“Lifeiga” Tse Thabisang le Oona Molimo
“Ho itsoe ke Jehova, Molimo oa Iseraele: Joale ka ha lifeiga tsena li le monate, ba tšoeroeng ba Juda, bao ke ba tlositseng nqalong ena, ke ba isitseng lefatšeng la ba-Kalde, ke tla ’ne ke ba talime ho ba etsa hantle.”—Jer. 24:5.
1. Feiga e kenelletse joang phihlelong ea bophelo ba rōna?
SEFATE SA FEIGA se ne se fumaneha serapeng sa pele se kileng sa lengoa lefatšeng la rōna. Batsoali ba rōna ba pele ba batho ba re etelletse pele ka ho ja tholoana ena e monate, feiga. Na sefate sa feiga le sona se ile sa lumelloa ho hōla ka ntle ho serapa sa pele? E, ’me hona re ka ho nyakallela. Ke kahoo le rōna kajeno re ka thabelang ho ja potokoenyana ena e monate. Ka ho sa tloaelehang, liaparo tsa pele tseo batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ileng ba li apara ka nakoana ho ikoahela ho tloha thekeng li ne li entsoe ka makhapetla a feiga, a rokelletsoe hammoho. Hona ho etsahetse pelenyana ba lelekoa Paradeiseng ea bona ea Thabo ka baka la ho fetohela Molemi le Monghali oa serapa sena sa Edene.—Gen. 2:8; 3:1-7.
2. Setšoantšong sa hae, Jothame o sebelisitse sefate sa feiga joang ka tlhaloso e thabileng bakeng sa rōna?
2 Setšoantšong se ileng sa boleloa khale kamorao ho moo ke Jothame mora oa Moahloli Gideone o ile a etsa hore sefate sa feiga se bue. Sa botsa: “Nka tlohela monate oa ka joang, leha e le litholoana tsa ka tse monate, hore ke ee ho okamela lifate tse ling na?” (Baahl. 9:11) Setšoantšong sa Jothame sefate sa feiga sa hana ho lahla thepa ea sona e monate. Ha e le hantle kajeno, sefate sa feiga se sa ntsane se e-na le molemo oa sona le monate ka ho sona. Ho sena se sebeletsa morero o mosa oa Molimo.
3. Jothame o sebelisitse sefate sa feiga ho tšoantša eng, empa-Jesu o se sebelisitse ho tšoantša eng, hona setšoantšong sefe?
3 Jothame o sebelisitse sefate sa feiga ho tšoantšetsa motho, Moiseraele ea tšepahalang ea neng a tla hana hore a beoe e le hlooho ea ’muso ka khetho ea sechaba e khethelang puso ea lentsoe la sechaba. Hamorao haholo, Jesu Kreste a sebelisa sefate sa feiga ho tšoantšetsa sechaba sa Iseraele. Setšoantšong, a re:
“E mong o na a na le sefate sa feiga se hlomiloeng tšimong ea hae ea merara, ’me a ea batla litholoana ho sona, ’me a se ke a li fumana. Eaba o re ho molemi oa merara: Bona; e se e le lilemo tse tharo ke ntse ke tla ho batla litholoana sefateng sena sa feiga, ’me ha ke li fumane; se reme, se thibile ke’ng mobu feela? Molemi a araba, a re ho eena: Morena, ak’u se lese ka sona selemo sena hape, nke ke se leme, ke se tšele ka moiteli. Ekaba se tla bea litholoana; ha ho se joalo, u tla se rema.”—Luka 13:6-9.
4. Kamorao he lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng tsa tšebeletso ka moemeli oa hae lefatšeng, ke ka tsela efe Molemi a sa kang a fumana litholoana sefateng sa feiga sa tšoantšetso?
4 Jesu o entse setšoantšo seo nakoana hoba Bajode ba keteke mokete oa hoetla oa metlotloane ka 32 C.E., kahoo, lilemo tse tharo hoba a qalise tšebeletso ea hae ea pontšeng naheng ea Iseraele. Joale o ne a le selemong sa hae sa bone sa mosebetsi oa boevangeli, kahoo ka nako e ka tlase ho likhoeli tse tšeletseng sechaba sa Iseraele se ne se tla mo latola ’me se mo bolaee sefateng ka ntle ho marako a Jerusalema. Bakeng sa mosebetsi oa hae oa lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng har’a Baiseraele, o bile feela le barutuoa ba makholo a seng makae e le litholoana tsa mosebetsi oa hae. Ntate oa hae oa leholimo, Jehova Molimo, o ne a lemile sefate seo sa tšoantšetso sa Iseraele. Ka ho loketseng, kamorao ho lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng tsa tlhokomelo e khethehileng le paballo ka Mora oa hae le moemeli lefatšeng, a batla litholoana. Empa, ha ho boleloa ka tšoantšetso, ha a ka a fumana letho ka sebopeho sa balateli ba Mora oa hae, Messia. Joaloka “molemi” oa setšoantšong, Mora oa hae o ne a ’nile a ‘lemela’ sefate sa tšoantšetso sa feiga ka ho ea kenella khoeling ea botšelela ea selemo sa bone sa tšebeletso ea hae. Empa ho se molemo oa letho.
5, 6. (a) Ka tšebeliso ea sefate sa sebele sa feiga, Jesu o bontšitse joang hore sefate sa tšoantšetso sa feiga se tla rengoa? (b) Sefate seo sa tšoantšetso sa feiga se renngoe neng, joalokaha ho bontšoa ke phetoho efe?
5 Hoo e ka bang bohareng ba selemo sena sa bone Jesu a bontša hore sechaba se se nang litholoana “sefate sa feiga” se ne se tla rengoa. Ka ’Mantaha, la 10 Nisane, 33 C.E., ha a le tseleng ho leba Jerusalema Jesu a fihla sefateng sa feiga. Le hoja se ne se e-na le mahlaku, se ne se sa bea litholoana. Ka baka leo Jesu a rohaka sefate sa feiga, a re: “Ho qala joale, ho se be motho ea sa tla hlola a e-ja tholoana tsa hao le ka ho sa feleng!” Ha etsahala joang? Rea bala: “Hosasa, ha ba feta, ba bona sefate sela sa feiga se omeletse hohle, ho qala ka metso. Eaba Petrose o elelloa, a re ho eena: Rabbi, bona sefate sa feiga see u se rohakileng, se omeletse.”—Mar. 11:12-21.
6 Joale, he, na Jesu o ne a iphetetsa feela ka sefate se se nang kelello? Che, empa o ne a sebelisa sefate sa feiga se sa beeng e le setšoantšo. Sefate seo sa feiga se ne se tšoantšetsa sechaba sa Iseraele seo Jehova a neng a rōmetse Mora oa hae ho ea bokella litholoana ka sebopeho sa batšehetsi ba Messia oa ’nete kapa Kreste. Ha, tlas’a boeta-pele ba moprista e moholo oa sona le baeta-pele ba bang ba bolumeli, sechaba se lahla Jesu hore ha se moemeli oa ’muso oa Molimo, batho ba makholo a ’maloa bao ka bomong ba ileng ba mo amohela e ne e se letho. Ho tšoana le sefate se lefelloang se thibileng mobu se se na molemo oa letho, sefate seo sa tšoantšetso sa feiga sa lokeloa ke hore se rengoe, kaha se ile sa oela thohakong ea Molimo. (Bapisa Deuteronoma 28:15-68.) Matsatsi a mashome a mahlano le motso o le mong hoba Jesu Kreste a bolaoe joalokaha eka ke Messia oa bohata, “sefate sa feiga” sa Iseraele sa rengoa, hobane ka nako eo Molimo o ile oa hlahisa sechaba se secha, Iseraele ea Bokreste, Iseraele ea moea, hore e hlahise litholoana tsa ’Muso. (Matt. 21:43; 1 Pet. 2:9; Ba-Gal. 6:16; Jak. 1:1) “Sefate sa feiga” se ile sa rengoa sa abeloa mollo ho timetsoeng ha Jerusalema ka 70 C.E.
LIROTO TSE PELI TSA LIFEIGA
7. Ka 617 B.C.E., Jehova o ile a supa sefate sa feiga sa tšoantšetso joang ponong ho Jeremia?
7 Ka lekhetlo le leng pele Jerusalema e ne e ile ea timetsoa ke Bababylona tlas’a Morena Nebukadnezare morao koana ka 607 B.C.E. Leha ho le joalo, lilemo tse 10 pele ho koluoa ea sechaba, kapa ka 617 B.C.E., Molimo oa sebelisa sefate sa feiga ho tšoantšetsa sechaba sa Bajode. Mona ke ha a ne a nea moprofeta oa hae Jeremia pono ea mohlolo ea boprofeta, eo ka eona Jeremia a re bolellang se latelang:
“Eitse hobane Nebukadrezare, morena oa Babylona, a tšoare Jekonia (kapa, Jojakine), mor’a Jojakime, morena oa Juda, le baholo ba Juda, le libetli, le malala Jerusalema, a ba nketse Babylona, Jehova a mpontša pono; ’me bonang, liroto tse peli tsa lifeiga li ne li beiloe pel’a tempele ea Jehova. Seroto se seng se ne se na le lifeiga tse monate joale ka lifeiga tsa lithakangoaha, seroto se seng se e-na le lifeiga tse mpe haholo, tse se nang ho jeoa ke hoba li le mpe.”—Jer. 24:1, 2.
8. Jehova o hlalositse joang hore na ke’ng se boleloang ke seroto sa lifeiga tse monate?
8 Ha a botsoa hore na o bone’ng ponong, Jeremia a hlalosa hantle seo a se boneng. (Jer. 24:3) Empa lifeiga tseo li ne li tšoantšetsa eng? E, Baiseraele ba neng ba reretsoe ho isoa Babylona. Ka sena, rea bala:
“Ho itsoe ke Jehova, Molimo oa Iseraele: Joale ka ha lifeiga tsena li le monate, ba tšoeroeng ba Juda, bao ke ba tlositseng nqalong ena, ke ba isitseng lefatšeng la ba-Kalde, ke tla ’ne ke ba talime ho ba etsa hantle. Ke tla ba talima ka leihlo le letle, ke ba busetse lefatšeng lena, ke ba ahise, ke se ke ka ba senya, ke ba hlome, ke se ke ka ba epolla. Ke tla ba nea pelo e ntsebang hoba ke Jehova; ’me e tlaba sechaba sa ka, ’na ke be Molimo oa bona, hobane ba tla sokolohela ho ’na ka pelo eohle.”—Jer. 24:5-7.
9. “Lifeiga” tseo li ne li tsoa sefateng sefe sa tšoantšetso, ’me li ne li akarelletsa bo-mang?
9 “Lifeiga” tseo tsa tšoantšetso li ne li tsoa sefateng sa tšoantšetso sa feiga. ‘Sefateng’ sefe? Sechabeng sa Iseraele, seo Jojakine mor’a Jojakime e bileng morena ho sona ka likhoeli tse tharo le matsatsi a 10 feela. (2 Likron. 36:9, 10; Matt. 1:11, 12) Har’a bao morena oa Babylona a ileng a ba isa kholehong e ne e le Daniele, metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu, Hanania, Mishaele le Azaria, le Ezekiele. (Dan. 1:11-17; Ezek. 1:1-3) Kahoo, morao koana mehleng ea Jeremia, Jehova o sebelisitse sefate sa feiga ho tšoantšetsa sechaba sa batho bao a ba khethileng. Nakong ea botlamuoa boo, Jeremia e ne e bile moprofeta ka lilemo tse 30.
10. Jehova o pheletse morero oa hae o boletsoeng joang mabapi le “lifeiga tse monate” ’me li bontšitse monate joang ho eena?
10 Ka seo Jehova a se buileng mabapi le lifeiga tse ntle ponong o ne a bontša mehla e molemo. A bolela lintho tse molemo tseo a neng a tla li etsetsa masala a tšepahalang a batho ba hae ba selekane. Hona ho ne ho tla etsahala qetellong ea lilemo tse “mashome a supileng” tseo a neng a hlile a li bolela lilemo tse robeli pelenyana. (Jer. 25:11, 12) Jehova ke Molimo oa ’nete, ’me litlaleho tsa pale li bontša hore, ka 537 B.C.E., a phelela morero oa hae o boletsoeng. A sebelisa Cyruse e Moholo oa Persia hore a lihe Babylona ka 539 B.C.E., eaba joale o mo susumeletsa hore a tsosolose “lifeiga tse monate” naheng eo sefate sa tšoantšetso seo li neng li tsoile ho eona se neng se lemiloe. Moo ba tsosolosa Jerusalema le ho hloma tempele e ncha bakeng sa borapeli ba Jehova. Ka ho etsa sena sohle, ba bontša “monate” o kang oa lifeiga tse monate haholo ho Molimo oa bona, Molemi oa sechaba sa bona se kang sefate.
11, 12. (a) “Lifeiga tse monate” tsa kajeno li ipitsitse ka lebitso la mang? (b) Babylona ea bopolotiki ea boholo-holo e ne e le eng, ’me Babylona e Moholo ke eng?
11 Na ho na le seo hona ho se bolelang bakeng sa mehla ea rōna? E, lekholong la rōna la lilemo la bo20 phethahatso ea ho qetela ea boprofeta ba Jehova ka Jeremia bo etsahetse le hona e le ka tekanyo e khōloanyane. Hona ho bolela hore ho rōna Bakreste ho sa le teng ba lumellanang le “lifeiga tse monate.” Molimo oa Jeremia o ne a nkile bana “hantle.” O ba lopollotse ho Babylona e Moholo. Ke ka mohlala ba bitsoang hona joale ka lebitso la Molimo. Morao mehleng ea Jeremia “lifeiga tse monate” tsa tšoantšetso e ne e le Baiseraele ba neng ba bitsoa ka lebitso la Molimo oa bona. Le lona lebitso la moprofeta Jeremia, le ne le kenyelletsa lebitso le halalelang, hobane le bolela “Jehova o Khoehlisa (Popelo).” Mehleng ea Jeremia, Babylona e ile ea fetoha ’muso oa lefatše o laolang e le mokhatlo oa bopolotiki. Oa busa ka lilemo tse fetang 90 ’me kahoo oa ntšetsa pele bolumeli ba bohata bo simolohileng Babylona ea mehleng ea Nimrode. Tšobotsi ena ea bolumeli e hlahisoa hantle bukeng ea ho qetela ea Bibele e buang ka Babylona e Moholo ’me e etsa e febang le mebuso ea lipolotiki. Kaha Babylona ea boholo-holo e ne e emela ’muso o moholo, ho joalo le ka Babylona e Moholo e emela ’muso o moholo, ’muso o moholo oa lefatše oa bolumeli ba bohata.
12 Babylona ea boholoholo ea bopolotiki ke khale e ne e oe ’me ea fela ho hang, empa Babylona e Moholo oa bolumeli e sa le teng. Ka hoo e sa ntsane e le ’muso o moholo oa lefatše oa bolumeli ba bohata.—Tšen. 14:8; 17:1-8.
13. Ke molao ofe o neoang batho ba Molimo mabapi le Babylona e Moholo, ’me o “tahiloe” joang ke mali a lipaki?
13 Leha ho le joalo, na Babylona e Moholo le eona e tla oela timetsong? E, buka ea ho qetela ea Bibele e hlile ea bolela sena. Kahoo, ho Tšenolo 18:4, 5, batho ba Molimo ba kentsoeng botlamuoeng ba neoa taelo e latelang, e leng phutheho ea Bokreste: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.” Ha e hlalosa karolo ea libe tsa hae, Tšenolo 17:6 e tšoantšetsa seotsoa sena sa ’muso o moholo oa bolumeli e le ‘se tahiloeng ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.” Se bile molato oa mali ao se a tšolotseng a batho ba ineetseng ba Jehova Ntoeng ea I ea Lefatše (ea 1914-1918) ’me sa hapa batlamuoa ba bangata ho ba thibela ho bolela ka ’muso oa Molimo.
14. Ka ho arabela taelong ea Molimo, “lifeiga tse monate” tsa tšoantšetso li tsoelletse joang, ’me ke bo-mang ba ikopantseng le tsona lefeng la tsona la moea?
14 Batlamuoa bao ba hatelletsoeng ba Babylona e Moholo ba ne ba tšoana le “lifeiga tse monate” tsa pono ea Jeremia. Hoba Ntoa ea I ea Lefatše e lale, Jehova a roba matla a Babylona e Moholo ’me, ka 1919, a ba bulela tsela ea hore ba nke bohato ka thōmo ea hae: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka.” Baiseraele ba moea ba ileng ba arabela ho itokolleng botsoalleng leha e le bofe ho Babylona e Moholo (ho akarelletsa Bojakane) ba khutlisetsoa mohaung oa Jehova ’me ba kenngoa hore ba sebetse tšebeletsong ea hae ea ’Muso. Ba hla ba khothomeletsa pele ka matla boboleli ba lefatšeng lohle ba ‘litaba tse molemo tsa ’muso,’ joalokaha Jesu a hlile a bolela ho Mattheu 24:14 le Mareka 13:10. Ho tla fihlela kajeno Jehova ha a e-s’o bone ho le molemo ho ba lumella hore ba fotholoe lefeng la bona la paradeise ea moea eo a ba kentseng ho eona. Ho fapana le hoo, batho ba fetang 2 000 000 bao e seng Baiseraele ba moea ba arabetse boboleling ba ’Muso ’me ba ikhethela ho kopanela le batho ba tsosolositsoeng ba Jehova lefeng la bona la moea. Kahoo ba inketse ho phela tlas’a sefate sa feiga sa tšoantšetso ka monate oa sona le molemo linaheng tse fetang 200.
“LIFEIGA TSE MPE”
15, 16. (a) Ke bo-mang ba neng ba balelloa har’a “lifeiga tse monate” tsa tšoantšetso mehleng ea Jeremia? (b) Morena Tsedekia o ipakile ho ba ‘feiga’ ea mofuta ofe, ’me Jehova o hlile a bolela’ng ka “lifeiga tse mpe”?
15 Har’a ba ileng ba baloa e le sehlopha sa “lifeiga tse monate” tsa mehleng ea Jeremia e ne e le Morena Jojakine, (kapa, Jekonia) oa Juda. Jesu Kreste e bile ngoana ea hapelloang ka lelapeng la Morena Jojakine ka ngoana oa hae ea hlokomelehang Zorobabele, ea neng a tšoana le ‘feiga e monate.’ (1 Likron. 3:17-19; Matt. 1:12; Luka 3:23-27) Ka 617 B.C.E., hoba Morena Jojakine a neele Jerusalema ho morena oa Babylona, Nebukadnezare a etsa Tsedekia, rangoan’a Jojakine, morena e mocha oa Juda, tlas’a kano pela Jehova ea hore e tla ba mohlanka ea tšepahalang oa Babylona. Empa Morena Tsedekia a fetoha ‘feiga e mpe,’ kamoo ho bileng kateng. Kahoo Molimo oo a neng a hlapantse ka oona, Jehova, oa mo tšoantša le feiga e sa jeoeng, a re:
16 “’Me joale ka lifeiga tse mpe tse se nang ho jeoa ke hoba li le mpe, ho itsoe ke Jehova, ke tla etsa joalo ho Tsedekia morena oa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatšeng lena [hoba Jojakine a isoe botlamuoeng], le ho ba ahileng lefatšeng la Egepeta [leo Bajode ba balehetseng ho lona ke ho tšaba Babylona]. Ke tla ba neela ho tsukutloa le ho tšoenyeha mebusong eohle ea lefatše, e tie e be nyeliso, le pontšo, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng. Ke tla romela lerumo har’a bona, le tlala, le lefu la seoa, ba tle ba fele lefatšeng leo nkileng ka le neela bona le bo-ntat’a bona.”—Jer. 24:8-10.
17. Tsedekia o ile a fetoha ‘feiga’ e mpe ho fihlela kae, hona e le ka liphello life?
17 Ka sebele Jehova ha a ka a khahloa ke letho ke ‘lifeiga tse mpe’ tseo tsa tšoantšetso, tseo a ileng a rera ho li felisa ka tlokotsi e joalo, tlas’a thohako lichabeng tsohle le ka nyeliso. Morena Tsedekia o bile mobe hakaakang! A roba selekane sa hae seo a se hlapanyelitseng ’me a fetohela Babylona ’me, tlas’a khatello ea mahosana a hae, a etsa hore Jeremia a kenngoe litlamong joaloka kotsi sechabeng. Ntle ho “lerumo” la bafutuheli ba Bababylona le lefu la seoa har’a Bajode ba thibelletsoeng, ha hlokahala tlala e kokonang ho senya manganga a basireletsi ba Jerusalema kamor’a hore e thibelloe ka likhoeli tse 18. Morena ea hapang a etsa hore basebeletsi ba phahameng ba bopolotiki le boprista ba bolaoe. Tsedekia oa motlamuoa a bona ha bara ba hae ba bolaoa, joale a honngoa mahlo ’me a hulanngoa ho ea chankaneng Babylona, moo a ileng a shoela teng ka lihlong.
18. Ha ho talingoa mohlala o lemosang joalo, joale ho re hloka eng e le hore re ka pholoha ‘mahlomola a maholo’ a tlang?
18 Na rōna kajeno re thothometsoa ke phello e sisimosang e oetseng “lifeiga tse mpe” tseo tsa tšoantšetso? E se eka e ka ba mohlala o lemosang ho rōna hore re se ke ra etsisa tsela ea tsona e mpe. Haeba Baiseraele ba moea ba kajeno ba sa phelele selekane se secha, haeba ba sa phahamise borena ba Jehova ba bokahohleng, haeba ba sa tšehetse ’muso oa Messia oa Mora oa hae Jesu Kreste, ba tla ba le phello e tšoanang le “lifeiga tse mpe” tsa boholo-holo ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang. (Matt. 24:21, 22) Joale, hape, letšoele la bolumeli la Bojakane, le ikhakanyang joaloka Baiseraele ba moea, le tla oela bofelong ba lona ba tlokotsi joaloka “lifeiga tse mpe.” Kannete, hona joale ho re memela hore re tšoane le Jeremia le mongoli oa hae Baruke le metsoalle ea hae e seng mekae e ineetseng, banna ba tšepahetseng ho Jehova ba ileng ba pholoha timetso ea Jerusalema.—1 Ba-Kor. 10:11.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Bojakane, joaloka “lifeiga tse mpe,” bo talimane le bofelo ba tlokotsi joaloka Jerusalema ea boholoholo