Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 6/1 maq. 31-32
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Batla ho ba Moeeng oa Keresemese
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Semelo sa Keresemese ea Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Keresemese?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 6/1 maq. 31-32

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Lapeng habo monna oa ka ho tloaelehile hore bana bohle le litloholo ba bōkane tlung ha batsoali ba bona bakeng sa sejo se le seng se seholo ka la 25 Tšitoe. Monna oa ka o hlokomela hore, joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, ha ke keteke Keresemese. Empa ho thoe’ng ka ho ea lijong?

Uena ka bouena u lokela ho etsa qeto ea hore na ho tla ba molemo ke hofe tabeng ea hao. Lintlha tse ling tseo mohlomong u tla rata ho li nahana ka taba ke tsena.

Libakeng tse ngata, ’nete ea hore batho ba bangata ha ba sebetse ka matsatsi a itseng a phomolo ho bolela hore ke linako tse loketseng hore malapa a kopane hammoho. Le sona seng seo e leng Bakreste se ’nile sa sebelisa matsatsi a joalo bakeng sa lipikniki kapa lijo, le hoja ba sa keteke letsatsi la phomolo la bolumeli. Bolokolohi bona mosebetsing mohlomong ke le leng la mabaka a kolekelang ho bōkana ha lelapa la habo monna oa hao ka la 25 Tšitoe. Empa haeba boholo ba lelapa le keteka Keresemese, kopano ena mohlomong hape ke hore ba ka tseba ho fapanyetsana litumeliso le limpho tsa Keresemese.

Lipaki tsa Jehova li hlalositse hore balateli ba Jesu ha baa ka ba laeloa ho keteka tsoalo ea hae, hore ha a tsoaloa ka la 25 Tšitoe le hore letsatsi lena le nkiloe moketeng oa bohetene oa Baroma. (1 Ba-Kor. 11:23-26) Kahoo, Lipaki tsa Jehova ha li keteke Keresemese, li hopotse mantsoe a Jesu: “Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”—Joh. 4:24.

Bang ka uena ba monna oa hao ba sa lumellaneng le tumelo ea hao e theiloeng Bibeleng ba ka ’na ba ikutloa ba lokolohile ho keteka Keresemese. Bonneteng, leha ho le joalo, ba ne ba tšoanela ho hlokomela bolokolohi ba hao ba ho se kopanele. Haeba u le lijong joale u sa kopanele litumelisong tsa Keresemese, ho fapanyetsana limpho kapa ho kopanela liketsong tse ling tsa letsatsi la phomolo, na ba tla soaba kapa ba tenehe? Hona ke ntho eo uena le monna oa hao le ka buisanang ka eona pele. Joaloka mosali oa Mokreste, ntle ho pelaelo u hlompha bohlooho ba hae, ’me hoo ka ho tobetseng ho fetela le litabeng tse kang hore na lelapa le tla ja hokae. Ka hore ka hlompho le ka bonolo u bee boikutlo ba hao, ’me u bontša ho utloisisa ha hao, mohlomong a ka susumeletseha ho bona hore na ho ka fumanoa pheko e khotsofatsang.—Ba-Fil. 4:5; Ba-Kol. 3:18.

Monna oa hao a ka ’na a u phehella hore u tsamaee le eena a etsa tlhahiso ea hore u li nke joaloka sejo se tloaelehileng u sa kopanele lintlheng leha e le life tsa letsatsi la phomolo. Hoo e ka ’na ea e-ba monyetla, hobane motho a ka ’na a ba moo ba bang ba leng teng ba etsa liketso tsa bolumeli empa eena a sa kopanele ho tsona. (Bapisa 2 Mar. 5:17-19.) ’Me Bibele e fela e bontša hore feela hobane motho e mong a nahana hore lijo tse itseng li bolela ho khethehileng, hoo ha ho hlakole hore Mokreste a ka li ja e le lijo tse loketseng. (1 Ba-Kor. 8:8; 1 Tim. 4:4) Ha a bua ka hoo, leha ho le joalo, moapostola Pauluse o hatisa bohlokoa ba ho nahanela matsoalo a ba bang, ho qoba ka mekhoa eohle ho bōpa maikutlo a fosahetseng a ka ’nang a khopisa.—1 Ba-Kor. 10:23-30.

Haeba u ka fela oa ea sebokeng sa lelapa le lijong ka la 25 Tšitoe, na beng ka uena ba tla fihlela qeto ea hore u keteka Keresemese hammoho le bona? Kapa, mohlomong ka baka la seo ba ithutileng sona ho seo u se lumelang le seo ba tla se hlokomela boitšoarong ba hao sebokeng, na ba tla hlokomela hore boteng ba hao ka nako eo bakeng sa kopano le sejo sa lelapa ha ho moo bo amanang le bolumeli ho uena? Ke uena ea mocheng oa ho lekanyetsa boemo le boikutlo bo amehang, ’me u tšoanela ho etsa qeto eo u ikutloang hore e bohlale, ke ea Bokreste le e tumellanong le letsoalo la hao le koetlisitsoeng ka Bibele.

● Moo ke sebetsang, basebetsi bohle ba fuoa bonase ea Keresemese. Kaha ha ke lumele Keresemese, ke hane bonase?

Hoo ho itšetleha ka hore na bonase e hlile e bolela’ng le hore na ho e amohela ho tla talingoa joang.

Joalokaha re bontšitse hangata, Keresemese le matsatsi a mang a mangata a phomolo a Bojakane ha a ea theoa linneteng tsa Bibele. Ha e le hantle, a nkiloe borapeling boo e seng ba Bokreste.a Bibele e laela Bakreste ho boloka mokete o le mong feela oa bolumeli, boikhopotso ba selemo le selemo ba lefu la Kreste.—Luka 22:19, 20.

Na ho amohela “bonase ea Keresemese” ho tla bolela hore motho o kopanela letsatsing la phomolo? Mohlomong ha ho joalo. Ho ka ’na ha etsahala hore bonase ho hang ha e utloisisoe e le e bolelang hore e mong le e mong ea e amohelang o keteka Keresemese. Monghali a ka ’na a ikhethela feela ho nea basebetsi bohle karolo phaellong ea feme qetellong ea selemo le nakong eo ba bang ba ka ananelang haholo chelete e ngata ho e sebelisa kamoo ba lakatsang. Bonase e ka ’na ea e-ba bopaki ba teboho bakeng sa litšebeletso tse entsoeng selemong sohle, ha esita le tšusumetso ea mosebetsi o motle hore o tsoele pele le likamano tse ntle tsa monghali le basebetsi. Monghali a ka e nea basebetsi bohle, ho sa tsotellehe hore na ba bang, ba kang Bajode, Bamosleme kapa ba bang, ha ba lumele Keresemese. Kahoo nako ea mpho kapa lebitso le sebelisoang bakeng sa eona ha li hlile ha li hanele ho amoheloa ha eona ke Lipaki tsa Jehova.

Hape, le haeba ea fanang ka mpho a e-na le tumelo ea bolumeli e le lebaka la ho bea nako eo, hoo ha ho bolele hore moamoheli o na le maikutlo a bolumeli. Hangata mosebetsi hammoho kapa mong ka motho o tla bolella e mong oa Lipaki tsa Jehova, a re, ‘Kea tseba hore ha u keteke Keresemese (kapa, letsatsi le leng la phomolo), empa ke rata ha u amohela hona e le mpho e tsoang ho ’na.’ Haeba letsoalo la Mokreste le ka khutsa ha a amohela mpho, a ka ’na a ikhethela ho e amohela ’me a lebohe a sa bue letho ka letsatsi la phomolo. (Lik. 23:1) Tsela e joalo e ’nile ea lateloa ke Bakreste ba bangata ha ba fuoa mpho ke e mong ea sa tsebeng seo ba se lumelang. Mohlomong ka nako e ’ngoe, ha ho se boemo bo ka bakang khopiso, Mokreste ka bohlale a ka bolela hore ha a keteke letsatsi leo la phomolo la bolumeli ’me ka mosa, ka bonolo a hlalose hore ke hobane’ng ha eena a sa fane ka limpho leha e le life tsa letsatsi la phomolo.—1 Pet. 3:15.

Empa haeba mpho e fanoa ka morero o hlakileng oa ho bontša hore Mokreste ha a tiea ho seo a se lumelang kapa o tla sekisetsa hore a fumane molemo, joale ho molemo haholo ho hana. Ke Jehova Molimo eo Bakreste ba tlamehang ho mo rapela. Ke eena feela eo re mo sebeletsang ka ho khethehileng.—Matt. 4:8-10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, khaoh. 16.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela