Thapelo ea Hae ea Arabeloa
HANGATA hoa makatsa ho bona kamoo Jehova a thusang batho ba tšepahalang hore ba itokolle litlamong tsa tsamaiso ena ea khale ea lintho. Mona ke phihlelo ea mohlankana ea phelang likhohlong tse hole-hole tsa Switzerland, haufi le moeli oa Italy.
TABA EA HAE
“Ka baka la maemo a bosula a lelapa ke hōtse ka thata. Ke ile ka qala ho batla Molimo o neng o ka tseba ho nthusa boemong ba ka ke sa le monyenyane haholo. ’Mè o ne a tlamelletsoe lineanong tsa Kereke e K’hatholike, ’me kahoo ho tiisa hore kea mamela o ne a hlalosa kamoo Molimo o isang batho pelekatoring kapa liheleng ha ba sa utloe. Ka tlhaho ke ne ke batla Molimo o bontšang hore o rata bana ba oona. Thuto ea bolumeli sekolong le eona e ne e mo bontša e le ea bohale, ea iphapantseng, ea se nang boikutlo le ea sa atameloeng. Ka hlakeloa hore oona hase oona Molimo oo ke o hlolohetsoeng. Ho ’na e ne e le Molimo oa baprista feela. Ka ’na ka khutsufatsa mehato ea ka bakeng sa ho ea kerekeng.
“Ha ke le lilemo li 19 ka kula haholo ’me ho kula ha ka ha nkuka ho feta lilemo tse peli. Ho ba feela ho ka ho ’na le ‘bohobane’ng’ ba bangata ba ileng ba lula ba sa arabeloa tsa sisinya kelello ea ka hangata. Joale ka qala ho batla Molimo o sa tsejoeng o neng o ka khutsisa kelello ea ka hose hokae. Ka qala ho thahasella lithuto tse amanang le ho sebetsa ha kelello ea motho. Ka ithuta hore na nka tšereanya kelello ea motho e mong joang hore ke e laole haesita le ho laola ea ka. Ke ne ke e-ea le maili-ili ka mokhoa o bonolo haholo, ’me ka makhetlo a ’maloa ho ne ho bonahala ke e-na le hona ho bona nako e tlang, empa ha ke ne ke itšereanya kelello hore ke hle ke fumane thuso ea sebele, ke ne ke soetseha ka ho feletseng. Ke Le ke leka ka mokhoa o joalo hore ke kopane le meea e ileng le ho iteketletsa sebakeng.
“Joale ka lekhetlo la pele ka 1973 ka kopana le Lipaki tsa Jehova, ’me ka beeletsa Molula-Qhooa. Empa ha nka ka utloisisa molaetsa. Ka nakoana ka bala litokollo tsa pele tse ileng tsa fihla eaba joale ke lebala ntho eohle ka tsona.
“Ho sa le joalo ka qala ho bala The Communist Manifesto ea Marx le Engels joale le The Life of Mao Tse-tung, haesita le libuka tse ngata tse sa tšoaneng tsa khopolo ea hore lintho-li-ikentse. Empa leha e le ka ho itloaetsa tšebetso ea meea, kapa ka maikutlo a Bokomonisi, ’me hanyenyane haholo ka khopolo ea hore lintho-li-ikentse, ha nka ka fumana khotso ea kelello le ho tseba Molimo oo ke neng ke o batla.
“Mantsiboeeng a mang, kamoreng ea ka, ka fihlela qeto ea hore nke ke inahane hore na ke phela ka tsela efe, e le hore nka fumana tsela ea ho tsoa boemong. Ha ke ntse ke hlahloba liphihlelo tsohle tse mpe, lipelaelo le matsoalo a bosiu tseo ke bileng le tsona nakong le fetileng tsa solla kelellong ea ka. Ho hloka ha ka matla ho fumana pheko ha totobala hoo ke ileng ka itakaletsa lefu. Ho ne ho hlakile ho ’na hore ke ne ke fihlile boemong bo thata bo hlokang phetoho. Ka etsa ntho feela e ileng ea fihla kelellong ea ka. Ka rapela: ‘Oho Molimo o sa tsejoeng, u tlameha u be u le teng, ’me u le Molimo o lerato. Nthuse! Ke se ke sitoa ho tsoela pele—nthuse hore ke fumane ’nete.’
“Matsatsi a seng makae hamorao mohlankana e mong le moroetsana ba nketela. Ka hla ka hlokomela hore ke Lipaki tsa Jehova, ’me ka ba botsa lipotso tse ngata ka bolumeli bo K’hatholike le Bibele. Ha lokisetsoa hore ba tle hape. Tsebo eo bacha bana ba babeli ba neng ba e-na le eona ea Bibele, hammoho le botsoalle ba bona, tsa ’makatsa haholo. Ka hlokomela hore leeto lena e ne e le karabelo ea thapelo ea ka, ’me ka etsa qeto ea hore ke bapise polelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e boletseng le Bibele. Haeba Lipaki tsa Jehova li ne li ntlisetsa ’nete eo ke neng ke e laba-labetse ka nako e telele hakana, le ho e batla haboima hakana, joale ke ne ke batla ho etsa hore bophelo ba ka bo lumellane le eona. Joale ka hlokomela hore ke tlameha ho fetoha e le hore nka ba le nako e ngatanyana bakeng sa ho ithuta Lentsoe la Molimo. Eaba ke khaotsa lithuto tseo ke neng ke itokisetsa ho kenela univesithi ka tsona.
“Hoba ke fetole mekhoa eo ke neng ke phela ka eona haholo, joale ka kena nakong ea tlhokofatso eo ke sitoang ho e hlalosa ea kelello. Ke ne ke sitoa ho robala ho hang. Kelellong ea ka ke ne ke sitoa ho ikemela, ’me kaha ke ne ke sa utloisise lebaka la sena, ho tšoha ha ka ha phahama. Ka tlameha ho balehela merung e haufi hore ke mpe ke ikhutse hose hokae boimeng boo ke leng ho bona kelellong le boikutlong.
“Joale matsoalo a bosiu a khutla hape, matsoalo ao e neng e le a ’nete le a tšosang hoo nka beng ke ile ka itlepolaka linama le ho itlhotha moriri. Ho thibela hore ke ferekane kelellong, ka qala ho rapela le ho bitsa lebitso la Jehova. Ka tleloa ke boikutlo ba matšeliso a maholo joale pherekano e bosula le e hatellang ea fokola. Joale ka utloisisa se boleloang ke boemo boo ke iphumanang ke le ho bona—ke ne ke lefa moputso oa mekhoa ea ka ea ho sebelisana le meea. Satane, morena oa tsamaiso ena ea lintho, o sebelisa lihlomo tsa hae. Paki e neng e tla ho tla ithuta Bibele le ’na ea nkeletsa hore ke senye ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke nang le eona e amanang le meea. Ka ho etsa. Leha ho le joalo matsoalo a bosiu le khatello kelellong ha lia ka tsa khaotsa hang, empa kamorao ho libeke tse seng kae bophelo ba mamelleha haholoanyane.
“Joale ke qalile ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso, ’me le hoja ke tlameha ho tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 120 ho ea moo le ho khutla, ke kopanela le Lipaki tsa Jehova beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ke thabile haholo hore e be ke ithutile ho tseba Jehova le merero ea hae e babatsehang ka lefatše le batho.”
Mohlankana enoa hona joale ke paki e kolobelitsoeng ea Jehova.