Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/1 maq. 4-6
  • Letsatsi la ho Ikarabella le Tiisitsoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi la ho Ikarabella le Tiisitsoe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOAHLOLI EA TSOTELLANG
  • MOAHLOLI EA PHAHAMISITSOENG
  • PHETHAHATSO E TIILENG EA TOKA EA BOMOLIMO
  • Letsatsi la ho Ikarabella le ka re Sebeletsa Molemo ka Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Toka Bakeng sa Bohle ka Moahloli ea Khethiloeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Bophelo ba Kamoso ka Tsoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Ha Bafu ba Tla Phela Hape!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/1 maq. 4-6

Letsatsi la ho Ikarabella le Tiisitsoe

LILEMONG tse fetileng tse 1 900 monna ea neng a rutehile haholo molaong oa sechaba sa habo o boletse ho lumela ha hae letsatsing le tlang la ho ikarabella. O entse joalo naheng esele pela lekhotla la Areopago Athene ea boholo-holo. Monna e ne e le Mojode oa Mokreste, moapostola Pauluse.

Ka nakoana bamameli ba hae ba mamela seo a neng a se bua ka Molimo. Empa, ka ʼMōpi, Pauluse a etsa polelo ena e makatsang: “Hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatše lohle ka tōka, ka monna eo a mo khethileng, ʼme o neetse bohle bopaki ka ho mo tsosa bafung.”—Lik. 17:31, phet. e ncha.

Moapostola a sitoa ho tsoela pele ka ho bua, kaha basomi ba ile ba qala ho phahamisa mantsoe a bona. Leha ho le joalo, linnete tseo a neng a li boletse ke mokhoa oo ka oona Molimo o matla ’Ohle a neng a bula lipelo tsa ba bang ba utloileng boitšireletso ba Pauluse. Ha Moapostola a tloha, batho bana “ba mo khomarela, ba lumela.”—Lik. 17:32-34.

Re ka ʼna ra botsa: Ke mang monna eo ka eena Molimo o tla ahlola lefatše leo ho ahiloeng ho lona? Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore toka e tla phethahatsoa? Tiiso e beetsoeng letsatsi la ho ikarabella ke e tiileng hakae?

Monna eo Molimo o mo khethileng ke Mora ea ileng a itelisa khanya ea hae ea leholimo eaba ka matla a bomolimo o qala ho hōla e le lesea le phethahetseng ka popelong ea moroetsana oa Mojode ea bitsoang Maria. (Luka 1:30-35; Ba-Fil. 2:7) Mora enoa a tla tsejoa e le Jesu Kreste.

Ka moholo enoa oa boahloli, Jesu o itse: “Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo eohle.” (Joh. 5:22) “Ke sitoa ho etsa letho ke ʼnotši; ke ahlola kamoo ke utloang kateng, ʼme kahlolo ea ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratoang ke ʼna, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.”—Joh. 5:30.

MOAHLOLI EA TSOTELLANG

Ka hore na Jesu e tla ba moahloli oa mofuta ofe, ho boletsoe tjena ka boprofeta: “A ke se ke a ahlola ka chalimo ea mahlo, leha e le ho tsoa ka ho utloa taba ea ba re. Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatše ka ʼnete.” (Esa. 11:3, 4) Jesu Kreste a ke ke a nkeha ke botho bo boima kapa botle bo bonahalang ka ntle kapa ho rateha. O bona ka nq’ane ho ponahalo e ka ntle, a lemoha tšusumetso ea ʼnete ea pelo ea motho ka mong. (Tšenolo 2:23) Mantsoe a bohlale le likhang li ke ke tsa mo thibela ho fihla linneteng tsa taba le ho liha kahlolo e sa eeng ka leeme. Ho sa tsotellehe hore na batho ba tlase hakae, Jesu Kreste o tla ba sebetsa ka toka. “Mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.”—Pes. 72:14.

Re na le lebaka le leng le le leng la ho tšepa ho se ee ka tšobotsi ha kahlolo ea Jesu. O pakile kameho ea hae bakeng sa batho ka ketso e khōlō ho tsohle ea lerato le iketsang sehlabelo, ka boithatelo a tela bophelo ba hae. A hlokomelisa ka seo a neng a tla se etsa ntlheng ena, o itse ho barutuoa ba hae: “Ha ho motho ea nang le lerato le fetang ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.”—Joh. 15:13.

MOAHLOLI EA PHAHAMISITSOENG

Koana, motho ea shoeleng a ke ke a sebetsa e le moahloli, ʼme moapostola Pauluse a hlakisa hore Moahloli ea khethiloeng ke Molimo o tsositsoe bafung. Tsoho ena e ema e le tiiso e ke keng ea fetoha mabapi le letsatsi le tlang la ho ikarabella. Ha se tiiso feela tjee. Ba boneng ka mahlo ba ka bang 500 ba bone Mora oa Molimo ea tsositsoeng. E le hore ho se be teng pelaelo ka bonnete ba tsoho, Jesu Kreste a bua le barutuoa ba hae, a ba kōpa hore ba mo tšoare ʼme a ba a ja lijo moo ba leng teng. (Luka 24:36-43) Bibele e-ea tlaleha: “A ipontša bona, a se a phela, ka lipontšo tse ngata tse kholisang, ba ’mona ka matsatsi a mashome a mane.” (Lik. 1:3) Kaha bopaki bo ne bo ke ke ba latoloa, barutuoa ka sebete ba paka ho tsoha ha Jesu Kreste, har’a ho khahlapetsoa ʼmeleng, lithohako le tšokelo ea lefu.

Ha se feela hore barutuoa ba Jesu Kreste e ne e le lipaki tsa tsoho ea hae, hape e ne e le lipaki tsa ho nyolohela ha hae leholimong. Matsatsi a leshome hoba a nyolohe barutuoa ba ka bang 120 ba amohela bopaki ba hore Mora o phahamiselitsoe ka letsohong le letona la Ntat’ae. Ba fumana bopaki bofe? Pele a nyoloha, Jesu Kreste o ne a laetse barutuoa ba hae hore: “ba se ke ba tloha Jerusalema, ba mpe ba lebelle pallo ea Ntate, eo le e utloileng ho ʼna, hobane Johanne o fela a kile a kolobetsa ka metsi; empa lōna le tla kolobetsoa ka Moea o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.” (Lik. 1:4, 5) Ka baka leo, ha, ka letsatsi la Pentekonta ka 33 C.E., barutuoa ba ka bang 120 ba amohela moea o halalelang o tšepisitsoeng ʼme o ba nea matla a hore ba bue ka lipuo lisele ho Bajode le basokolohi ba neng ba tlile Jerusalema ba e-tsoa libakeng tse hole ho tla ba teng moketeng oa Pentekonta, barutuoa bana ba tseba hore Mora o na le Ntate.

Ke ka baka leo moapostola Petrose a neng a ka bolella ba likete mohla letsatsi leo hore: “Molimo o tsositse Jesu eo; ’me rōna kaofela re lipaki tsa taba eo. Eitse hobane a phahamisetsoe letsohong le letona la Molimo, ʼme a nke pallo ea Moea o Halalelang ho Ntat’ae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utloang joale.”—Lik. 2:32, 33.

PHETHAHATSO E TIILENG EA TOKA EA BOMOLIMO

Liketsahalo tse pakiloeng hantle tse etsahetseng mabapi le Jesu Kreste lekholong la pele la lilemo li ema e le tiiso e sa fetoheng ea hore letsatsi la ho ikarabella bakeng sa lichaba tsohle le tlameha ho etsahala. Ke hona letsatsing lena la ho phethahatsa toka ea bomolimo barutuoa ba tšepahalang ba Jesu Kreste ba neng ba lebelletse ka cheseho e khōlō. Moapostola oa Mokreste Pauluse o supile sena ho le leng la Mangolo a hae a eang ho Bathessalonika, a ngola hore:

“Hobane efela ho lokile hoba Molimo o busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang [lōna ba lumelang], ʼme lōna ba tšoenngoang, le etsetsoe phomolo le rōna, mohla Morena Jesu a bonahalang a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng, ba tlosoe pel’a Morena, le pel’a khanya ea matla a hae. Ha a e-tla ho tlotlisoa mohlang oo bahalaleling ba hae, le ho etsoa ea makatsang ka bohle ba lumetseng.”—2 Ba-Thess. 1:6-10.

Ho tla ha Jesu Kreste e le mophethahatsi oa toka ea bomolimo ho tla qalisa nako ea ho lokisoa ha liphoso tsohle. Molimo ka Kreste o tla ahlola le “li-sa-tsejoeng tsa batho.” (Ba-Roma 2:16) Le hoja re sa tsebe hora eo le letsatsi leo tseo e leng khale li laba-labeloa li tlang ho tla, re na le tiiso ea Molimo hore li tla tla le hore ho haufi haholo. Hona ho lokela ho re susumelletsa ho phela tumellanong le tiiso ea oona. Empa hona ho re hloka eng?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela