Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/1 maq. 6-7
  • Ho Phela Tumellanong le Tiiso eo Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela Tumellanong le Tiiso eo Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsatsi la ho Ikarabella le Tiisitsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Toka Bakeng sa Bohle ka Moahloli ea Khethiloeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Toka Haufinyane Bakeng sa Lichaba Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Molaetsa oo re Lokelang ho o Phatlalatsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/1 maq. 6-7

Ho Phela Tumellanong le Tiiso eo Molimo

HAEBA tumelo ea rōna e feletse tiisong ea Molimo mabapi le kahlolo e tlang, mesebetsi e tlameha ho ba teng e pakang tumelo ea rōna. Bibele e re: “Joale ka ha ʼmele o se nang moea o shoele, le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.”—Jak. 2:26.

Ka ho hlakileng, haeba re lebelletse hore kahlolo ea Jesu Kreste e se ee ka tšobotsi ho hang, re lokela ho qoba khethollo. Hona ho tla bolela ho nea batho bohle hlompho e ba tšoanelang, re sa khese ba bang ka baka la boemo ba bona bo tlase kapa likhaello tsa bona, kapa hona ho khetha ba bang ka mokhoa o khethehileng ho ba bang hobane feela e le barui kapa ba tsebisahala. Joale, hape, re tla rata ho qoba ho ikemela ka mokhoa o sa tšoanelang. E ka ba ho sa nyallaneng hakaakang ho nyahamisoa ke liphoso tsa botho tsa ba bang ha rōna ka bōrōna re batla ho ikatlehisa ka ba bang ka hoo!

Ke hantle ha re hopola hore kahlolo ea bomolimo ka Jesu Kreste ha e-ea toba batho hammoho le rōna feela. Le rōna ka bōrōna e re tobile. Mangolo a bolela: “Ha le bitsa Ntat’a lōna eo e leng ea ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ea hae, e seng ka tšobotsi, le tsamaee ka tšabo mehleng ea ho hlola ha lōna lefatšeng.” (1 Pet. 1:17) Ha tšabo ea rōna e le e molemo bakeng sa ’Mōpi oa rōna le Moahloli eo a mo khethileng, ke seoelo re ka sekamelang ho sheba seo ba bang ba ka ʼnang ba se etsa kapa ba ke keng ba se etsa. Ho e-na le hoo, re tla ba hlokolosi ka tsela eo re sebetsang litaba tsa rōna bophelong. Re hlokomela hore ke feela Jehova Molimo ka Jesu Kreste ea ka lokisang litaba, re tla ikhalemela ho tšoenyeheng ka ho sa lokelang ka ho hloka toka le ho halefa hoo re inkelang litaba matsohong. Bibele e-ea re bolella: “Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ʼna ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.”—Ba-Roma 12:19.

Ka nako eona eo, haeba re ka thusa ba bang ho ananela bohlokoa ba ho phela tumellanong le tiiso ea Molimo ea kahlolo e tlang, ruri re tla rata ho etsa joalo. Hona ho ka ʼna ha etsoa ka ho arabela ka mosa ho ba re etsang hampe. Bibele e buella hore: “Ka baka leo, eo e leng sera ho uena, ekare ha a lapile, u mo fepe; ha a nyoriloe, u mo nose; hobane ha u ntse u etsa joalo, etlaba u ’mokellela mashala a mollo hlohong. U se ke ua hlōloa ke bobe, u mpe u hlōle bobe ka botle.” (Ba-Roma 12:20, 21) Karabelo e mosa e ka ʼna ea etsa hore motho ea mobe a itšoabele, e mo etsa hore a sole tsela eo a entseng ka eona. Kahoo tšoaro e mosa e ka ba le phello e hloekisang ho eena, e hlahisa litšobotsi tse molemo tsa hae.

Koana, boitšoaro ba rōna bo beang mohlala bo ke ke ba lekana ho etsa hore ba bang ba hlokomele bohlokoa ba ho etsa hore bophelo ba bona bo lumellane le tiiso ea Molimo. Ho hlokahala hore re ba tsebise ka thato le morero oa bomolimo. Ho batho ba Athene, moapostola Pauluse o itse: “[Molimo] o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.” (Lik. 17:30) Kaha letsatsi la ho liha kahlolo ea bomolimo ha lea s’o fihle, ona ke molaetsa o sa ntsaneng o batla hore o boleloe hole le ka bophara. Ka nepo baboleli ba lokela hore e be batho ba amohetseng Jesu Kreste e le Moahloli ea khethiloeng oa Jehova. Ba lumelang kannete tiisong ea Molimo ba ke ke ba khutsa, hobane ‘molomo o buisoa ke se tletseng pelong.’—Matt. 12:34.

Nako ea hore batho ba arabele memo ea pako e lekanyelitsoe. Ha ho motho ea tsebang hore na la hosesane le mo tlela le life. Mohlomong hosesane e tla be e se e le morao haholo. (Liprov. 27:1; Jak. 4:13, 14) Ke ka baka leo batho ba sa lieheng ho arabela memo ea Molimo ea ho baka, le ba qalang ho phela bophelo bo fanang ka bopaki ba tumelo ho phethahaleng ha toka ea bomolimo, ba hlalefileng kannete.

Le hona joale, ho phela bophelo bo joalo ke tsela e molemo. Ho tlatsetsa ho thabeleng letsoalo le hloekileng ho Molimo le batho ba kang rōna, ho fella ka khotso e ka hare le khotsofalo. Ka ho nahanela ha re sebelisana le ba bang, re thabela thabo e khōloanyane e tlisoang ke ho fana. (Lik. 20:35) Ka pel’a rōna ke bokamoso bo khanyang. Ha se fela hore re tla bona toka e etsoa ntle ho khethollo, empa bohloko bohle boo batho ba bileng tlas’a bona ka lilemo tse likete e tla ba ntho ea nako e fetileng. Mangolo a ngola tšepiso ena e hlasimollang pelo: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ʼme ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšen. 21:4.

Ka sebele, re na le mabaka a utloahalang a ho phela tumellanong le tiiso ea Molimo. Haeba u lakatsa ho ithuta haholoanyane ka morero o moholo oa ʼMōpi le hore na o batla ha u etsa joang, Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno li tla thabela ho kopanela le uena tsebo eo li e fumaneng Mangolong. Re u memela ho amohela mpho ea tsona ea thuto ea lehae e sa lefelloeng ea Bibele.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ke habohlokoa hore re fumane ʼme re sebelise tsebo ea Bibele

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela