Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 1/15 maq. 13-18
  • Ho Bolela Lefatšeng le Khopo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela Lefatšeng le Khopo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO LATELA MOHLALA OA LEKHOLO LA PELE LA LILEMO
  • LEKHOTLA LA “LITSIE” LEA ATAMELA
  • HO HLŌLA HLORISO
  • ‘KA NTLO LE NTLO’ LEFATŠENG KA BOPHARA
  • Ho Bolela ka Ntlo le Ntlo—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hona Joale?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Letsatsi la Jehova le Haufi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Hopola Letsatsi la Jehova ka Mehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 1/15 maq. 13-18

Ho Bolela Lefatšeng le Khopo

“Lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo. Empa ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha. Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Matt. 24:12-14.

1. Ngatafalo ea bokhopo e jele setsi hakae lefatšeng la kajeno? (2 Tim. 3:1-5)

NA U bona tlolo ea molao e ngatafetse kajeno? Likarolong tse ngata tsa lefatše ho hlompholla molao le taolo ho ntse ho phahamela ho ba moroallo. Bonokoane bo tletse hohle metseng e mengata e meholo. Ha ho sa sireletsehile ho tsamaea literateng. Lilemong tsa morao tjena, mebuso e mengata e lihiloe ke bofetoheli, ’me e meng e itlhomella ka thata ho loantša borabele ba ka hare ho eona le litšokelo tse tsoang ka ntle. Le lona lefatše la Bokomonisi le na le mathata, kaha bochaba bo phahamela “kopano” ea tulisano.

2. Bokhopo bo kenelletse hakae ho busa lihlopha tse ngata tsa Bojakane?

2 Ho thoe’ng ka Bojakane? Joalokaha Jesu a ile a profetela mehla ea rōna, “ngatafalo ea bokhopo” e bile le phello e senyang lihlopheng tse ngata tsa bona. Bibele, e buellang hlompho e loketseng bakeng sa molao le taolo, hona joale ba bangata ba e nka e le “e fetiloeng ke linako.” Likereke tse ngata li nkile leoto le batho ba lumellang tsohle ba kajeno, li iphoufaletsa boitšoaro bo bobe, bosodoma le litšila—kahoo li hlahisa tholoana ea Bakreste ’motoana, ba mofuta o ke ‘keng oa e-ja lefa la ’muso oa Molimo.’—Matt. 24:12; 1 Ba-Kor. 6:9, 10.

3. Ba khopo ba lekile joang ho kenella phuthehong ea Bokreste, ’me Jesu o re’ng ka batho ba joalo?

3 Batho ba khopo ba se ba bile ba lekile le ho kenella ka phuthehong ea ’nete ea Bokreste, ba phea khang hore ‘boteng bo tšepisitsoeng’ ba Morena oa rōna ha bo mehleng ena. Ba soma baholo le ho hanyetsa ho khetha ha Morena “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” hore a hlokomele lithahasello tsa ’Muso oa hae lefatšeng. (2 Pet. 3:3, 4; Matt. 24:45-47) Batho ba mofuta ona ba kopanyellelitsoe temosong ea Jesu e tlalehiloeng ho Mattheu 7:15-23: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang. . . . Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla, ntloheleng, lona ba sebetsang bokhopo.”

4. Re khothalletsoa ho hlaolela tšoaneleho efe, ’me re ka e bontša joang?

4 Leha ho le joalo, Jesu o boletse ka “ba kang linku” e le kannete hore: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” Re ka bontša joang hore re na le mamello ea mofuta oo? E, ka ho kopanela ho phethahatseng mantsoe a tsoelang pele a Jesu hore: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle, ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Matt. 24:13, 14) Ke ka mamello ea rōna ho boleleng “Evangeli ena ea ’muso” re tlang ho fumana polokeho.

5. (a) Ke hobane’ng ha ho ka thoe ha re bang mosebetsing oa rōna? (b) Ke boahloli bofe bo etsoang hona joale, hona ke mang?

5 Ha re etse mosebetsi ona re le bang, kaha boprofeta ba Jesu ka ‘bofelo ba tsamaiso ena ea lintho’ bo tsoela pele ho re bolella hore “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae.” O laola mosebetsi oa ho ahlola a le maholimong a sa bonahaleng, oo ho oona a arolang batho ba lichaba “joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.” Mosebetsi ona oa ho arola o fihlisoa tlhorong ke ‘mahlomola a maholo,’ e leng nakong eo ka eona “lipōli” tse sa arabeleng li eang “bohlokong bo sa feleng,” ha “linku” tse utloang li memeloa ho rua ’muso oo Ntate a li lokiselitseng oona “ha e sa le lefatše le theoa.”—Matt. 24:3, 21; 25:31-46.

6. (a) “Linku” le “lipoli” li entsoe hore li ikhetholle joang? (b) Tsamaiso ea mangeloi ea tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo e ’nile ea bontšoa joang hangata?

6 “Linku” le “lipoli” li ikhetholla joang? Hona ke tholoana ea mosebetsi oa bopaki o etsoang lefatšeng ke “baena” ba tlotsitsoeng ka moea ba morena le metsoalle ea bona, mosebetsi o fihlang “pheletsong ea lefatše.” (Lik. 1:8) Haholo-holo, ona e bile phutuho ea lefatše lohle ea ho bolela ka ntlo le ntlo. Mosebetsi o joalo o fella ka karabelo e ananelang linthong tsa moea e boleloang ke mantsoe a Morena ho sehlopha sa “linku,” a re: “Ke na be ke le moeti, ’me la nkenya tlung ha lōna.” (Matt. 25:35) O nka ho amohela ha bona “baena” ba hae e le ntho e ’ngoe e etsetsoang eena. Ho fapane le kamohelo e etsoang ke batho ba manganga ba sa eleng litaba tsa moea hloko Mosebetsi ona oa ho arola ruri o ntšelitsoe pele tlas’a tsamaiso ea mangeloi. (Matt. 25:31, 32) ’Me tumellanong le oona e bile thuso ea mangeloi ho boleleng ‘litaba tse molemo,’ hobane ke hangata hakaakang ho etsahalang hore motho ea tiileng a rapelle thuso ho Molimo, hore feela a fumane e mong oa Lipaki tsa Jehova a eme monyakong oa hae! Hona ke hakae Lipaki li ’nileng tsa tsamaisoa ke maemo a mang a sa tloaelehang ho ea ntlong eo thuso ea moea e hlokoang ka ho fetisisa. Re hlokometse ho tšehetsoa ke mangeloi a leholimo a mangata-ngata, e se eka re ke ke ra tlohela ho batla batho ba tšoanelehang ka boboleli bo chesehang ba ntlo-le-ntlo.

HO LATELA MOHLALA OA LEKHOLO LA PELE LA LILEMO

7. (a) Ke eng se bontšang hore Bakreste ba pele ba ne ba tšoarehile ka matla bopaking ba “pontšeng le ka matlung”? (b) Ke papiso efe e ’ngoe e ka etsoang pakeng tsa Bakreste ba lekholong la pele le ba kajeno?

7 Har’a Bakreste ba pele ho ne ho se teng karohano ea baruti le phutheho. Balumeli bao ba neng ba lumela ho Morena Jesu Kreste e ne e se phutheho feela e lutseng litulong. E ne e le banna le basali ba sebetsang, ba amehile ka matla ho pakeng “pontšeng le ka matlung.” (Lik. 20:20) Ba hla ba ‘tlatsa Jerusalema ka thuto ea bona’ ’me ba bolela litaba tse molemo “ho babopuoa bohle ba tlas’a leholimo.” (Lik. 5:28; Ba-Kol. 1:23) Ba ile ba atleha hobane, joalokaha mongoli oa lipale E. Arnold a hlokomela bukeng ea hae The Early Christians, a re: “Le litho tseo e neng e le batho feela ka ho fetisisa har’a bona e ne e le manqosa, ba jala ’nete eo ba e abetsoeng.” Ho lokela ho be joalo kajeno, hobane mantsoe ao a Pauluse a sebetsa ho Bakreste bohle ba lumelang: “Motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.” ’Me hape phello ke hore ba bangata ba utloa ‘litaba tse molemo,’ hobane, “tumo ea bona e ile ka lefatšeng lohle, ’me lipolelo tsa bona li utloahetse ho fihlela lipheletsong tsa lefatše.”—Ba-Roma 10:10, 18.

8. Ke phapang efe e matla e ka bonoang pakeng tsa litumelo tsa Bojakane le Bokreste ba ’nete?

8 Molaetsa oa boprofeta oa Bakreste ba ’nete o fapane hakaakang le litšebeletso tse tloaetsoeng tsa Bojakane! Mongoli oa lipale H. G. Wells o hlokometse phapang ena ho Outline of History ea hae, ka mokhoa o latelang:

“Hoa hlokahala hore re hopotse ’mali ka phapang e tebileng pakeng tsa Bokreste bona bo tsoetseng pele haholo ba Nicæa [ba 325 C.E.] le thuto ea Jesu oa Nazaretha. . . . Ho totobalang haholo ke hore thuto ea Jesu oa Nazaretha e ne e le thuto ea boprofeta ea mofuta o mocha o qalileng ka baprofeta ba Baheberu. . . . Phutheho feela ea eona e ne e le phutheho ea baboleli, ’me mosebetsi o moholo oa eona e ne e le polelo. Empa Bokreste bo hlōmetseng ka ho feletseng ba lekholong la bone la lilemo . . . haholo-holo e ne e le bolumeli ba baprista ba mofuta o neng o se o tloaelehile lefatšeng ka likete tsa lilemo. . . . ba e-ba le phutheho e hōlang ka potlako ea badiakone, baprista le babishopo.”

Bakeng sa thuto ea bona ea boprofeta kajeno, Bakreste ba ’nete ba na le litaba tsa bohlokoa tse molemo tsa ’muso o hlomiloeng, tse tlamehang ‘ho boleloa pele ho lichaba tsohle’ pele bofelo bo fihla.—Mar. 13:10.

9. Ke tšebeletso efe ea ntlo le ntle e qaliloeng ka 1919 e tsoelang pele ka katleho ho tla fihlela kajeno?

9 Ho boleloa hona ha kajeno ha ‘litaba tse molemo’ ho fumane matla a mangata kamor’a hore ho tsebisoe ka makasine e ncha ea The Golden Age kopanong ea Cedar Point, Ohio, U.S.A. ka la 5 Loetse, 1919. Makasine ena joale e bitsoa ka lebitso la Mangolo “Tsoha!” (Ba-Roma 13:11) E fetoha kofuto ea mosebetsi o khethehileng o tsebahatsoang ke Watch Tower Society kopanong eo:

“Mosebetsi oa THE GOLDEN AGE ke oa ho ea ka ntlo le ntlo ka molaetsa oa ’muso, ho boleloa letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna le ho tšelisa ba siameng.”

Ho tla fihlela kajeno, mosebetsi oa ntlo le ntlo ka Tsoha! hape le ka makasine ea Molula-Qhooa, ho tsoela pele ho ba mokhoa o molemo haholo oa ho fihla ho batho ka mehla ka ‘litaba tse molemo.’

10. Ke khoeletso efe e susumelletsang ketsong e fanoeng ka 1922, hona mosebetsi oa ntlo le ntlo oa kenyelletsoa joang?

10 Tšebeletso ea ntlo le ntlo ea Lipaki tsa Jehova e ile ea fumana matla a maholoanyane kopanong ea bobeli ea Cedar Point ka 1922, moo khoeletso ena e hopolehang ho ea mosebetsing e ileng ea boleloa:

Tsoelang pele hlabanong ho fihlela ha mosaletsa o mong le o mong oa Babylona e le lesupi. Bolelang molaetsa hole le ka bophara. Lefatše le tšoanela ho tseba hore Jehova ke Molimo le hore Jesu Kreste ke Morena oa marena le ’Musi oa babusi. Lena ke letsatsi har’a matsatsi. Bonang, Morena oa busa! Ke lōna baemeli ba hae ba phatlalatsang. Ka baka leo, tsebahatsang, tsebahatsang, tsebahatsang, Morena le ’muso oa hae.”

Letsatsi le leng la kopano eo le ile la beeloa ka thōko bakeng sa bopaki ba sehlopha ka ntlo le ntlo, ’me ha tlalehoa hore libuka tse 10 000 li ile tsa tsamaisoa ke baboleli ba ’Muso. Ho tla fihlela kajeno, mananeo a khethehileng a ho bolela ka ntlo le ntlo likopanong a phaella thabong ea ba kopaneng.

LEKHOTLA LA “LITSIE” LEA ATAMELA

11. (a) Lebotho la Lipaki le ile la tšoantšoa le eng ka Mangolong mosebetsing oa tsona oa ho bolela ka ntlo le ntlo? (b) Mosebetsi ona oa “litsie” o amme (i) baruti, (ii) batho ba lipelo li tšepehang joang?

11 Nakong ea bo-1920 le bo-1930 bopaki bona bo matla ka ntlo le ntlo bo ne bo tšoana le kotlo ea litsie tse futuhileng tse fetang Bojakaneng. Joalokaha Tšenolo 9:7-10 e ho bolela, “sebopeho sa litsie tseo se ne se tšoana le sa lipere tse lokiselitsoeng ntoa; . . . ’me molumo oa lipheo tsa tsona o no o le joale ka molumo oa makoloi le oa lipere tse ngata tse mathelang ntoeng. Li na le mehatla e joale ka ea liphepeng.” Lebotho le “matla” la Lipaki tse chesehang la tlala metse le metsana ea Bojakane, le pepesa lithuto tse fosahetseng le mekhoa ea boikaketsi ea bolumeli. Hona hangata ho hlaba baruti hore ba hanyetse. “Litsie” tse ikentseng lebotho tsa fana ka tlhokomeliso ka ho atamela ha letsatsi la liphetetso la Jehova ho banyefoli bohle ba lebitso la hae, ’me la tšelisa ba pelo bonolo ka molaetsa o molemo oa lefatše la paradeise e tlang ho khutlisetsoa tlas’a borena ba Molimo.—Esa. 61:2.

12. (a) Ke hobane’ng ha ‘mehla ena ea bofelo’ e se nako ea ho ikhotsofatsa? (b) Mantsoe a Joele ka lebotho la “litsie” a ka sebelisoa joang mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova?

12 ‘Mehla ena ea qetello’ ha se nako ea ho ikhotsofatsa (2 Tim. 3:1) Joalokaha moprofeta oa Molimo Joele a bolela: “Letsatsi la Jehova lea tla, le haufi.” (Joele 2:1) Le hoja lena e tla ba letsatsi la masoabi le mahlomola bakeng sa balumeli ba bohata, ba ratang Molimo ba ka thaba hona joale leseling la moea le kang “mafube a meso ha a aparela lithaba.” (Joele 2:2a) Joaloka lebotho la “litsie,” ba isa molaetsa oa ’Muso ka ntlo le ntlo. Moprofeta oa Molimo a hlalosa mosebetsi oa bona o chesehang ka mantsoe ana a matla:

‘Ho tla sechaba se matla, se seholo. Ho qala tšimolohong ha ho e-so ho be se ka ka sona, ’me kamor’a sona ha ho sa tla boela ho be teng se joalo ho isa lilemong tse sa eeng kae. Ka pele ho sona mollo oa chesa, le ka morao ho sona lelakabe lea timeletsa. Naha, ka pele ho sona, e joale ka tšimo ea Edene; ka morao ho sona ke sebataolo; ha ho letho le siiloeng ke sona.’ (Joele 2:2b, 3)

Ke ’nete, ha ho mohla ho kileng ha e-ba lebotho la moea le kang lipaki tsena tse tlotsitsoeng tsa Jehova! Li haotse lefatše, li pepesa ho fosahala ha bolumeli ba Babylona, li tlosa ponahalo leha e le efe e kang ea Edene sebakeng sa eona sa tšebetso, empa li tšelisa malapa ao a amohelang ‘litaba tse molemo.’ Ka Joele, Jehova Molimo o bua tjena ka lebotho lena la lipaki:

“Ba matha joale ka linatla, ba hloella lerako joale ka banna ba ntoa; . . . ba hloella matlung, ba kena ka lifenstere joale ka lesholu. . . . Jehova o phahamisa lentsoe la hae pel’a makhotla a hae, hobane makhotla a hae a maholo haholo, ’me mophethi oa lentsoe la hae o matla, hobane le leholo letsatsi la Jehova, le tšabeha haholoholo; ea ka le mamellang ke mang?” (Joele 2:7-11)

Li sirelelitsoe ke makhotla a mangeloi a leholimo, a mangata, ‘litsie’ tsena tsa moea li phethahalitse maeto a tsona a ntlo le ntlo. Batho feela ba li mametse ka thabo, ha ‘letsatsi le tšabehang la Jehova’ le atamela.—Bona Religion, likhaoh. 6 le 7 (1940 C.E.); hape The Watchtower, litokollo tsa June 15 ho ea ho July 15, 1939, tlas’a “Doom of Religion.”

13. Ke “lipere” life kajeno tse sebelelitseng e le kofuto ea lebotho la “litsie,” ’me ho felletse ka mosebetsi ofe o moholo oa bopaki ba ntlo le ntlo?

13 Moprofeta Joele o bone lebotho lena la ‘litsie’ e le le mathang joaloka “lipere” tse lokiselitsoeng ntoa, tse etsang molumo o kang oa makoloi a mangata a ntoa. (Joele 2:4-6) Baboleli bana ba ’Muso ke lebotho le leholo ka sebele, ha le phethahatsa ntoa ea moea, le bolela ‘ka ntlo le ntlo’! ’Me pono ea Johanne e tsoela pele ho hlalosa lipere tse palangoeng tse etsang “makhotla a ba kaletseng” a baloang ka “limiIlione tse makholo a mabeli”—200 000 000! (Tšen. 9:16-19) “Lipere” tsena e bile likofuto tse matla bakeng sa ho thusa ho bolela likahlolo tsa Jehova! Li tšoanelana hantle hakaakang le limillione tsa limillione tsa Libibele, libuka le limakasine tseo ‘litsie’ tsena li li tsamaisitseng lilemong tsee mosebetsing oa tsona oa ntlo le ntlo! (Bona “Then Is Finished the Mystery of God,” khaoh. 17.) Selemong sa 1978 feela, tsona, li e-na le “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9-17, li tsamaisitse matlung limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse 216 709 937. Boboleli ba ntlo le ntlo ba lebotho la ‘litsie’ ruri bo fana ka bopaki bo boholo.

HO HLŌLA HLORISO

14. Joele 2:7 e ka sebetsa joang mabapi le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova tse thibetsoeng?

14 Lira tsa ’nete li lekile ho thibela mosebetsi ona oa ho bolela. Linaheng tse ngata, babusi ba bosechaba ba boletse ho thibela mosebetsi ona oa “litsie.” Ba lekile ho haha “lerako” khahlanong le mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. Empa lebotho la “litsie” le hloa marako a joalo ‘joale ka banna ba ntoa.’ Metseng e meng moo mosebetsi o thibetsoeng, batho ba libakeng tseo ba thahasellang ba ikopantse le Lipaki, ba ba isa malapeng ao ba tsebang hore batho ba teng ba botsoalle. Ka linako tse ling ba pakela lelapa le le leng kapa a mabeli karolong e le ’ngoe ebe joale ba ea ho e ’ngoe ho ea etsa joalo karolong ea matlo a mang. Hangata ba paka ba nkile Bibele feela. Linaheng tse ling Lipaki li ntšetsa pele mosebetsi o sa rereloang ka mokhoa o molemo, ha li ntse li laba-Iabela letsatsi leo litlamo tse ba thibelang li tla tlosoa, e le hore li ka ea ka bolokolohi ka ntlo le ntlo hape.

15. Lekhotla le Phahameng la Linaha tse Kopaneng tsa Amerika le ile la tšehetsa boboleli ba rōna ba ntlo le ntlo joang?

15 Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, baruti ba bolumeli Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika ba etsa sohle se matleng a bona hore mosebetsi oa ntlo le ntlo oa Lipaki tsa Jehova o thibeloe. Leha ho le joalo, ka makhetlo a mangata, Lekhotla le Phahameng la Linaha tse Kopaneng tsa Amerika la lumela hore ho bolela ka ntlo le ntlo hona ho ne ho tšehetsoa ke litokelo tsa molao oa motheo tsa ho rapela ka bolokolohi ho bua le ho ngola ka bolokolohi. Le hlokomelisa ka motheo oa Mangolo oa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova, Lekhotla le Phahameng la re: maikutlong a lona a maholo nyeoeng ea Murdock v. Commonwealth of Pennsylvania, ka Motšeanong 1943:

“Li ipolela hore li latela mohlala oa Pauluse. li ruta ‘pontšeng, le ka matlung.’ Liketso 20:20 Li nka ka mokhoa oa sebele taelo ea Mangolo, ‘E-eang ke hona lefatšeng lohle, ’me le bolele molaetsa ho libopuoa tsohle.’ Mareka 16:15. . . . Mokhoa ona oa boevangeli o sebelisoa kajeno tekanyong e kholo ke lihlopha tse sa tšoaneng tsa bolumeli tseo baemeli ba tsona ba isang Molaetsa ho malapa a baloang ka liketetsa-likete ’me ka ketelo ea botho li batla ho hapa batšehetsi tumelong ea tsona. Ke ho hoholoanyane ho ho bolela, ho ho holoanyane ho ho tsamaisa lintho tse ngotsoeng tsa bolumeli. Li kopantsoe ka bobeli.”

Kannete, lebotho la “litsie” le metsoalle ea lona le atlehile ho hloella marako a molao ao lira li neng li leka ho a hahela lona ka mosebetsi oa lona oa ntlo le ntlo.

‘KA NTLO LE NTLO’ LEFATŠENG KA BOPHARA

16. (a) Ke tšebetso efe ea mangeloi eo joale e nkileng tšimo ea lefatše? (b) Ke hobane’ng ha mekhoa ea ho “bolela” ea baromuoa ba Bojakane e ipakile e sa atlehe?

16 Ha a hlalosa se seng ho litšoantšo tsa hae, Jesu o itse: “Tšimo ke lefatše; . . . kotulo ke bofelo ba lefatše; bakotuli bona ke mangeloi.” (Matt. 13:38, 39) Moapostola Johanne a boela a bona ponong mosebetsi oa mangeloi ‘nakong ena ea bofelo,’ ’me kahoo a ngola:

“Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a leholimo, le tšoere Evangeli ea ka mehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatšeng, le lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle; la re ka lentsoe le phahamileng: Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile; ’me le khumamele ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le liliba tsa metsi. Lengeloi la bobeli la latela, le re: O oele, o oele, Babylona, motse o moholo, hobane o noesitse lichaba tsohle veine ea bohale ba bootsoa ba oona.” (Tšen. 14:6-8)

Batho bohle ba ne ba ka tsebisoa joang ka litaba tse molemo tsa ka ho sa feleng ka puso ea ’Muso oa Molimo, le ka ho oa ho haufi ha ’muso o moholo oa lefatše oa bolumeli ba bohata le timetso ea bona? Na e tla ba ka mokhoa oa Bojakane oa ho ea ho tseo ho thoeng ke linaha tsa “bohetene,” bo haha likolo, lipetlele le litsi tsa phallelo le ka hore ka seoelo ho bolelloe “Bakreste ba qekoang ka melemo” ba tlang teng? Che, hobane mekhoa e joalo ho hang e ne e ke ke ea atleha. Ha e-ea atleha, ’me bolumeli ba Bojakane, boo e bileng molekane ho laoleng lithunya le lintoa tsa bokoloni ho theosa le makholo a lilemo, bo khesoa haholo linaheng tse ngata tseo e seng tsa Bokreste tsa lefatše.

17. Ke mekhoa efe e sebelisitsoeng ke baromuoa ba Lipaki tsa Jehova, hona ka phello efe?

17 Mangeloi a leholimo a tsamaisitse mosebetsi o fapaneng haholo oa boromuoa lilemong tsa morao. Ho tloha ka selemo sa 1943, Lipaki tsa Jehova li tsamaisitse Sekolo sa Bibele sa Watch Tower sa Gileade (se qalileng South Lansing, New York, U.S.A.) ka morero feela oa ho koetlisa baromuoa bakeng sa tšimo ea lefatše. ’Me baromuoa bana ba rōmiloe, ho ea bolela “pontšeng le ka matlung,” ba tsamaisa lithuto tsa mahae tsa Bibele le ho bokella batho ba thahasellang ho ba etsa liphutheho tse ncha. Na ho bolela ‘ka ntlo le ntlo’ hona ho atlehile? Ho atlehile kannete. Ka 1943, ba 126 329 ho Lipaki tsa Jehova linaheng tse 54 le libaka tsa lefatše ba ne ba sebeletsa liphuthehong tse 6 310. Ka 1978, lilemo tse 35 hamorao, ho ne ho le teng Lipaki tse mafolofolo tse 2 182 341, linaheng tse 205, li hlophisitsoe ka liphuthehong tse 42 255.

18. (a) Na bopaki ba ntlo le ntlo ke ba bohlokoa kajeno, ’me u arabela joalo hobane’ng? (b) Batho ba Jehova ba lokela ho inka joang mabapi le karolo ea bona mosebetsing oa kahlolo? (c) Re ka etsa joang ho tiisetsoa thabo qetellong?

18 Ha ‘nako ea kahlolo ea Molimo’ e tla e potlakile, le mosebetsi ona oa ntlo le ntlo ka lōna bao e leng baromuoa linaheng tsa habo bona le bao e leng baromuoa linaheng lisele le lokela ho potlaka ho isa qetellong ea oona. (Tšen. 14:7) Le hoja kajeno batho ba bangata ba ka ’na ba bontša boikutlo bo kang ba “lipōli,” “linku” li sa le teng tse emeng tšimong ea lōna. Ha ka sebete le tsoela pele le mosebetsi oa lōna oa ntlo le ntlo, mangeloi a leholimo a tla bona hore le isoa ho “linku” tsena. Morena ea beiloeng teroneng, Kreste Jesu, ke Moahloli. Re mpa feela re le bahlanka ba ikokobelitseng ba neiloeng tokelo ea ho ba le karolo mabapi le mosebetsi oa hae oa ho ahlola, ’me re ka etsa joalo ka ‘ho bea bopaki bo phethahetseng le ho ruta pontšeng le ka matlung.’ (Lik. 20:20, 21) Haufi metse e khopo ea Bojakane le ea lefatše lohle ‘e tla heleha e hloke baahi.’ Joale, ho tla thaba ba ileng ba arabela pitso ea ho ea tšebeletsong ea Jehova, ba re: “Ke ’na enoa, roma ’na!”—Esa. 6:8-11.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela