeng joang, ’me “bongata bo boholo” bo tla tseba ho nea Morena “mahosana” a pele joang?
13 Ka baka leo Morena a ka fetoha monei-bophelo ho “bongata bo boholo” ba baetsana ba pholohang ‘mahlomola a maholo’ ’me ba kena tlas’a ’muso oa hae oa lilemo tse 1 000. Hape e ka ba ntate oa bohle ba shoeleng har’a batho, ho kopanyelletsa bo-ntate-moholo ba hae ba lefatšeng. Joang? Ka ho ba tsosa bafung a ba khutlisetsa bophelong mona lefatšeng. (Joh. 5:28, 29) Ba batona ba tšoanelehang ba tšabang Molimo har’a bohle ho bana ba joalo ba lefatšeng a ka ba etsa “mahosana lefatšeng lohle.” Ka tsela ena o tla sebelisa borena ba hae ho pota lefatše lohle. Ka ho utloahalang, “bongata bo boholo” bo pholohang ‘mahlomola a maholo’ ’me bo fetoha bafo ba pele ba lefatšeng ba ’muso oa hae ke bona ba tla fumaneha hore Morena a ba etse “mahosana” a hae a pele ho sebeletsa e le baemeli ba hae lefatšeng.
14. “Mahosana” ana a tsoang har’a “bongata bo boholo” a tla tlatsoa ke ba bang joang tšebeletsong ea molao lefatšeng, ’me tokisetso ena ea ’muso e tla tiisa eng bakeng sa batho bohle?
14 Eo e tla ba tokelo e khōlō hakaakang! “Mahosana” ana a tsoang har’a “bongata bo boholo” ba tla ba le ba bang tšebeletsong ea molao hobane bo-ntate-moholo ba Jesu Kreste le banna ba bang ba tšepahalang ho tloha ka Abele ho isa ho Johanne ea Kolobetsang ba tla tsosoa ’me ba etsoe baemeli ba hae ba bohosana. Hona e tla ba tiiso ea ’muso o moholo o sa silafalang hakaakang bakeng sa batho bohle! Ona ke ’muso o hlokoang haholo oo Jehova Molimo a rerileng ho o hloma ho tla nka sebaka sa mebuso eohle ea kajeno ea lichaba e tla tloha e ikarabella ho Morena oa hae ea hlōlang, Jesu Kreste.
15, 16. (a) Ke hobane’ng, ho ea ka Pesaleme ea 45:17 mopesaleme a neng a batla ho phela halelele? (b) Ke bo-mang ba tsebang lebitso la sebele la Morena, hona na le lokela ho boleloa le ho rorisoa halelele hakaalo?
15 Joaloka pelo ea mopesaleme ea bululetsoeng oa boholo-holo, na lipelo tsa rōna ha li susumetsoe ke litebello tse ‘molemo’ joalo bakeng sa nako e tlang? E, ’me ka karabelo e thabisang maleme a rōna a nka mantsoe a qetellang a mopesaleme ao a a lebisitseng ho Morena ea motle eo ’muso oa hae o tšehelitsoeng ke terone ea Molimo: “Ke tla hopolisa lebitso la hao melokong eohle e tlang ho tla; ka baka leo, lichaba li tla u rorisa ka mehla, ka ho sa feleng.”—Pes. 45:17.
16 Mopesaleme o ne a rata ho phela halelele—“melokong eohle e tlang ho tla”—hore feela a ’ne a bolele lebitso la morena. Ha a ka a bolela lebitso la morena. Kannete ha a ea ho etsa hobane, bonneteng, o ne a sa tsebe lebitso la morena eo a ngotseng ka eena ka boprofeta tlas’a pululelo. Empa rōna kajeno re ka khetholla Morena eo mopesaleme ka boprofeta a ileng a ngola ka eena, ’me re tseba lebitso la hae. Ke Jesu Kreste, Mora oa Jehova Molimo. Na lebitso la hae le tšoaneloa ke hore le ka boleloa “melokong eohle e tlang ho tla”? Mopesaleme o hlile a bolela hore ho ne ho tla ba teng batho ba neng ba tla nahana joalo ’me ka baka leo ‘ba rorise’ mong a lebitso lena “ka ho sa feleng.”
17. Joale ke nako e loketseng hore re etse joang, ’me ho etsa joalo ha rōna ho tla bolela eng ea bohlokoa bakeng sa rōna?
17 Ka pel’a rōna kajeno ho beiloe monyetla oa ho bolokoa re phela letsatsing le tlang la ho ikarabella bakeng sa lichaba tsohle le oa ho kena mahlohonolong a ’muso oa Molimo o tlang ho li fothola kaofela ha tsona. Le hona joale re ka thaba ka tumelo le Morena oa Hae ea tlotsitsoeng, hobane ho hlōla ha Morena enoa Harmagedone ke ho ke keng ha hlōleha ’me puso ea hae holim’a lefatše le hloekisitsoeng ka lilemo tse 1 000 ke ea ’nete. Joale, he—kajeno—ke nako e re loketseng hore re ipee har’a “lichaba’ tse tla rorisa Morena ea hlōlang ‘ka ho sa feleng le ka mehla.’ Hona ho tla hōla tlotlisong ea Jehova Molimo, Ntate oa hae oa leholimo, eo eena ka boeena e leng “Morena oa ka mehla” ea phahameng haesita le “Morena oa lichaba.” Ha re etsa sena ho tla bolela bophelo ba ho roka le ho rorisa Morena oa hae ea tlotsitsoeng “ka ho sa feleng.” Hona ho tla etsa hore bophelo e be ba sebele kannete. Ho tla bea ka pel’a rōna morero o phahameng bakeng sa bophelo ba rōna ka ho sa feleng le kamehla.