China le Bokreste
LIKETE-KETE li etela China—selemo sena ho hakanngoa baeti ba mehahlaula ba 10 000. “Seo u tla se fumana,” kamoo ho tlalehang sehlooho sa taba sa mehahlaula ho The Wall Street Journal, “ke likamore tse kholo, literene tse khathollang, lifofane tse tletseng ka tloaelo, . . . tee e ntle le ba bang ba batho ba mosa haholo le ba botsoalle bao u ka teanang le bona kae kapa kae.” Empa bolumeli bona ho thoe’ng ka bona, ’me, haholo-holo, Bokreste?
Bolumeli ha bo ratehe—ha e se feela “bolumeli bo bofubelu.” Bokreste hona joale bo batla bo le sieo ho hang. Tokollo ea litaba ea “Associated Press” e tsoang Peking selemong se ka pele ho se fetileng ka la 31 Phupu e hlokometse hore; “Likereke tse ngata li fetoletsoe mesebetsing e meng, e kang likolo, likarache kapa matlo a polokelo. Ho teng likereke tse peli tsa Bokreste Peking, haholo-holo li sebelisetsoa baeti le basele hona joale. E ’ngoe ke ea Roma K’hatholike ’me e ’ngoe ke ea Boprostanta.”
Ke hobane’ng ha Jesu le lithuto tsa hae a thahaselloa hanyenyane joalo? Bokomonisi China, koana, bo hatelletse bolumeli bo joalo. Empa ho ameha ho fetang moo. Likereke li emetse lithuto tsa Kreste hampe, joaloka New York Times ea la 15 Pherekhong, 1979, e re: “Setšoantšo sa moromuoa oa Bophirimela se tšoantsitšoe le lipolotiki tsa Bophirimela ha e sa le baromuoa ba pele ba Presbyteriane, Methodiste le Roma K’hatholike ba kena naheng ho isa qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo.”
E, baromuoa ba bangata ho bonahala ba ile ba sebeletsa haholo e le babuelli ba mebuso ea habo bona ea bosechaba ho feta ba ’muso oa Molimo. Ho latela tlaleho ea pelenyana ea New York Times, seboka sa lichaba tsohle sa thuto ea tsebo ka Molimo se ile sa bua ka bohloko hore: ‘Ke bomalimabe hore Bokreste e le bolumeli ba molao ba Bophirimela bo ile ba lokafatsa litsela tse sa tšoaneng tsa mebuso e fapa-fapaneng ea bohatelli.’
Ka Phuptjane, 1947, leha ho le joalo, baromuoa ba babeli ba Bakreste ba mofuta o fapaneng ho hang le oa baromuoa ba likereke tsa Bojakane, ba kena China. E ne e le Harold King le Stanley Jones, barutuoa ba sehlopha sa borobeli sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade. Ba ikopanya le sehlopha se senyenyane sa Lipaki tsa Jehova se Shanghai, China, ba kopanela le sona ho boleleng ka ’muso oa Molimo ka ntlo le ntlo.
Kamor’a nako, Stanley Jones a kopana le mosali oa lelapa Nancy Yuen ha a ntse a e-ea ka ntlo le ntlo. Le hoja monna oa hae a ne a sa thahaselle Bibele, Nancy o ne a e thahasella, ’me a phakisa a bona phapang pakeng tsa Bojakane le thuto e theiloeng Bibeleng ea Lipaki tsa Jehova. A phakisa ea e-ba Paki e mafolo-folo ka boeena. A tsoela pele ka potlako, a ipakahatsa e le ea chesehang haholo boboleling ba ntlo le ntlo le ho tsamaiseng lithuto tsa Bibele, tsohle ka puo ea Sechaena.
Qalehong ea bo-1950, ba bangata hoo ba ka bang 175 ba ne ba e-ba teng libokeng Shanghai, le hoja mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova e ne e beetsoe lithibelo. Joale, ka 1956, Nancy Yuen a tšoaroa ’me a bolokoa ke ba boholong. Ha King le Jones ba botsa hore na o phela joang, ba hobosoa ka mantsoe a reng: “Ena ke taba ea Machaena. Shebanang le tsa lōna.” Lilemo tse peli hamorao, King le Jones ka bobona ba tšoaroa, ’me ba lula lilemo tse hlano le tse supileng ka ho hlahlamana literonkong tsa China pele ba lokolloa le ho lelekoa.
Empa Nancy Yuen eena ho thoe’ng ka eena? Re lumela hore u tla fumana pale e latelang ka eena e le e hapang thahasello.