Ba Tla Tsosoa—‘E Mong le e Mong Sebakeng sa Hae se Loketseng’
‘Bohle ba tla phelisoa ka Kreste; empa e mong le e mong sebakeng se mo loketseng.’—1 Ba-Kor. 15:22, 23, The New English Bible.
1. Maretha o bontšitse joang hore o lumela hore Jesu a ka be a phekotse khaitseliee Lazaro boloetseng ba hae bo bolaeang?
E NE e le hoseng ha mariha a mesarelo Bethania ha lejoe la lebitla le pitikisoa ho koala lebitla la khopotso la Lazaro ea tsebisahalang. Likhaitseli tsa hae tse neng li setse li phela, Maretha le Maria, le metsoalle ea lelapa ba ne ba nahana hore ke la ho qetela ba bona Lazaro tsamaisong ena ea lintho. Kamoo ho bonahalang, motsoalle oa hae ea ratoang haholo Jesu Kreste o ne a fihlile e se e le morao haholo ka letsatsi la bone Lazaro a shoele. Maretha a ea khahlametsa Jesu ’me a re ho eena: “Morena, hojane ua ba teng, khaitseli ea ka a ka be a sa shoa.”
2, 3. (a) Maretha o ne a lebelletse hore tsoho ea ngoan’abo ea lebitleng e be ka letsatsi lefe? (b) Ka tsoho, Maretha o bontšitse tumelo ea moholo-holo ofe oa hae?
2 Jesu a re ho Maretha: “Khaitseli ea hao o tla tsoha.” A senola tumelo ea hae tsohong, Maretha a re ho Jesu: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.”—Joh. 11:1-24.
3 Maretha o ne a hopotse ka tsoho ea bafu bohle ba batho ba khutlela bophelong mona lefatšeng tlas’a ’muso oa Molimo ka Messia oa hae, kapa Kreste. O ne a lumela hore Messia enoa ke eena Jesu, ea neng a tsoselitse batho ba bang bophelong joalokaha baprofeta Elia le Elisha ba ne ba ’nile ba etsa makholo-kholo a lilemo pelenyana. (Joh. 11:27) Tumelo ea hae tsohong e ne e tšoana le ea ntat’ae moholo Abrahama, ea ileng a bitsoa “motsoalle oa Jehova.” (Jak. 2:21-23, NW) Khaitseli ea Maretha Lazaro o ne a se a shoele a ba a epeloa, empa tabeng ea Abrahama mora oa hae Isaaka o ne a sa phela, e le hona a tla tloha a neeloa e le sehlabelo sa motho. Ho ne ho tšoana le ha Isaaka a shoele, hobane Abrahama o ne a ikemiselitse ho mamela taelo ea Jehova ea ho mo etsa sehlabelo. Ka tumelo ea Abrahama nakong ena ea teko, Pauluse, setloholo sa Abrahama, o ngola hore:
4. Abrabama o ile a fumana mora oa hae Isaaka hape ho tsoa bafung “ka mokhoa o kang oa tsoho” joang?
4 “Ka tumelo, Abrahama, mohla a lekoang, a hlahisa Isaaka; ea neng a neiloe lipallo, o hlahisitse mora ea mong ho eena; eo ho nong ho lekantsoe eena, ha ho thoe: Litloholo tsa hao, tse tlang ho bitsoa ka lebitso la hao, li tla hlaha ka Isaaka. A lekanya hoba Molimo o ka tseba ho tsosa mora oa hae bafung; ’me e fela o boetse a mo rua ka mokhoa o kang oa tsoho.”—Ba-Heb. 11:17-19; Gen. 22:1-18; Esa. 41:8; 2 Likron. 20:7.
5, 6. (a) Abrahama o ne a lebelletse ho tsoha ha bafu ba batho ka nako efe? (b) Na lefu la Abrahama, Isaaka, le Jakobo ba sa fumana lintho tseo ba li tšepisitsoeng le ile la senya tumelo ea bona ’musong oa Molimo oa Messia?
5 Kahoo Abrahama o ne a lumela tsohong e tlang ea batho ba shoeleng tlas’a ’muso oa Kreste. Jesu Kreste, eo tsoho ea hae e neng e hlile ea tšoantšetsoa ka tsoho ea tšoantšetso ea Isaaka, o kile a bua tjena ho bana ba Bajode ba Abrahama: “Abrahama, ntat’a lōna, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, ’me o le bone, a ba a thaba.” (Joh. 8:56) Tumellanong le mantsoe a Jesu ka Abrahama, ntate oa Isaaka le ntate-moholo oa Jakobo, rea bala:
6 “Bao bohle ba shoele ka tumelo, ba e-so ho neoe tseo ba li baletsoeng, ba mpa ba li bonetse hole, ba li lumetse, ba li lumelisitse, ’me ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatšeng. Ba buang joalo ba bonahala hoba ba batla moo e tla ba habo [bona]. . . . Empa joale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la leholimo [’muso oa maholimo ka Kreste ea beiloeng teroneng ho oona] ke ka baka leo Molimo o se nang lihlong tsa ho ipitsa Molimo oa bona; hobane o ba lokiselitse motse.”—Ba-Heb. 11:13-16.
7, 8. (a) Mantsoe a Jesu ho Basaduce ka Abrahama, Isaaka le Jakobo a pakile joang hore kannete ba tla tsoha? (b) Tumellanong le Pesaleme ea 45:16, ’Musi oa Messia ea ’musong oa maholimo o tla etsetsa Abrahama, Isaaka le Jakobo eng?
7 Kaha Molimo o entse litokisetso bakeng sa Abrahama, Isaaka le Jakobo bao e leng khale ba shoele, banna bao ba boholo-holo ba tumelo ho tiile hore ba tla fumana tsoho ea bafu tlas’a “motse” kapa ’muso, oo Messia kapa Kreste ea tlotlisitsoeng a tla busa ho oona. Jesu Kreste ka boeena o ile a supa ’nete eo ha a ne a buisana le Basaduce ba Bajode, ba neng ba sa lumele hore Abrahama, Isaaka le Jakobo ba tla tsoha. A re: “Hobane tsohong ea bafu, ha ho ka ke ha nyaloa, leha e le ho nyalisoa, empa batho ba tla ba joale ka mangeloi [e seng e be mangeloi] a Molimo leholimong. Ha e le ka tsoho ea bafu, na ha lea ka la bala hoo le ho boleletsoeng ke Molimo, ha o re: ’Na, ke Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo; Molimo hase Molimo oa bafu, empa ke oa ba phelang.”—Matt. 22:30-32.
8 Jehova e kile ea e-ba Molimo oa Abrahama, Isaaka le Jakobo pele ba e-shoa. E ka ba Molimo oa Abrahama ea phelang, le Isaaka ea phelang le oa Jakobo ea phelang ka hore feela a ba tsose bafung. E tla ba batho ba phelang ‘motseng’ o lefatšeng kapa ’musong oa leholimo, oo Jehova Molimo oa bona a ba lokiselitseng oona. Ka nako eo ho tla be ho le phethahatsong ea Pesaleme ea 45:16 hore Messia ea tlotlisitsoeng, Jesu, e le morena oa “motse” oo a ba khethe ho ba “mahosana lefatšeng lohle.” Ho bona Messia oa leholimo o tla phethahatsa tlotla e ’ngoe le e ’ngoe ea hae e hlileng ea boleloa ho Esaia 9:6, le eona ea Ra-bo-sa-feleng.
9. Moprofeta Esaia o ile a ngola eng ka tsoho ea bafu ba batho, le kamor’a hore Molimo o ‘halefele’ eng?
9 Abrahama, Isaaka le Jakobo le batho ba bang ba khale ba tumelo ba tla tsosoa ka ‘letsatsi la bofelo’ leo Maretha a buileng ka lona ho Jesu pelenyana a tsosa khaitseliee Lazaro ho mo khutlisetsa bophelong ba lefatše. (Joh. 11:24-44) Batho ba tla tsosoa ba lopollotsoe ka sehlabelo se lopollang sa Jesu Kreste, ’me ka bana moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a ngole, a re: “Ka letsatsi leo, ho tla binoa sefela sena naheng ea Juda: . . . Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utloe; litopo tsa ka a li ke li tsosoe! Tsohang, lōna ba robetseng lerōleng, le thabe, hobane phoka ea hao ke phoka e melisang [ha e bapisoa le ho omella ha litopo] ’me lefatše le tla ntša bafu ba ho lona.” (Esa. 26:1, 19) Ka tsela eo ho tsoaloa hape ho tla etsahala, ho phelisoa hape ha bafu ba lefatšeng. Hona ho tla etsahala hoba Jehova a bontše bohale ba hae holim’a lefatše le molato oa mali bakeng sa batho bohle ba se nang molato bao le ba theoletseng pele ho nako Sheol, mabitleng. Hoo ho bolela kamorao ho ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ boemong ba lefatše boo Bibele e bo bitsang Harmagedone.—Tšen. 16:14, 16; 19:11-21.
10. Kahoo, ka ‘letsatsi leo la bofelo,’ ke hobane’ng ha lefatše e ke ke ea hlola e e-ba nqalo ea bafu e hohle?
10 ‘Letsatsi leo la bofelo’ leo Maretha a buileng ka lona le tla bona bafu ba batho ba tsosetsoa bophelong hape ho e-na le hore ba lule ba koahetsoe ka mpeng ea lefatše. (Esa. 26:20, 21) Ke ho hlaphoheloa ho hokaakang ho kang ha phoka hoo bophelo bo nchafalitsoeng ba batho ka ‘letsatsi leo la bofelo’ ho tlang ho ho apesa batho ba lopolotsoeng bafung! Lefatše e ke ke ea hlola e e-ba nqalo ea bafu e hohle.
11, 12. Morena Heroda e Moholo o ile a hlōleha joang boitekong ba hae bo sehlōhō ba ho bolaea “morena oa Bajode” ea tsoa tsoaloa?
11 Le oona masea a shoeleng le bana ba banyenyane ba se nang boikarabelo ba tla hauheloa ka ho khutlisetsoa menyetleng e mecha ea ho hōla hore e be bacha ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Ka tsela eo mosebetsi o bolaeang oa Morena Heroda e Moholo o tla etsolloa. O ile a rōmela balepi ba linaleli ba neng ba botsa ba tsoa Bochabela ho ea Bethlehema ho mo fumanela “morena oa Bajode” ea tsoa tsoaloa. O ne a rerile ho bolaea Jesu, mora oa kharebe ea Mojode Maria. Hoba a hlōlehe boitekong ba hae ba bolotsana ba ho tseba moo “morena oa Bajode” ea lebelletsoeng a leng teng, Heroda a rōmela ’me a laela hore masole a hae a bolaee bana bohle ba banyenyane ba lilemo li peli le ba banyenyane ho moo. Ho lla le ho sareloa ha bo-mmè ba Bethlehema le mathōkong a eona ho hlile ha boleloa ka boprofeteng ba Bibele, hammoho le mantsoe a tšelisang a tsoho.
12 Mongoli oa Evangeli Mattheu oa re bolella: “Mohlang oo, ho etsahetse ho boletsoeng ke moprofeta Jeremia, ha a re: Mohoo o utloahetse Rama, oa pohomela, oa lillo, oa mahlomola a maholo: Ragele o llela bana ba hae, ’me o hana ho tšelisoa, hobane ba le sieo.” (Matt. 2:1-18) Empa Maria o ne a se har’a bo-mmè ba bokollang le ba hlomohileng haholo, kaha o ne a balehile le moshemane e monyenyane Jesu ’me a ile Egepeta ho lula moo ho fihlela lefung la Heroda.
13. Ho latela tšebeliso ea Mattheu ea boprofeta ba Jeremia, “lefatše la sera” e ne e le lefe leo bana ba banyenyane ba se nang molato ba bolailoeng ba neng ba tla khutla ho lona?
13 Leha ho le joalo, ho bo-mmè bao ba mahlomoleng a maholo boemo bo ne bo sa felloa ke tšepo ho hang. Boprofeta ba Jeremia boo Mattheu a neng a bo qotsitse bo tsoela pele ho re: “Ho itsoe ke Jehova: Khanna lentsoe la hao, u se ke ua lla, le mahlo a hao a se ke a tšolla meokho, hobane mosebetsi oa hao o tla ba le moputso, ho bolela Jehova, ’me ba tla khutla lefatšeng la sera.” (Jer. 31:15, 16) Ho latela tsela eo ka eona boprofeta ba Jeremia bo ileng ba sebelisoa ke Mattheu tlas’a pululelo, ‘lefatše la sera’ e ne e ke ke ea e-ba Babylona ea boholo-holo ea mehleng ea Jeremia. E ne e tla ba lefatše leo sera, Heroda e Moholo, a neng a isitse babolauoa ba hae ba se nang molato pele ho nako, lefatšeng la lefu. Hape lefu le boleloa e le “sera,” hobane 1 Ba-Korinthe 15:26 e re: “Sera se tlang ho felisoa morao-rao ke lefu.”
14. (a) Lefatše la Babylona le ipakile e le sebaka sa lefu joang bakeng sa Baiseraele mehleng ea Jeremia? (b) Masea a se nang molato a Bethlehema a tla “khutla” joang, hona ka letsatsi lefe?
14 Lefatše la Babylonia ea pele ho Bokreste le ile la ipaka e le lefatše leo Bajode ba leleketsoeng ho lona ba neng ba ‘abetsoe ho shoa’ ke bahapi ba bona. Ba bangata ho baholehuoa bao ba ile ba fela ba shoela teng e le bajaki. (Pes. 79:11; 102:20; Esa. 14:17) Ka 537 B.C.E. le kamorao ho teng ‘baholehuoa’ ba likete-kete ba Bajode ba ile ba fela ba ‘khutla’ naheng ea sera Babylona. Ho khutla ha masea a se nang molato a Bethlehema ke hona ho tlang. Ho tla ba ka tsoho ea ‘letsatsi la bofelo’ le boletsoeng ke Maretha oa Bethania, e leng ‘letsatsi la bofelo’ le qalang kamor’a ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ka Harmagedone le kamor’a ho tlangoa le ho akheloa sekoting ha Satane Diabolose le mangeloi a hae a bademona.—Tšen. 20:1-3, 11-15.
LETSATSI LA KAHLOLO
15. Jesu o bontšitse joang hore “letsatsi” la bofelo e tla ba la kahlolo ea bafu ba tsositsoeng ba batho?
15 ‘Letsatsi lona leo la bofelo’ e tla ba letsatsi la kahlolo bakeng sa batho ba tsositsoeng, ho akarelletsa le batho ba ileng ba hlokomoloha Jesu ’me ba sa ka ba amohela lipolelo tsa hae. Jesu o bontšitse seo ha a re: “Ea ntahlang, ’me a sa amohele mantsoe a ka, o na le ea mo ahlolang; lentsoe leo ke le buileng, ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.” (Joh. 12:48) Jesu o amahantse nako ea kahlolo ea lefatše la batho le tsoho ha a re: [Molimo] o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le eena Mor’a motho. Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.” (Joh. 5:27-29; Bona Molula-Qhooa, March 1, 1979, tlas’a sehlooho “Tsoho ea Bophelo le Ea Tsuo,” maq. 8-11.) Koana, ‘letsatsi leo la bofelo’ e ke ke ea e-ba letsatsi la lihora tse mashome a mabeli a metso e mene. E tla ba sebaka sa nako sa bolelele ba lilemo tse 1 000. Le tla oelana le lilemo tse 1 000 tsa puso ea Kreste.—2 Pet. 3:8; Tšen. 20:4, 6.
16. Ke ka lebaka lefe, joalokaha ho bontšitsoe ho 1 Ba-Korinthe 15:25, 26, “letsatsi” leo le tlang la kahlolo e tla ba la tlotliso?
16 “Letsatsi” leo e tla ba le khanyang, hobane le tla tšoauoa ka ho tlosoa ha liphello tsohle tsa lefu tseo re li futsitseng ho Adama le Eva ka baka la kahlolo ea lefu eo ba e lihetsoeng. Kahoo lilemo tse 1 000 tsa puso ea Kreste ke ntho e ’ngoe eo re lokelang ho e lebella bohle, hobane ho 1 Ba-Korinthe 15:25, 26 ho ngoliloe hore: “Hobane e ka khona a buse, a tle a be a bee lira tsohle ka tlas’a maoto a hae. Sera se tlang ho felisoa morao-rao ke lefu [leo re le futsitseng ho Adama].”
17. Haeba e mong a e-shoa, kamorao ho “letsatsi” leo la kahlolo, ho tla be ho etsahala ka lebaka lefe, ’me e tla ba lefu la mofuta ofe?
17 Ho felisoa ha lefu la Adama leo re le futsitseng re ho tšoantšetsoa ka seo Jesu a sebelisitseng Johanne moapostola hore a se ngole. Ha e hlalosa “letsatsi la bofelo” bakeng sa tsoho ea batho, Tšenolo 20:13, 14 e re: “Leoatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntša bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahloloa ka mesebetsi ea hae. Lefu le lebitla tsa akheloa letšeng la mollo; ke lona lefu la bobeli.” Kahoo mang kapa mang ea tlang ho shoa lefatšeng kamorao ho moo a ke ke a shoa hobane a futsitse lefu ho Adama. O shoa ka baka la ho tlōla molao oa Molimo ka boomo ’me a etsa sebe. Lefu la hae ka baka leo e tla be e le “lefu la bobeli,” leo a ke keng a hlola a tsoha ho lona.
18. Jesu Kreste o lokolla batho lefung le liphellong life, ’me ka hoo ke eng ho bona?
18 Jesu Kreste o lokolla batho lefung la Adama feela le lebitleng le tloaelehileng la rōna, Haʹdes. O re tiiselitse sena ha a re: “Ke ’na oa pele le oa morao, ’me kea phela. . . . Ke na le linotlolo tsa nqalo ea bafu le tsa lefu.” (Tšen. 1:17, 18) Kahoo, ka lebaka le utloahalang, Jesu a re ho Maretha: “Ke ’na tsoho le bophelo.”—Joh. 11:25.
19. Ke monna ofe ea tsebisahalang ka mamello ea hae ea tla ba har’a ba tsositsoeng, ’me o ile a lakatsa ho epeloa Sheol ho fihlela neng?
19 Har’a ba tla sebelisetsoa senotlolo sa nqalo ea bafu (kapa, Sheol ka Seheberu) ke Morena Jesu Kreste, ke monna ea tsebisahalang ka mamello ea hae. Enoa ke Jobo oa naha ea Utse Bochabela bo Hare ba boholo-holo. Ka baka la malimabe a ntseng a hloellana holim’a rōna kajeno, ba bang ho rōna ba ka ’na ba ikutloa joaloka Jobo ’me ba lakatsa eka ba ka be ba shoele ’me ba epetsoe Haʹdes, kapa Sheol. Empa re lokela ho ba le seo Jobo a bileng le sona, tumelo tsohong. O tsebile hore ha hona ho etsahala “letsatsing la bofelo,” o tla lokoloha likhathatsong tsohle tsa hona joale tsa batho. Haeba a ne a ka robala lefung ’me a epeloa, o ne a tla phomola ho fihlela “leholimo” kapa matla a phahametseng motho a laolang batho hona joale a feta. Ho feta ha oona ho tla lumella phetoho e babatsehang ea maemo a lefatše tlase mona. Kahoo, Jobo a rapela Jehova Molimo.
20. Ho ea ka Jobo 14:12-15, Jobo o ile a rapella eng ho Molimo?
20 “Motho le eena o ee a robale, ’me ha a sa tsoha; . . . ho ke ke ha tsohuoa ke motho, a ke ke a phaphama borokong ba hae. Jo! hola u ka mpata nqalong ea bafu! Hola u ka nkoahela teng, khalefo ea hao ea ba ea feta, ua mpeela letsatsi leo u tla nkhopola ka lona. Hoja motho ea shoang a ka boela a phela, ke be nka mamella ka matsatsi ’ohle a ntoa ea ka [ka baka la ho lumella ha Molimo bokhopo], ho be ho fihle se seng bakeng sa ka; u no u tla bitsa, ke ne ke tla araba, ’me u ne u tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao!”—Jobo 14:12-15.
21. Jobo o ne a batla ho bona ho fetoha hofe ha sefahleho, ’me o ne a tšepile hore “molopolli” oa hae a mo etsetse eng?
21 Nakong ea mahlomola a Jobo, o ne a sa bone sefahleho sa Molimo e le se mo emelang Na le rōna kajeno ka linako tse ling re ee re ikutloe hore, ka baka la khathatso eo Molimo o lumellang hore e re oele, o re shebile ka mokhoa o sa re amoheleng, ’me re lakatse ho bona sefahleho sa hae se fetoha ho rōna? “Letsatsing la bofelo” le tlang, tsoho ea bafu ba tsoang Sheol kapa Haʹdes e tla ba teng, ’me eona ’nete eo e tla bolela hore Jehova Molimo o sheba batho ba lopolotsoeng ka mohau. Jobo o ne a lumela hore tsoho e tla ba teng bakeng sa hae le ba bang batho hobane ho le teng “molopolli” e mong ea neng a tla fana ka theko ea ho mo reka hape ‘ntoeng ea hae ea nakoana’ eo a neng a rekisitsoe ho eona.
22, 23. (a) Ke ka baka la ho tšepa eng Jobo a neng a lumela hore ho teng ea tla fana ka motheo oa tsoho ea hae? (b) Jobo o ne a lebelletse “molopolli” enoa hore a tle neng, ’me Jobo o ne a lebelletse ho bona sefahleho sa mang sa mohau?
22 Jobo o ne a tšepile Jehova ka baka la botšepehi ba hae ba botho ho sa tsotellehe banna ba neng ba mo nqosa ka bohata. Kahoo, a ikutloa a kholisehile hore ho tla ba teng “molopolli” oa hae. “Molopolli” enoa o ne a tla hlaha ka morao ho lefu la Jobo, empa Jobo o ne a tla itšiela tlaleho e ntle hore “molopolli” enoa a ka inahanela eona. Ka tšepo ea hore “molopolli” ea tlang o ne a tla fana ka motheo oa tsoho, Jobo a re:
23 “Empa kea tseba hobane Molopolli oa ka oa phela, le hobane qetellong o tla ema lefatšeng. ’Me leha letlalo la ka le senyehile [ke ho eboha], ke tla bona Molimo ke se ke se nameng. Ke tla o bona e le moemeli oa ka; ke tla o bona ka mahlo a ka, e seng ka a e mong. Pelo ea ka e hlolohetsoe hoo fubeng sa ka,” ka baka la boholo ba se lebelletsoeng.—Jobo 19:25-27.
24. “Molopolli” eo Molimo o faneng ka eena o ile a amana le batho joang, ’me enoa o ile a fana ka eng e le “topollo ea ba bangata”?
24 Kahoo, Satane Diabolose a ke a tsoele pele ho thetsa batho hore ke ba sa lokeloeng ke tsoho ka baka la ho hloleha ho hlahisa banna le basali ba tla tšepahala ho Molimo. Tsoho ea batho ba shoeleng e tla etsahala “letsatsing la bofelo” le boletsoeng ke Maretha oa Bethania. Hobane’ng? Hobane Molimo, o sa thatafalloeng ke letho, o hlahisitse “molopolli” Mora oa hae ea tsoetsoeng a inotši ea ileng a amana le batho ka ho tsoaloa e le motho ea phethahetseng. O bile lefatšeng ka nakoana, e seng hore a sebeletsoe, “empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae [ba botho] ho ba topollo ea ba bangata.” (Matt. 20:28; Mar. 10:45) Hona ha bulela Molimo tsela ea hore o fane ka matla a tsoho ea ba bangata ho latela kamoo ba lopolotsoeng kapa ba rekiloeng ka lefu la sehlabelo la Jesu Kreste.
25. Ke hobane’ng ha “letsatsi la bofelo” e se la ho qetela batho ba phela, ’me, ka “letsatsi” leo, Molimo o tla etsetsa batho eng?
25 Ka baka leo, ‘letsatsi la bofelo’ ha le bolele letsatsi la ho qetela batho ba phela, joalokaha “letsatsi” leo e le leo ka lona tsoho ea batho ba lopolotsoeng e etsahalang tlas’a puso ea Kreste ea lilemo tse sekete. Lena e tla ba ‘letsatsi la bofelo’ kamor’a hore ka matsatsi a mang a fetileng Molimo o ile oa lumella sebe le lefu li buse holim’a batho ba ka baloang ka limillione tse se nang palo ba ntse ba theohela Sheol, kapa Haʹdes. Leo e tla ba “letsatsi” leo ka lona Molimo o tlang ho nka batho ba lopolotsoeng e le ba hlakoletsoeng libe tsohle tsa bona tsa nakong e fetileng le ho ba ruta litlhokahalo tsa oona tse lokileng hore ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng.—Esa. 26:9; Ba-Roma 6:7.
26. (a) ‘Sebaka se loketseng’ Kreste e ne e le sefe mabapi le tsoho? (b) 1 Ba-Thessalonika 4:16 e bontša joang hore tsoho e tla ba teng ea ba bang ho latela sebaka, boemo kapa bohlokoa?
26 Kahoo, ho ne ho hlokahala hore “molopolli” a shoe a be a tsohe pele tsoho ea batho e ka ba teng bao ho neng ho hlokahala hore ba lopolloe. Kahoo tsoho ea Jesu Kreste Molopolli ea ipaka e le ea pele boemong. A tsosetsoa ‘sebakeng sa hae se mo loketseng’ ha ho u-oa ka bohlokoa ba libaka. Ho feta moo, tsoho ea ba bang ka tatelano ea libaka e tla ba teng kapa ho ea ka bohlokoa ba libaka, pele ho tsoho ea Jobo, masea a ileng a bolaoa a Bethlehema le bafu ba bang ba batho. Hona re ho hlokomelisoa ka mantsoe a bululetsoeng a ngotsoeng ho 1 Ba-Thessalonika 4:16, e balehang tjena: “Ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.” Ke bo-mang ba tla kopanela tsohong ea pele, hona e tla etsahala neng, joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Inahanele thabo ea ho amohela hape banna ba tšepahalang ba boholo-holo, le thabo ea bo-mmè ba tla amohela hape masea a bona a ileng a bolaoa ke Heroda!