“Ba Koenehetseng Jehova ba ea Timela”
Mehleng ea moprofeta Esaia, baahi ba bangata ba Jerusalema le naha ea Juda ba ne ba sa tšepahale ho Jehova Molimo oa bona. Ba ne ba qoetse mekhoeng ea borapeli ba litšoantšo. Ka baka leo, ke ho bona Jehova a ileng a tobisa mantsoe ana ka Esaia: “Empa bahanyetsi le baetsalibe ba tla thuhoa hammoho, ba koenehetseng Jehova ba ea timela. Hobane le tla hlajoa ke lihlong ka baka la lifate tsa lieike tseo le li thabelang, le tla ’ne le soabe ka baka la lirapa tsa lifate tseo le khahlisoang ke tsona.”—Esa. 1:28, 29.
Ka lirapeng kapa lifateng tse halalelang tsa litholoana batho ba ne ba tla nyehela mahlabelo le ho chesa mekubetso ba li etsetsa melimo ea bohata. (Esa. 65:3; 66:17) “Lifate tsa lieike” le tsona li ne li nka karolo borapeling bo joalo ba litšoantšo. Nakong ea ha ho phethahatsoa kahlolo tsa Jehova, lifate tse halalelang le lirapa li ne li tla ipakahatsa e le ntho eo barapeli ba litšoantšo ba ka bang lihlong ka eona. Melimo eo ba neng ba e sebelelitse e ne e tla sitoa ho ba sireletsa kapa ho ba qobeletsa letsatsing la bohale.
Boprofeta ba Esaia bo tsoela pele: “Mohlang oo, le tla ba joale ka sefate sa eike seo mahlaku a sona a hlohlorehileng, le joale ka tšimo e se nang metsi.” (Esa. 1:30) Kahoo ha ho fetisetsoa setšoantšo sa “lifate tsa lieike” le “serapa” ho barapeli ba litšoantšo, boprofeta bo bontša kamoo batho ba sa tšepahaleng ba neng ba tla ‘omella’ ke mocheso oa bohale ba Molimo, ba hloka metsi joaloka serapa nakong ea komello. Boprofeta bo tsoela pele ho bolela hore, “morui [morapeli oa litšoantšo] o tla fetoha toala [joaloka likarolo tse chang, tse robehileng, le tse hoashang tsa lekhala], mosebetsi oa hae [molimo oa setšoantšo] e be hlase ea mollo; ba tla cha hammoho [morapeli oa setšoantšo le molimo oa setšoantšo], ea ba timang o tla hlokahala.” (Esa. 1:31) Hona ke temoso e matla hakaakang khahlanong le borapeli ba litšoantšo! Ntle ho pelaelo, ‘ba koenehelang Jehova ba tla timela.’