Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 3/15 maq. 19-26
  • “Mohope” oo Lichaba Tsohle li Tla o Noa Letsohong la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mohope” oo Lichaba Tsohle li Tla o Noa Letsohong la Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “NEBUKADREZARE, MORENA OA BABYLONA, MOHLANKA OA KA”
  • HO NOSA “MOHOPE” LICHABENG TSOHLE
  • KABELO E ETSANG HORE LICHABA LI ITŠOARE ‘JOALOKA MAHLANYA’
  • Tseko ea Jehova le Lichaba
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Buka ea Bibele ea 24—Jeremia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho se Nke Lehlakore ha Bokreste ha Ntoa ea Molimo e Atamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ho Sebeletsa Molimo “Karolong e Qetellang ea Matsatsi”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 3/15 maq. 19-26

“Mohope” oo Lichaba Tsohle li Tla o Noa Letsohong la Molimo

1. Ha ho talingoa bokamoso bo bolelang tlokotsi, re qobelloa ho botsa potso efe ka kabelo e tšoaretsoeng batho hore ba e noe?

PONAHALO ea litaba tsa lefatše e nkile boemo bo bolelang tlokotsi hakaakang molokong oa rōna! Ho latela se boleloang ke batho ba nang le tsebo ka phetoho ea litaba tsa lefatše, hoo ho thoeng “ke qetello ea lichaba” ha se letho le thabisang ho nahana ka lona. Ruri e tla ba kabelo e babang hore batho ba e noe. Har’a tlhōleho e ntseng e tsoela pele ea batho ba tsielehileng ka boiteko ba bona ho qhela koluoa ea lefatše, re ikutloa re susumeletseha hore re botse, Na Matla a mang a Phahameng ka Bohlale, e, Molimo, a kentse letsoho tabeng?

2. Ke joang sehlooho sa Pesaleme ea 75 le litemana tsa eona ea bosupa le ea borobeli li re beelang ho hong habohlokoa kajeno?

2 Mona polelo ea bohlokoa pineng ea boholo-holo e-ea hopoleha. Ho ea ka sehlooho sa pina, e ne e tla bineloa molumo o reng “U se ke ua senya.” Sechaba sa Iseraele seo moqapi oa pina e neng e le oa habo sona ha sea ka sa felisoa ho hang le lichaba tse haufi, empa, tlas’a Mohau oa Molimo, sa hlaha hape. Kahoo re na le pina e loketseng mehla ea rōna hantle, eo litemana tsa eona tsa borobeli le bosupa li re khahlang haholo hona joale, hobane li re: “Ke Molimo o ahlolang: o kokobetsa e mong, ’me e mong o mo phahamise. Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho oona, e tletse litsoako; o tšela ka oona, ’me banyefoli ba lefatše ba tla noa ho oona, ba be ba noe le litšifa.”—Pes. 75:7, 8 le sehlooho; bona hape The Jerusalem Bible.

3. Ho ea ka kabelo eo lichaba li qobelloang ho e noa, Jehova o li ahlola e le eng, ’me re ka pholoha ho noa le tsona joang?

3 “Mohope” oo lichaba tsohle li tla noa ho oona nakong ena e tlang o tšetse kabelo e babang ho feta tsohle tseo li kileng tsa li noa. Seo re ka ithutang sona ka pale ea nako e fetileng le hona joale li supa joalo. ’Nete ea hore lichaba tsohle li tlameha ho noa kabelo e bupetsang joalo ho tiisa hore Molimo, “Morena oa lichaba,” o li ahlola e le tse “khopo.” (Pes. 75:8; Jer. 10:7) Kahoo, letsohong la hae, ba tla qobelloa hore ba noe litšifa tse tsoang ‘mohopeng’ oa veine e phophomang e tsoakiloeng ka matla. Empa ho thoe’ng ka rōna ba nang le tšepo ea bokamoso bo thabileng? Re ka qoba joang ho noa le lichaba tse tsuong kabelo eo e bolaeang e tsoang ka ‘mohopeng’? Ka ho utloahalang, ho hlokahala hore re mamele keletso efe le efe e fanoang ke Ea tla tšoara “mohope” a o tšoarela lichaba ka nako ea hae e loketseng ebe joale re nka bohato bo loketseng tumellanong le keletso eo. Na re tla etsa joalo?

4. Boemo bo tšosang ba mehleng ea Jeremia bo ile ba ama sebaka sefe sa naha?

4 Boemo ba lefatše kajeno bo tšoana le boo lichaba tse fetang 20 li ileng tsa iphumana li le ho bona nakong ea lilemo tse qetellang tsa Jeremia. Karolo ea lefatše e neng e ameha ka nako eo e ne e le e pakeng tsa Afrika, Asia le Europe. Kajeno sebakeng seo re fumana lichaba tse hlahisang oli tsa Bochabela bo Hare. Sena e sa ntsane e le sebaka se “likhang” ho tšoana le mehleng ea Jeremia.

5. Ke joang boprofeta ba Jeremia, khaolo ea 25, re bo beetsoeng nako?

5 Morao koo motho eo lefatše le neng le ka mo bitsa “moqeti” a kena sethalleng sa lefatše. Lebitso la hae le lelelele Nebukadnezare, le bolela “Nebo ke eena Mosireletsi Malimabeng [kapa, oa moeli].” Monna enoa oa lefu, mora oa Nabopolassar a fetoha morena oa Babylona ka 625 B.C.E. Ka selemo sona seo ha etsoa boprofeta bo mohlolo ka eena. Ba etsoa, e seng ke molepi oa linaleli naheng eo ea habo ea boholo-holo ea balepi ba linaleli, empa ke ’Mōpi oa linaleli, Jehova, Molimo oa moprofeta Jeremia. Re beeloa nako ea boprofeta ke Jeremia 25:1, 2: “Lentsoe le kileng la tla ho Jeremia, bakeng sa sechaba kaofela sa Juda, ka selemo sa bone sa puso ea Jojakime, mor’a Josiase, morena oa Juda, e neng e le sa pele sa Nebukadrezare, morena oa Babylona; leo a kileng a le bolella sechaba kaofela sa Juda le baahi bohle ba Jerusalema.” Selemo sa bone sa Jojakime sa puso ea hae se bile ka 625 B.C.E.

6. Ke setšeetso sefe seo boprofeta ba Jeremia 25:8-14 bo faneng ka sona bakeng sa pono ea liroto tsa lifeiga?

6 Boprofeta bona ha e le hantle bo bile lilemo tse robeli pele ho pono ea Jeremia ea liroto tsa lifeiga tempeleng e Jerusalema. (Jer. 24:1-3) Setšeetso sena se ile sa fana ka boprofeta bofe bo tlang pele bakeng sa pono ee, ’me bo ne bo re’ng?

“Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ereka ha le sa ka la utloa lentsoe laka, bonang, ke ea romela ho lata merabe eohle ea Leboea, ho bolela Jehova, le eena Nebukadrezare, morena oa Babylona, mohlanka oa ka, ’me ke tla ba tiisa ho loantša lefatše lena le baahi ba lona, le lichaba tsohle tsena tse mathokong, ke li neele anathema, ke li bee makatso, le sesomo, le tšenyeho, ka ho sa feleng. Ke tla khutsisa ho bona lentsoe la thabo le lentsoe la nyakallo, lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa, molumo oa leloala le leseli la lebone. Lefatše lena lohle le tla etsoa tšenyeho le makatso, ’me lichaba tsena li tla sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.

“Empa etlare hobane lilemo tse mashome a supileng li phethehe, ke tla khalemela morena oa Babylona le sechaba sa teng ka bokhopo ba bona, ho bolela Jehova, ke khalemele le lefatše la ba-Kalde, ke le fetole lefeella ka ho sa feleng. ’Me ke tla hlahisetsa lefatše leo mantsoe ’ohle ao ke a boletseng bakeng sa lona, a ngoliloeng kaofela bukeng ena, e leng se profetiloeng ke Jeremia holim’a lichaba tsohle. Hobane le bona ba tla beoa ka tlas’a lichaba tse kholo le mebuso e meholo, ’me ke tla busetsa ho bona ka liketso tsa bona le ka mosebetsi oa matsoho a bona.”—Jer. 25:8-14.

“NEBUKADREZARE, MORENA OA BABYLONA, MOHLANKA OA KA”

7. Ke lebitso la mang le loketsoeng ke ho tšajoa kajeno joaloka la Nebukadnezare, ’me lichaba li tla le tšaba neng?

7 Na kajeno lebitso la motho leha e le ofe le tšajoa ke lichaba tsohle joalokaha lebitso Nebukadnezare le ne le tšajoa ke lichaba tsohle morao koo, ho tloha selemong sa 23 le kamorao ho moo sa ho profeta ha Jeremia? (Jer. 25:3) Che! ha ho motho lea mong oa lekholo lena la bo20 la lilemo ea tla theoha paleng ea kajeno e le ea tšoanang le Morena Nebukadnezare oa boholo-holo. Ke ’nete, ho Ba-Roma 13:1, 6, moapostola Pauluse o bolela hore Bakreste ba hlonephang molao ba ntša makhetho ho ‘marena a maholo’ hobane bana ke “bahlanka ba Molimo [leitourgoi, ka Segerike] ba phethang mosebetsi oona oo ka hloko” (phet. e ncha). Empa ha ho lepolotiki le le leng kajeno le ka bitsoang ka boprofeta hore ke “mohlanka oa ka” ke Jehova Molimo. (Jer. 25:9; 27:6) Motho feela ea ka bitsoang “mohlanka” phethahatsong ea boprofeta bona bo entsoeng ka Jeremia ke mohlanka e moholo oa Jehova bokahohleng bohle. Enoa hona joale ke ea phahamiselitsoeng holimo haholo Mora oa hae, Jesu Kreste, eo a mo neileng lebitso le phahameng ho feta la sebopuoa leha e le sefe leholimong le lefatšeng. (Esa. 42:1; Ba-Fil. 2:5-11) Le hoja babusi ba lefatše kajeno ba sa mo tšohe joaloka Nebukadnezare, ba tla etsa joalo ‘ntoeng e tlang ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ka Harmagedone.—Tšen. 16:13-16.

8. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bitsa Nebukadnezare “mohlanka oa ka,” ’me ke eng mabapi le eena e ka nkoang e le setšoantšo se re amang kajeno?

8 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bitsa Morena Nebukadnezare “mohlanka oa ka”? Hobane o ile a mo sebelisetsa ho otla batho ba Juda bakeng sa ho hana ha bona ho mamela baprofeta ba Hae. Kotlo e entsoeng ka morena enoa oa Babylona ea ba ea sarolohela le linaheng tse ahisaneng le moo tseo ka bokhopo li neng li tlatlapa batho ba Jehova ka baka la ho Mo nyelisa. Hona, leha ho le joalo, ha ho bolele hore Nebukadnezare o ne a tšoantšetsa Jesu Kreste, ea neng a rapela Jehova a inotši e le Molimo. Ho e-na le hoo, ke mosebetsi oa kahlolo oo Nebukadnezare a ileng a o etsa bakeng sa Jehova ho ba lichaba tse molato oo e neng e le tšoantšetso. O tšoantšetsa mosebetsi o hapang lefatše oo Jesu Kreste e le Mosebetsi e Moholo oa Kahlolo ea Jehova a o phethahatsang nakong e atamelang ea ‘mahlomola a maholo,’ ao ho oona lichaba tsohle tseo e leng lira li tlang ho etsoa lerōle tlas’a maoto a Mohlanka ea ka sehloohong oa Jehova. Kahoo lichaba tsena (ho kopanyelletsa le tsa Bojakane) ke karolo ea kajeno e neng e tšoantšoa ke lichaba tsa boholo-holo tse ileng tsa oela ka pel’a ’Muso oa Lefatše oa Babylona. Ke ka baka leo taba e leng e hlokang kameho e tebileng ka ho fetisisa kajeno bakeng sa rōna.

9. Ke nako efe e ’ngoe hape e qalileng ka ho qaleha ha “lilemo tse mashome a supileng” tsa lesupi le feletseng la Juda, ’me ke joang nako eo e sa kang ea pongoa ka lehare?

9 Lebotho le silakanyang la Bababylona la etsa naha ea ’muso oa Juda lesupi ka lilemo tse 70. (Jer. 25:11, 12; 29:10; Dan. 9:1, 2; 2 Likron. 36:17-21) Thipitlo eo e feletseng ea naha ea Juda le Jerusalema ka lilemo tse mashome a supileng e qalile khoeling ea hoetla ea Tishri ea 607 B.C.E. Selemo sa 1914 C.E. sa tlokotsi e fetisisang se amana le selemo seo sa ketsahalo ea tlokotsi. Joang? Hobane hoetla selemong sona seo ‘mengoaha e baloang hasupa’ ea lichaba tsa Balichaba e qalileng ha Juda e etsoa lesupi ka 607 B.C.E. e ile ea phetha lilemo tse 2 520. (Luka 21:24; Dan. 4:16, 23, 25, 32) ‘Mehla eo e beetsoeng lichaba tsa Balichaba,’ kapa Mehla ea Balichaba, e boletse nako eo ka eona Morena ’Musi ea Phahameng oa Bokahohle Jehova a ileng a lumella lichaba tsa Balichaba ho sebelisa puso ea lefatše lefatšeng ntle ho ho khathatsoa ke ’muso oa hae oa Messia. Hoba Nebukadnezare a senye Jerusalema 607 B.C.E. ’muso oa tšoantšetso oa Molimo lefatšeng, matsohong a lelapa la borena la Davida, ha oa tsosolosoa Jerusalema ea lefatšeng, e le hore ho se ke ha khaoletsoa puso e feletseng ea lefatše ka mebuso ea lefatše ea Balichaba.

10. Le hoja Cyruse a ile a liha lesika la borena la Nebukadnezare ka 539 B.C.E., ke joang Juda le lichaba tse ling li sebelelitseng morena oa Babylona ka lilemo tse 70?

10 Mohapi oa Mopersia oa Babylona, Cyruse e Moholo, ha a ka a tsosolosa ’muso oa lelapa la Davida Jerusalema. Ke ’nete hore o ile a hapa Babylona ea Balichaba ka 539 B.C.E., kapa lilemo tse ka bang peli pele “lilemo tse mashome a supileng” tsa lesupi la naha ea Juda li phetheha. A ipolela hore ke “morena oa Babylona” ’me qalehong ha a ka a fetola mokhoa oa lesika la borena la Babylona la Morena Nebukadnezare. Kahoo lichaba tse neng li hapiloe ke Nebukadnezare tsa tsoela pele ho sebeletsa “morena oa Babylona” ka lilemo tse 70. Ke pele selemong sa bo70 sa lesupi la Juda Cyruse e Moholo a ileng a lokolla Bajode ba tlamiloeng bohlankeng ba bona bo tobileng ho morena oa Babylona ’me a ba lumella hore ba khutlele hae ho tsosolosa naha ea habo bona e entsoeng lesupi le motse oa habo bona oa moreneng Jerusalema le tempele ea oona. (Esdrase 1:1 ho ea ho 3:2) Ka tsela ena Jehova a busetsa ho Babylona “bokhopo ba bona” boo ba neng ba bo etselitse Molimo oa Iseraele.—Jer. 25:12.

HO NOSA “MOHOPE” LICHABENG TSOHLE

11. Ke ka baka la liphetoho life leholimong lintho lefatšeng mona li sa tsitsang ho tloha ka 1914 C.E.?

11 Ha joale e le mona mehla ea Balichaba e felletse ka 1914, rea tseba hore letsatsi la hore Jehova a kene litabeng le lichaba tsa Balichaba bakeng sa ‘bokhopo ba tsona’ e tlameha e be e le haufi. Ha ho mohla lefatše le kileng la tsitsa ho tloha ka 1914. Bangoli ba lipale ba lefatše ba sitoa ho hlalosa lebaka la sena. Empa lebaka ka bonolo feela ke hore hoo e ka bang ka Mphalane 4/5, 1914, kapa lilemo tse 2 520 hoba Juda le Jerusalema li etsoe lesupi kamor’a ho haptjoa ke Bababylona, Mehla ea Balichaba ea puso e sa khathatsoeng ea lefatše e ile ea felella. Jehova Molimo ha a ka a emisa Jerusalema ea lefatšeng ‘terone ea Jehova’ bakeng sa mojalefa oa lefatšeng oa Morena Davida hore a e lule, kahoo a tsosolosa ’muso oa tšoantšetso oa lefatšeng oa Molimo. (1 Likron. 29:23) Ho e-na le hoo, kaha joale ‘’muso oa lefatše’ o ne o fetohile ’muso oa Morena Molimo, Jehova a etsa hore ’muso oa hae o tsoaloe phuthehong ea hae ea leholimo ’me a bea Mora oa hae, Jesu Kreste e le Mojalefa oa Davida, ka letsohong le letona la hae teroneng ea khanya. (Tšen. 11:15; 12:1-5) Ho tloha ka nako eo ngoana enoa oa borena oa Morena Davida o ikopantse le Jehova Molimo pusong ea lefatše har’a lira tsa hae pele a li hatakela ho isa lefung.

12. Sehlopha sa Jeremia se neile lichaba “mohope” joang?

12 Ka baka la sena, ho sa saletse “mohope” bakeng sa hore lichaba tsa Balichaba li o noe letsohong la Molimo. Haholo ho tloha selemong sa 1919 sehlopha sa Jeremia se ’nile sa hlokomelisa lichaba ka “mohope” ona. Ka ho hlokomelisa lichaba joalo pele ho nako, sehlopha sa Jeremia ka tšoantšetso se ntse se nea lichaba mohope oa Jehova ka tšoantšetso. Hona ho ile ha tšoantšetsoa ka boprofeta ho Jeremia, khaolo ea 25. Moo moprofeta a re:

“Hobane Jehova, Molimo oa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senoelo sena sa veine ea khalefo se letsohong la ka, u tle u se nose lichaba kaofela tseo ke u romelang ho tsona; hore li tle li noe, li thekesele, li hlanye pontšeng ea lerumo leo ke le romelang har’a tsona.

“Eaba ke nka senoelo letsohong la Jehova, ka nosa lichaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona; e leng Jerusalema, le metse ea Juda, le marena a teng, le baholo ba teng, ho ba etsa tšenyeho, le makatso, le sesomo, le thohako, joale ka ha ho le joalo kajeno.”—Jer. 25:15-18.

13. “Lerumo” leo Jehova a neng a tla le rōmela lichabeng tsohle ke lefe?

13 “Lerumo” leo Jehova a neng a tla le rōmela har’a lichaba tsohle tse thathamisitsoeng ho Jeremia 25:18-26 ke eng? Ke ntoa ea tlhōlo eo a ileng a lumella “mohlanka” oa hae Nebukadnezare, hore a e loantše lichaba tseo tsohle.

14. “Lerumo” le ile la otla eng pele, ’me hona ha ama marena afe, hona joang?

14 “Lerumo” la tšoantšetso la otla pele ’musong oa tšoantšetso oa Jehova o naheng ea Juda. (Jer. 25:29) “Marena” a Jerusalema a ileng a utloa ho otla ha “lerumo” e bile (1) Jojakime mora oa Josiase; (2) Jojakine (Jekonia) mora oa Jojakime; le (3) Tsedekia mora oa Josiase le rangoan’a Jojakine. Ho otla ha pele, ho ileng ha etsetsoa Morena Jojakime ka 620 B.C.E., lilemo tse ’nè hoba Jeremia a profete ka “lerumo” le ka “mohope,” a iketsa mohlanka ea hlapanyelitsoeng tlas’a Nebukadnezare. Kotlo ea bobeli ea lerumo ea etsoa ka 617 B.C.E. ’me ea tlosa Jojakine e monyenyane boreneng ba hae holim’a Jerusalema ’me ha mo bea botlamuoeng Babylona. Kotlo ea ho qetela lea ea boraro ea timetsa Jerusalema le tempele ea eona ka 607 B.C.E. ’me ea isa Morena Tsedekia ea koenehetseng selekane Babylona ho ea shoela teng e le sefofu, e bile e le motlamuoa ea se nang mora. Ho ea bohareng ba khoeli ea Tishri ea 607 B.C.E., Jerusalema le metse ea Juda ea be e le masupi.

15. Ke bo-mang hape ba neng ba tla noa ‘mohopeng’ o letsohong la Jehova, ’me e le mang ea tla qetella ho bona?

15 Jerusalema e ne e ke ke ea e-ba ’ngoe ho noeng kabelo e babang e tsoang ho Molimo. Ho Jeremia 25:19-26 moprofeta o bolela marena a fetang 20 kapa mebuso eo a e neang ‘mohope oa khalefo ea Jehova.’ O qala ka Faro oa Egepeta le bahlanka ba hae ’me o theohela ho ea thathamisa babusi ba lichaba ’me o qetella ka hore a re: “’Me morena oa Sheshake (Babylona) o tla noa ka mor’a bona. Morena ea tsuong oa eona o ipakile e le oa ho qetela lesikeng la borena la Nebukadnezare, e leng Nabonidus, hammoho le ea neng a tšoere molepo le eena e leng mora oa hae Belshatsare a etsoa hore a noe “mohope” oa Jehova ka 539 B.C.E., ha a bolaoa hoba Babylona e oele ho Cyruse Mopersia. Ka ho sebelisa lebitso la merero ea makunutu Sheshake, Jeremia o ne a qoba ho bolela Babylona ka ho toba nakong eo.

16. Ba bang ba ka ’na ba hana ho noa “mohope” joang, empa Jeremia o ne a tla re’ng?

16 Mebuso e meng e boletsoeng mohlomong e ile ea hanyetsa Nebukadnezare ea bohale e le hore ba ka sitisa ho phethahala ha taelo ea Jehova. Empa ho li laea moprofeta Jeremia a bolelloa hore a re: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ho noa le tla noa. Hobane bonang, motse ona [Jerusalema] o bitsoang ka lebitso la ka ke tla simolla ka oona ho hlahisa bobe; ’me lōna le be le ka phema kotlo na?” Ha a arabela potso eo e leng ea hae, Jehova a re: “Le ke ke la e phema, hobane ’na ke memela baahi bohle ba lefatše lerumo [le lebotho le hapang la Bababylona], ho bolela Jehova oa makhotla.”—Jer. 25:28, 29.

17. Lichaba li bontšitse joang ho hana ha tsona ho noa “mohope” empa hona ho sebelitse hakae?

17 Ho tloha selemong sa 1919 C.E. lichaba li hanne ho noa “mohope” oa tšoantšetso oa molaetsa oa Jehova oa bohale ba bomolimo letsohong la sehlopha sa Jeremia. Kahoo li nkile bohato ka Lipaki tsa Jehova, sehlopha sa Jeremia hammoho le “bongata bo boholo” ba metsoalle e sebelisanang le sona, li bile li se thibela ho aba ka bolokolohi melaetsa ea sona e hatisitsoeng ea Bibele. Empa hona hohle ha hoa thusa letho! Li susumetsoa ke moea oa Jehova, lipaki tsa hae tse utloang li ntšetsa pele liboka tsa tsona le boboleli ba ’Muso ka sekhukhung. Kahoo li utloa Molimo ho e-na le batho ba hanyetsang Molimo. (Lik. 4:19; 5:29) Nakong e tlang e haufi bahanyetsi ba joalo ba bopolotiki ba tla ithuta hore ho lelekela Lipaki tsa Jehova ka sekhukhung ho ke ke ha thibela babusi ba lefatse hore ba noe ‘mohopeng’ o letsohong la Molimo “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” sebakeng seo ka tšoantšetso se bitsoang Harmagedone.—Tšen. 16:13-16.

18. Ke bakeng sa bo-mang letsatsi leo le tlang ho ba “leholo,” ’me kahoo sehlopha sa Jeremia se hana ho etsa joang?

18 Letsatsi leo le tla ba “leholo” bakeng sa Jehova. E tla ba nako ea nyakallo ho eena, hobane ka nako eo o tla loanela tsela ea borena ba hae bo loketseng ba bokahohleng. E le Molaoli e Moholo, o tla rōmela mora oa hae ea hapang lefatše Jesu Kreste ntoeng, hore a fumane tlhōlo e fetang tlhōlo leha e le efe ea Morena Nebukadnezare oa boholo-holo oa Babylona. (Tšen. 19:11-21) Hona ho tla nea Jehova lebaka la ho hoa ka thabo e fetisisang ho feta bahati ba thabileng ba hatang morara ha ba lokisa veine e thabisang pelo ea Molimo le ea motho. (Tšen. 19:11-15; Baahl. 9:12, 13) Sehlopha sa Jeremia ha se qea-qee ka ho hlōla ha Jehova Harmagedone. Kahoo se hana ho khutsa ka ho tumisoa ho tlang ha borena ba Jehova, le hoja babusi ba lichaba tsa lefatše ba sa khahlisoe ke kabelo e bolila joalo.

19. Ka sebete sehlopha sa Jeremia se phatlalatsa ho hokae ha seo Jehova a se bolellang sona?

19 Ka sebete sehlopha sa Jeremia sa kajeno se utloa taelo e neiloeng moprofeta morao koo selemong sa pele sa puso ea Morena Nebukadnezare holim’a Babylona: “’Me uena [Jeremia], u ba profetele mantsoe ana kaofela, u re ho bona: Phahameng ea hae Jehova o ea luma, leahong le halalelang la hae o tla phahamisa lentsoe; o purumela ntlo ea hae; molumo o kang oa ba hatang veine o o lumisetsa baahi bohle ba lefatše.”—Jer. 25:30.

KABELO E ETSANG HORE LICHABA LI ITŠOARE ‘JOALOKA MAHLANYA’

20. Na sehlopha sa Jeremia se ka boleloa feela e le ‘liboholi tsa tlokotsi’ ka baka la seo ho hlōla ha Jehova ho tla se bolela bakeng sa lichaba?

20 Mohoo oa Jehova oa tlhōlo o tla luma ho pholletsa leholimong le lefatšeng. Sehlopha sa Jeremia le metsoalle ea sona se ntse se supa sena e sa le pele, le hoja ho hlola ha Jehova ho bolela tlokotsi bakeng sa lichaba tsohle. Na ka baka leo sehlopha sa Jeremia se lokela hore se bitsoe feela ‘liboholi tsa tlokotsi’? Che! Ho seng joalo, Jehova Molimo, eena ea ba neang molaetsa oa bona, le eena a ka bitsoa seboholi sa tlokotsi. Ka temoso e mohau o re: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Bonang, bobe bo ea tsoa sechabeng se seng, bo ee sechabeng se seng, lerōle le tšabehang le ea tsoha likhutlelong tsa lefatše. Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ba sa lleloe, ba sa phutheloe, ba sa epeloe, e tla ba moiteli holim’a lefatše.”—Jer. 25:32, 33.

21. Ke hobane’ng ha Jehova ka nepo a ne a ka nka boikarabelo bakeng sa ba hlabiloeng ka baka la ho atolosa ha Nebukadnezare ’muso?

21 Ka puo e joalo Jehova o hlile a bolela ho nka leoto ha Nebukadnezare ho ea hlōla lichaba tse neng li tla koenyelletsoa ’Musong o Moholo oa Babylona. Kahoo o ne a tla lumella Nebukadnezare ho haola har’a lichaba, a liha khanyetso eohle ka lerumo la kahlolo leo Jehova a le beileng matsohong a hae. Ntlheng ena Jehova a nka boikarabelo bakeng sa ba bolailoeng ke bahapi ba Bababylona. Eena ka boeena o bitsa bao ba bolailoeng ke bohale ba Bababylona e le “ba hlabiloeng ke Jehova.” Ke Eena ea entseng hore lichaba li noe “mohope” oo kabelo ea oona e entseng hore ‘ba itšoare joale ka mahlanya.’ Le haeba batho ba nea tlotla ho Jehova Molimo kapa che, pale ea lefatše e teng ka bongata ho bontša hore Morena Nebukadnezare o ile a atolosa ’Muso o Moholo oa Babylona ho ea libakeng tse ngata ho feta mebuso ea lefatše e neng e tlile pele ho oa hae. Jehova o tlameha a be a bile le ho hong ho seo, hobane, hona selemong sa pele feela sa puso ea Nebukadnezare, O hlile a bolela ho atolosoa ho joalo ha ’Muso o Moholo oa Babylona.—Jer. 25:1, 2; 32:1, 2; 52:29; 2 Mar. 25:8; Jer. 52:12; Dan. 2:37, 38; 4:20-25.

22. Ke hobane’ng ha re sa batle ho ba har’a ba hlabiloeng ke Jehova ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang?

22 Ho thoe’ng, joale, ka ba “ba hlabiloeng ke Jehova” ‘mahlomoleng a maholo’ a atamelang a tlang ho fihla tlhorong ka ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone? Na re rata ho ba har’a bona? Che! Hobane ho hlajoa ke eena ka nako eo ho tla bolela ho ahloleloa ha rōna lefu ke eena.

23. Ho ile ha bontšoa joang ka tšoantšetso hore na ke karolo efe ea tsamaiso ena ea lintho e tla oa pele ‘mahlomoleng a maholo,’ hona eona pele hobane’ng?

23 Ho qhomeng ha ‘mahlomola a maholo’ lichaba tsohle tse tsuong li tla be li fotse ho loana le Molimo oa sehlopha sa Jeremia. Mola o tla akarelletsa lichaba tsa Bojakane, hobane li har’a bahanyetsi le bahlorisi ba Lipaki tsa Jehova. Bojakane e tla ba karolo ea pele ea tsamaiso ena ea lintho e tla oa, hobane ke bona karolo ea kajeno e tšoantšelitsoeng ke ’muso oa bokoenehi oa Juda le Jerusalema. Ho tšoantsetsa seo, ’muso oa Juda oa etsoa hore e be oona oa pele ho noa “mohope” o nang le “veine ea bohale.” Jehova a bolela hore o tla qala ka “motse ona o bitsoang ka lebitso la ka” ha a tlisa tlokotsi ea lichaba tsohle. (Jer. 25:29) Bojakane bo se nang Bokreste ke eona karolo e ikarabellang ka ho fetisisa ea bolumeli ka pel’a Molimo le Kreste, ’me kahoo tlokotsi ea lefatše e tla qala ka bona e theose joaloka letoto. E tla ba “lerōle le tšabehang” la tšoantšetso leo ho seng pula e nesoang ka ho qhomisoa ha maru ka lifofane ho ka le qhalang.

24. Ho tsosoa ha lerōle le tšabehang “likhutlelong tsa lefatše” ho supa eng, ’me ba bolailoeng ba tla ba bakae?

24 “Likhutlelong tsa lefatše” “lerōle” lena la tšoantšetso le tla hlaha, kaha le tla tsosoa ka ntle ho sebaka sa lichaba tse tsuong. (Jer. 6:22) Phethahatsong ea kajeno, hona ho bolela, ha e le hantle, Mohloling o sa bonahaleng le oa leholimo, hoo ka sebele e tlang ho ba ‘mosebetsi oa Molimo.’ Le haola lefatšeng lohle, joaloka moroallo oa mehleng ea Noe o ileng oa kupetsa lefatše lohle, ntle ho tlhōleho le tla bokella babolauoa ba “lerōle le tšabehang” ho tloha nqalong e ’ngoe ea lefatše ho ea ho e ’ngoe. Ke joang mahlatsipa a sehlopha sa Jeremia le “bongata bo boholo” ba metsoalle ea sona bo neng bo ka ba epela kaofela? Jehova o tla tlameha ho sebelisa matla a hae ho hleka litopo.—Tšen. 19:11-21.

25. Ha ho talingoa Jeremia 25:34-38, ho molemo ho ba ‘babokolli’ bafe?

25 ‘Letsatsing leo la liphetetso tsa Molimo oa rōna,’ ho tla ba molemo hore ebe motho o bile har’a bao basomi ba ileng ba ba bitsa “liboholi tsa tlokotsi” ho e-na le ho ba har’a ba tla bokolla ka baka la ‘mahlomola a maholo.’ (Esa. 61:2; Tšen. 7:14, 15; Matt. 24:21-30) “Bokollang lōna balisa, le hoe!” kamoo ho bolelang Jehova ka Jeremia. “Paqamang moloreng, lōna beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lōna a ho bolaoa, ’me ke ea le qhalanya, le tle le oe joale ka lefiso le theko e thata. Setšabelo se tla hlokahalla balisa, le ho pholoha ho be sieo ho beng ba mohlape. Mohoo oa balisa o tla phahama le pokollo ea beng ba mohlape, hobane Jehova o tla senya makhulo a bona. Mehaho e lutseng ka khotso e tla senngoa ke bohale ba khalefo ea Jehova. O tla tloha joale ka tau e morung, hore lefatše la bona le tle le fetoloe lesupi ke bohale ba lerumo le bolaeang, le ke bohale ba khalefo ea hae.”—Jer. 25:34-38.

26. Boprofeteng boo, “balisa” ke bo-mang le “beng ba mohlape”?

26 Na boprofeta boo ha bo re hopotse ka baruti ba ’nileng ba bitsoa lihlooho kapa balisa ba moea le ka liphutheho tsa bona tsa kereke tse bitsoang “mehlape”? Mohlomong ho joalo, empa mona Jehova ha a buisane le baeta-pele ba bolumeli ba lichaba. Ka Mangolong a Seheberu babusi ba mebuso ba boleloa e le balisa ’me batho ba bona kapa bafo ba bitsoa mehlape ea bona. Ka hona “beng ba mohlape” e tla ba mahosana kapa ba nketsoeng holimo ka borena ba mohlape oa sechaba. Ho tlameha hore ho be joalo ho Jeremia 25:34-38, hobane ke hokae khaolong kaofela moo ho boleloang letho ka baprista le Balevi? Bao Jeremia a laeloang hore a ba nee “mohope” oa Jehova ba hlalosoa e le “marena,” “mahosana,” le “mebuso.” (Jer. 25:18-26) “Tlokotsi” e atamelang ea lefatše le “lerōle le tšabehang” ha li na ho otla baruti feela le baeta-pele ba bang ba bolumeli, empa hape, qetellong le mekhatlo ea mebuso ea bopolotiki ea tsamaiso ena ea lintho.

27. Ke moemeli ofe oa Sheshake ea tla noa “mohope” qetellong ho bohle?

27 Kahoo ke “morena oa Sheshake” ea tla noa ‘mohopeng’ kamor’a bona kaofela. Boprofeta bo beiloeng ho Jeremia 51:41 bo bua ka hona joaloka eka ho se ho phethahetse, bo re: “Sheshake (Babylona) o hapiloe joang? Bo phahliloe joang, bokhabane ba lefatše kaofela? Babylona o entsoe joang makatso har’a lichaba.”—Jer. 25:26; 27:7.

28. “Balisa” le “beng ba mohlape” ba amehile haholoanyane ka mang, ’me makhulo a bona a tlatlapuoa joang?

28 Ka mabaka a boithati feela “balisa” bao ba bopolotiki ba “beng ba mehlape” ba tla “bokolla,” e, ba ipitike fatše. Ha Morena ’Musi ea Phahameng Jehova a ba bitsa ho tla ikarabella nakong ea ‘mahlomola a maholo,’ ba tla hlokomela habohloko hore letsatsi le fihlile la hore ba bolaoe le ho qhalanngoa. Haeba ho ne ho le teng sebaka sa poloko kapa sa ho baleha seo ho ka tšabeloang ho sona, mohlomong ba ne ba ke ke ba ikutloa ba tlameha ho “bokolla” hakaalo. Ha ba tsotelle hakaalo se etsahallang “mohlape” oa lichaba, empa ba amehile haholo ka ho ahloloa ha bona ka bobona. Mesebetsi ea bona e lefang haholo le litulo tsa bona tse phahameng li tlameha ho tloha! “Makhulo” a bona tsamaiso ea lintho eo ka eona ba tlatlapileng mehlape ea lichaba, e-ea ripitloa, e senngoa. Se neng se lutse ka ‘khotso’ nakong e fetileng e le tulo ea bona hore ba thabele bophelo ka phaello ho bona—se bolailoe. Ho khutsa ha lefu ho okametse holim’a tikoloho ea “mehlape” ea bona.

29. Jehova ka nako eo o tla tšoana le tau joang, ’me “lerumo” le tla tsokotsoa ho isa phellong efe?

29 Ho hlahisa “makatso” eo ea lefatše lohle bohale ba Jehova bo tlameha bo be bo tuka malakabe. A ke ke a tšoana le tau e lulang likhohlong e qobelloang ho tsoa tulong ea eona ke metsi a phophomang a Nōka ea Jordane. Che, empa “Jehova oa makhotla” o tlameha ho tšoana le tau e sebete e tlohang “morung” oa eona ho ea loana ho sa tsotellehe balisa ba makhulo. Ka Mora oa hae eo e bileng e le Mohlanka, Jesu Kreste, o tsokotsa “lerumo” la ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.’ (Jer. 25:30, 38) Likotlong tse kotsi tse tsoang “lerumong le bolaeang” la hae balisa ba lefatše le beng ba mehlape ba ke ke ba hlaphoheloa.

30. Ka baka la seo re se utloang, ka tsebe ea tumelo boprofeteng ba Jehova, re lokela ho etsa joang hona joale?

30 Mamela! Ka tsebe ea tumelo boprofeteng ba Jehova, na u utloa o ntse o phahamela holimo? Ho theosa le libaka tse bokellang molumo tsa ‘mehla ena ea qetello’ re utloa ho hlaha nakong e tlang e hlileng ea boleloa, ho bokolla ha “balisa” ba lichaba tsohle, hammoho le seboko se bohloko sa “beng ba mohlape” ba batho ba kang linku. Joale, rōna ba mametseng re tla etsa joang? Tjena: Ha nako ea paleho e sa le teng leha ho sa le teng sebaka se le seng sa tširelo seo re ka balehelang ho sona, a re nkeng bohato! A re fumaneng setširelo sa rōna sa tšireletseho le poloko ’musong oa Jehova ka molisa eo a mo khethileng, Jesu Kreste.—Ezek. 34:23, 24; Jer. 23:5, 6.

(Letoto lena la lihlooho tsa boprofeta ba Jeremia le tla qalisoa tokollong ea June 1 ea Molula-Qhooa.)

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ka sehlopha sa hona joale sa Jeremia, Jehova ka mohau o lemosa ka “lerole le tšabehang” la lefatše lohle le tlang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela