Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 7/15 maq. 21-27
  • Na u Mofo ea Tšepahalang oa ’Muso oa Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u Mofo ea Tšepahalang oa ’Muso oa Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO HLOKAHALA TSEBO HO BA MOFO
  • HO HLOKAHALA BOITŠOARO BO NEPAHETSENG
  • MOLIMO O HLOKA HO TŠEHETSOA KA BOTŠEPEHI
  • U EME HOKAE?
  • “Ea Fanang a Thabile”
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Ke Eng se Etsang Hore ’Muso e be oa Sebele ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • ’Muso oa Molimo ke Eng? Kamoo re ka Bontšang Kateng Hore Rea o Batla
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • ’Muso oa Molimo—Tšepo Feela ea Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 7/15 maq. 21-27

Na u Mofo ea Tšepahalang oa ’Muso oa Molimo?

1. Ke ’muso oa mofuta ofe oo u hopolang hore bohle ba ka rata ho ba le oona?

HAEBA ho ne ho ka ba teng sechaba lefatšeng kajeno se tsebang ho lokolla baahi ba sona ho hang boloetseng, se phekole lihlotsa tsa sona, se tutubulle mahlo a lifofu tsa sona, se thibolle litsebe tsa ba thibaneng litsebe ba sona, haesita le ho phelisa bafu ba sona hape, na ’muso oa sechaba seo o ne o ke ke oa ithorisa ka liketso tse joalo? ’Me na e ne e ke ke ea e-ba e mong le e mong lefatšeng ea neng a ka etsa ka potlako sohle se matleng a hae ho iphumanela sebaka tlas’a ’muso oo? U ka nahana joalo. Empa pale e bontša litšekamelo tse fapaneng ho ba bangata.

2, 3. Babusi ba lekholong la pele la lilemo ba Bajode, le bafo ba bona, ba entsoe ke’ng hore ba lahle morena oa Molimo?

2 Nahana ka boemo lekholong la pele la lilemo ha Jesu Kreste, ea neng a khethetsoe Borena ’musong oa Molimo, a ne a finyella liketso tse babatsehang joalo. Batho ba ne ba mo amohela joang? Ba ne ba susumetsoa habonolo ke babusi ba Bajode, ’me botšepehi ba bona bo aroha. Babusi bana ba ne ba ikemiselitse ho sireletsa libaka tsa bona le boemo ’musong oa motho ho feta ho sheba lithahasello tse molemo tsa batho, joalokaha Bibele e bontša:

“Baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekhotla, ba re: Re tla etsa’ng, ha e le mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na? Ekare ha re mo lesela joalo, bohle ba tla lumela ho eena, ’me ba-Roma ba tla tla, ba timetse motse oa rōna le sechaba sa rōna. E mong oa bona, Kaiafa, eo e neng e le moprista e moholo ka selemo seo, a re ho bona: Lōna, ha le utloisise letho. Ha le hopole hobane ho ka ba molemo ho rōna ha sechaba se ka shoeloa ke motho a le mong, sechaba kaofela se se ke sa timela. . . . Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba ’molaee.”—Joh. 11:47-53.

3 Ha se feela hore lithahasello tsa boithati tsa babusi ba Bajode li ba thibetse ho tšepahala ’musong oa Molimo, empa boithati ba bona ba ba susumelletsa ho susumetsa batho ho hana Jesu. Bibele e bolela hore ha ’musisi oa Roma Ponse Pilato a hlahisa Jesu, a re: “Bonang, morena oa lōna ke eo!” batho ba tlerola: “Mo tlose, mo tlose, mo thakhise! Pilato a re ho bona: Ke thakhise morena oa lōna na? Baprista ba baholo ba araba: Ha re na morena, ha e se Cesare.” Kahoo e bile baeta-pele ba bolumeli ba phehelletseng batho ho voutela ho loantša ’muso oa Molimo le Morena oa oona.—Joh. 19:14, 15.

4. Ke khetho efe e shebaneng le e mong le e mong ho rōna kajeno?

4 Le haeba u-ua ho hlokomela kapa che, u talimane le khetho e joalo kajeno. ’Me eo ke ena: Ho ba mofo ea tšepahalang oa ’muso oa Molimo, kapa ho ema le ba hanyetsanang le puso ea oona. ’Nete ea hore Jesu Kreste le batho ba tla busa le eena ba leholimong ’me ha ba bonahale ha e ba etse ba sieo. Bopaki boa nyarosa: Kreste o tsositsoe bafung, ’me haufinyane hona joale eena, hammoho le ba busang le eena, ba tla nka bohato ka taelo ea Molimo ho felisa mebuso eohle ea lefatše le ba e tšehetsang. (Dan. 2:44; 2 Ba-Thess. 1:6-9; Tšen. 2:26, 27) Kahoo u khetha’ng? Na u ikhethela puso ea batho kapa ’muso oa Molimo?

HO HLOKAHALA TSEBO HO BA MOFO

5. Ke tlhokahalo efe e ’ngoe eo ’muso o e beang holim’a baeti hore ba fumane boahi?

5 U ke ke ua phahamisa letsoho la hao ka bonolo ’me ua re: “Ke rata ho ba mofo oa ’muso oa Molimo.” Ka ho utloahalang, ho hlokahala ho fetang moo. Ka mohlala, haeba moeti a lakatsa ho ba moahi oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, o tla tlameha ho finyella litlhokahalo tse itseng. The World Book Encyclopedia e-ea hlalosa: “Basebeletsi ba Tšebeletso ea Bofalali le Kamohelo ba batlisisa le ho hlahlobisisa moeti. . . . O tlameha ho bontša hore a ka bala, a ngola, le ho bua Senyesemane se bonolo . . . Moeti a bontše hore o tseba ho hong ka pale ea Linaha tse Kopaneng tsa Amerika le mokhoa oa teng oa puso.”—khat. ea 1973, Moq. 14, leq. 52.

6. Ke “puo” efe eo re tlamehang ho ithuta eona haeba re tla tšoanelehela ho ba bafo ba ’muso oa Molimo?

6 Ho tšoanelehela ho ba mofo oa ’muso oa Molimo, u tlameha ho finyella litlhokahalo tse joalo. U tlameha hore pele u ithute “puo” ea ba tla phela tlas’a puso ea ’muso oa Molimo. Lentsoeng la hae, Bibele, Jehova o re: “Hobane, mohlang oo, ke tla fetola melomo ea lichaba, e tle e be e hloekileng, li tle li bitse kaofela lebitso la Jehova, li mo sebeletse ka pelo e le ’ngoe.” (Sof. 3:9) “Puo” ena e hloekileng ke ’nete ea Molimo e tsoang ka Bibeleng, haholo e mabapi le ’muso oa hae o tla tlisa khotso lefatšeng. Jesu le barutuoa ba hae ba buile “puo” e hloekileng ena ha ba le lefatšeng. Ba pakela ’nete ea ’Muso, ba etellelitse molaetsa oo pele. Kajeno bao e tla ba bafo ba ’muso oa Molimo ba tlameha ho etsa ka ho tšoanang.—Joh. 18:36; Luka 8:1; 10:8-11.

7. Tse ling tsa lipotso tseo mofo oa ’muso oa Molimo a lokelang ho tseba ho li araba ke life? Na u ka li araba?

7 Ho phaella moo, ho tšoaneleha joaloka mofo oa ’muso oa Molimo, u tlameha ho tseba ho hong ka pale ea oona, haesita le babusi ba oona. Na u ka bontša hore ho joalo ka ho arabela lipotso tse kang tsena: Ke neng ha Molimo o qala ho etsa litokisetso bakeng sa puso ea ’Muso oa oona? Ba bang ba bahlanka ba pele ho Bokreste ba Jehova ba neng ba lebelletse ho ba bafo ba ’muso oa hae oa ho loka ke bafe? Ba ile ba bontša tumelo ea bona joang ’musong oo? Ke ba bakae ba tla sebeletsa e le babusi ’musong oa Molimo? Ba bang ba batho ba boletsoeng ka Bibeleng ba ipakileng ba tšoenelehela ho ba babusi le Kreste ke bafe? Ba etsa’ng ho bontša botšepehi ba bona? Jesu Kreste o phethahalitse litšoaneleho tsa ho ba morena joang? ke maemo afe a tla ba teng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo a tla bontša lerato la oona ho batho? Hore re tsebe litaba tse joalo ke habohlokoa, hobane, thapelong ho Ntate oa hae, Jesu o itse: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notsi oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Joh. 17:3.

HO HLOKAHALA BOITŠOARO BO NEPAHETSENG

8. Tlhokahalo e ’ngoe ke efe eo ’muso o mong o e beang ho baeti hore ba fumane boahi?

8 Joalokaha ho le teng litlhokahalo tse ling bakeng sa ho ba bafo ba mebuso ea lefatšeng, li sa le teng bakeng sa ho ba mofo oa ’muso oa Molimo. The World Book Encyclopedia e bua tjena ka motho ea lakatsang ho tšoanelehela boahi ba U.S.: “O tlameha a be le boitšoaro bo botle . . . molao o bolela hore moeti ha a boitšoaro bo botle haeba e le letahoa, a entse bofebe, a e-na le basali ba fetang a le mong, a phela ka papali ea chelete,” le tse joalo. Ba tšoanelehelang ho ba bafo ba ’muso oa Molimo ka ho tšoanang ho hlokahala ba finyelle litlhokahalo tsa boitšoaro. Tsena li beiloe ka Bibeleng.

9. Ke litlhokahalo life tsa boitšoaro tseo motho a lokelang ho thulana le tsona hore a tšoanelehele ho ba mofo oa ’muso oa Molimo?

9 Ea lebelletseng ho ba mofo oa ’Muso, ka mohlala, o tlameha ho sebelisa bophelong ba hae se boleloang ke Bibele ka botšepehi. E ke ke ea e-ba ea leshano kapa lesholu. (Ba-Ef. 4:25, 28; Tšen. 21:8) Hape a ele hloko thibelo ea Bibele ea botahoa. (Ba-Ef. 5:18; 1 Pet. 4:3, 4) Ho feta moo, mekhoa e kang bohlola, bofebe kapa bosodoma e hanana le se hlokoang ke Molimo, ’me li senyetsa batho ba li etsang bophelo tlas’a ’muso oa Molimo. (1 Ba-Kor. 6:18; Ba-Heb. 13:4; Ba-Roma 1:24, 27) Leha ho le joalo, batho ba kileng ba kena mekhoeng e joalo, empa ba e tlohetse, ha ba senyetsoe ke tsela ea bona ea bophelo ea boitšoaro bo bobe ea nakong e fetileng. (1 Ba-Kor. 6:9-11) Taba ke hore: Molimo o ke ke oa mamella tlōlo ea ka boomo ea melao ea hae; batho ba tlameha ho lumellana le litlhokahalo tsa boitšoaro tsa Lentsoe la hae haeba ba tla tšoanelehela ho ba bafo ba ’muso oa hae.

10. Ke tokisetso efe ea tsamaiso eo bafo ba ’muso oa Molimo ho hlokahalang hore ba e hlomphe?

10 Hona ho bolela hore ba tla phela tlas’a ’muso oa Molimo ho hlokahala ba lumellane ka boithatelo le se boleloang ke Lentsoe la Molimo. Empa ho hlokahala ho fetang hoo. Hape ho hlokahala hore ba bontše ho hlonepha keletso le liqeto tsa bao Molimo o ba beileng libakeng tsa boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste. E ke ke ea e-ba batho ba tla ‘iketsetsa tsa bona’ ho sa tsotellehe tsamaiso e fumanoang ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” eo Kreste a mo abetseng ho lebela likhahleho tsa ’Muso lefatšeng. (Matt. 24:45) Moapostola Petrose o ngotse ka batho ba neng ba nyelisa ba boholong, a bua ka bona joaloka ba ‘huleloang ke nama litakatsong tsa litšila, ba nyelisang borena.’ Ha a ba hlalosa ho ea pele, moapostola o re: “Baikhantši, baikhohomosi bao, ha ba tšabe ho nyefola ba khanyang [batho ba abetsoeng bolebeli ka phuthehong ea Molimo].”—2 Pet. 2:10.

11. (a) Ke melao efe ea morena oa Molimo eo ho hlokahalang hore bafo bohle ba ’Muso ba e utloe? (b) Melao ee e lateloa joang, ’me ke hobane’ng ha ho e utloa e le habohlokoa?

11 Leha ho le joalo ho hlokoa ho fetang moo ho bafo ba ’muso oa Molimo ho feta feela ho tela tsela ea bophelo e se mang hlompho le ea boitšoaro bo bobe. Hape ba lokela ho etella pele ho etseng liketso tsa mosa ho ba bang. Ba tlameha ho phela ka puso ea bomolimo e fanoeng ke Morena, Jesu Kreste: “Ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Matt. 7:12) Kreste o beile mohlala leratong la hae ho ba bang, a bile a tela bophelo ba hae bakeng sa batho. ’Me a laela balateli ba hae hore: “Le ratane; joale ka ha ke le ratile.” (Joh. 13:34; 1 Joh. 3:16) Ke lona lerato lena la boitelo le kameho bakeng sa ba bang le tla etsa hore bophelo e be thabo ea sebele tlas’a puso ea ’muso oa Molimo. Na boitšoaro ba hao bo u tšoanelehisetsa bophelo nakong eo? Na u iteka kannete ho etsetsa ba bang liketso tsa mosa?

MOLIMO O HLOKA HO TŠEHETSOA KA BOTŠEPEHI

12. Tlhokahalo e ’ngoe hape eo ’muso o mong o e beang ho baeti bakeng sa ho fumana boahi ke efe?

12 Hore Jehova Molimo o tla hloka ha bafo ba tšepahalang ba hae ba tšehetsa puso ea ’Muso oa hae ho se ke ha re makatsa, hobane mebuso ea batho e etsa ka ho tšoanang. The World Book Encyclopedia e tsoela pele ho bua tjena ka moeti ea lakatsang ho ba moahi oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika: “O hlapanyetsa ho tšehetsa le ho sireletsa Molao oa Motheo le ho jara lihlomo lebitsong la Linaha tse Kopaneng [tsa Amerika].” Ho feta moo, o “nka kano ea ho lahla litlotla tsohle le botšepehi tsa naha leha e le life tse ling.” Empa ke ka tsela efe Molimo o hlokang hore batho ba tšehetse ’muso oa oona ka botšepehi?

13. Ke eng e bontšang hore ke phoso hore Bakreste ba loane ka lihlomo tsa nama lebitsong la ’muso oa Molimo?

13 Hona ha ho etsoe ka ho nka lihlomo tse bonahalang ho loana lebitsong la ’Muso. Jesu o ile a hlalosetsa ’musisi oa Moroma Ponse Pilato: “’Muso oa ka ha o tsoe lafatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka baka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.” (Joh. 18:36) Pelenyana, ha moapostola Petrose a ne a batla ho sireletsa Morena oa hae, Jesu a re ho eena: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole ba tla bolaoa ka sabole. Kapa na u re, nka sitoa ho rapela Ntate hona joale, ’me o ba a ea ‘nea lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetisang?” (Matt. 26:52, 53) Bakreste ba ke ke ba e-ba le kabelo ho timetseng lira tsa Molimo; oo ke mosebetsi oa makhotla a leholimo a Molimo. Bibele e bontša hore Bakreste ha baa lokela ho kena ntoeng ea nama le e bonahalang.—Bapisa 2 Ba-Korinthe 10:3-5; 2 Timothea 2:24.

14. (a) Molimo o batla ha bafo ba ’Muso oa hae ba etsa mosebetsi ofe? (b) Ba lokela ho bontša boineelo ba bona ho Molimo joang?

14 Ho e-na le hoo, Molimo o batla ha bahlanka ba oona ba lefatšeng e le babuelli lebitsong la ’muso oa hae—babuelli kapa baboleli ba ’Muso. Kahoo, ‘ka molomo ba bolela phatlalatsa hore ba bolokehe.’ (Ba-Roma 10:10) Ho feta moo, Molimo o hloka boineelo le botšepehi ho eena tse tsoang ho bafo ba hae. Jesu Kreste o ile a itlhahisa ho etsa thato ea Molimo, ’me a kolobetsoa tšoantšetsong ea boineelo bona. (Matt. 3:16, 17; Ba-Heb. 10:5-10) Bakreste ba lokela ho itšoara ka mokhoa o tšoanelang. Hoba ba fumane tsebo e hlokahalang le ho lumellana le se hlokoang ke Molimo boitšoarong, ba tlameha ho neela bophelo ba bona ho eena ’me ba tšoantšetse sena ka kolobetso ea metsing. Joale ho hlokahala ba kopanele ka pelo eohle mosebetsing o moholo oa pontšeng oo Jehova a batlang ha o phethiloe.

15, 16. (a) Mosebetsi o Moholo oa Jesu e bile ofe lefatšeng, ’me o bontšitse barutuoa ba hae joang hore le ho bona e ne e lokela ho ba mosebetsi o ka sehloohong? (b) Ho latela litaelo tsa Jesu ho ne ho hloka ho etela batho hokae?

15 Ke thato ea Jehova hore mong le mong a tsebe hore na ’muso oa hae o seng le hore na o tla rarolla mathata a batho joang. ’Muso oo o-oa rateha pelong ea Molimo, hobane ke mokhoa oo ka oona a tla hlatsoa lebitso la hae thohako eohle ’me a tlisetse batho ba hae mahlohonolo. Ke kahoo Bibele e buang tjena ka mosebetsi oa mantlha oa Mora oa Molimo lefatšeng: “Jesu a tsamaea a chalakela metse eohle le metsana, . . . a bolela Evangeli ea ’muso.” (Matt. 9:35) ’Me ka lekhetlo le leng Jesu a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.”—Luka 4:43.

16 Jesu a koetlisa balateli ba hae hore ba etse mosebetsi oona ona. Pele, a rōma baapostola ba hae ba 12, a ba laela: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse. . . . Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo; le lule ha hae le be le tlohe. Enore ha le kena tlung, le e lumelise. Ekare ha ntlo eo e e-na le tšoanelo, khotso ea lona e tle ho eona.” (Matt. 10:5-14) Ho phethahatsa litaelo tsena, baapostola ba etela matlung a batho, ba lula le ea “nang le tšoanelo,” ba abelana le bona molaetsa oa ’Muso. Hamorao, Jesu a laela barutuoa ba hae ba 70: “Leha e le motseng ofe le ofe, oo le kenang ho oona, ’me ba le amohela, le . . . ba bolelle, le re: ’Muso oa maholimo o atametse ho lōna.” (Luka 10:1-11) E, Jesu a rōmela balateli ba hae ho tsoela ntle ka mosebetsi oa ’Muso.

17. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala sebete ho etsa boboleli ba ’Muso lekholong la pele la lilemo? (b) Bakreste ba pele ba bontšitse sebete sa bona joang ho etseng boboleli?

17 Ho kopanela mosebetsing ona ho ne ho hloka sebete sa sebele. Jesu o ne a bolailoe ka tšusumetso ea bahanyetsi ba ’Muso, ’me, ka nako ea teng, balateli ba hae Setefane le moapostola Jakobo le bona ba bolaoa. (Lik. 7:54-60; 12:2) Leha ho le joalo balateli ba Jesu ha baa ka ba thibeloa. Le kamor’a hore baapostola ba shapuoe, Bibele e re: “Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.” (Lik. 5:42) Lilemo hamorao bongata ba Thessalonika ka ho nqosa ba re ka moapostola Pauluse le metsoalle ea hae: “Ba etsa tse loantšanang le litaelo tsa Cesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.” (Lik. 17:17) Empa mahloriso ao ha a ka a ba thibela ho bolela. Mangolo a bontša hore Paulose ha a ka ‘a tlohela ho bolela Evangeli. A ’na a ruta pontseng le ka matlung,’ a bea bopaki bo phethahetseng ho Bajode le ba bang ba neng ba batla pako.—Lik. 20:20, 21.

U EME HOKAE?

18, 19. (a) Thato ea Molimo ke hore ho etsoe joang hona joale? (b) Ke ho hopola lintho life ho ka re thusang ho kopanela boboleling ba ’Muso?

18 Ho ntse ho hlokahala sebete se sekaalo kajeno ho ba ’muelli oa ’Muso. Khanyetso molaetseng oa ’Muso e ntse e le kholo hakaalo joaloka lekholong la pele la lilemo. Kahoo potso ke ena: U eme hokae? Na u tla tšehetsa ’muso oa Molimo ka botšepehi? Thato ea hae ke hore ho fanoe ka bopaki bo boholo ba ’Muso pele bofelo bo e-tla. Na u tla ba le kabelo ho faneng ka bona?—Matt. 24:14.

19 U ka ’na ua ho fumana ho le thata ho qalisa ho bua le ba bang ka ’muso oa Molimo. Empa u ka ho etsa. Ho etsa joalo ho tla paka lerato la hao ho Jehova. (1 Joh. 5:3) Hopola hore Molimo o ile oa nea Abrahama kabelo e thata ea ho nyehela mora oa hae e le sehlabelo. Eare ha Abrahama a mamela, Molimo oa mo thibela ho phethahatsa ka ho tsoelletseng sehlabelo, a re ho eena: “Kea tseba hoba u tšaba Molimo.” E, kutlo ea Abrahama ea paka hore o tšepa Molimo ka ho feletseng. (Gen. 22:12; Ba-Heb. 11:17-19) Ka ho tšoanang, ka boboleli bo chesehang ba rōna ba ’muso re bontša Molimo botšepehi ba rōna ho tšehetseng ’muso oa hae, e leng ho tšehetsa hoo a ho hlokang ho bafo ba hae. Ka nako eona eo, re bontša lerato la rōna le kameho bakeng sa batho, kaha tsela feela eo ka eona ba ka pholohang timetso ‘mahlomoleng a maholo’ a atamelang ka potlako ke ka ho utloa molaetsa oa ’Muso le ka ho nka bohato ka oona.—Matt. 24:21; 1 Joh. 2:17.

20. Mohlala oa Moshe o ka re thusa joang ho nka bohato bo bohlale mabapi le se hlokoang ke Molimo boitšoarong?

20 Ho tšehetsa ha rōna ka botšepehi ’muso oa Molimo, leha ho le joalo, le hona ho bontšoa ka ho khomarela ha rōna ho seo Molimo o se hlokang boitšoarong. Re eme hokae tabeng ee? Ba bang ba bea ho ikhotsofatsa pele ho sena, ‘ba iketsetsa tsa bona.’ ’Me ke ’nete hore thabo e ka ba teng ho matheng le bongata bo kenang bophelong bo laoloang ke menate le bo hlephileng. Empa thabo ke ea nakoana. Ka bohlale, Moshe haa ka a khetha tsela e joalo. “Ka tumelo, Moshe ha a se a hōlile, o hanne ho bitsoa mora oa morali oa Faro; a mpa a ikhethela ho tšoenngoa le sechaba sa Molimo, e seng ho thabela menate ea libe e felang kapele; . . . hobane o na a talimile moputso.” (Ba-Heb. 11:24-26) Ho fella ka hore na sa bohlokoa haholo ho rōna ke sefe. Na ke feela ho khotsofatsa litšekamelo tsa rōna tsa botho feela? Kapa na ke ho etsa se khahlisang ’Mōpi oa rōna le ho sebeletsa likhahleho tsa puso ea ’Muso oa hae?

21. (a) Jesu o beile khetho eo bohle re lokelang ho e etsa joang? (b) Ke khetho efe eo u ikemiselitseng ho e etsa?

21 Ka sebele, ho khethoa nthong tse peli feela. Kreste o ho tšoantšitse le ho khetha e le ’ngoe litseleng tse peli. Tsela e ’ngoe, kamoo a boletseng, ‘e hebe-hebe e phatlaletse.’ Ho eona batsamai ba lumelloa bolokolohi ‘ho iketsetsa tsa bona.’ Tsela e ’ngoe, leha ho le joalo, e “tšesane.” E, ba tseleng eo ho hlokoa hore ba khomarele tsamaisong ea Molimo. Bongata, kamoo Jesu a hlokometseng, bo nkile tsela e hebe-hebe, ke ba seng bakae feela ba ho e tšesane. U tla khetha efe? Ha u khetha, hopola sena. Tsela e hebe-hebe e tla fihla bofellong e sa rerise—timetso! Ka lehlakoreng le leng, tsela e tšesane, e tla isa ka tsamaisong e ncha ea Molimo moo u ka phelang ka ho sa feleng u le mofo ea tšepahalang oa ’Muso. (Matt. 7:13, 14) Kahoo khetho ke ea hao! E tla ba efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ne ba itheretse ho boloka boemo ba bona ’musong oa motho. Ka baka leo, ba rera ho ’molaea

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

“Puo e hloekileng” ea ’nete ea Bibele e tlameha ho ithutoa ke bafo ba ’muso oa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Eare ha Petrose a batla ho sireletsa Morena oa hae, Jesu a re ho eena: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona.” Kajeno bahlanka ba tšepahalang ba ’muso oa Molimo ha ba kene lintoeng tsa nama

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Kutlo ea Abrahama ea paka hore o tšepa Molimo ho hang. Ka ho tšoanang, re bontša tšehetso ea rōna e tšepahalang ’musong oa Hae ka boboleli bo chesehang

“Ea Fanang a Thabile”

“E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa; hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.”—2 Ba-Kor. 9:7.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela