Jesu Kreste—Morena ea Hlōlang eo Lichaba li Tla Ikarabella ho Eena
1. Ho Ba-Heberu 1:8, 9, Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Jerusalema eng ho paka hore Mora oa Molimo o phahame ho feta mangeloi?
PELE Jerusalema e timetsoa ke Baroma ka 70 C.E., Bakreste ba neng ba le motseng oo ho ne ho hlokahala hore ba be ba paketsoe ka Mangolo a Seheberu a bululetsoeng hore Jesu Kreste, Mora oa Molimo, o ne a entsoe ea phahameng ho feta mangeloi a leholimo. Kahoo, ha a ngolla Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a ba hlokomelisa ka mantsoe ana a boprofeta a neng a sebetsa ho Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng: “Molimo [ke] terone ea hao e tiile[ng] ka ho sa feleng, ’me lere la ’muso oa hao ke lere la ho loka; u ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo; ka baka leo, Molimo, Molimo oa hao o u tlotsitse ka oli ea nyakallo ka holim’a bohle ba nang le kabelo le uena.”—Ba-Heb. 1:8, 9.
2. Ke hobane’ng ha Molimo o fetohile “terone” ea Mora oa hae, hona ka tsela efe?
2 ’Muso oa ea ratang ho loka le ea hloileng tlōlo ea molao joalo ka sebele o ne o tla ba molemo ka ho fetisisa bakeng sa rōna bohle lefatšeng. Ka baka leo, lere leo a le tsokotsang ke “lere la ho loka.” Hase feela Molimo o sebeletsang e le “terone” ea hae, Molimo e le oona Mohloli feela oa ’muso oa hae le Ea phahamisang borena ba hae. Lichaba tsohle tsa lefatše lena li ke ke tsa hlola li liha ’muso oa hae joalokaha li ke ke tsa liha Molimo joaloka Morena oa Bokahohle le joaloka “Morena oa lichaba.” Lichaba tsohle joale li lokela ho ikarabella ho Mora oa hae ea beiloeng teroneng.
3. Pauluse o qotsitse mantsoe a Ba-Heberu 1:8, 9 ho eng, ’me hona ho paka eng?
3 Mantsoe ao mongoli ea ngoletseng Baheberu ba entsoeng Bakreste a ileng a a sebelisetsa Mora ea tlotlisitsoeng oa Molimo a ne a qotsitsoe bukeng ea Bibele ea Lipesaleme, kapa ho Pesaleme ea 45:6, 7. Hona ke bopaki ba hore pesaleme eohle e ne e le ea boprofeta. Ka ho ithuta eona re tla fumana boitsebiso ka seo morena ea tlotsitsoeng oa Molimo a tla se etsa tlotlisong ea Molimo le thabong ea ka ho sa feleng ea motho.
4. Cheseho e fehloang ka Pesaleme ea 45 ke ea eng?
4 Bangoli ba Pesaleme e ne e le Balevi ba molao ba neng ba sebeletsa Molimo tempeleng e Jerusalema. Pesaleme e hlile e tsosa cheseho. Cheseho ke ea ho tla ha ’muso o molemo matsohong a ’musisi ea sa silafalang ea lokileng. Ketsahalo ke ntho e ’ngoe e chesehisang pelo, hobane mopesaleme o phatloha ka mantsoe ana: “Taba tse monate li bela pelong ea ka; ke re, ke qapela morena; leleme la ka a le ke le be joale ka lesiba la mongoli ea masene.”—Pes. 45:1 le Ps 45:sehlooho.
5. “Taba tse monate” tsa Pesaleme ea 45 e bile sehlooho se totobetseng sa boboleli ba mang, ’me li ne li tšoaneloa ke ho tsebahatsoa hakae?
5 “Taba tse monate” tse neng li susumetsa pelo ea mopesaleme ea bululetsoeng li ipakahalitse e le tšobotsi e totobetseng ea seo Jesu Kreste a ileng a se bitsa “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” Molaetsa oa ’Muso o ne o le “monate” hoo o neng o lokela ‘ho boleloa lefatšeng lohle le ahiloeng e le bopaki ho lichaba tsohle,” ha ho talingoa ’nete ea hore “bofelo” ba lichaba tsena bo fihlile. (Matt. 24:14, NW) Kajeno, na lipelo tsa rōna li susumetsoa ke sehlooho se “monate” sa ’muso oa Molimo ka Kreste?
6. (a) ‘Boqapi’ ba rōna bo etsetsoa mang haholo? (b) “Leleme” la rōna le tšoana le lesiba la mongoli joang?
6 Na re matahane le mopesaleme ’me re bolela sena hore ho utloe mang le mang, re re: “Ke qapela morena”? Ha ho lebaka la hore re ka ba lihlong ka morena enoa, motlotsuoa oa Molimo. Ka hona ‘boqapi’ ba rōna bo boholo kapa mesebetsi e lokela hore e be ho bua ha rōna, ho ruta le ho bolela ka Messia enoa oa borena. Re sebeletsa haholo-holo lebitsong la lithahasello tsa ’Muso oa hae, e seng lebitsong la mebuso leha e le efe ea lefatše e haufi le ho fela ha eona ho kotsi. Re susumeletseha hore re sebelise maleme a rōna ho tsebahatseng ’muso oa Molimo le Morena oa hae eo o mo tlotsitseng. Se boleloang ke maleme a rōna se phalla joaloka mongolo oa pene oa sengoli se masene ha se ngola ka letsoho lipampiri tsa Mangolo a Halalelang. Se phallang malemeng a rōna hape re batla ho se ngola hore ba bang ba se bale ka thabo. Ho molemo haholoanyane, kajeno re na le hona ho se ngola ka khatiso, re se pitikisa likhatisong tse ngolang ka lebelo le leholo ka likopi tse tšoanang tse baloang ka limillione ka lipuo tse ngata haholo hore li ka hasoa har’a batho ba tsebang ho bala lefatšeng lohle.
PUO E BULULETSOENG E TOBILENG HO MORENA
7. Ke potso efe e hlahang ka tlhaloso e fanoang ho Pesaleme ea 45:2?
7 Na morena ea tlotsitsoeng oa Molimo o kamoo re ratang? O tšoanetse, haeba re rata tlhaloso e fanoang ka eena ha mopesaleme a mo bapisa le marena a pelenyana lesikeng la borena la bana ba tsoileng ho Morena Davida oa Jerusalema, a re: “Ka botle u fetisa bana ba batho, mosa o tšoloha melomong ea hao; ka baka leo Molimo o u hlohonolofalitse ka ho sa feleng.”—Pes. 45:2.
8. Ke eng se tlatsetsang botleng kapa bokhabaneng ba Jesu Kreste?
8 Jesu Kreste e ne e le motho ea phethahetseng, a phethahetse joaloka monna oa pele Adama tšimong ea Edene. Litšoantšo tseo litsibi tsa Bojakane li li entseng tsa hae ntle ho pelaelo li haelloa hole ho moo a neng a shebahala kateng ha e ne e le motho lefatšeng. Tlhaloso ea mopesaleme ka eena e fapane ho hang le e fanoang ho Esaia khaolo ea 53, moo a tšoantšoang e le mohlanka ea hlomohileng oa Molimo. Empa ha re mo talima leseling la seo a hlileng a leng sona le seo a se etsang, o ba le botle bo sa itšetlehang ka litšobotsi tsa sefahleho empa bo ntseng bo feta botle ba batho bohle ba bang, le bona ba Adama.
9. Ke eng se neileng melomo ea Jesu Kreste botle, ’me ke eng se phaellang botle melomong ea rōna?
9 Melomo ea morena e ne e bōpehile hantle. Empa ke se neng se phalla ka melomo eo se neng se eketsa botle ba eona, ’me botle bona bo ne bo e-tsoa ho Molimo. Lira tse nang le bora li ile tsa ’nqosa melomo ea hae ka hore e nyefola Molimo. Leha ho le joalo, le bona baokameli ba sepolesa ba ileng ba rōmeloa ho ea mo tšoara ’me ba mo tlisa khotla ba ile ba tlameha hore ba re ho banyefoli: “Ha ho e-so ho be motho ea buang joale ka motho eo.” (Joh. 7:46) Molaetsa oa ’muso oa Molimo oo a neng a o bua o ne o tlisetsa melomo ea hae botle. Rōna ba mo hlokomelang e le Moruti oa rōna re khahloa ke seo a se buang. Joaloka barutuoa ba hae re eketsa botle melomong ea rōna ka ho pheta seo a se boletseng.
10. Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa bea holim’a Jesu Kreste tlhohonolofatso ea oona e sa feleng, ’me tlhohonolofatso ee e hlalositsoe joang?
10 Morena enoa ea motle, ea khahlehang o na le tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo ea ka ho sa feleng. Lebaka ke hore o ile a bua seo Molimo o mo rutileng hore a se bue. O ile a bolela le ho ruta ’nete ea Molimo ka puso ea ’muso oa leholimo o tlang ho hlohonolofatsa batho bohle. Ha Jesu Kreste a ne a emetse kahlolo ea bophelo ba hae ’me ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato a mo botsa hore na ke morena kapa che, ka sebete a arabela: “Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete. E mong le e mong eo e leng oa ’nete, o utloa lentsoe la ka.” (Joh. 18:37) Ka hore ka botšepehi a bolele ’nete ka ’Muso, Molimo oa mo hlohonolofatsa ka tsoho bafung. Ho feta moo, Molimo oa mo nea borena ba leholimo, e seng feela holim’a bafo ba Baiseraele ba Morena Davida empa le holim’a batho bohle. Tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng ea Molimo ho eena e re bontša molemo ho rōna bohle.
MOKHETHOA EO LICHABA LI TLA IKARABELLA HO EENA
11. Jesu, pelenyana ho lefu la hae, o boleletse barutuoa ba hae eng ka lehloeo la lefatše, ’me ke hobane’ng ha lichaba li tla tlameha ho ikarabella ho eena ka ntoa e befileng?
11 Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng e le motho ea phethahetseng, o ne a e-na le lira. Ha ho makatse, he, hore o sa ntsane a e-na le lira lefatšeng kamor’a hore a beoe teroneng e le morena leholimong ho tloha ho feleng ha ‘mehla e beetsoeng lichaba’ ka 1914. (Luka 21:24) Lihora tse itseng pele a shoela tumelo o itse ho barutuoa ba hae: “Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna.” (Joh. 15:18) Kajeno lefatše ha lea fetoha hore le rate Jesu Kreste. Le bona Bojakane ha boa etsa joalo. Ho hlorisa ha bona barutuoa ba ’nete ba kang Kreste ho paka hoo. Lichaba tsa lefatše li lakatsa ho thibela Jesu Kreste ea beiloeng teroneng hore a buse batho. Li lakatsa ho lekanyetsa puso ea hae leholimong le ho ipolokela puso ea lefatše ka ho sa feleng. Ka hona ho ameha tsela ea ’nete, boikokobetso le ho loka. Kaha lichaba tsa lefatše li nkile boemo bo joalo ba ho se ineele ho tloha bofelong ba Mehla ea Balichaba ka 1914, li tla tlameha ho ikarabella ho Jesu Kreste ntoeng e befileng.
12. Ka baka la se neng se tla tobana le Morena ea beiloeng bocha teroneng, Pesaleme ea 45:3-5 e mo bolella hore a etse joang?
12 Se neng se tla tobana le morena oa Messia ea beiloeng teroneng bocha se hlile sa bonoa ke mopesaleme tlas’a pululelo. Kahoo, o ile a tsoela pele ho ngola joalokaha eka ke ka “lesiba la mongoli ea masene”: “Mohale! u itlamelle sabole ea hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ea hao le khanya ea hao! Khanyeng ea hao u hloelle koloing ea hao ea hlolo, u loanele ’nete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le u rute liketso tse makatsang! Metsu ea hao e nchocho; lichaba li tla oela pel’a maoto a hao; u tla hlaba pelo tsa bao e leng lira ho morena.”—Pes. 45:3-5.
13. Tlhaloso ea mopesaleme e re thusa ho khetholla ea bonoang ponong ho Tšenolo 6:1, 2, joang, hona ke mang ea khetholloang?
13 Metsu e hloka seqha se tlang ho e betsa. Kahoo, tlhaloso ea mopesaleme e re thusa hore re tsebe ea tšoantšetsoang ho Tšenolo 6:1, 2, moo moapostola oa Mokreste Johanne a buang ka pono ’me a re: “’Me ka bona Konyana [Jesu Kreste] ha e manolla tiiso e ’ngoe ea tse supileng ’me ka utloa se seng sa libopuoa tse phelang tse ’ne, se re ka lentsoe le kang sealuma: Tlo. Eaba kea talima, ka bona pere e tšoeu, ’me ea e kaletseng a tšoere seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le ea tla hlōla.” Monna eo ea roetseng moqhaka a nkile seqha ea kaletseng pere e tšoeu o ne a tšoantšetsa Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a ea ntoeng ho ea loana le lira tsa hae. Tlhōlo e phethahetseng ke sona sepheo sa hae. O tlameha ho hlōla lefatšeng ka bophara.
14. Ke hobane’ng ha Morena ea beiloeng bocha e leng “ea matla” joalokaha ho hlile ha boleloa ho Esaia 9:6?
14 Bophahamong le khanyeng ea hae e le morena ea beiloeng setulong, Jesu Kreste o itlamile ka sabole ea ntoa eo a tla e phahamisetsa lichaba tse mo hanyetsang tsa lefatše. E se e se motho oa nama le mali, empa a apesitsoe ka matla a leholimo, joale e se e le ‘ea matla ka sebele.’ Boprofeta ba Esaia 9:6 bo bolela hore tlotla e ’ngoe ea hae e ne e tla ba “Molimo o Matla.” Lichaba tse hlometseng ka matla tsa kajeno li sa ntsane li tla ithuta eena e le ea matla joalo.
15. Ha ho bapisoa le ho kena ha hae a kaletse ka tlhōlo Jerusalema, ke hobane’ng ha Jesu Kreste a tla kalla pere mohla a lokisang litaba le lichaba?
15 Ka lekhetlo le leng, ho tšoana le Morena Salomone mohla a beoang teroneng, Jesu Kreste o kile a kena a kaletse esele ea khotso ha a ne a kena ka tlhōlo Jerusalema, a itlhahisa ho eona e le morena oa lesika la Davida. (Matt. 21:1-14; Zak. 9:9) Empa ha, haufinyane, a kalla ho kena tseleng ea ’nete, boikokobetso le ho loka, ha ho boleloa ka tšoantšetso, o tla kalla pere ea ntoa. Ho tla ba joalo ka toka, hobane o tlameha ho etsa hore ba fosanang le ’nete, boikokobetso le ho loka ba ikarabelle ho eena.
16. Ke ’nete efe e hataketsoeng ke mebuso ea lichaba ho sa tsotellehe tlhokomeliso ea Lipaki tsa Jehova?
16 Matsatsi a seng makae hoba Jesu a kene a kaletse esele Jerusalema, o ile a bolella ’Musisi Pilato hore o tlile ho tla pakela ’nete lefatšeng. Eo haholo-holo e ne e le ’nete ka ’muso oa Molimo, oo a neng a sa tsoa o paka pel’a Pilato. (1 Tim. 6:13) Kajeno mebuso ea lichaba e hatakelletse ’nete eo, le hoja Jehova ka lipaki tsa hae a e tsebisitse hore Mehla ea Balichaba ea ho busa lefatše e ile ea fela ka 1914.
17. Jesu Kreste o loanetse tsela ea sehlopha sefe, ’me ke hobane’ng ha a lokela ho loanela taolo e ncha ea ho loka?
17 Babusi ba lefatše ha ba bontše ho ikokobeletsa Molimo. Ha ba ineele ka khotso ho Morena ea loketseng oa Lefatše, Jesu Kreste, ea ileng a bontša boikokobetso bo fetisisang ho Molimo le ea ileng a loanela bohle ba ikokobelitseng ba se nang thuso ba lefatšeng, haholo-holo barutuoa ba hae ba hlorisoang. Joale ‘mehleng ena ea bofelo’ ho se loke ha motho ho namme, ka tlōlo ea molao e ntseng e saballa ka mokhoa o sisimosang. Ho hlokahala hore batho ba qalisoe bocha ho lokeng. Kahoo, Mohlabani Morena Jesu Kreste o tlameha ho kalla ka lebaka la ho loka ’me a loanele ho hlongoa ha taolo e ncha holim’a lefatše lohle.—Esa. 26:9.
18. Ke temoso efe e neoang lichaba ka mantsoe e Morena, “letsoho le letona la hao le ke le u rate liketso tse makatsang,” hona polao e akaretsang e bontšoa joang ho Pesaleme ea 45:5?
18 Mehleng ea kajeno ntoa e se e phahametse ho sebelisoa ha marumo le liqha. Mebuso e meholo ea sesole hona joale e se e ichebetse ho sebelisoa ha libetsa tse kotsi ka ho fetisisa. Empa e se ke ea nahana hore Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a ke ke a e tšohanyetsa ka lihlomo tsa ntoa tse entsoeng ka bohlale bo fetang ba tsona. Pesaleme ea 45:4 e utloahatsa temoso ho lichaba hore letsoho le letona la Kreste le tla mo ruta “liketso tse makatsang.” Lihlomo tsa hae tse phahametseng motho li tla ba matla a phahametseng lihlomo tse entsoeng ke motho ha li otla lira tsa hae tsa batho. Ka sepheo se bolaeang li tla otla “pelo tsa bao e leng lira ho morena.” Polao e akaretsang e tla hlaha e bontšoa ke litaba tse tla boleloa nakong ea ntoa hore tlas’a hae ‘lichaba lia ikoela’ ha a loanela ’nete, boikokobetso le ho loka.—Pes. 45:5.
19. Batho ba “makalitsoeng” ke tšoantšetso ea Kreste le Ntate oa hae oa leholimo e joalo ba ka botsa eng ka lichaba tsa habo bona, hona lefatše le silafalitsoeng ke mali a se nang molato le ka hloekisoa joang?
19 Batho ba Bojakane kajeno ba ka ’na ba bolela hore tebello e joalo e tšoantšetsa Jesu Kreste e le motšolli oa mali ’me Ntate oa hae oa leholimo e le Molimo o sehlōhō le o nyoretsoeng mali. Batho ba joalo ba ka ’na ba ipolela hore ba makaletse ho hlahisoa ha Molimo le Jesu Kreste ka tsela e joalo. Empa ba ikutloa joang ka lichaba tsa Bojakane tseo batho ba joalo e leng baahi ba tsona ba ratang linaha tsa habo bona? Na matsoho a lichaba tse joalo a hloekile maling, a sa kang a tšolloa ntoeng ea puso ea leholimo, empa ntoeng eo e seng ea Bokreste? Lichaba tse molato oa mali joalo li ke li hopole hore, kamorao ho moroallo o ileng oa fiela baahi ba lefatše lohle ntle ho Noe le lelapa la hae ka arekeng, Molimo o ile oa re ho bona: “Ea tšollang mali a motho, le a hae mali a tla tšolloa ke motho; hobane Molimo o entse motho ka setšoantšo sa oona.” (Gen. 9:6) Bojakane bo etelletse lichaba pele ho tšolleng mali ka lintoa tsa lipolotiki, lintoa tsa bolumeli le ka ho hlorisa Bakreste ba matsoalo a matle ba khomarelang Bibele. Ke ka tsela efe mobu o silafalitsoeng ka mali a batho o tlang ho hloekisoa? Ke feela ka ho tšolloa ha mali a ba molato oa mali hore sekala sa toka se leka-lekane.
20. Hona ho lumellana joang le molao oa Molimo mabapi le metse ea setšabelo bakeng sa babolai bao e seng ba ka boomo, ’me lefatše la rōna le tla etsoa le loketseng Paradeise joang hore e theoe holim’a lona?
20 Hona ho lumellana le molao oa Molimo mabapi le metse ea setšabelo eo o neng o e emisitse Iseraeleng bakeng sa batho ba bolaileng motho e se ka boomo. Ka moprofeta Moshe o itse: “Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho eona; hobane mali a silafatsa naha; ho ke ke ha etsoa pheko esele ea mali a tšolotsoeng ho eona, ha e se ka mali a ea a tšolotseng. Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho eona, eo ke tlang ho aha ho eona le ’na, hobane ke ’na Jehova, ea ahileng har’a bana ba Iseraele.” (Num. 35:33, 34) Haeba feela lefatše la rōna le silafalitsoeng ke mali le tla ke le hloekisoe e le hore Paradeise e ka hlongoa mona bakeng sa lehae la ka ho sa feleng la motho, le tlameha ho hloekisoa. Mali a se nang molato a tšolotsoeng holim’a lona a tlameha ho phekoloa ka mali a lichaba tse re tšosang ka ntoa ea boraro ea lefatše kajeno.
21. Ke hobane’ng ha mabapi le toka Molimo o tlamehang ho etsa hore Kreste a hlōle, ’me ho kopanya mabotho ha lichaba Machabeng a Kopaneng ho tla li etsetsa eng?
21 Ka lebaka lena le lokileng lichaba tsohle li tlameha ho ikarabella ho Jesu Kreste haufinyane. O tlameha ho li hlōla. Ho seng joalo se batloang ke toka se ke ke sa khotsofatsoa. Jehova Molimo o tla etsa hore a li hlōle. Ho kopanngoa ha makhotla a tsona mokhatlong oa Machaba a Kopaneng ho ke ke ha sitisa hore li hlōloe ka ho feletseng. A tla loantša likhahleho tsa ’Muso tsa Konyana ea Molimo e kileng ea etsoa sehlabelo, ’me mabapi le sena buka ea ho qetela ea Bibele e re: ‘Ba khopolo e le ’ngoe, ’me ba tla neela sebata [Machaba a Kopaneng] borena le matla a bona. Ba tla loantša Konyana, empa Konyana e tla ba hlōla, kahobane ke Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.” (Tšen. 17:13, 14) Ka eo ntoa, re bala ho ea pele:
22, 23. (a) Tšenolo 19:11-16, 19 e re bolella eng ho ea pele ka ntoa eo? (b) Ntoa e loaneloa hokae, ’me mali a se nang molato a tšolotsoeng lefatšeng a phekoloa joang, ha ho hloekisoa lefatše?
22 “Ha hlaha pere e tšoeu, ’me ea e kaletseng o bitsoa Motšepehi le Oa ’nete; o ahlola, o loana ka ho loka. . . . hlohong ea hae o roetse meqhaka e mengata; . . . o apere seaparo se takiloeng ka mali, ’me lebitso leo a bitsoang ka lona ke Lentsoe la Molimo. Makhotla a leholimo a mo latela, a kaletse lipere tse tšoeu, a apere line e ntle e tšoeu, e hloekileng. . . . ’Me o na le lebitso le ngoliloeng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.
23 “Eaba ke bona sebata, le marena a lefatše, le makhotla a ’ona, a phuthehetse ho loana le ea kaletseng pere le makhotla a hae.” (Tšen. 19:11-16, 19) Kaha lichaba tse bokaneng li tsitlella borena ba tsona ba bosechaba le puso ea ka ho sa feleng ea motho ea lefatše lohle, li qobella hore ntoa e be teng ka lebaka leo. Boemo ba lefatše boo ba tlisang litaba ho bona tlhorong ea tsona bo tšoantšoa le lebala la ntoa leo, ka Seheberu, le bitsoang Harmagedone. (Tšen. 16:14-16) Moo, ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ e-ea loanoa. Ke moo mali a lichaba tsohle a tlang ho ba pheko ea mali a se nang molato ao li silafalitseng lefatše ka oona. Ka mokhoa o joalo lefatše lohle le tla hloekisoa bakeng sa Paradeise hore e hlongoe mona lefatšeng ka bophara.
24. Na ho na le sechaba se tla pholoha letsatsi leo la ho ikarabella, ’me rōna re lokela ho ameha ka eng joaloka motho ka mong?
24 Leo e tla ba letsatsi le leholo hakaakang la ho ikarabella bakeng sa lichaba tsohle tsa lefatše, le haeba li ka ntle kapa ka hare ho Bojakane! Na ho teng se seng ho lichaba tseo se tla pholoha letsatsing leo? Eo ke potso ea bohlokoa eo re ileng ra e phahamisa qalehong ea puisano ena. ’Me joale karabelo ka ho tiileng ke, Che! Le se seng! Ke ka baka leo rōna, bao re leng baahi ba lichaba tsena tse tsuong, re lokelang ho ameha ka ho tebileng. Re lokela ho laba-labela ho rata ho ithuta ho tseba kamoo rōna re le motho ka mong re ka pholohang re se na molato.