Ke Eng se Etsang Hore ’Muso e be oa Sebele ho Uena?
HONA joale ho na le linaha tse 150 tseo e leng litho Machabeng a Kopaneng. Mohlomong u phela ho e ’ngoe ea linaha tsena, kaha ho joalo ka batho ba fetang 4 000 000 000—mohlomong hoo e ka bang baahi bohle ba lefatše! E ’ngoe le e ’ngoe ho linaha tsena e na le mofuta oa ’muso o itseng. Na u tseba hore na mofuta o tloaelehileng haholo ke ofe?
Ke Liriphabliki. Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, Egepeta, Soviet Union le China li har’a linaha tse fetang 100 tsa Machaba a Kopaneng tseo e leng liriphabliki. Ho latela Webster’s Third New International Dictionary, riphabliki ke: “’Muso o khetholloang ka hore o na le hlooho ea naha eo e seng morena ka tsoalo ’me eo mehleng ea joale ka [tloaelo] e leng presidente.” Ho fapana le se ka ’nang sa nahanoa ke batho ba bangata, ha ho sechaba le se seng kajeno seo e leng sa puso ea lentsoe la sechaba ka ’nete, e leng “mofuta oa puso oo ho oona boholo ba matla bo beiloeng ho sechaba ’me bo sebelisoa ke sona ka ho toba.”
Na mebuso ee—liriphabliki tsee—ke mebuso ea sebele ho uena? U ka ’na ua arabela ka hore, ‘E hlile.’ Empa e joalo ka lebaka lefe? Lebaka le leng, na hase ka lebaka la hobane baeta-pele ba lichaba tsee e le batho ba sebele? Banna ba kang Mopresidente Carter, Mopresidente Sadat, le Mopresidente Brezhnev ke mabitso a tloaelehileng ka lapeng. Hape, le libaka tseo banna bana ba busang ho tsona ke tsa sebele—Washington, Cairo le Moscow. Liphello tsa liqeto tsa bona lia utluoa, e seng feela ho baahi ba linaha tsa bona, empa hape ke batho ba lefatšeng lohle.
MEBUSO EA LEFATŠE E NANG LE MARENA
Mebuso eo lihlooho tsa eona e leng marena le eona ke mofuta o mong o tloaelehileng oa puso. Ho ea ka The World Almanac, lichaba tse ka bang 15 tsa Machaba a Kopaneng ke mebuso e nang le marena. ’Muso o nang le morena ke puso eo ho eona morena ea bo tsoaletsoeng e leng eena ea busang. Har’a mebuso e nang le marena ho Machaba a Kopaneng ke Lesotho, Nepal, Denmark, Sweden, Norway, Jordane, Saudi Arabia le Morocco.
Ke ’nete, marena a mangata kapa mafumahali kajeno ke lihlooho tse teng feela, joaloka, ka mohlala, Denmark, Sweden le Norway. Marena a libakeng tse joalo a na le matla a fokolang haholo, haeba a le teng, a sebele-bele. Empa linaheng tse ling ha ho joalo. Nahana ka Jordane, Morocco le Saudi Arabia. Babusi ba linaha tsena ke Morena Hussein, Morena Hassan le Morena Khalid. Ba hlile ba busa e le ka sebele, le hoja haufinyane Morena Khalid mesebetsi ea hae e ile ea lekanyetsoa ke ho kula ho matla.
Na mebuso eo e leng litho Machabeng a Kopaneng ke ea sebele ho uena? U ka ’na ua re, ‘E.’ Ke eng se e etsang hore e be ea sebele? Hase feela hore marena ke batho ba sebele, empa hape hore ba na le bafo ba sebele—Majordane, Mamorocco le Masaudi Arabia. Bafo bana ba busoa ka melao e itseng, joalokaha World Book Encyclopedia e hlokomela hore: “Sehlopha se seng le se seng sa batho—ho qala ka lelapa ho isa sechabeng—se na le melao ea boitšoaro ho busa bophelo ba litho tsa sona.” Melao ena, hammoho le puo ea sechaba, mekhoa le tsoelopele, hangata li khetholla batho ba ’muso o mong ho o mong.
’MUSO O MONG O NANG LE MORENA
Mebuso e nang le marena eo e leng ho Machaba a Kopaneng hase eona feela e teng. ’Muso oa bohlokoa ka ho fetisisa ho eohle hase karolo ea sehlopha sa lefatše sa lichaba. Ke eng se etsang hore ’muso ona e be oa bohlokoa hakana?
Hase palo ea bafo ba oona, le hoja ba hlile ba le sehlotšoana. Ha ho bapisoa le lichaba tse 150 tsa Machaba a Kopaneng, ’muso ona hona joale o na le batho ba bangata ho feta tse 42 tsa lichaba ka bomong tsa mokhatlo oo oa lefatše. E, o na le bafo ba tšepahalang ba fetang 2 100 000. Leha ho le joalo, selemong sa morao tjena bafo bana, hammoho le metsoalle ea bona, ba ka bang 5 095 831 kaofela, ba ile ba bokana hammoho ka letsatsi le leng libokeng lefatšeng ka bophara ho hlahloba seo morena oa bona a ba etselitseng sona. ’Me eo ke palo ea bohlokoa! Ke lichaba tse 77 feela tsa Machaba a Kopaneng—hoo e ka bang karolo e bohareng ea oona—tseo ka bomong li nang le baahi ba baholoanyane ho moo.
Mebuso e mengata ea lefatše e na le litsamaiso tse ntle haholo tsa thuto. Empa ’muso ona o na le e phahametseng tsohle. Buka ea oona e khōlō ea ho ithuta e abjoa haholo ka lipuo tse ngata haholo ho feta buka leha e le efe e ’ngoe lefatšeng. ’Me libuka tse ngata tseo o li hatisang ho thusa batho hore ba utloisise Bibele li baloa har’a tse ka holimo-limo tse 10 tse abjoang ka ho fetisisa lefatšeng. Ho phaella moo, selemo le selemo bafo ba oona ba hatisa le ho aba makholo a likete-tsa-likete a libuka, libukana le limakasine tse joalo tsa ho ithuta. Ba kenya lihlopha tse hlano tsa ho ithuta beke e ’ngoe le e ’ngoe, ka lihlopha tse fetang 40 000 ho pota lefatše, moo ba ithutang melao ea ’muso ona le ho khothatsana ho tšepahala ho oona.
Ke puso ea ’muso ofe eona ee?
Boprofeteng ba boholo-holo bo amanang le eo e neng e tla ba ’musi oa oona, Bibele e re: “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng.”—Esaia 9:6, 7.
U ka ’na ua hlokomela hore ho boleloang ke boprofeta bo amanang le Jesu Kreste. Pele a tsoaloa, lengeloi Gabriele le ile la bolella ’m’ae Maria hore: “Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae. O tla busa . . . ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Eitse ha Jesu a hola ho ba monna o ile a neela bophelo ba hae lithahasellong tsa ’muso oo.
Ka lekhetlo le leng Jesu o kile a hlalosa: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (Luka 4:43) Jesu o bile a ruta balateli ba hae hore ba rapele tjena mabapi le ’muso ona: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Matt. 6:9, 10.
Na ’muso ona oa Molimo ke puso ea sebele ho uena?
Jesu Kreste o buile ka oona joaloka ’muso o neng o tla ba le bafo ba tšepahalang. Eare ha ’musisi oa Moroma Ponse Pilato a mo botsa hore na ke morena, Jesu a arabela, a re: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.”—Joh. 18:36.
Pelenyana ho lefu la hae, Jesu o ile a bolella baeta-pele ba bolumeli ba Bajode hore: “Ho tloha joale, le tla bona Mor’a motho a lutse letsohong le letona la matla a Molimo, ’me a e-tla ka maru a leholimo.” (Matt. 26:64) Jesu o ne a bolela eng ka see?
O ne a supa boprofeteng ba Bibele ba Daniele bo buang ka “mor’a motho” ea tšepisitsoeng ea ileng a tlisoa ka pel’a “Moholo oa matsatsi,” Jehova Molimo. “A neoa ’muso le hlompho, le borena,” boprofeta bo re, “hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle ba tle ba mo sebeletse.” (Dan. 7:13, 14) Hona ho bontša hore Jesu Kreste ea tsositsoeng o ne a tla busa leholimong, le hore lefatše lohle e tla ba sebaka seo a tlang ho sebelisa matla a hae e le morena ho sona.
Empa, kaha ’muso oa Molimo ke oa leholimong—’musi oa oona Jesu Kreste joale a sa bonahale—batho ba bangata ha ba o nke e le ’muso oa sebele. Leha ho le joalo, joalokaha re bone, re na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore o teng.
MATŠOAO A TOTOBETSENG A ’MUSO OA SEBELE
Joalokaha ho se ho boletsoe, bopaki bo bong bo totobetseng ba ’muso oa sebele ke hore o na le bafo. “Khanya ea morena ke bongata ba batho,” kamoo ho bolelang Bibele. (Liprov. 14:28) Hape o na le melao e sebelisoang, haesita le tsamaiso ea mofuta o itseng oa thuto. Na ’muso oa Molimo o na le matšoao a joalo a totobetseng a ’muso oa sebele?
E, re bone hore o na le oona. Sehlopha sohle sa batho ba fetang likete-tsa-likete tse peli lefatšeng ka bophara ba inketse melao e ka Bibeleng e le molao oa motheo oa bona, e le melao e laolang bophelo ba bona. Batho bana ba nkile lebitso la Moetsi-molao e Moholo, ba ipitsa Lipaki tsa Jehova. (Esa. 33:22; 43:12) Ka liphuthehong tsa Bokreste tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara, melao ea ’muso oa Molimo e mameloa ka botšepehi.
Le hoja ba phela linaheng tse ngata lefatšeng lohle, ba bua lipuo tse sa tšoaneng ’me ba tsoa khōlong e sa tšoaneng, bafo bana ba ’Muso ba kopane ka ho babatsehang. Ba bua ‘puo e hloekileng’ ea ’nete ea Bibele. (Sof. 3:9) Kutlong litaelong tsa morena oa bona, ha ba kopanele litabeng tsa lipolotiki kapa likhohlano tsa lichaba tsa lefatše. (Joh. 17:16; 18:36) Ho sena, ba boetse ba itšoarella molaong oa Morena oa bona o reng “ratanang,” ’me kahoo ba khetholloa e le barutuoa ba hae.—Joh. 13:34, 35; 1 Joh. 4:20, 21.
Ha u ntse u nahana ka mabaka a bōpang ’muso oa sebele, hoa hlaka hore ’muso oa Molimo o na le matšoao oohle a totobetseng a ’muso o joalo. Ke habohlokoa hore re se ke ra hlokomela ’nete ena feela empa hape re fetohe batšehetsi ba mafolo-folo ba ’muso oo oa leholimo.