Ha ho Etsahala ho Hobe ho Tsohle
Taba ea tumelo e susumetsang ea ngoanana e monyenyane
MORALI oa rōna Elise o hlahile ka 1962 Helsinki, Finland. Ho tla ha hae ho ile ha re thabisa haholo le khaitseli ea hae e moholo ho eena, Esa. Elise o ne a thahasella ho ithuta, ’me monna oa ka le ’na ra mo ruta ho bala pele a ea sekolong. Hape, o ne a e-na le litšekamelo tsa ’mino, joalokaha ho le joalo ka lelapa lohle la rōna.
Ha a le lilemo h tharo ra ngolisa Elise sekolong sa bana sa ’mino. Ha a le lilemo li robeli o ne a ithutile ho lekaneng ka fiolo hore a ka bapala sehlopheng sa Vivaldi karolong ea pele ea ba banyenyane manyalong. Ra etsa sehlopha sa lelapa sa ’mino. Monna oa ka a bapala fiola, Esa cello, ’me Elise fiolo. Ha bonahala eka Elise o tla ba le neo e babatsehang haholo ea ’mino.
Re thahasella ’mino kamoo re leng kateng, ra bea khatiso e khōloanyane khōlisong ea morali oa rōna ea moea, re ithuta Bibele le eena ho tloha boseeng. Kahoo, nakong eo a leng lilemo li hlano, ka boeena, o ne a ee a ee ka ntlo le ntlo ’me a neelane ka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! E mong oa bao re ahisaneng le bona a khopeha, hobane o ne a nahana hore ha hoa lokela hore motho ea monyenyane joalo a etse mosebetsi ona.
Mofumahali eo a re ho Elise: “Taba ea ngoanana ea monyenyane joaloka uena tjena hore a tle ho ’na a bua ka Bibele! U ke ke ua bala le makasine tsena ka bouena!”
“Oh, nka e bala,” ha arabela Elise, ’me a tsoela pele ho bala le ho hlalosa serapa se makasineng eo a neelanang ka eona. Ra thaba ha re utloa ka sena. Hape ra thabela ho hlokomela karabelo ea hae ha phutheho e lokisetsa ho haha Holo ea ’Muso e ncha. A ntša sohle se polokelong ea hae 15 marks ’me a neelana ka sona bakeng sa morero ona.
HO SIBOLLA SE TŠOSANG
Ka tsatsi le leng lehlabuleng la 1972, ha Elise a le lilemo li 10, re ne re khutlela hae re tsoa leetong. Ka hlokomela kuru e sa tloaelehang nkong ea hae. E ne e le nyenyane haholo, empa ea ’na ea hōla. Eaba ke mo isa Setsing sa Meriana se Puotinharju. Setsebi sa mpolella hore ha sea s’o bone kuru e joalo nkong, ’me sa nkeletsa hore ke ee Motebong oa Litlhare oa Litsebe oa Univesithi. Matsatsi a seng makae hamorao ra lopoloha ho utloa hore ha se kankere.
Ha fanoa ka meriana, ka tiiso ea hore kuru e tla phakisa e fele. Empa ha e ka ea fela. Kamor’a libeke tse peli ho se phetoho ea letho, ra isa Elise ngakeng hape. Ka lekhetlo lena a kenngoa sepetlele, ’me ka la 24 Loetse, a buuoa. Ke ka nako eo moo re ileng ra bolelloa litaba tse bohloko: “Ngoanana oa lōna o na le kankere.”
HO LOANELA BOPHELO KA MATLA
Ho ne ho belaeloa hore kankere e tla fetela litemetoaneng tsa Elise. Eaba lia tlosoa. Ka likhoeli tse latelang, ha kankere e tsoela pele ho ata, a ’na a buuoa ho ea pele ho leka ho e thibela ho tsoela pele. Elise a ipolokela buka eo a ngolang liketsahalo ho eona, eo re ntseng re e bolokile le joale. A ngola mathoasong a 1973:
“Hoba ke buuoe ka makhetlo a mararo ke ne ke emetse sebaka lekaleng le thibang likheo. Ka phakisa ka amoheloa ’me ka sareloa hape ke ho ba sepetlele. Empa ke ne ke e-na le motsoalle e mong ea motle Ritva, ea neng a builoe leihlo. Re ne re atisa ho bapala “boleke” le Pekka le Tiina. Ka fa Ritva libuka tse tharo, Ho Mamela Mosuoe e Moholo, Is the Bible Really the Word of God? le ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ritva a li bala kaofela. Maikutlong a ka hoetla lena e bile lehoetla la mesarelo e fetisisang bophelong ba ka.”
U ka inahanela boima boo ho buoa hona ho ntšang tšobotsi ho neng ho le bona ho rōna kaofela. Buka e ngotsoeng ke Elise e bontša mahlomola a hae le bohloko. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, ho bonahala hona moo tumelo ea hae e matla le ho hloka tšabo. Buka ea hae e tsoela pele:
“Ka Pherekhong [1974] Ka buuoa ka lekhetlo la bone ’me ka seoa haholo lerameng. Ka matsatsi a seng makae hlooho ea ka kaofela, hammoho le litsebe, e ne e tlanngoe. Tsebe ea ka ea letsoho le letšehali e ne e sa tanteloa haholo, ’me kahoo ke ne ke bea fono-fono ho eona. Eare ha masela a ntlammeng a tlosoa ke ne ke tšabeha, ’me eare ha ho tlosoa litichi haufi le tsebe ea ka ke ne ke tšohile hore leihlo la ka le tla tsoa. Ka tsoa sepetlele ka la 19 Pherekhong. Ea e-ba letsatsi la thabo.
Ka nako ena eohle baena ba rōna ba Bakreste le likhaitseli ho kopanyelletsa le ba neng ba bina le eena ba letsetsa likopano, ba ’na ba tla ho tla khothatsa. Hape, metsoalle ea hae ea sekolo le matichere ba ne ba le botsoalle haholo le ho thusa. Ba mo rōmella limpho tse ngata, ’me ba etsa se matleng a bona ho mo etsa hore a ikutloe hore oa amoheleha le ho hlokoa. Empa Elise hangata o ne a etsa ho hoholo ho tšelisa metsoalle ea hae ho feta hore eona e mo tšelise.
O ne a ee a ba bolelle hore le hoja a ka shoa, o tla be a “robetse” feela ka motsotsoana ’me joale o tla tsoha paradeiseng. “Lefatše le lecha le tla qala kapele feela ha ke shoa, hobane ha ho ea tsebang letho ka nako ha a robetse,” kamoo a neng a ee a bolele. Ho ne ho le thata hore metsoalle ea hae e itšoare ha ba bona mahlomola a morali oa rōna, ’me leha ho le joalo ba mo utloa a bua ka bonolo le ka tšepo e kaalo ka tšepiso ea Molimo ka tsoho.
Ha rea ka ra tela tšepo ea hore ka mokhoa o mong kankere e ka ’na ea hlōloa. Ha qaleha tšebetso ea hore a sebetsoe ka mahlaseli a “cobalt” ka Tlhakubele 1974, ho latela hore a fuoe meriana. Elise a boela a bua ka hona bukeng ea hae.
“Ka baka la ho phekoloa ka mahlaseli ka fokola haholo. Hona ha etsoa ka libeke tse tharo. Ho hobe ka ho fetisisa, leha ho le joalo, ha hoa s’o boleloe. Letsatsi pele likolo li koaloa ka Motšeanong ka fuoa meriana e ileng ea mphokolisa hoo Phuptjane eohle ho neng ho sa bonahale le tlhase feela ea tšepo. Ke ne ke sa je letho ho hang ka libeke tse tharo ’me ho hang ke se na matla a ho tsoha liphateng. Ka fokotseha ka lik’hilograma tse hlano ’me moriri oa ka oa hlōtheha kaofela. Empa ho ne ho le teng mantloane; ruri e bile ho thabisang ha Ntate a haha.
“Ka lehlohonolo ka Phupu ke ne ke le betere ’me ka tseba ho ea kopanong ea setereke. Ka ikutloa ke phela hamonate nakong ea kopano ’me ho tloha ka nako eo ho ea pele ka hlasimoloha. Ka Phato ka fumana beke e ’ngoe hape ea tšebetso ea meriana, empa ha nka ka kula haholo ka lekhetlo lena. Ho sebetsoa ha ka ka meriana ho reretsoe hore ho tla nka lilemo tse peli.”
Leha ho le joalo, boiteko bona bohle ba e-ba le katleho ea nakoana, ’me boemo ba Elise ba ’na ba senyeha haholo. Eare ha a bona hore o tla tloha a shoa, a phuthela lintho tsohle tsa hae tsa ho bapala a li nea metsoalle ea hae. A e hopotsa hore o tla boela a e bone ha a tsoha. A ipolokela fiolo ea hae, leha ho le joalo, hobane o ne a e-na le tšepo ea hore o tla tseba ho bapala sehlopheng sa rōna sa lelapa hape tsamaisong e ncha.
Hape, ka nako ena eohle Elise o ne a paka haholo ho matichere a hae, metsoalle ea sekolo, lingaka le baoki. A sia libuka tse 12 tsa Na Bophelo Bona ke Bona Phetho ho Teng?, a li ngotse ka boeena. Ha a se a shoele, o ne a batla hore li neoe lingaka le baoki ba neng ba bile le karolo ho mo phekoleng. Taba ea Elise ea tsebisahala Helsinki eohle. Empa qetellong a shoa, a tla ba lilemo li 14, ka Pherekhong 4, 1976.
KOPANO EA MOHLOLO
Selemo le likhoeli tse tšeletseng hamorao ’na le monna oa ka re ne re le kopanong ea setereke lebaleng la lipapali la Ice le Helsinki, ha motho a re atamela, ’me a botsa: “Na le sa nkhopola?” Pele ra makala, empa joale ra hlokomela monna eo e le ngaka eo, ka nako e ’ngoe, e kileng ea phekola Elise. E ne e bonahala e fapane ha e kutile litelu e sa apara le baki ea lingaka e tšoeu. Ho ne ho etsahetse joang?
Elise o ne a buisane le eena, joalokaha a ne a entse ka lingaka tse ling tsohle, ’me o ne a le botsoalle ’me a bonahala a thahasella se ka Bibeleng. Joale le rōna ra mo pakela. Re ne re rutile Elise hore a rapelle metsoalle ea hae le bao a ba ratang, ’me lithapelong tsa rōna tsa mantsiboea o ne a atisa ho bolela ngaka ena, a rapella hore eke e ka ithuta ’nete ka merero ea Molimo. Joale, ngaka ena e ne e re bolella kamoo tumelo ea morali oa rōna ho kuleng ha hae ho isa lefung e ileng ea mo khahla ka ho tebileng.
“O ile a mpha buka Khotso ea Nete le Tšireletseho,” kamoo a hlalositseng, “empa ke ne ke tšoarehile ’me ka e bea libukeng tse ling. Ka nako eo, lenyalo la ka litaba tsa lona li ne li sa tsamaee hantle haholo, ’me ka boiteko ba ho ntlafatsa litaba, ka fihlela qeto ea hore ke phomolele boikarabelo bo boima ba ka motebong oa litlhare oa “X-ray” o Helsinki. Eaba joale ke fallela Åland, moo ke ileng ka sebetsa joale ka ngaka feela Sepetleleng.
“Ho falla ka bohona ha hoa ka ha fetola likamano tsa rōna tsa lelapa, empa kapele Paki ea moo ea etela mosali oa ka, ’me a nka libuka tse ling. Joale a hopola hore re na le buka eo re e filoeng ke Elise, ’me a e ntša libukeng a e bala. Kapele a kholoa hore hona ke ’nete, ’me Paki ea moo ea qala thuto ea Bibele le eena. Pele, o ne a batla a tšaba ho mpolella ka hona, a nahana hore ke tla mo hanela ho ithuta. Empa ka re: ‘Eng kapa eng e tla thusa likamano tsa rōna tsa lelapa e ntle.’ Ke ne ke batla ho kopana le Paki, ’me hona ha lokisetsoa kapele. Phello ea e-ba hore ke ile ka kopanela thutong kapele. Metheo ea Bibele ea ntlafatsa litaba tsa rōna tsa lelapa ’me ea re nea pono e ncha melemong ea bophelo. Ka 1976 ra kolobetsoa ’me hona joale mosali oa ka ke pulamaliboho ea tloaelehileng. Ba bararo ho bana ba rōna ba bane ke bahoeletsi ba ‘litaba tse molemo,’ ’me e monyenyane, ea lilemo li supileng, o tsamaea le rōna hangata tšebeletsong ea tšimo.”
U ka inahanela hore na re ile ra khothala hakaakang ke ho utloa sena! Thapelo ea morali oa rōna ha bonahala e fumane karabelo e molemo ka ho fetisisa. Hoja ebe feela Elise a tseba! Ha tsoho e etsahala, ho tla ba le lintho tse thabisang haholo hore re mo bolelle tsona.
Le hoja letsatsi le letšo ho feta ’ohle bophelong ba ka e bile mohla ngaka e reng “Ngoanana oa lōna o na le kankere,” ntoa ea Elise hore a phele leha ho le joalo e bile e khothatsang. E bile ho futhumatsang pelo ho bona kamoo tumelo e tiileng ho Jehova Molimo le litšepiso tsa hae tsa Bibele ka matla li ka laolang le bophelo ba ngoana e monyenyane. Nke ke ka lebala ha Elise a re: “Ho tla tšoana leha ke robetse bosiu bo le bong, ’me ke tla tsoha lefatšeng le lecha.”—Tlatselletso.
[Setšoantšo sa Elisa se leqepheng la 24]
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Re ile ra felloa ke tšepo ha ngaka e re: “Ngoanana oa lōna o na le kankere.”