Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/15 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rarolla Mohlolo oa Banna ba Lipere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Banna ba Lipere ba Tšenolo—Kamoo ho Palama hoa Bona ho U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Mosebetsi o Khanyang o Latelang ho Palama ha Banna ba Lipere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Banna ba Lipere Tsa Mohlolo ba Tšenolo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/15 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● “Moputso” oo moapostola Pauluse a neng a o thabela ka baka la ho bolela ‘litaba tse molemo’ ka boithatelo ke ofe?

Moapostola o itse: “Ekare ha ke etsa joalo ka ho rata, ke na le moputso teng; ’me leha ke etsa ke sa rate, tšebetso ea eona e sa ntse e beiloe holim’a ka.” (1 Ba-Kor. 9:17) Ha ho hlahlojoa taba e potolohileng moo ho hlaka hore na ke eng seo Pauluse a neng a se hopotse.

Ho theosa le khaolo ea 9 ea 1 Ba-Korinthe, moapostola o hatisa hore o ne a sa ikatlehisa ka tokelo ea hae ea ho se sebetse mosebetsi oa lefatše ’me joale a “phele ka Evangeli.” (Tem. 14) Re nka litaba linneteng tsa bophelo ba tsatsi le leng le le leng, molao oa Moshe, le se ileng sa beoa ke Jesu Kreste ka boeena, moapostola o hlakisitse hore e ne e le ho loketseng ho fumana thuso e bonahalang bakeng sa mosebetsi oa ho ntšetsa pele ‘litaba tse molemo.’

Kaha Pauluse, ka boithatelo ba hae, o ile a lahla tokelo ena ’me a ikhethela ho iphelisa ka boeena nameng, moputso oa hae e bile thabo le khotsofalo tse tlisitsoeng ke ho latela tsela ena. Ka letsoalo le hloekileng, o ne a ka supa mohlala oa hae oa ho nahanela ha a ntšetsa pele likhahleho tsa moea tsa ba bang. Ha ho ea neng a ka mo tsekisa ho iphumanela moputso o bonahalang ka ‘litaba tse molemo.’ O ne a sa sebelisa matla a hae hampe joaloka ea tšepetsoeng thōmo e halalelang, bolisa. Ke ka baka leo a neng a ka re: “Hleka seo e leng moputso oa ka ke’ng? Ke hobane, ha ke ntse ke bolela Evangeli, ke behela batho Evangeli ea Kreste ka mokhoa o sa ba etsetseng boima, hore ke se ke ka ithusa ka tokelo eo ke nang le eona Evangeling.”—1 Ba-Kor. 9:18.

● Na ho teng ‘banna ba bane ba lipere tsa Tšenolo’? Kapa ba bahlano?

Polelo, ‘banna ba bane ba lipere tsa Tšenolo,’ e ileng ea tumisoa ke mongoli oa Spain Vicente Blasco Ibáñez e le lebitso la buka ea Ntoa ea I ea Lefatše, e nkiloe tlhalosong e ho khaolo ea botšelela ea Tšenolo kapa “Apocalypse.”

Moo moapostola Johanne o bona ponong ‘pere e tšoeu le ea e kaletseng,’ ea utloisisoang a tšoantšetsa Jesu Kreste a kaletse e le morena oa leholimo. Joale ho latela mokalli oa ‘pere e khunong,’ ea emelang ntoa e kang e ileng ea qhoma ka 1914 C.E. Pere e ntšo e nang le mokalli ke ea boraro, ’me e emela tlala ea sekoboto. Tlaleho joale e eketsa ka ho re: “Eaba kea talima, ka bona pere e tšehla, ’me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletsoe ke nqalo ea bafu.”—Tšen. 6:1-8.a

Ebe nqalo ea bafu o ne a lateletse Lefu joang? Na nqalo ea bafu o ne a kaletse pere ea hae e sa hlalosoang? Kapa na nqalo ea bafu o ne a kaletse kamor’a Lefu hona pereng e tšehla? Kapa, hape, ebe nqalo ea bafu o ne a sa kalla pere ho hang, empa leha ho le joalo a latetse? Ha e le hantle, ha ho lea mong ho rōna ea ka bolelang ka tiiso hore na linthong tsena tse boletsoeng ke efe e sebelitseng, hobane Johanne ha a fana ka lintlha tseo tse qaqileng. Kahoo, tlalehong ka boeona, hoo re ka ho bolelang ka tieo ke hore Johanne o bone banna ba bane ba lipere—bakalli ba bane ba le lipereng e tšoeu, e khunong, e ntšo le e tšehla. Ha ho lebaka la ho ba thatathata ka hore na nqalo ea bafu e ne e kaletse pere ea bohlano kapa che.

Tlhaloso ea Johanne, leha ho le joalo, e re nolofaletsa ho bona seo a neng a se nka e le sa bohlokoa haholo ho feta hore na nqalo ea bafu o ne a latela joang. Ke hore ba nkoang ke lefu le tlang pele ho nako—le kang la ntoa, tlala le bohloko—ba bokelloa ke nqalo ea bafu, lebitla le tloaelehileng la batho.—Tšen. 20:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa qaqiso ea temana ka temana tabeng ena, bona “Then Is Finished the Mystery of God,” maq. 37-60.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela