Rea Leboha Hore Jehova O Arabetse Lithapelo Tsa Rōna
Kamoo ho boletseng Angelo Clave
“THABELANG tšepong, le mamelle matšoenyehong, le tiee thapelong.” Ho hopola keletso ena ho nthusitse ho thabela bophelo ba tšebeletso ea nako e tletseng ho Jehova.—Ba-Roma 12:12.
Ke le oa ho fela ho bana ba tšeletseng, ke hlahile ka 1936 sehlekehlekeng se senyenyane sa Anda haufi le sebaka se tsebisahalang ho mehahlaula e le “One Hundred Islands” se Pangasinan, Philippines. Ntlo eso ea lifate le “bamboo” e hole ka halofo ea k’hilomithara ho tloha leoatleng, e ne e potapotiloe ke lipalesa le lifate tsa “mango,” ho thabisa mahlo le tatso. Ho bohloko, ntate a shoa ha ke le lilemo li tharo feela. Ntle ho masoabi a bohloko a ho lahleheloa ke monna oa hae, ’mè o ne a amehile haholo ka ho re hōlisa ka tsela e molemo haholo. Bonyane, o ne a ntse a e-na le polasi e nyenyane eo ka eona a neng a ka tlatsa lisiu tse kamor’a ntlo ka reisi. E ne e le mosali ea ineetseng bolumeling e le setho sa Kereke e Lokolohileng ea Philippine.
Ka 1945, kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše ha e pututse Philippines, liphetoho tse khōlō tsa qala ka boeti ba basali ba babeli ba banyenyane ba neng ba bolela hore ’muso oa Molimo ke eona tšepo feela bakeng sa batho. ’Mè o ne a sa thabele, empa moholoane oa ka Presalino a amohela lipaki tse peli tsa Jehova ka cheseho ’me a buisana le tsona ka lihlooho tse ngata tsa Bibele ho tloha hoseng ho fihlela bosiu. Ka le latelang, Presalino a mema motsoala Eduardo hore a ee le eena ha a khutlisa basali bana ho ba isa hae ka seketsoana.
Ha moholoane oa ka le motsoala ba khutla kamor’a matsatsi a seng makae, ka thabo ba bolella bohle hore ba se ba kolobelitsoe e le Lipaki tsa Jehova! Presalino ka cheseho a hlalosa hore ’muso oo re ’nileng ra o rapella hangata hakana Thapelong ea Morena o tla tlisetsa batho ba bangata haholo bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Matt. 6:9, 10; Luka 23:43) ’Mè, le hoja qalehong a ne a sa thabele, a phakisa a kholoa hore hona ke ’nete. A phakisa a hloekisa ntlo ea hae sefapano sa eona le litšoantšo tsa Josefa, Maria le “bahalaleli” ba bang. Hape, a tlohela ho hlafuna “betel nut.” Kamor’a likhoelinyana, ntate oa banana ba babeli ba Lipaki a re etela. A thabisoa ke ho fumana sehlopha se ithutang Bibele tlas’a tsamaiso ea Presalino. Batho ba leshome le metso e ’meli joale ba kolobetsoa, ho akarelletsa ’mè, baena ba babeli, moholoane oa ka le lingoetsi tse peli tsa lapeng. Kapele, ba etsoa phutheho. Baholoane ba ka ba babeli hammoho le motsoala Eduardo, ba khetheloa ho ba balebeli.
Sekolong sa rōna se senyenyane sa liithuti tse ka bang 120, ke ne ke songoa hangata ka baka la tumelo ea ka e ntseng e hōla. Bana bohle ba Lipaki tsa Jehova ba kena khatellong ka baka la ho hana ho kopanela liketsong tsa borapeli ba litšoantšo sekolong. Likhatello tsena qetellong tsa nthibela hore nka fumana thuto e phahameng sekolong. Hona ea e-ba masoabi. Leha ho le joalo, ’mè a nthusa hore ke tšepe Jehova le hore ke hahe kamano ea ka le eena ka thapelo le thuto e tsoetseng pele ea Bibele. Phello? Ha ke le lilemo li 15 ke ne ke le har’a ba 522 ba ileng ba kolobetsoa ka ’Mesa 22, 1951, kopanong ea sechaba Motseng oa Quezon.
LITHAPELO TSA KA HORE KE BE ’MOLELI OA NAKO E TLETSENG TSA ARABELOA
Kopano ena ea susumetsa takatso ea ka ho ba pula-maliboho, kamoo ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng a bitsoang. Leetong la ho khutlela hae le lipuisanong tsa lelapa, hona e ne e le taba e khōlō kelellong ea ka le lithapelong tsa ka. Le hoja ’mè pele a ne a sa thaba, qetellong a ntumella hore ke be pula-maliboho “oa phomolo” ka likhoeli tse ngata. Likhoeli tsena tse seng kae tsa putsoa haholo, ’me tsa tiisa boikemisetso ba ka hore ke be pulamaliboho oa ka mehla.
Ka la 1 Tlhakubele, 1953, ka fihlela sepheo sena. Ka sena ka qala ho ithuta puo e ncha—Iloko. Ho ne ho hlokahala hobane’ng? Bonyane ho teng maleme a 87 Philippines ’me ’na ke oa Bolinao, empa sebaka seo ke neng ke paka ho sona batho ba Iloko ba ne ba le bangata. Ena e bile ea pele lipuong tse ncha tse ngata tseo ke neng ke tla ithuta tsona hore ke bolele ’nete ea Bibele ho batho ba bangata. Nako le nako, ke ne ke itšetlehile haholo ka thuso ea Jehova, ke rapella hore a hlohonolofatse boiteko ba ka.
Ke ha ke sebetsa le Phutheho ea Ilogmalino motsaneng o bapileng le lebopo la leoatle la Leoatle la China moo ke bileng le phihlelo e sa tloaelehang. Mohlankana eo ke ileng ka kopana le eena tlung ea hae a ferekana boikutlong ha a hlokomela hore ke Paki hoo a ileng a nteleka ka temoso ea hore ke se hlole ke khutla. Bekeng e latelang molebeli ea tsamaeang oa potoloho a re etela ’me re ne re tlameha ho etela malapeng a sebakeng sona seo. A sa tsebe phihlelo ea ka, molebeli oa potoloho a mpolella hore ke qale hona ntlong eo eo mohlankana eo a neng a bile bohale.
Mohopolo oa ka oa pele ea e-ba ho tlōla ntlo eo; empa kamor’a ho rapela Jehova ka fihlela qeto ea ho kena hang hape. Mohlolo o mokaalo! Mohlankana a mamela ka hloko, a lumela thuto ea Bibele ’me a tla sebokeng sa hae sa pele hona bekeng eo. A tsoela pele kapele moeeng ’me a kolobetsoa kopanong likhoeli tse seng kae hamorao. Phetoho e potlakileng hakaale e ne e bakuoe ke’ng ka beke e le ’ngoe feela? Kamor’a ho nketsa hampe joalo, a hlaheloa ke kotsi. A talima hona e le kotlo, a fihlela qeto ea hore bonyane o tla ba mosa ho Paki e latelang eo a tla e bona. Ho bile joalo, ’me a rata seo a se utloang.
Rōna bo-pula-maliboho ba bararo hangata re ne re sebelisa seketsoana sa ho tšoasa lihlapi se bolelele ba limithara tse tšeletseng ho etela lihleke-hleke tse haufi ho ea fana ka lipuo. Eare ha re khutlela hae bosiung bo bong, boemo ba leholimo ba fetoha ka tšohanyetso. Ra kena khathatsong! Maqhubu a phahameng a phethola seketsoana ’me ra tlameha ho sesa leoatleng le bilohang, lik’hilomithara tse peli ho ea lebopong. Ka mokhoa o mong ’na le ngoana oa ngoaneso oa moshemane ra fumana matla a ho thusa khaitseli ea hae, ’me, le hoja re ile ra lahleheloa ke thepa, ra fihla lebopong hantle. Ra leboha Jehova ka ho re nea bophelo ba rōna.
Kabelo ea ka e latelang ea nkisa motseng o hole le hae. Moo ka utloa ’nete ea mantsoe a Jesu: “E mong le e mong ea tlohetseng matlo, leha e le banab’abo, kapa bo-khaitselie, leha e le ntat’ae, kapa ’m’ae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla neoa halekholo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng.” (Matt. 19:29) Baena le likhaitseli ba ne ba le mosa haholo ba le lerato hoo ka nakoana re ileng ra thabela kamano e ntle, e molemo le e haufi. Tlamo e ne e le matla hoo hamorao ha ke tloha ho ea kabelong ea ka ea pele ea bopula-maliboho bo khethehileng Bulacan Province ho neng ho se lea mong ho rōna ea neng a ka thiba likeleli tse theohang marameng a rōna ha re lumelisana.
Likabelong tsa ka tse peli tse latelang ka ba le balekane ba bacha ’me ka ithuta kamoo nka phelang le ho sebelisana le batho ba nang le botho bo sa tšoaneng. Ea pele likabelong tsena ea fella ka hore ke ithute puo e ncha. Tagalog, puo ea naha. Ho ea bobeli likabelong tsena, ka fumana ka lekhetlo la pele thabo e hlollang ea ho thusa ho thea phutheho e ncha. Hona ha nka nako e fetang lilemo tse peli tsa mosebetsi o masene, lithapelo tsa ka mehla le ho itšetleha ka Jehova ea ‘melisang.’—1 Ba-Kor. 3:5-9.
LITOKELO TSE LING TSA TŠEBELETSO
Teboho ea ka ea eketseha kamor’a lilemo tse tharo tšebeletsong ea bopulamaliboho bo khethehileng, ha ke khetheloa ho etsa maeto a potoloho liphuthehong tse ka bang 20, ho akarelletsa le motse oa heso. Na u ka itekanyetsa thabo ea ka ha ke e-ea thutong ea Bibele le ’mè le ho mo thusa ho ruta motho e mong linnete tseo eena a neng a le monyebe hakana ho li amohela? Kamor’a lilemo tse peli ke le mosebetsing oa potoloho, ka ba le thabo ea mofuta o mong, ha ’na le Lucrecia re nyalana ka la 17 Pherekhong, 1962. Lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng tseo a li nkileng e le pulamaliboho oa ka mehla le pula-maliboho ea khethehileng pele re nyalana e ne e bile bopaki ba lerato la hae ho sebeletsa Jehova, ’me o tsoela pele e le mohloli oa thuso le khothatso lilemong tsa ho tloha ka nako eo. Ka sebele, lebaka le leng la ho leboha Jehova!—Liprov. 19:14.
Ho etsa maeto a potoloho hangata ho ne ho le boima, empa meputso e le e meholo. E, ho ea fihla Motsaneng oa Agumanay re ne re tlameha ho loana ho nyolosa lithaba tse rellang, tse seretse ka lihora tse 12! Empa ea e-ba thabo e kaakang ha re fihla ho fumana hore boholo ba batho ba motse ke Lipaki tsa Jehova! Ba re amohela ka lipina tsa thoriso ho Jehova—lipina tseo ba li qapileng ka bobona. Tsatsi le leng le le leng, ba ka bang 50 ho baena bana ba ikokobelitseng ba ne ba tsamaea le rōna ha re etela metsana e haufi ho jala litaba tse molemo tsa ’Muso.
Empa maemo a itseng a bophelo a fela a hlahisa likotsi, ’me qetellong ka ba le khathatso ea sebete. Hona ha etsa hore ke tlamehe ho fetola tšebetso ho ea tšebeletsong ea bopula-maliboho bo khethehileng ho tloha ka Tlhakola 1965 ho fihlela ka Phupu 1966, ha ke ne ke phela hantle ho lekaneng hore nka qalisa maeto a potoloho, ka lekhetlo lena Sebakeng sa Tarlac Luzon e bohareng. Moo Mahuks (likhukhuni) tsa baka kotsi, ’me batho ba bangata ba ne ba bolailoe. Le hoja liboka tsa ka mehla li ne li sa tšoaroe, ho bile bonolo ho thusa balumeli hammoho moeeng ka ho ba etela malapeng a bona. Ka letsatsi le leng, ha re le lijong tsa hoseng le moena le lelapa la hae ntlong ea bona e nyenyane ea lithupa e ruletsoeng ka makapa, masole a tletseng literaka tse peli a phakisa a pota-pota ntlo. A supile ka lithunya, a re botsisisa, ka bonngoe. Ka ba le monyetla o hlahang seoelo oa ho hlalosa ‘litaba tse molemo’ ho ofisiri e laolang. A khotsofetse hore ha re likhukhuni, a tsamaea. Hang hape ho tšepa ha rōna Jehova ha putsoa.—Liprov. 29:25.
HO ITHUTA PUO E ’NGOE
Lengolo la la 31 Phato, 1967, le tsoang ho Watch Tower Society la re makatsa haholo. La re memela ho nkela tšebeletso ea boromuoa Indonesia. Ka thapelo, ra batla tataiso ea Jehova ’me joale ra amohela memo. Ke kahoo rōna, hammoho le Mafilipino a mang a tšeletseng, re fihlileng Jakarta ka la 18 Tlhakola, 1968.
Libokeng tsa pele tseo re bileng ho tsona li ne li le ka Indonesian, sohle seo ke neng nka se bua le baena ba ka ba moea le likhaitseli e ne e le “Selamat sore. Selamat datang. Silahkan masuk.” (“Lumelang. Lea amoheloa. Kena.”) “Thupelo e potlakileng” ea lihora tse 11 ka letsatsi ea ho ithuta puo ea Indonesia ea qaleha ka potlako. Hoba re qete thupelo ena, ka khetheloa ho hlokomela phutheho e ncha. Ea e-ba teko e kaakang ho ’na! Ka ho totobetseng, ho ne ho hlokahala hore ke ntlafatse tsebo ea ka puong. Ra fumana hore tsela e molemo haholo ho ithuta eona ke ka ho kopanela ka masene mosebetsing oa bopaki oa ntlo le ntlo. Majakarta a ne a le mosa ho amohela baeti a bile a thusa haholo, a re memela ho kena ka matlung a oona ’me ka boikokobetso a leka ho re utloisisa. Ka tsela ena ra tsoela pele kapele, hobane Indonesian e batla e tšoana le maleme a mang a Philippine. Kahoo, kamor’a likhoeli tse robeli feela, ra boela ra abeloa ho etsa maeto a potoloho, re sebelisa Indonesian eo re e fumaneng bocha.
Kamor’a nakoana sebakeng sa Jakarta, ra abeloa ho etela liphutheho tse sehlekehlekeng sa Sulawesi. Mono khaello ea lipalangoang le litsela tse mpe e ne e le teko, empa le teng lerato la baena la etsa hore boiteko ba rōna bo tšoanelehe. Sebokeng se seng sa phutheho, mosali a atamela mosali oa ka ’me a re: ‘Ke kōpa u nthapelise hore ke tsebe ho mamella bohloko boo monna oa ka a nketsetsang bona ka baka la ’nete.’ Ra fana ka khothatso le matšeliso a tsoang ka Bibeleng ’me ra fela ra mo rapella, empa hamorao ra lahlehelana, kaha monna oa hae o ne a fallela libakeng tse ngata tse ka thōko hore a tlose mosali oa hae haufi le Lipaki. Lilengoana hamorao, re ile ra makala hakaakang ho mo bona a le har’a ba kolobetsoang kopanong ea potoloho!
KHATELLO E PHAHAMANG
Ka 1976, re ne re leka ho lokisetsa kopano ea baena ba Sulawesi Manado. Ra etsa likōpo bakeng sa liholo tse fapaneng tse hlano, empa likōpo tsa hanoa. Qetellong, holo e ntle ea fumanoa empa rente ea Rp260 000 e ne e re phahametse haholo. Ra makala hakaakang ha eo e seng paki a ntša moneelo oa Rp100 000! Joale molumeli hammoho le rōna a etsa moneelo o mongata, a etsa hore re khone hore re ka lefella holo. Ha etsoa kopano e ntle, hoo e bileng lehlohonolo, hobane e ipakile e le sona seboka sa ho qetela se seholo bakeng sa baena ba rōna sebakeng seo, kaha khanyetso mosebetsing oa rōna e ile ea phahama.
Pele, ra haneloa ho etsa maeto a ntlo le ntlo. Empa baena ba ithuta kamoo ba ka fumanang batho bao ba ka buisanang le bona. Kahoo, batho ba bangata ba thahasellang ba fumanoa ’me mosebetsi oa ’na oa tsoela pele.
Joale ra haneloa ho kopanela malapeng a batho. Baena ba qala ho haha Liholo tsa ’Muso tse ngata. Empa ka la 24 Tšitoe 1976, ha boleloa thibelo e feletseng mesebetsing le libokeng tsa Lipaki tsa Jehova e le batho ka bomong, haesita le eo ea mokhatlo oa tsona oa molao, Mokhatlo oa Liithuti tsa Bibele oa Indonesia. Ra tseba hore mangolo a rōna a bojaki a ke ke a nchafatsoa, empa ra thabela hore ha rea qobelloa ho tsamaea hang-hang. Ra kōpa ho ekeletsoa matsatsi ’me ofisiri ea bofalali ea qetella e re file matsatsi a mang a 10. Letsatsi pele re tsamaea, ra ba le “picnic” le baena ba 200. Ea e-ba monyetla o motle hakaakang oa ho khothatsana. (Ba-Roma 1:11, 12) Kahoo ra qobelloa ho sia baena ba rōna le likhaitseli ba ratehang ba Indonesia kamor’a lilemo tse robong tsa tšebeletso e lebohehang har’a bona.
HO SEBELETSA NAHENG E ’NGOE
Ra thaba, leha ho le joalo, hore ho bile bonolo ho sebeletsa Jehova sebakeng se seng—ka lekhetlo lena Taiwan. Ra boela ra ithuta puo, empa joale ka Sechaena sa Mandarin, puo e fapaneng ho hang le efe kapa efe eo re kileng ra ithuta eona. Le hoja e le puo e nang le melumo e fetolang se boleloang ke mantsoe a nang le molumo o tšoanang ’me ha e ngoloe ka liletere tsa Selatine, re tsoela pele. Joaloka linakong tse fetileng, re rapella thuso ea Jehova ha re bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Matt. 24:14) Re sebetsa motseng oa mesebetsi e meholo o hōlang ka potlako oa Kahosiung, o nang le baahi ba fetang 1 000 000. Phutheho ea rōna e nyenyane ea baboleli ba ‘litaba tse molemo’ ba 30 e na le kabelo e khōlō. Empa ke thabo e kaakang ho bona ba fetang palo ea rōna ka makhetlo a mabeli ba bokana libokeng Holong ea ’Muso!
Lilemong tse ka bang 30 ha esale re ineela ho Jehova, ka makhetlo a se nang palo re bone hore tsela e elelletlitsoeng ke moapostola Pauluse e bile e molemo haholo. Re qetile tse 25 lilemong tseo re le tšebeletsong ea nako e tletseng, rea tseba hore ha ‘motho a thabela tšepong e ka pele, a mamella bohloko ’me a tiisetsa thapelong’ tlhohonolofatso ea Jehova e tla entša bophelo ba hae.—Ba-Roma 12:12.