Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 7/15 maq. 7-9
  • Phephetso ’Musong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phephetso ’Musong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO RE SE BATLANG SE KHOTSOFALITSOE
  • KAROLO EA ’MUSO
  • KE MANG EA KA THULANANG LE PHEPHETSO?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Kamoo re tla Neoa Seo re se Hlokang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • ’Muso oa Molimo—Tšepo Feela ea Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Na u Mofo ea Tšepahalang oa ’Muso oa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 7/15 maq. 7-9

Phephetso ’Musong

LILEMONG tse fetileng tse fetang 200 batho ba ile ba ikutloa ba hatelletsoe ke ’muso oo e neng e le bafo ba oona. Ha a bolela ka ho lokoloha ’musong oo oa Great Britain, ramolao oa Leamerika Thomas Jefferson o ile a ngola ka “litokelo tse itseng tse matahaneng,” ho akarelletsa “Bophelo, Tokoloho le ho phehella Thabo.”

Phephetso ’musong le hona joale, joalokaha e bile joalo ka nako eo, ke ho fana ka “litokelo” tsena ho batho. Ke batho ba ’maloa hona joale ba thabelang kannete bophelo bo feletseng le bo khotsofatsang, bo nang le tokoloho le thabo. Ho finyella bophelo bo joalo, ke liphetoho life tseo u hopolang hore lia hlokahala?

Ba bangata ba nahanne taba ena ka ho teba. Bukeng ea bona A Sane and Happy Life: A Family Guide, Lingaka Abraham le Rose Franzblau li ngolile: “Haeba re ne re ka batla maikutlo a baahi ba lefatše ’me ra buisana le batho hore na bohle re rata ho phela lefatšeng la mofuta ofe, ho bonolo haholo hore bohle re ne re ka lumellana ka litlhokahalo tse itseng tse tlase.” “Litlhokahalo tse tlase” tsena ke life?

SEO RE SE BATLANG SE KHOTSOFALITSOE

Pele, lingaka tsa thathamisa “lefatše le se nang ntoa.” Ka sebele, bohle re ka lumellana le hore ntoa e felisoe. E kotsi hakaakang, e monya moruo oa lichaba le ho holofatsa le ho bolaea baratuoa ba rōna! Empa na ho teng ’muso leha e le ofe o ka thulanang le phephetso ea ho felisa ntoa?

“Sa bobeli,” kamoo ho ngolileng lingaka, “e tla ba lefatše le se nang tlala, leo ho lona ho lapa le ho hloka li tla lelekoa ka ho sa feleng.” Ke haholo hakaakang re ka lumellanang le tlhokahalo ea ho fana ka lijo tse lekaneng bohle! E ka ba ntho e khōlō hakaakang ha ho se ho sa utloahale tlala e kokonang kapa phokolo e bakoang ke ho lapa, le ho tseba hore motho e mong le e mong lefatšeng o na le ntho e lekaneng eo a e jang! Na ke ntho e khōlō haholo ho tšepa ’muso hore o rarolle bothata ba khaello ea lijo?

“Sa boraro,” kamoo lingaka li tsoelang pele, “e ka ba lefatše le se nang maloetse, lefatše leo ho lona bohle ba ka bang le monyetla oa ho hōla ba phela hantle ’meleng le ho phela matsatsi a bona ba lokolohile ho kuleng ho ka thibeloang le ho ka phekoloang.” Rōna bohle, ntle ho potso, re hlokomela bohlokoa ba ho phela hantle ’meleng e le hore re ka thabela bophelo ka ho feletseng. Ke topoloho e amohelehang hakaakang ho phela lefatšeng leo ho lona ho seng ho se motho ea tla boela a kule, moo ho seng ea tla tšoaroa ke sefuba kapa bohloko leha e le bofe bo bong! Ebe ke phephetso e khōlō bakeng sa ’muso ho khotsofatsa litlhokahalo tsee?

Empa hore kannete batho ba thabele ‘bophelo, tokoloho le thabo,’ ho sa hlokahala hore ’muso o be le hona ho khotsofatsa litlhokahalo tse ling tsa bohlokoa. Lefatšeng leo rōna bohle re ka ratang ho phela ho lona, lingaka tsa hlokomela, ho tla ba le ‘mosebetsi bakeng sa batho bohle e le hore ba ka itlhokomela le malapa a bona.’ E, moo ho seng ba haelloang ke mosebetsi; empa mosebetsi o khotsofatsang le o beang bakeng sa bohle. Na ’muso o ka thulana le see?

Ha li tsoela pele, lingaka tsa eketsa: “E tla ba lefatše leo ho lona motho e mong le e mong a ka thabelang bolokolohi tlas’a molao, ka toka bakeng sa bohle.” Hape, “motho e mong le e mong a ka ba le monyetla oa ho ntlafatsa matla a hae le lineo ka ho feletseng, ’me a fumane moputso oa boiteko ba hae, ntle ho khethollo.” Ruri bohle re ka lumellana le bohlokoa ba ho tlosoa ha khethollo ea kajeno e sisimosang, e nang le ho se lekane le khatello. Empa na ho teng ’muso o ka hlang oa etsa see?

Boholo ba rōna bo tla lumela hore ho sa na le litlhokahalo tse ling tse lokelang ho khahlametsoa haeba re tla ba le lefatše la mofuta oo ho tla lakatseha ho phela ho lona. Joalokaha lingaka li itse: ‘Lefatše le joalo e tla ba leo ho lona batho bohle ba tla ba le thabo e ngata ho thabela lintho tse molemo tsa bophelo.’ ’Me tsa qetela ka hore: ‘Matšeliso a maholo a tla beoa litšoanelehong tse kang botšepehi, lerato, ho nahanela le ho ameha ka batho ba bang.”

Le hoja litlhokahalo tsena li sa khotsofatsoe ka kakaretso kajeno, na ruri ke ntho e khōlō haholo ho lebella hore li khotsofatsoe? Ke ka tsela efe litlhokahalo tsa sebele tsa batho li ka khotsofatsoang?

KAROLO EA ’MUSO

Thomas Jefferson, ha a etsa Boipolelo ba Boipuso ba Amerika, o ile a hlokomela: “Ho fumana litokelo tsena [bophelo, tokoloho le ho phehella thabo], ho theiloe mebuso har’a Batho.” E, ho hlokahala ’muso o motle ho khotsofatsa se hlokoang ke batho. Joalokaha moeta-pele oa pelenyana oa bopolotiki oa Leamerika John C. Calhoun a ngolile: “Motho o entsoe ka tsela ea hore ’muso e be oa bohlokoa hore tsamaiso e be teng, ’me tsamaiso e ho pheleng ha hae.”

Empa hantle-ntle ’muso ke eng? O hlalositsoe e le “tsamaiso e nang le matla kapa taolo.” Mebuso e etsa le ho phethahatsa melao ho tsamaisa boitšoaro ba motho. ’Me hona re ka ho leboha haholo tsamaisong ea rōna e rarahaneng. Nahana, ka mohlala, hore na ho ka etsahala joang moo litsela li fapanang haeba ho se taolo e tsamaisang sephethe-phethe se boima. E ka ba kotsi.

Leha ho le joalo ho laola sephethephethe ke ntho e bonolo ha ho bapisoa. Ho thata haholoanyane ho phethisa melao ho boloka khotso pakeng tsa batho, ho laola litlhahisoa le ho aba lijo e le hore bohle ba ka ba le ho hongata hoo ba ho jang, ho lokisetsa litšebeletso e le hore bohle ba ka bolokoa ba phela hamolemo, ho lokisetsa bohle mosebetsi o molemo, le tse joalo. Ho tlatsa likheo tsena, le tse ling tse ngata tse lokelang ho khotsofatsoa e le hore batho ba ka thabela bophelo kannete, ho hlokahala ’muso o khonang.

KE MANG EA KA THULANANG LE PHEPHETSO?

’Mōpi oa motho o hlokomela se hlokoang ke motho bakeng sa ’muso, bakeng sa “tsamaiso e nang le matla kapa taolo.” Kahoo ha se ka tsietsi Bibele e bolelang ka ’muso tlas’a tsamaiso ea Molimo. Ha e le hantle, tšepiso ena ea puso e etsoang ke Molimo ke sona sehlooho se laolang sa Bibele. Mohlomong u makatsoa ke ho ithuta sena.

U ka ’na ua botsa: “Ke hokae Bibeleng moo ho buuoang ka ’muso oa Molimo?” Ak’u nke Bibele, ’me u e phetle ho Esaia khaolo ea borobong litemana ea botšèlela le ea bosupa. E re:

“Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-safeleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng . . . ’musong oa hae.”

Moprofeta oa Molimo Esaia mona o ne a bolela ka ho tsoaloa hoo e neng e le hona ho tla etsahala ha ngoana, khosana. Qetellong ‘mora enoa oa morena’ e ne e tla ba morena e moholo, “Morena oa khotso.” O ne a tla laola ’muso o moholo ka sebele, o neng o tla tlisa khotso e sa feleng. Mohlomong u hlokomela hore na ngoana enoa ke mang. Lengeloi Gabriele, ha le tsebahatsa ho tsoaloa ha hae, la bolela hore o lokela ho bitsoa Jesu, ’me la eketsa: “O tla busa . . . borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.”—Luka 1:31, 33.

Mosebetsi o moholo oa Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba lefatšeng e ne e le ho bolela le ho ruta ka ’muso ona oa Molimo. Ba supa ka makhetlo a fetang 140 ’musong oo ka Bibeleng. Hopola hore Jesu o bile a ruta balateli ba hae hore ba rapele Molimo hore: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lafatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Matt. 6:10.

Hantle-ntle puso ea ’Muso ona e tla theoa joang, hona e tla sebetsa joang? Na e tla tlisoa ke batho ’me ba e laole? Na batho ba ka lokisetsa ’muso o tla bōpa lefatše la mofuta oo rōna bohle re tla rata ho phela ho lona?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela