Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 7/1 maq. 29-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamehla Jehova o Etsa se Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Mosali oa Lota a Hetla
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Hopolang Mosali oa Lota
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lokisetsa Topollo ea ho Kena Lefatšeng le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 7/1 maq. 29-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ke joang Bakreste ba ‘ahlolang mangeloi’ ho ea ka 1 Ba-Korinthe 6:3?

Hona ka ho totobetseng ho supa Bakreste ba tlotsitsoeng ba kopanelang le Kreste kahlolong ea nako e tlang ea mangeloi a khopo, bademona. Ha a phehella Bakreste hore ba lokise likhang tsa bona tsa botho ka thuso ea baena ba hōlileng tsebong ba ka phuthehong ho e-na le ho ea makhotleng a lefatše, moapostola Pauluse o ngolile hore: “Na ha le tsebe hoba bahalaleli ba tla ahlola lefatše? ’Me ha esita lefatše le tla ahloloa ke lōna, na ha le lokele ho ahlola litseko tse nyenyane na? Ana ha le tsebe hoba re tla ahlola mangeloi na? Re fetisa hakakang ho ahlola litaba tsa bophelo ba joale?—1 Ba-Kor. 6:2, 3.

Ba bang ba ’nile ba hopola hore ka ‘ho ahlola’ Pauluse o ne a bua ka hore Bakreste ba be le hona ho leleka bademona. Empa balateli ba Kreste ba ne ba se ba neiloe matla ao ka makhetlo, ha mona Pauluse a ne a supa nakong e tlang (‘re tla ahlola lefatše ’me re tla ahlola mangeloi’). (Matt. 10:8; Luka 10:17; Lik. 16:16-18; 19:11, 12) Ba bang ba ikutloa hore Pauluse o ne a bolela hore ka boitšoaro ba bona bo beang mohlala Bakreste ba ne ba e-tsoa mangeloi a theohileng a latelang Satane. Hape, leha ho le joalo, hona e ne e se ntho e lekanyelitsoeng feela nakong e tlang; hobane ka lilemo-lemo Bakreste ba ne ba bontšitse boitšoaro bo botle. (Matt. 5:14-16; Tite 2:6-8; 1 Pet. 3:16) Hape, se potolohileng taba ea mantsoe a Pauluse ho bonahala se tsoa hore ‘ho ahloloa hona ha mangeloi’ ke feela ho kena boitšoarong bo tsoang ka mokhoa oa ha ho bapisoa.

Bibele, leha ho le joalo, e bontša hore kahlolo e emetse Diabolose—ho khojoa ha hae hlohong. (Gen. 3:15) E hlalosa karolo ea pele ea ketso eo, Tšenolo 20:1-3 e bolela hore lengeloi le matla le tšoara diabolose ’me le mo tlame ka lilemo tse sekete. Litemana 7-10 li bolela hore qetellong ea nako eo Satane o tla lokolloa ka motsotsoana. Empa he, e le tšobotsi ea bobeli ea ‘ho khojoa,’ o tla akheloa ka letšeng la mollo la timetso ea ka ho sa feleng.

Tšenolo ha e tobe hore marena le baprista ba tlotsitsoeng ba leholimong ba tla kopanela ho phethahatseng kahlolo ena. Empa hape ha e bolele hore bademona ba tla kenngoa sekoting le diabolose, e leng ho bontšoang ke Bibele sebakeng se seng. (Luka 8:31) Kahoo ’nete ea hore Tšenolo 20:1-10 ha e bontše ba 144 000 ba nkang bohato le Kreste ho phethahatseng kahlolo ha e bolele hore ha ba na kabelo ho seo. Ba-Roma 16:20 e re ka bona: “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane ka tlas’a maoto a lōna.”

Ka baka leo, ho bonahala hore ha Pauluse a ne a re batlotsuoa ‘ba tla ahlola mangeloi’ o ne a supa kahlolong ea nako e tlang holim’a meea e khopo. Le hoja Bibele e sa re nee lintlha tse qaqileng ka karolo ea majalefa hammoho le Kreste kahlolong ena, re ka nepisisa hore bonyane ba tla ba le kabelo e tšehetsang. Ntle ho pelaelo ba tla ba le Jesu, ba lumellana le kahlolo.

● Na e ne e se phoso hore Lota a neele barali ba hae ho Basodoma?

Le hoja batho ba bang ba tseka hore Lota o ile a itšoara hampe, rōna kajeno ruri ha re boemong ba ho mo tsoa. Bibele e bontšsa hore Molimo, o balang lipelo, ha o-oa ka oa ahlola Lota hampe.

Ha Molimo o rōmela mangeloi a mabeli a iphetotseng Sodoma le Gomorrha, Lota ka moea oa ho amohela baeti a phehella hore a hlole lapeng la hae. Mantsiboeeng ao sehlopha sa Basodoma sa pota-pota ntlo, se re: “Ba kae banna ba tlileng ho uena bosiung bona? Re ntšetse bona, re tle re ba tseba.”—Gen. 18:20, 21; 19:1-5.

Ha a tsoela ka ntle, Lota a leka ho ba nyahamisa. Joale a etsa thapeli: “Bonang, hle, ke na le barali ba babeli ba e-song ho tsebe monna; ke tla le tlisetsa bona kantle, le ba etse kamoo le ratang kateng. Empa feela banna bana, le se ke la ba etsa letho, etsoe e le ka baka leo ba keneng moriting oa marulelo a ka.” Sehlopha se halefileng sa qophella Lota, se bile se leka le ho roba monyako. Joale mangeloi a kenella ’me a otla sehlopha seo ka bofofu.—Gen. 19:6-11.

Tlaleho ena e makalitse kapa e tšoentse ba bangata, haholo basali. Batho ba bang ba bile ba tseka hore Lota o ile a etsa ka bokoala, hore o ne a ke ke a ithaopela ho lefella tšireletso ea baeti ba hae ka bokhabane ba barali ba hae kapa hore a ka be a ile a ineela bongata.

Empa ho ke ho hlokomeloe hore, ho ea ka molao oa Bochabela, e ne e le boikarabelo ba mong a ntlo ho sireletsa baeti ba ka tlung ha hae, a ba qobeletsa ho isa ntlheng ea lefu haeba ho hlokahala. Mantsoe a Lota (“etsoe e le ka baka leo [banna ba babeli] ba keneng moriting oa marulelo a ka”) a bontša hore o ile a ikutloa a tlamehile ho sireletsa baeti ba lapeng ha hae. Hape, ke joang mang kapa mang a ka tsekisang Lota ka bokoala? Ka sebete o ile a tsoela sehlopheng, a bile a busa lemati kamor’a hae ’me a shebana le bona a le mong.

Empa ho thoe’ng ka mpho ea Lota ho sehlopha? Le hoja ba bang ba bolela hore Lota a ka be a ile a ineela eena ka boeena, ha ho bonahale sehlopha se sothehileng se ne se ka khotsofatsoa ke monnamoholo ea nyetseng. Leha ho le joalo mpho ea baroetsana ba babeli e ne e ka ’na ea ferekanya sehlopha: Baroetsana ba babeli e ne e le bana, ’me monyetla oa ho silafatsa bohloeki ba bona o ne o ka ’na oa ipiletsa ho sehlopha. Empa le teng bana e ne e le batho ba batšehali ’me ba lebelelitsoe ke bahlankana ba babeli ba motse. Kahoo mpho eo e ne e ka ’na ea e-ba le phello e arohanyang sehlopha se feteletseng.

Ho feta moo, le hoja Lota ka lekhetlo la pele a ne a amohetse mangeloi a sa hlokomela, ka nako ena mohlomong o ne a se a hlokometse hore bana ke baromuoa ba tsoang ho Molimo. (Ba-Heb. 13:2) Kahoo, mohlomong Lota o ne a tla ikutloa hore, le hoja a ne a rata barali ba hae ka matla hakaalo, o ne a loketse hore a ka ba tela haeba ho hlokahala. (Bapisa Genese 22:1-14; 2 Samuele 12:3.) Ka ho neela sehlopha barali ba hae, Lota o ne a tšepile hore, haeba ke thato ea Jehova, Molimo o tla sireletsa barali ba hae joalokaha Molimo o ne o se o sirelelitse Sara Egepeta. (Gen. 12:17-19) ’Me Jehova a fela a tsamaisa litaba e le hore Lota le barali ba hae ba sireletsoe, e seng feela ho sehlopha sa basodoma, empa hape le timetsong ea mollo e ileng ea oela metse eo.—Gen.19:15-29.

Mangeloi ha a ka a bolela hore Lota ka mpho ea hae o sentse ho loka ha hae. Ho e-na le hoo, a thusa Lota le lelapa la hae hore ba pholohe ha Molimo o timetsa metse eo e neng e se na batho ba lokileng ba 10. (Gen. 18:26-32) Habohlokoa haholo, Molimo ha o-oa ka oa nyatsa Lota, ea neng a hlorisa le ke ho shebella liketso tse sa eeng ka molao. Ho fapana le moo, Jehova, ea balang lipelo, a bolela Lota e le ‘motho ea lokileng.’—Liprov. 15:11; 2 Pet. 2:8, 9.

Tlaleho ena ke karolo ea bohlokoa ea Bibele. E sebeletsa ho hatisa ka matla bobe ba Sodoma le Gomorrha, e fehla lehloeo ho ba lokileng ba e balang, ’me e bontša ho se amohele ha Molimo bosodoma. Hape, tlaleho ena e re thusa ho ananela tiiso ea Bibele ea hore Molimo o lokile o na le toka—ha a thooletse bokhopo. (Deut. 32:4) ’Me re ka tšepa hore ka ho tšoanang Molimo o phethahetse o na le toka ha o ahlola hore Lota e ne e le ‘motho lokileng.’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela