Khotso—Na ke Tšepo e Fetang?
KHOTSO—ba bangata ba e talimile ho tloha linakong tsa boholo-holo e le lentsoe la “mohlolo.” Leha ho le joalo ke ka lilemo tse nyenyane hakaakang khotso e busitseng lefatšeng ka bophara!
Ho tla fihlela joale ha ho sechaba lefatšeng se atlehileng ho ‘tea liphehla tsa sona tsa ntoa mehoma le marumo a sona lisekele.’ (Esa. 2:4) Lebelo la libetsa le nkile lichelete tse ngata haholo tse ka beng li sebeliselitsoe ho ntlafatsa lichaba bothong le moruong. Kamor’a tumellano ea khotso eo mookameli oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika Carter a ileng a thusa hore e be teng pakeng tsa Iseraele le Egepeta, qaqiso ea litaba le litšoantšo tse ileng tsa etsoa likoranteng li ile tsa bontša haholo ka qubu ea libetsa tse neng li tšepisitsoe mahlakore ka bobeli a neng a ikanela “khotso.”
Lebaka leo ka lona khotso e bileng takatso e sa phethahaleng, kamoo ho bolelang liithuti tse ling tsa taba ena, ke kahobane hangata khotso e nkoa e le ntho e hlahisoang ke bosieo feela tjee ba khohlano ea nama. Sehloho sa taba ho Sunday Magazine, ea la 15 Mphalane, 1978, se neng se re ‘Batho Bana ba Khotso ke Bafe?’ sea hlalosa:
Ho teng ba botsang hore na bohato ba khotso bo feletse kae kajeno. Ka mohlala, nka maikutlo a Rev. Dr. Homer A. Jack, molula-setulo oa Mekhatlo eo e seng ea Mebuso ea Komiti ea ho beoa ha libetsa Machabeng a Kopaneng. . . .
“‘Ha rea ba le bohato leha e le bofe ba ho beoa ha lihlomo ’me re bile le mosebetsi o monyenyane haholo oa ho bea libetsa o etsahetseng ho tloha ka 1964 kapa 1965,’ kamoo a boletseng. . . . ‘Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e arohane ka baka la ntoa ea Vietnam. Bohato ba ho bea libetsa ba arohana, ba batla bo nyamela.’”
“Ba bang,” kamoo sehloho se boletseng, “ba na le maikutlo a hore bohato ba ’nete ba khotso ha bo eo kajeno.”
Setsebi se seng tabeng ena, Mong. James H. Laue, eo e leng motsamaisi oa Setsi sa lithuto tse etsoang ka metse e meholo Univesithing ea Missouri-St. Louis, le molula-setulo oa bobeli oa letšolo la khotso, o buile tjena ka bohlokoa ba mokhoa o momahaneng le o hlophisitsoeng oa ho atamela khotso ea lefatše: “Maikutlo a khotso ke a matle, empa a feela . . . Seo khotso e ’nileng ea se bolela ka lilemo tse ngata hakana ha se na tšepo—bosieo ba khohlano le qhoebeshano.”
Laue a bolela hore, ho tloha ka 1935, ho ’nile ha hlahisoa litlhahiso tse 140 Lekhotleng la sechaba la Linaha tse Kopaneng tsa Amerika tse isang ho theoeng ha khotso le tumellano, empa hore maikutlo khotso ka mehla ho bonahala a le feela hore a ka ba boemong ba ho sebetsa.
Ka baka leo, ho tla fihlela nakong ea hona joale khotso ke sepheo se sa finyelloang. Na ebe ke kahobane khotso e bolela se fetang tlhaloso e amoheloang ka tloaelo? A re hlahlobeng.