Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 9/15 maq. 4-7
  • U Balla’ng Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Balla’ng Bibele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RATA BA BANG JOALOKAHA U ITHATA
  • HO THIBELA MATHATA
  • HO THOE’NG KA BA MAFOLO-FOLO BOLUMELING?
  • Le se ke la Arola Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho Jokong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lentsoe la Molimo ke ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Mohloli o Phahameng oa Bohlale
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Kamoo U ka Etsang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabileng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 9/15 maq. 4-7

U Balla’ng Bibele?

“HA KE thabele.” Ho kopanoa le karabelo eo hangata ha Bakreste ba atamela bao ba ahisaneng le bona ho ba nea thuso ea ho utloisisa Bibele.

Mabaka a karabelo e se nang ntlha joalo a ka ’na a fapana haholo. Batho ba bang ha baa sekamela bolumeling ’me mohlomong ha ba lumele le ho Molimo. Ho bona, ho bala Bibele ho ka ’na ha bonahala e le tšenyo ea nako. Ba sekametseng bolumeling haholo ba ka ’na ba ikutloa hore litemana tsa Mangolo tseo ba li balloang le ho li hlalosetsoa libakeng tseo ba rapelang ho tsona li lekane.

Leha ho le joalo, ho teng mabaka a matla ao batho bohle, ho sa tsotellehe boikutlo ba bona bolumeling, ba lokelang ho bala Bibele. Ka bonolo feela ’nete ea hore Bibele e bile le matla a maholo paleng ea motho ho feta buka leha e le efe e ’ngoe e lokela ho sekamisetsa batho ho rateng ho tloaelana le se ka ho eona. The Encyclopædia Britannica (khatiso ea 1971) e hlalosa Bibele e le e bōpang “mohlomong pokello e susumetsang ka ho fetisisa ea libuka paleng ea motho.” Buka eona eo ea litšupiso e bolela hore: “Eng le eng eo motho a ka e nahanang ka se ka Bibeleng, karolo ea eona tsoelo peleng ea tlhaboloho ea bophirimela le ho ntlafaleng ha tsoelopele e ngata ea bochabela ho e etsa hore bonyane ho tloaelanoe ka mokhoa o itseng le libuka tsa eona le pale e le letšoao le ke keng la hlakoloa ho motho ea rutehileng lefatšeng le buang Senyesemane.”

Ke joang ho bala Bibele ho ka fumantšang le bona batho ba nang le thahasello e nyenyane bolumeling molemo? Koana, na hase batho bohle ba sebetsanang le batho ba bang tsatsi le leng le le leng? Bibele e fana ka keletso eo ho seng e ka tšoanang le eona ka likamano tsa batho. A re ke re nahaneng ka mehlala e meng.

RATA BA BANG JOALOKAHA U ITHATA

Mangolo a buella lerato e le motheo o tataisang bakeng sa motho ea sebelisanang le motho e mong. Tsela e molemo ea ho bontša lerato le joalo ke ho ela hloko tataiso e rorisitsoeng hoo ho bileng ha boleloa hore ke Molao oa Sehlooho: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna; hobane ke oona molao le baprofeta.” (Matt. 7:12) Keletso ena ha e khothalletse hore feela ho qojoe ho tlatlapa ba bang. Mona mora oa Molimo o khothalletsa hore motho a fapohe tsela ea hae ho etsetsa ba bang se hlileng se leng molemo, e, eona ntho eo a ka lakatsang ha ba bang ba mo etsa eona.

Keletso ea Bibele ka lerato ke e molemo ka ho khethehileng haholo ha e fihla likamanong tsa lenyalo. Litsebi tsa boeletsi ka tsa manyalo tse rutehileng ka bohlale bo molemo ka ho fetisisa ba motho li sitiloe ho tšoara keketseho e khōlō ea ho qhalana ha manyalo lilemong tsa morao tjena. Empa na boholo ba qhoebeshano e ka malapeng bo ke ke ba fokotsoa ka ho sebelisoa ha metheo e latelang ea Mangolo?

“Joale ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste, basali le bona ba ikokobetse ho banna ba bona joalo nthong tsohle. Lōna banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona. . . . Ke ka mokhoa o joalo le bona banna ba tšoanetseng ho rata basali ba bona joale ka ’mele oa bona. Ea ratang mosali oa hae, eba oa ithata. Hobane ha ho e-so ho be motho ea kileng a hloea nama ea hae le ka mohla o le mong; empa o ee a e fepe, a e baballe, joale ka ha Kreste le eena a etsa Kereke. . . . e mong le e mong ho lōna a fele a rate mosali oa hae joale ka ha a ithata, ’me mosali eena a hlomphe monna oa hae.”—Ba-Ef. 5:24-33.

Ke ho khathollang hakaakang bakeng sa monna hore a be le mosali eo nako le nako a bontšang ‘boikokobetso’ le ‘hlompho e tebileng’! ’Me hona ho bonolo hakaakang ho mosali hore a ho etse ha monna oa hae a sa bontše ka lipolelo feela empa hape le ka boitšoaro ba tsatsi le leng le le leng hore ‘o rata mosali oa hae joale ka ha a ithata’!—Bapisa 1 Petrose 3:1-4, 7.

HO THIBELA MATHATA

Bibele hape e na le keletso e ntle bakeng sa ho qoba mathata pele a hlaha. Na ha u lumele bohlale ba lipolelo tsa Mangolo tse bontšitsoeng leqepheng la 6?

Na ha u lumele hore ho ela hloko metheo le litemoso tse kang tsena ho ka etsa hore bophelo e be bo thabisang, bo botle le ba bohlokoa haholoanyane? Ho phahamisang ho sebetsa ha Lentsoe la Molimo ntlheng ena ke litlhaloso tsa moeletsi oa sekolo se phahameng oa Flint, Michigan; a re: “Ke ikutloa hore Bibele, le keletso ea eona, e sebetsa haholo le ho phahamela ntho leha e le efe eo ke ithutileng eona kolecheng. Le hoja ke le moeletsi oa sekolo se phahameng ea nang le mangolo a “Bachelor” le “Master” ’me ke balile libuka tse ngata haholo ka bophelo ba kelello le tsebo, ke fumane hore keletso ea Bibele ka lintho tse joaloka ho ba le lenyalo le atlehileng, ho thibela botlokotsebe ba bacha le kamoo ho ka fumanoang le ho boloka metsoalle e phahametse ntho leha e le efe eo nkileng ka e bala kapa ka ithuta eona kolecheng.”

HO THOE’NG KA BA MAFOLO-FOLO BOLUMELING?

Batho bao hangata ba kopanelang mesebetsing ea bolumeli ba ka ’na ba nahana hore taba ea Bibele eo ho buisanoang ka eona litšebeletsong tsa kereke kapa libokeng tse ling tsa bolumeli e etsa hore ho se ke ha hlokahala hore ho ithutoe Bibele ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, ntlheng ena motho o tlameha ho hopola lipolelo tse peli tsa bohlokoa tsa Mangolo tse reng: ‘Lengolo lohle le bulutsoe ke moea oa Molimo.’ (2 Tim. 3:16) ‘U tla bala ka lentsoe le tlase [Lentsoe la Molimo] motšehare le bosiu, e le hore u tle u lemohe ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho lona; hobane ke ka tsela eo u tla atleha tseleng ea hao ’me u etse ka bohlale.’—Josh. 1:8, NW; bapisa Deuteronoma 6:6-9.

Mohlomong bao e leng balebeli libokeng tsa bolumeli tseo u bang teng ho tsona ba sebelisa Bibele hangata. Leha ho le joalo, mohlomong u tla lumela hore lenane la Mangolo a sebelisoang, ka selemo, lea fokola ha ho bapisoa le se ka Bibeleng eohle. Kaha Molimo o bua le batho ka lentsoe la oona le ngoliloeng, ho tloaelana haufi le ’Mōpi ho biletsa ho bala Lentsoe la Molimo hangata.

Ho feta moo, ho bala Mangolo nako le nako ho tla thusa batho ho hanela meleko e neng e ka ba etsa hore ba furalle borapeli ba Molimo. “Hobane taba tsohle tse ngoliloeng pele,” kamoo ho hlokomelang moapostola Pauluse, “li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Ka sebele, ho nahanisisa kamoo Molimo o ileng oa sireletsa bahlanka ba oona ba boholo-holo ba tšepahalang, le har’a maemo a mabe ka ho fetisisa, ho tiisa tumelo le ho susumetsa batho kajeno hore ba ’ne ba etse seo ba tsebang hore se nepahetse mahlong a Molimo. Mohlala o motle oa khothatso e joalo ea Mangolo ke Pesaleme ea 116. U tla fumana molemo ka ho bala pesaleme ena hona joale ’me, ha u etsa joalo, e bapise le 2 Ba-Korinthe 4:7-13.

Le haeba u sekametse bolumeling kapa che, ho na le mabaka a bohlokoa ao ka baka la oona u lokelang ho bala Bibele. Ha e fane feela ka keletso e ntle bakeng sa bophelo bo thabileng le ba bohlokoa empa hape ke mokhoa oa ho lemoha thato le morero oa Molimo. Ha motho a bala Lentsoe la Molimo haholoanyane, ke ka hona motho a ka ananelang haholoanyane mantsoe ana a mopesaleme, ha a re:

“Molao oa Jehova o lokile, o khatholosa moea; bopaki ba Jehova boa tšepeha, bo hlalefisa sethoto. Litemoso tsa Jehova li lokile, li thabisa pelo; litaelo tsa Jehova li hloekile, li elisa mahlo. Tšebeletso ea Jehova e hloekile, e hloleha ka mehla; likahlolo tsa Jehova ke ’nete, li lokile kaofela; li fetisa gauda ka theko, le gauda e ngata e tšekehileng, li fetisa le linotši ka monate, le tse rothang khekheng ea tsona. Mohlanka oa hao o elisoa ke tsona; ho bolokoeng ha tsona ho na le moputso o moholo.”—Pes. 19:7-11.

[Lebokose le leqepheng la 6]

● BOOATLA BA EA RATANG LINTHO TSE BONAHALANG

“Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong. Hobane lerato ,a leruo ke motso oa libe tsohle.”—1 Tim. 6:9, 10.

“Ea ratang silevera, silevera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hola ka eona. Hoo le hona ke lefeela.”—Moek. 5:10.

“Joale ka ha a na a tsoile mpeng ea ’m’ae, o tla ikhutlela a le feela, a ikele joale ka ha a tlile; o tla ea a sa nke letho mokhathaleng oa hae, leo a ka eang le lona a le fuparetse ka letsoho.”—Moek. 5:15.

● MOSEBETSI EA MAHLAHA-HLAHA O-OA ANANELOA

“Ea letsoho le botsoa o tla fumaneha, empa letsoho la sekhothali le tla se ruisa.”—Liprov. 10:4.

“Pelo ea sekhoba e lakatsa ka mehla, leha ho le joalo, ha se rue letho; empa moea oa sekhothali oa nona.”—Liprov. 13:4.

● ‘MESEBETSI E ’MELI’ HO FUMANA BOTUMO KE TŠENYO EA NAKO

“Ke bone hobane mokhathala oohle le mesebetsi eohle e metle ea batho e ntse e hlahisa mōna le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng. . . . Seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho e-na le liatla tse peli tse tletseng mokhathala le mosebetsi o nyopileng.”—Moek. 4:4, 6.

● QOBA HO JA LE HO NOA HO FETELETSENG

“U se ke ua tloaela manoa-joala le manyolo-nyolo; hobane letahoa le lenyolo-nyolo ba ipakela bofuma; ’me ho rata boroko [ho hlahisoang ke ho feteletsa ho joalo] ho apesa motho maharasoa.”—Liprov. 23:20, 21.

● BALEHELA BOITŠOARO BO BOBE BA BOTONA LE BOTŠEHALI

“Molomo oa mosali oa seotsoa o rothisa linotši, lehano la hae le boreleli joale ka mafura. Empa bofello ba taba tsa hae bo baba joale ka lengana, . . . Tsela ea hao u e fetise hole le eena, u se ke ua atamela monyako oa ntlo ea hae; e se re mohlomong ua nea ba bang bokhabane ba hao, le lilemo tsa hao ua li senyetsa ho ea soro; e se re mohlomong ba mofuta osele ba khora leruo la hao, ’me mesebetsi eo u e bokeletseng ea fetela matlung a ba sa tsejoeng. ’Me qetellong ua bokolla ha ho senyeha linama tsa ’mele oa hao [mohlomong ke lefu le nyonyehang le litšila], ua re: Na ke ne ke hane taeo joang? Pelo ea ka e ne e hloetse’ng khalemelo na? Ana ha kea ka ka mamela mantsoe a ba neng ba nthuta ke’ng, le ho sekehela baruti ba ka tsebe? Jo! ke batlile ke oela bobeng bo fetisisang har’a bongata ba batho le phutheho.”—Liprov. 5:3-14.

“Tšabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etsoang ke motho, se ka ntle ho ’mele oa hae; empa ea febang o siteloa ’mele oa hae.”—1 Ba-Kor. 6:18.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela