Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 6/15 maq. 16-21
  • Tsietsi ea Jakobo se Selekane se Secha sa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsietsi ea Jakobo se Selekane se Secha sa Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SELEKANE SE MOLEMO
  • HO HLOKAHALA ’MUELLI E MOCHA
  • “Le Tla Fetoha ’Muso oa Baprista”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • U ka Rua Molemo Selekaneng se Secha
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Ho Fumana Molemo ka ‘’Muelli a le Mong Pakeng Tsa Molimo le Batho’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Jehova ke Molimo oa Lilekane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 6/15 maq. 16-21

Tsietsi ea Jakobo se Selekane se Secha sa Molimo

‘Ke tla etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Judea.’—Jer. 31:31.

1, 2. (a) Jakobo le Ragele ba phethile karolo life mabapi le sechaba sa Iseraele? (b) Khathatso eo ho seng e lekanang le eona e hlile ea boleloa joang bakeng sa Jakobo?

JAKOBO le Ragele e ne e le baratani. Jakobo, ea ileng a tsejoa e le Iseraele, e bile ntate oa sechaba sa Iseraele sa meloko e 12. Ragele, e le mosali eo a neng a ikhethetse eena, ea e-ba ’mè oa moloko oa Benjamine. Moloko oa Juda o tsoile ho mosali ea neng a sa ratoe haholo oa Jakobo Lea. Kahoo lebitso Jakobo ea e-ba letšoao le emelang sechaba kaofela ’me Ragele letšoao le emelang ea emelang ’mè ea hlomphehang oa sechaba seo. Ho ile ha boleloa e sa le pele tsietsi eo ho seng e kileng ea lekana le eona bakeng sa Jakobo, ’me Ragele o ne a tla utloa liphello tse bohloko haholo tsa eona. Ka tebello ea tsietsi e joalo e le e etsahalang mehleng ea hae, moprofeta Jeremia, ea neng a phela Anathothe sebakeng sa Benjamine, o ile a bululeloa hore a re:

2 “Jo ’na! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona [paleng e fetileng]; ke linako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le joalo, o tla pholoha ho tsona.”—Jer. 30:7.

3. (a) Ragele a bolelloa hore o tla llela boemo bofe a sa tšelisehe? (b) ‘Nako ea tsietsi’ e oetse Jakobo neng?

3 Seo ‘nako ena ea tsietsi bakeng sa Jakobo’ e neng e tla se bolela bakeng sa Ragele oa tšoantsetšo se ile sa boleloa pele ho Jeremia 31:15 ka mantsoe ana: “Mohoo o utloahetse Rama [motse o sebakeng sa Benjamine], oa pokollo, oa lillo tse bohloko-hloko: ke Ragele ea llelang bana ba hae, ea hanang ho tšelisoa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le eo.” Hona ho ne ho sa bolele hore ba ne ba bolailoe, empa hore ba ne ba hapiloe ’me ba isitsoe hole le naha ea habo bona ho isoa naheng ea sera e le batlamuoa. E! Kamor’a likhoeli tse 18 tsa tsietsi ea ho thibelloa ke bahapi ba Bababylona, Jerusalema, e neng e le ka moeling o ka leboea pakeng tsa libaka tsa Juda le Benjamine, e ne e helelitsoe, tempele ea eona e ripitliloe, me morena, mahosana le baprista ba hapiloe, ’me baphonyohi ba bangata ba nkiloe ho etsoa batlamuoa Babylonia. Ho isa bohareng ba khoeli ea bosupa ea (Tishri) 607 B.C.E., naha eohle ea ’Muso oa Juda e ne e tlohetsoe ke Bajode ba seng bakae ba neng ba siiloe ’me ea sala e le lesupi e se na motho le eona phoofolo e thapileng. Boemo bona ba lesupi, bo se nang baahi ba naha bo ne bo laetsoe hore bo tsoele pele ke Molimo ka lilemo tse 70.

4. Jakobo o ne a tla ‘pholosoa’ neng tsietsing e hlileng ea boleloa?

4 ‘Nako eo e bile ea tsietsi’ hakaakang bakeng sa Jakobo! Ha a ka a bolokoa ho eona, ha a ka a e pholoha, ’me ho ne ho ke ke ha e-ba joalo ho fihlela kamor’a lilemo tseo tse 70 tsa lesupi le feletseng la naha tseo Molimo o neng o tla phethahatsa mantsoe a matšeliso ao o ileng oa a phaella, o re: “Leha ho le joalo, o tla pholoha ho tsona.” (Jer. 30:7) Poloko ee e ne e tla etsahala joang?

5. Jehova o itse’ng ho tšelisa Ragele, ’me a phethahatsa tšepiso ea hae joang?

5 Jehova a atolosa taba ena ha kamor’a hore a bolele e sa le pele tahlehelo ea Ragele ea bana ba hae, a eketsa mantsoe ana: “Khanna lentsoe la hao, u se ke ua lla, le mahlo a hao a se ke a tšolla meokho, hobane mosebetsi oa hao o tla ba le moputso, ho bolela Jehova, ’me ba tla khutla [bana ba hao] lefatšeng la sera.” (Jer. 31:16) ‘Lefatše la sera’ e ne e le Babylona. (Mik. 7:8-10) Kahoo ho tšoara ha Bababylona “bana” ba Ragele ho ne ho tla felisoa. E le tiiso ea sena ho Ragele ea hlomohileng ke tahlehelo, Molimo oa re: “Tšepo e teng bakeng sa mehla ea hao e tlang, ho bolela Jehova; bana ba hao ba ea boela meeling ea bona.” (Jer. 31:17) Ho makaleng ha lichaba tse bora tse sa lumeleng, ho khutlela hona ha bona meeling ea bona, ho kopanyelletsa Rama, ho etsahetse ho tloha ka 537 B.C.E. ho ea pele. (Neh. 7:30; 11:31-33) Kamor’a “leqeba” le tsietsang joalo la bosechaba ka 607 B.C.E., e bile ho hlaphoheloa ho hokaakang ha mohlolo ho ileng ha tlisoa ke Jehova!

6. Tumellannong le ho phekola “maqeba” a hae, Jehova o ne a tla fetola Sione joang, kapa Jerusalema, hore e se tšoane le mosali eo ho seng monna ea mo batlang moo a leng teng?

6 Ka sena o itse: “Hobane ke tla u tlamella, ke folise maqeba a hao, ho bolela Jehova, hobane ba u bitsa molahluoa, Sione eloa ho sa thoeng letho ka eena. Hobane ho itsoe ke Jehova: Bonang, ke tla khutlisa ba hapiloeng ba litente tsa Jakobo, ke utloele meaho ea hae bohloko; motse o tla tsosolosoa setšeng sa oona, ntlo e khabileng e hahuoe tulong tsa eona. Ho tla ’ne ho tsoe ho eona liteboho le lentsoe la ba nyakallang.”—Jer. 30:17-19.

7. Ke eng polelong ea Jehova e bontšang hore na e be ka nako eo ea “maqeba” Jehova o ne a tla qhala selekane sa Molao, empa batho ba Bajode ba ne ba tla sebetsa selekane seo joang?

7 Jehova ke “Molimo o thabileng,” ’me o batla ba kamanong le eena ka selekane ba thabe le bona. Eena ka boeena oa tšeha! Ho tšepisa ha hae nyakallo bakeng sa batho ba Bajode ba botlamuoeng ho ile ha paka hore o ne a sa qhala selekane sa Molao se neng se buelletsoe ke moprofeta Moshe pakeng tsa Hae le sechaba sa Iseraele. Empa Baiseraele ba ne ba robile litumellano tsa selekane seo hakaakang! Jehova a boela a re ho bona: “Ba hahetse Baale linqalo tse liphahameng, khohlong ea mor’a Hinnome [ho elella ka boroa ho tempele ea Jerusalema], ba tle ba chesetse Moloke bara ba bona le barali ba bona [e le mahlabelo a batho] teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ’ma ha sea ka sa hlaha pelong ea ka, hore ba ’ne ba etse manyala a joalo ho sitisa Juda [’Muso oa Juda].”—Jer. 32:35.

8. Kahoo ke ka mor’a phihlelo efe e loketseng Baiseraele ba neng ba tla fetoha batho ba Jehova?

8 Ka mabaka a kang ao Baiseraele ba ne ba lokela ho ba le khathatso e kang sefefo se hatelang pele e oelang ’Muso oa Juda le motse oa moreneng oa eona, Jerusalema. Empa, kamor’a ho bolela sena pele ho nako, Jehova ea mohau a tsoela pele ho re: “Mohlang oo [Iseraele e tsosolosoang], ho bolela Jehova, ke tla ba Molimo oa meloko eohle ea Iseraele, eona e be sechaba sa ka.”—Jer. 30:23; ho ea ho 31:1.

9, 10. Hore Baiseraele ba bokelletsoeng ba tsoelepele ka ho sa feleng kamanong e thabileng le eena, Jehova o ne a tla kenya eng lipelong tsa bona, ka phello efe?

9 Ho sa tsotellehe pale ea bona e boitšoaro bo bobe ea nako e fetileng, joale Molimo o ne o tla sebetsana le bona ho latela seo joale ba neng ba ipakahatsa hore ba sona. O ne a tla ba batlela boiketlo ’me a bee ka pel’a bona monyetla oa ho tsoela pele kamanong e thabileng le eena ka nako e sa tsejoeng. Ka sena, a re:

10 “Bonang, ke tla ba bokella mafatšeng ’ohle moo ke ba qhalanyelitseng teng ka bohale ba ka, le ka khalefo ea ka, le ka hloenyo e kholo ea ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo. E tla ba sechaba sa ka, ’na ke be Molimo oa bona. Ke tla ba nea pelo e le ’ngoe le mokhoa o le mong oa ho ntšaba ka mehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona ka mora’ bona. Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke ’ne ke ba etse hantle; ke tla bea tšabo ea ka lipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkoenehela. Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatšeng lena ka ’nete, ka pelo ea ka eohle le ka moea oa ka oohle.”—Jer. 32:37-43; hape 31:27-30.

SELEKANE SE MOLEMO

11, 12. (a) Jerusalema ea tšoarella hakae kamor’a ho qalisa bocha hantle joalo, ’me ke hobane’ng ha molato o ne o ke ke oa jarisoa Jehova? (b) Na ho timetsoa ha Jerusalema ho ile ha felisa selekane sa Molao, ’me Jehova o ile a supa eng ka ho khutlisetsa batho ba hae ba botlamuoeng naheng ea habo bona?

11 Ka ho qalisa bocha ka mokhoa o motle hakaalo, ke joang Jerusalema e tsosolositsoeng e ileng ea ema ka lilemo tse 606 feela, kapa ho tla fihlela lehlabula ka 70 C.E.? Ka sebele, ha ho talingoa kamoo Jehova ka mantsoe a ka holimo a neng a itlamme ho tšehetsa batho ba hae, molato o ke ke oa beoa monyakong oa hae. Hase ka baka la likhaello leha e le life tsa hae ho neng ho ka hlokahala hore ho etsoe selekane se secha. Empa leha ho le joalo ka Jeremia a bolela hore o tla etsa selekane se secha, le se molemo haholoanyane. Hape, Iseraele ea nama e ne e tla ba eona ea pele ho fumana molemo oa sona!

12 Ka 1513 B.C.E. Jehova o ne a entse selekane sa Molao le Iseraele ka Moshe e le ’muelli. Hoo ho etsahetse lilemo tse 906 pele Nebukadnezare, morena oa Babylona a sebelisoa ke Jehova, hore a timetse Jerusalema le tempele ea eona. Empa hoo ha hoa ka ha felisa selekane sa hae sa Molao le Iseraele. Kahoo Jehova o ne a sa hloke selekane se seng sa mofuta o fapaneng e le hore a ka phekola boemo bo kulang ba Bajode ka ho ba lopolla naheng ea sera ea Babylona le ho ba khutlisetsa naheng ea habo bona eo ba e filoeng ke Molimo. Leha ho le joalo, ka ho etsa sena a boela a tiisa boeena hore ke Molimo oa bona le ho ba kholisa hore e sa ntsane e le sechaba sa hae le hore Sione, kapa Jerusalema, ha e sa le ‘mosali ea lahliloeng’ eo ho seng ea ntseng a mo batla.

13, 14. (a) Ke joang Baiseraele bao ba pholohileng lerumo la bahapi ba bileng boemong bo kang ke “lefeelleng” ’me ba ne ba batla phomolo hokae? (b) Jehova o ratile Iseraele ka lerato le fellang kae, ’me kahoo o ne a tla ba hulela ho eena ka tšoaneleho efe ea botho?

13 Jehova a rera ho etsa pontšo e fetisisang ea mosa oa hae o lerato ho batho ba hae ba selekane. Ke ka baka leo a sa kang a lumella lerumo la bahapi ba bona le ba bolaee ho hang. Baphonyohi ba ne ba tlameha ho ba teng. Bana ba ne ba tla fumana sebaka sa ho phela botlamuoeng naheng ea sera e le ho tšoanang le ho lula litenteng lefeelleng leo ba neng ba sa fumane phomolo ea sebele ho lona, hobane e se naha ea habo bona, e se naha eo ba e filoeng ke Molimo. Ka hore ka pako ba retelehele ho eena boemong bona ba “lefeella,” ba ne ba tla fumana mohau mahlong a hae, kaha o ne a sa qhala selekane sa hae le bona. Liphello tse molemo a hla a li bolela.

14 “Sechaba se siiloeng ke lerumo se bone mohau lefeelleng, a re eeng, re tle re nee Iseraele phomolo [naheng ea habo ea Palestina]. Jehova o iponahalitse ho ’na a le hole, a re: E, ke u rata ka lerato le sa feleng; ka baka leo ke tla u bolokela mohau oa ka. Ke tla be ke u hahe; u tla be u hahuoe, moroetsana oa Iseraele; u sa tla be u itlhophe ka meropa ea hao, u tla tsoa u tsamaee liemeng tsa ba nyakallang. U sa tla be u leme merara lithabeng tsa Samaria [eo pele e neng e hahiloe ke ’Muso oa Leboea oa Iseraele]; balemi ba eona ba tla e lema, ba itjelle tsa eona. Hobane tsatsi le teng leo liboholi li tla hoeletsa ka lona thabeng ea Efraime [sechaba se etellang pele sa ’Muso oa Leboea oa Iseraele], li re: Tlohang, a re nyoloheleng Sione, ho Jehova, Molimo oa rōna.”—Jer. 31:2-9.

15, 16. (a) Ho ea ka boprofeta boo bo tsoa boleloa, meloko eohle e 12 ea Iseraele e ne e tla nchafatsa borapeli ba eona ho Jehova hokae? (b) Kamorao ho moo o ne a tla etsa joang ka ntlo ea Iseraele, ’me e le ka phello life ho batho ba hae?

15 E, meloko eohle ea ka boroa le ka leboea ea Iseraele e ne e tla bokelloa hape ’me e boele e kopane ho rapeleng Jehova Sione! Hoo ha bolela hore, ka baka la lerato le sa feleng la Molimo, Jakobo, (meloko eohle e 12 ea Iseraele) o ne a tla pholosoa ‘nakong ea tsietsi’ e ileng ea mo phahamela ka ho etsoa lesupi ha Jerusalema le Juda ka 607 B.C.E. (Jer. 30:7) Leha ho le joalo, le pele “tsietsi” eo e etsahala, mosa o lerato oa Jehova oa mo susumelletsa ho bolela ho hong e sa le pele ho babatsehang haholo ho feta feela ho bokelloa hape ha batho ba hae ba botlamuoeng:

16 “Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka ’ona ke tlang ho etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda; e seng joale ka selekane seo ke se entseng le bo-ntat’a bona moholo, mohla ke ba tšoarang ka letsoho ho ba ntša lefatšeng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le ’na mong a bona, ho bolela Jehova. Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ea Iseraele ka mor’a litšiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao oa ka ka hare ho bona, ke o ngole lipelong tsa bona; ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka. Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane oa hae, ha ho motho ea tla ruta oa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokhopo ba bona, ’me ha ke sa tla hopola libe tsa bona.”—Jer. 31:31-34.

HO HLOKAHALA ’MUELLI E MOCHA

17. Ke hobane’ng ha rōna kajeno re ntse re lokela ho thahasella selekane se secha, ’me ke halelele hakae selekane sa Molao se neng se se ntse se tsofetse ’me se tla tloha se fela?

17 Na rōna kajeno re thahasella selekane seo se secha? Re lokela joalo, hobane se santse se sebetsa. Empa se sebelitse ho bo-mang ho tla fihlela joale? Bajode ba baloang ka limillione hona joale ba potolohileng lefatše ha ba bolele hore sea sebetsa ho bona. Ba lumela hore ba sa ntsane ba le tlas’a selekane se entsoeng le bontat’a bona moholo Thabeng ea Sinai. Hoo ho etsahetse lilemo tse fetang 3 490 tse fetileng! Tšepiso ea Jehova ea selekane se secha e ile ea etsoa ka Jeremia lilemong tse fetileng tse fetang 2 580. Haeba Bajode bao ba nepile, ke hobane’ng ha Molimo o liehile hakaale ho phethahatsa tšepiso ea selekane se secha hore e sebetse? E, lilemong tse fetileng tse fetang 1 900 selekane sa Molao sa Bajode se ne se se ntse se tsofetse ’me ho bonahala hore se haufi le ho fela ho hleka tsela bakeng sa selekane se secha. Na se ile sa etsa joalo?

18. (a) Tšepiso ea Molimo ea selekane se “secha” e ile ea supa eng ka selekane sa Molao ’me ea se bea nakong efe? (b) Molao o fetiselitsoe ho sechaba sa Iseraele joang?

18 Ntlheng ena seithuti sa Mojode se neng se tloaetse ho lula maotong a moruti ea tsebisahalang oa Mofarisi, Gamaliele, Jerusalema, se ngolile: “Joale, ha a bolela selekane se secha, sa pele o se etsa ntho e tsofetseng, ’me ntho e tsofetseng, ea mokhulela, e se e ea timela.” (Ba-Heb. 8:13; 2 Ba-Kor. 3:14) Ha mongoli oa Mojode a ne a ngola mantsoe ao a a ngolla Baheberu ba entsoeng Bakreste ba Jerusalema, e ne e le hoo e ka bang selemong sa 61 C.E. Lengolong la pelenyana le eang ho phutheho ea Bokreste e naheng ea Roma ea Galatia, a ngola: “Molao ke oa ho etsa’ng? O beiloe [tšepisong ea Abrahama ea peo] ka baka la litlōlo [tsa batho], ho tle ho be ho fihle leloko leo lipallo li etselitsoeng lona, ’me o tiisitsoe ke mangeloi ka letsoho la ’muelli.”—Ba-Gal. 3:19.

19. Kaha selekane sa Molao se ile sa hloka Moshe e le ’muelli, hona ho bolela eng ka selekane se secha, se boetseng se entsoeng pakeng tsa Molimo le batho?

19 ’Muelli eo ea sa boleloang ka lebitso e ne e le Moshe. Haeba ho etsoa ha selekane sa khale sa Molao ho ile ha mo hloka hore e be ’muelli pakeng tsa Molimo le batho ba sa phethahalang le ba baetsalibe, ruri ho etsoa ha selekane se secha pakeng tsa Molimo le batho ho ne ho hloka ’muelli, le hoja a sa boleloa ho Jeremia 31:31-34. Mehleng ea Jeremia e ne e le khale Moshe a shoele. Kaha o ne a sebelitse e le ’muelli, Molao oa selekane sa khale o ne o bitsoa “molao oa Moshe.”—Lik. 15:5.

20, 21. (a) Ha a bolela selekane se secha, Molimo o bontšitse ho phahamela ha sona selekane sa pele joang? (b) Molimo o ne o tla etsa joang ka Baiseraele ba selekaneng haeba ba boloka selekane ka botšepehi?

20 Selekane se secha, ka baka la ho ba selekane se phahameng haholoanyane, se ne se lokela ho ba le ’muelli ea phahametseng Moshe. A re ke re boneng joale kamoo Mofani oa leholimo oa selekane se secha a bontšitseng ho phahamela ha sona selekane sa pele. O bua ka sona e le “e seng joale ka selekane seo ke se entseng le bo-ntat’a bona moholo, mohla ke ba tšoarang ka letsoho ho ba ntša lefatšeng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le ’na mong a bona.” (Jer. 31:32) O ne a hopotse ho etsa ntho e ’ngoe e khōlō ka bona ka selekane seo a se tlabotseng le Baiseraele kamor’a ho ba ntša Egepeta. Kahoo, a re ho bona:

21 “Ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, [ho tla ba joang?] le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse ling kaofela, etsoe lefatše lohle e le la ka. Le tla ba ho ’na ’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.”—Ex. 19:5, 6.

22. (a) ’Muso o joalo oa baprista’ e ne e tla ba ’muso oa mofuta ofe le o loketseng bo-mang? (b) ‘Sechaba seo se halalelang’ e ne e tla ba ‘letlotlo le khethehileng’ ho mang, ’me e le kamanong ea mofuta ofe le eena?

22 Ka sebele mantsoe “’muso oa baprista” a supa ’muso oo hantle o loketseng se hlokoang ke batho bohle. Baprista ba oona ba emela le ho sebeletsa Molimo ’Moloki oa batho. Ka booona, “’muso oa baprista” ke “sechaba,” sehlopha sa bosechaba se hloekileng ka ho lekaneng hore se ka bitsoa se “halalelang,” se loketseng hore se ka sebelisoa ke Molimo. Lichabeng tsohle tse ling tsa lefatše ke sona seo Molimo o ileng oa se khetha. Se ne se reretsoe ho ba ‘letlotlo le khethehileng’ la Molimo, joalokaha mosali e le letlotlo le khethehileng la monna oa hae. Ha e le hantle, Molimo o bile oa tšoantša Iseraele e lopolotsoeng ea khale le mosali oa bosechaba ka hore ‘e ne e le monna oa bona.’ Empa, ho e-na le ho neelana ka boikokobetso ba bosali ho eena ka ho boloka selekane sa hae se halalelang, Iseraele ea hlokomoloha litlameho tsa eona tse khethehileng tsa kamano ena ea bohlokoa. (Jer. 3:1-3, 20) E ne e lokeloa ke ho hlaloa!

23. Na selekane sa molao oa Moshe se ile sa sebetsa, ’me Molimo o ile oa etsa joang ka ’muso o loketseng oo o neng o o reretse batho?

23 Ka pale ea morao ea batho bao ba boholo-holo ba selekane ba Molimo Jehova, rea tseba hore lintho ha lia ka tsa ntlafala ka mehla ho bona. Kahoo ’nete ea hore selekane sa Molao se buelletsoeng ke Moshe ha sea ka sa sebetsa e ke ke ea hanyetsoa. Re ka thaba hakaakang ka baka leo hore Molimo ha oa ka oa tela ho etseng litokisetso lebitsong la ‘’muso oo oa baprista’ o lakatsehang! A lebelletse ’muso oo o tšoanelehang, oa nkela selekane sa khale sebaka ka se molemo haholoanyane.

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Ragele a llela bana ba hae

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela