Ho Nyarela ka Litabeng
Polokeho ea Hang
● Ha e hlahloba libuka tsa litaba tsa botho tse peli tsa morao tjena tsa moevangeli Billy Graham, “New York Review of Books” e bua ho hong ka mokhoa oa hae oa “ha u bolokiloe hang, u bolokiloe ka mehla,” oa boevangeli: “Boevangeli ba hona joale bo hole haholo kamoo motho a ka nahanang le ho phehella tumelo ka mesebetsi. Graham o phethahalitse maikutlo a pharishe ea lefatše, ke hore, ho se be teng ha pharishe ho hang. O imollotsoe bohlokoa ba maeto a botho, ho bokella mabokose a liaparo tsa khale karolong e ka tlase ea kereke, ho etsa manyalo, ho pata bafu . . . Hase feela hore o imollotsoe, empa ba bolokiloeng le bona ba imolotsoe, haeba ba rata, mesebetsing ea kopanelo le ba bang. Ka mekotla ea bona ea poloko, ba tšoana le bakuli ba nkang leeto le le leng ho ea motebong oa litlhare ’me kahoo ba ngolisoa lenaneng la ba phekotsoeng. Boitlamo ha bo hloke hore motho a ee ’Miseng kapa a tsamaee a kokota menyakong, a rekisa ‘Molula-Qhooa,’ a hana tšelo ea mali le tšebeletso ea sesole.”—Phato 16, 1979, leqephe 4.
Bopaki ke hore mokhoa oa Graham o okalang kaholimo feela oa poloko o na le phello ea nakoana bophelong ba batho ba bangata bao a ba “pholosang.” Hona ntle ho pelaelo ho tsoaloa ke hobane ba batla pheko e potlakileng eo Graham a e “rekisang” hantle hakana, ho e-na le ho mamela polelo e hlakileng ea Bibele: “Joale ka ha ’mele o se nang moea o shoele, le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.”—Jak. 2:17, 26.
“Mohalaleli” kapa Sehloela?
● Dr. Tom Dooley, monna ea babatsoang haholo ka mosebetsi oa hae oa lithuso bongakeng Iikhoeng tsa Asia e ka boroa bo ka bochabela ho isa qetellong ea bo1950, o ntse a hlahlojoa bakeng sa ho kenngoa lenaneng la “bahalaleli” ba Roma e K’hatholike. Empa lipampiri tse ngotsoeng tse fumanoang ka Molao oa U.S. oa Tokoloho ea boitsebiso li senola hore Dooley o ne a sebeletsa lekala la bohloela la Amerika ka nako ena. “O ne a fane ka ho tlosoa ha mabotho, libetsa tse kenang, boikutlo ba batho,” kamoo ho hlalosang Maynard Kegler, moprista ea phahamisang Dooley hore e be “mohalaleli,” a phaella ka hore: “Hona ho ke ke ha ama lebaka la hae la ho ba mohalaleli ho hang.”
Leha ho le joalo, “Notre Dame Magazine” mongoli oa eona Jim Winters, ea ngotseng ka se fumanoeng ke lekala la bohloela, o bolela hore Dooley “o ne a sebelisa pheko e phahameng haholo ea bopolotiki,” a phahamisa “menate ea puso e khethollang batho ka leruo” ho ba likete. “O ne a sa fane feela ka lipilisi, o ne a ‘sebeletsa Amerika mosebetsi o seng mokae oa likamano le sechaba,’” kamoo ho hlokomelang Winters. “Hoja o ne a ile a lula thoko le lipolotiki, . . . mohlomong e ka be e ntse e le mohale le kajeno. Empa a ikhethela hore libuka tsa hae, lipuo le lipheko li be le bopolotiki.”
Na liketso tse joaIo li bontša boitšoaro ba motho eo ka nepo a ka bitsoang “mohalaleli” kutloisisong ea Bibele? Ha ho bonahale joalo, ha ho talingoa seo Jesu a se boletseng ka baapostola ba hae le barutuoa bao e neng e le “bahalaleli” ka kutloisiso ea sebele: “Ha se ba lefatše, joalokaha ke se oa lefatše.” Na u ka inahanela leha e le ofe ho bona a etsa “mosebetsi o seng mokae oa likamano le sechaba” bakeng sa ’Muso oa Roma?—Joh. 17:16; “Catholic Confraternity” Version.
Litumelo tse 1 187
● “Encyclopedia of American Religions” e sa tsoa hatisoa e thathamisa mekhatlo ea bolumeli “e meholo” e 1 187 Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Moruti oa Methodiste J. Gordon Melton o nkile lilemo tse 15 a batlisisa khutsufatso ea hae ea litumelo tsa Amerika, a tšoara lipuisano tse makholo-kholo ho fumana linnete. Pele ho “Encyclopedia” ea hae, lethathamo le leholo ho ’ohle e ne e bile “Profiles in Belief,” ho akarellelitsoe litumelo tse 735 tsa Amerika e ka Leboea.
Letlobo le joalo la lihlopha tsa bolumeli le theiloe maikutlong a banna ba sa tšoaneng le ka lebelloa, kaha moapostola Pauluse o hlile a bolela ka bao ba neng ba ipolela hore ke Bakreste: “Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ea pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha litsebe tsa bona, ba tla ipokellela baruti ba lumellanang le litakatso tsa bona.”—2 Tim. 4:3.
Hona lekholong la pele la lilemo, ho bile teng ba neng ba re: “’Na, ke oa Pauluse!—’na, ke oa Apollose!—’na, ke oa Kefase!—’na he, ke oa Kreste.” Leha ho le joalo Pauluse a bolela hore “likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna,” ’me a hlalosa hore tse joalo e ne e le tšobotsi ea ‘batho ba nama,’ ba neng ba iphepha feela ka “lebese” la Lentsoe la Molimo e seng ka lijo tse tiileng tsa moea tse hlokahallang ho ba etsa ’mele o kopaneng oa ‘batho ba moea.’—1 Ba-Kor. 1:10-12; 3:1-4.