Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 3/1 leq. 28
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Moea oa Linako”
  • “Ho Thiba Batho Litsebe”
  • “Bohloko ba Sebele”
  • Na ke Lokela ho ea Likonsareteng Tsa Rock?
    Tsoha!—1996
  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ’Muso o Theiloeng Holim’a Lehlabathe, Oli, le Bolumeli
    Tsoha!—1991
  • Bibele e Re’ng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 3/1 leq. 28

Ho Nyarela ka Litabeng

“Moea oa Linako”

● Kamor’a lilemo tse tharo tsa mosebetsi Mamethodiste a England a hlahisitse tlaleho ka botona kapa botšehali ka Karolo ea Boikarabelo ba Tulisano le Tumelo ea ona le Komiti ea Taolo oa ea eona. Tlaleho e khothalletsa Kereke ea Methodiste ho fetola boikutlo ba eona ka ho robala ha banna le banna ba bang. Se ithutiloeng se nahana “likamano tse tsitsitseng tsa ka mehla” e le tsela e loketseng ea ho bontša likamano tsa banna le banna. Maikutlo ana a tla nka “likamano tse tsitsitseng tsa ka mehla” e le tsela e loketseng ea ho bontša likamano tsa banna le banna. Maikutlo ana a tla nka “likamano tsa banna le banna ba bang e se tse phoso hakaalo.” Liqeto tsa thuto ena ho ile ha boleloa hore li theiloe “Bibeleng, monahano, thuto ea neano ea kereke, phihlelo ea botho le ea batho ea Bakreste ba kajeno, kutloisiso e fanoang ka mahlale a batho le se ka bitsoang ‘moea oa linako.’”

Na Bibele ke motheo oa liqeto tse joalo? Le hanyenyane! Bibele e hlakisa maikutlo a Molimo ka ho robala ha banna le banna ba bang. (Ba-Roma 1:24-27; 1 Ba-Kor. 6:9-11; Lev. 18:22) ’Nete ke hore motheo oa liqeto tse joalo joalokaha ba hlile ba o bolela, e hlile ke “moea oa linako,” kapa, kamoo Bibele e o bolelang, “moea oa lefatše,” oo e leng matla a sa bonahaleng a sebetsang a sebelisang tsamaiso ea batho telekisong ea lintho tsa oona, kapa mokhoa oo le phelang ka oona.—1 Ba-Kor. 2:12; Ba-Ef. 2:2.

“Ho Thiba Batho Litsebe”

● Pete Townshend, moetsi oa lipina ea bapalang katara sehlopheng sa ’mino oa “rock” The Who, o sa tsoa hlalosa ka ho lahleheloa ke matla a ho utloa hoo a nang le hona. Ha a hlalosa ka ho ea ha hae ho setsebi sa maloetse a litsebe, Townshend ea lilemo li 34 o boleloa ho “Newsday” e le ea reng: “Ha ke le 38, ke tla qala ho ba le mathata a ho utloisisa seo batho ba mpolellang sona, ’me ke tla koaleha litsebe pakeng tsa lilemo tse 40 le 50.” A eletsoa hore a ithute ho sheba molomo oa motho ha a bua e le hore a ka mo utloisisa, kaha kotsi ea kutlo ea litsebe tsa hae ke ntho e tla hlaha ’me e ke ke ea phekoloa. Ho nyarosoa ke polelo ena ha mo etsa hore a ke a inahane ka phello eo ’mina oa “rock” e nang le eona ho ba bang teng meketeng ea ’mino ea “The Who” le lihlopha tse ling tsa “rock.” “E batla e le pontšo ea matla ho tloha moketeng oa lipina le ho re, ‘litsebe tsa ka lia luma,’” kamoo a hlalositseng. “Ha hoo ho etsahala, ho bolela hore u se u tsoile kotsi eitseng! Haeba u ntse tsoela pele, ha u na ho utloa litloholo tsa hao, ha u na ho utloa ’mino. Sechaba se seholo sa “rock and roll” se tla qapa batho ba likete-kete ba joalo.”

Ka ho utloa ha hae, sebini sa re: “Ha ho ntoutise haholo. Ke sitoa ho touta haholo, hobane nke ke ka tlohela ho letsa.” Ntle ho moo, a phaella ka hore o na le lifeme tse peli tse etsang lintho tse tsamaisang molumo, ’me “ke bokella chelete e ngata ka ho thiba batho litsebe.”

Ho hongata ha ho fetisoang e le boithabiso kajeno ho hlahisa ho se tsitse, ho fetella—ho fetella ha molumo le boikutlo. Keletso ea Bibele ea ‘ho ba le hlompheho’ e akarelletsa boithabiso.—1 Tim. 3:2.

“Bohloko ba Sebele”

● Baeti ba etelang Saudi Arabia e ruileng oli ba tlaleha hore ho teng liphetoho tse khōlō tse etsahalang moo. Ka mohlala, ho ntse ho lokisetsoa metse e ’meli e meholo e mecha ea mesebetsi e meholo, le hoja e tla sebelisa chelete e ka bang $70 000 000 000 (U.S.). Batho ba tšoarehile haholo ka khoebo le chelete. “New York Review of Books” e itse: “Baeti ba etelang ’muso oa lehoatata ba na le maikutlo a hore mohopolo oa khoebo ke o laolang moo hoo ho leng thata ho qoqa le Masaudi ntle ho hore o retelehele likhakanyong, ho reka le ho rekisa ka nakoana ea metsotsoana feela. . . . Ba bang [ho banna ba etellang pele khoebong] ba se ba bokelletse letlotlo le lengata ho feta kamoo bona le bana ba tla hlaha ho bona ba meloko e mehlano ba ka le sebelisang. Leha ho le joalo ba ntse ba bokella ho ea pele.”

Phello ea ho tšoareha hona ka chelete le matla a phethoho moo li hlokomeleha ho lingaka tse tsoang linaheng lisele tse ileng moo ho ea phekola. “Ha ho kae kapa kae, kamoo li tlalehang, moo mafu a kelello a tloaelehileng joaloka Saudi Arabia—mafu a bakang bohloko ba sebele empa a ke ke a bakoa ke ho hlōleha leha e le hofe ha litho tsa ’mele. Kamoo li bolelang ho teng bacha ba nang le pontšo e ’ngoe le e ’ngoe ea botsofali, le batho ba baholo ba itšoarang joaloka bana.”

Hona ho bontša bonnete ba se hlokometsoeng ke Bibele hore “ea ratang silevera, silevera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hola ka eona,” le hore batho ba joalo ba tla hlokofatsoa ke “mahlomola a mangata.”—Moek. 5:10; 1 Tim. 6:10.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela