Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 7/15 maq. 29-31
  • Ho Hata Moo Morena Hatileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hata Moo Morena Hatileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SE ETSOANG KE BA BANG
  • HO BOLELA LE HO ETSA BARUTUOA KA NAKO E TLETSENG
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ke Eng eo U e Etelletsang Pele Bophelong ba Hao?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Ho Nka Litokelo Tsa Tšebeletso e Halalelang e le Tsa Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 7/15 maq. 29-31

Ho Hata Moo Morena Hatileng

U ETSA’NG ka bophelo ba hao? Hantle-ntle u rata ho etsa’ng ka bophelo ba hao?

Bakreste ba ba ngata ba ineetseng ba na le mesebetsi ea boipheliso e ba hlokang lihora tse telele hore ba itlhokomele le malapa a bona. Ba ka ’na ba boetse ba e-ba le boikarabelo bo bong bo ba hlokang nako ea bona e ngata le tlhokomelo. Ka lebaka leo, ba ka ’na ba ikutloa hore hoa hlokahala ho sebelisa nako ho phehelleng lithahasello tse ling tse ling nako le nako hobane tsena li tlatsetsa ho thabeleng ha bona bophelo ’me hoa ba khotsofatsa bothong. Ba ka leka-lekanya lintho joang, e le hore ba ka phela bophelo bo tla thabisa Molimo?

Bongata ba rona rea tseba hore mosebetsi oa nama linthong tse bonahalang e ka ba o khotsofatsang ho ea sebetsang le tlotla ho Molimo. Pele Mora oa Molimo a e-tla lefatšeng e le motho o ne a sebetsa le Ntate oa hae ho etseng lintho tsohle tse bonahalang bokahohleng. O ile a hlalosoa e le Motlatsi.—Ba-Kol. 1:15, 16; Liprov. 8:30, 31.

Hamorao bophelo ba hae ba fetisetsoa lefatšeng. Eare ha a kena bohlankaneng, a sebetsa e le ’metli. Empa nako ea tla ea hore a etse mosebetsi o mong, tšebeletsong ea Ntate oa hae. Ena e ne e akarelletsa ho bolela le ho etsa barutuoa.—Mar. 1:14, 15; Joh. 18:37.

Ha Jesu a retelletsa tlhokomelo ea hae ho e lebisa mosebetsing ona o mocha, oa fetoha thahasello ea hae e khōlo bophelong. A thabela kabelo ena e ncha. A e bitsa “lijo” tsa hae. (Ba-Heb. 10:7; Joh. 4:34) ’Me tsela eo a phetseng bophelo ba hae ka eona ea bontša hore o ne a tiile. Ha e le hantle, tsela e ileng ea phehelloa ke Jesu e bontšitse hore o ne a lumela Ntate oa hae hore o tla ’ne a fane ka seo a se hlokang nameng ha a fetola kabelo ena e ncha telekiso ea hae e khōlō.

SE ETSOANG KE BA BANG

Balateli ba Jesu Kreste ba hlokomela boikarabelo ba ho itlhokomela le ba itšetlehileng ka bona ’me ba ntse ba e-na le ho hong ho ho abela ba bang ba hlokang. (1 Tim. 5:8; Ba-Ef. 4:28) Leha ho le joalo ba bang ba lakatsa eka ba ka be ba sa nke nako e ngata hakaalo le matlo mesebetsing ea boipheliso. Ba bangata ba lakatsa eka ba ka be ba e-na le nako e ngata ho e neela mosebetsing oa boboleli, ho ruta le ho etsa barutuoa. Na u kopanela takatsong eo? Ba bang ba lokisitse taba tsa bona e le hore ba ka ba le nako e ngatanyana bakeng sa mosebetsi ona, e le hore o ka nka sebaka sa pele bophelong ba bona.

E mong oa Lipaki tsa Jehova ea phelang motseng oa New York o sebelitse ka lilemo tse telele a hiriloe ke baemeli ba thepa e kenang le e tsoang ka hare ho naha ’me a e-na le moputso o motle. Mosali oa hae le eena a sebetsa. Empa ba lakatsa ho sebelisa nako e ngatanyana mosebetsing oa ho etsa barutuoa.

Monghali oa mosali a belaela hore o sitoa ho fumana thuso e tšepahalang ho boloka sebaka seo a sebeletsang ho sona se hloekile. Eaba Paki e atamela monna eo ’me ea fana ka hore e ka hloekisa sebaka ka moputso o itseng. Mpho ea hae ea amoheloa. Banyalani ba khothala. Ha e le hantle, ba itherela hore haeba ba ka fumana mosebetsi o mong kapa e ’meli e meng e joalo, ho ke ke ha hlokahala hore ba sebetse ka nako e tletseng.

Joale ba sebetsa ka bobeli mosebetsing o monyenyane oa ho hloekisa. Chelete eo ba e fumanang e nyenyane haholo le eo ba neng ba e fumana pele, empa e ba lekane hore ba phele hamonate. Empa ba thabile haholo hore joale ba na le nako e ngata ho batla batho ba thahasellang Bibele. Hape ba na le nako eo ba e lakatsang ea ho buisana le ho ithuta Bibele le batho bana.

’Mè ea nang le bana ba bahlano lapeng o ne a lakatsa ho kopanela haholoanyane mosebetsing oa boboleli. A etsa litokiso tse hlokahalang e le hore a ka etsa joalo. A abela bana hore ba alole likobo tsa bona le ho hloekisa kamoo ba robalang pele ba e-tla lijong tsa hoseng. Ngoana e mong le e mong a boela a abeloa ho hlakola lerōle le ho hloekisa kamore e ’ngoe ka tlung. ’Mè o ne a atisa ho tsoha hoseng hore a hloekise lintho tse ling ka tlung, ho hlatsoa le ho qala ho lokisetsa lijo tsa letsatsi. kahoo, ha bana ba loketse hore ba ka ea sekolong, le eena hangata o ne a lokile hore a tsamaee, hore a kopanele mosebetsing oa ho etsa barutuoa motseng oa habo ho fihlela ha bana ba khutla sekolong.

HO BOLELA LE HO ETSA BARUTUOA KA NAKO E TLETSENG

Hoo e ka bang naheng e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše ho teng ba lokiselitseng ho sebetsa e le “bo-pula-maliboho” (ba kena ka nako e tletseng ho boleleng ‘litaba tse molemo’). Hona ka linako tse ling ho hloka tokiso e khōlō mesebetsing ea bona ea tsatsi le leng le le leng. Se ba thusitseng ho fumana khotsofalo le thabo ke mohlala oa Morena oa bona. O ne a khannoa ke kutloelo-bohloko bakeng sa batho bao a ba sebeletsang. A ba talima joaloka “linku tse se nang molisa,” tse khathetseng tse saretsoeng. A ithaopela ho ba tella moea oa hae. Kaofela ha rōna re ka khothatsoa ke mohlala oa hae.—Matt. 9:36; 20:28.

Pula-maliboho oa Illinois (U.S.A.) ea bileng mosebetsing oa nako e tletseng ka lilemo tse tšeletseng, o itse: “Lilemo tsena tse fetileng li ile tsa tlatsoa ka thabo e khōlō, khotsofalo le nyakallo hoo ke ileng ka tlameha ho le bolella. Ke rapela hore feela ka tlhohonolofatso ea Jehova nka tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng ha feela mosebetsi o sa le teng.”

Na ho bonolo hore maemo a hao a ka u lumella hore u kopanele ka botlalo mosebetsing ona, kapa na u ka etsa litokiso e le hore ho ka ba bonolo? Ho bua ka takatso ea hao le ba seng ba le tšebeletsong ea nako e tletseng e ka ba thuso ho uena. Ho ka ’na ha etsahala hore likopanong tsa potoloho kapa tse khōlō tsa Lipaki tsa Jehova u tla ba le hona ho batla ba bang ba batho bana. Tlhokomelo ea bona le moea oo ba o bontšang li ka u susumetsa hoo u ka ikutloang hore, ‘Haeba ba ho entse, le ’na nka ho etsa!’

U tla fumana hore, le hoja litokiso li ka hlokahala mabakeng a ’maloa, haholoholo ke TUMELO e tla hlokahala. Mohlomong u se u bone bopaki ba sena ha u shebile ba bang, kapa mohlomong ho teng seo u se fihletseng ka bouena, seo e leng bopaki bo bonahalang ba hore seo Jesu a se boletseng e hlile ke ’nete ka sebele: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona [Molimo] pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matt. 6:24-33.

Ba itšebelisang ka matla hore ba be le kabelo e feletseng kamoo ba ka khonang mosebetsing o khethehileng oo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba o neileng Bakreste ka nako ena ba thabela ntho e phethahalang le thabo bophelong, ke sona seo Molimo o neng o se reretse bahlanka ba oona. Na ena ke kabelo ea hao bophelong? Haeba ha ho joalo, ho ka ’na ha etsahala hore ka litokiso tse nahannoeng hantle le tse lokiselitsoeng hantle ho ka ba joalo.

Thabo e teng ho faneng. Mofuthu le khotsofalo li teng ho tsebeng hore u sebelisitse nako ea hao le matla ka botlalo mosebetsing o khethehileng oo Bakreste ba o neiloeng hore ba o etse nakong ena ea bofelo. E, ke ho hata moo Morena a hatileng ho tla re tlisetsa thabo e khōlō ’me ho felle ka tlotla e khōlō ho Jehova.—Matt. 22:37-39; Lik. 20:35.

“Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa. Ebile moo a reng ho barutuoa ba hae: Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—Mattheu 9:36-38.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela