Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/1 maq. 21-25
  • Buka ea Moeklesia—Thuto Linthong Tsa Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Moeklesia—Thuto Linthong Tsa Bohlokoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “TSOHLE KE LEFEELA”
  • TEKO KA MENONO
  • LERUO LE BOTUMO
  • KHATELLO LE LEEME
  • HO THULANA KA KATLEHO LE TSE SA LEBELLOANG
  • Buka ea Bibele ea 21—Moeklesia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Moeklesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ke Eng e Etsang Hore Bophelo e be ba Bohlokoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ha Lintho li Fosahetse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/1 maq. 21-25

Buka ea Moeklesia—Thuto Linthong Tsa Bohlokoa

TSELA e molemo haholo ho sebelisa nako le matla ke efe? Na ho ka ba molemo ho etsa mesebetsi ea boithabiso sepheo sa hao se seholo? Na u lokela ho loanela ho bokella letlotlo le bonahalang kapa ho finyella botumo bo “lleloang”? Ke lintho life tse phehelloang bophelong tseo e leng tsa bohlokoa haholo?

Tataiso e ntle tabeng ena e ka fumanoa bukeng ea Bibele ea Moeklesia. Moo ho fumanoa “mantsoe a ’Moleli, mor’a Davida, morena oa Jerusalema.” (Moek. 1:1, 12) Ka ho totobetseng, “’Moleli” ke Morena Salomone, ea ileng a tsebahala lichabeng ka bohlale ba hae. Buka ea Moeklesia e na le keletso ea hae holim’a lintho tse molemo kannete le tse se nang thuso.

“TSOHLE KE LEFEELA”

Moeklesia e qala ka mantsoe ana: “Lefeela la mafeela, ho rialo ’Moleli; lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela! Molemo ke ofe oo motho a o bonang mokhathaleng oohle oa hae oo a ikhathatsang ka oona tlas’a letsatsi?” (Moek. 1:2, 3) Lentsoe la Seheberu bakeng sa “lefeela” le hlile le bolela “phefumoloho.” Le bontša ntho e ’ngoe e sa tieang, e sa tsitsang e sa emang ka mehla. “Lefeela la mafeela” le hlalosa hantle litaba tsa batho.

Ho latelang ’moleli o bolela ho ipheta-pheta ha lintho tsa tlhaho. Meloko ea batho e sena-e-suthelana, letsatsi le ntse le chaba le likela, moea ha o khaotse ho foka ’me kamehla linōka li fella leoatleng empa ha ho mohla le tlalang. (Moek. 1:4-7) Kamor’a ho nahana ka sena, morena ea bohlale a hlokomela: “Ntho tsohle li khathatsa ho feta kamoo motho a ka bolelang kateng. Leihlo ha le khore ho li bona, tsebe ha e tlale kutlo ea tsona. Ho bileng teng ho tla boela ho be teng; ho hlahileng ho tla ’ne ho hlahe; ha ho ho hocha leha ho le hong tlas’a letsatsi.”—Moek. 1:8, 9.

Ho nahanisisa ka lintho tsena tsohle tsa tlhaho ho ile ha bonahala e le ho ‘khathatsang’ ho Salomone. Ke ’nete, hore matla le ho rarahana ha lintho tsena ke ho ka khathatsang motho bophelong bohle ba hae ’me ha ho mohla a ka li utloisisang ka botlalo. Mantsoe a hae a ke ke le ka mohla a lekana ho hlalosa tsena tsohle ka botlalo. Empa re hopole hore Salomone mona o sebetsana le lefeela leo batho ba sa phethahalang ba talimaneng le lona. Kahoo re ka boela ra ananela kamoo e leng ho khathatsang kateng ho motho ho nahana ka ho sa khaotseng ka ho ipheta-pheta ha lintho tsena tse sa khaotseng ebe joale re ho bapisa le bophelo ba hae bo bokhutšoanyane. Ho ea haelloang ke bohlale ba bomolimo, ho ba ha hae ka nakoana le ho sitoa ha matla a hae ho fumana botsitso ho hlahisa lefeela ’me hangata ho mo etsa hore a batlisise ka lefeela bakeng sa ntho e ’ngoe e fapaneng, e ncha—e le hore feela a fumane hore, qetellong, ke eona ntho eane ea khale. Hona le hona ke ho khathatsang.

Ho tseba sena ho ka re thusa ho qoba ho senya nako e ngata, boiteko le chelete re leka ho fumana phetheho le khotsofalo ka ho khotsofatsa nama. Lenyora la lintho tse ncha le tsebo le ka ’na la tlisa thabo eitseng, empa ha e Khotsofatse ka ho feletseng. ’Me qetellong hohle ho fella Sheol, moo “ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moek. 9:5, 10.

TEKO KA MENONO

Morena Salomone o kile a pheta teko e khahlisang ka bophelo ba menono. A iketsetsa tikoloho e kang paradeise ’me a batlisisa mosebetsi o mong le o mong oa boithabiso. (Moek. 2:3-9) “Tsohle tse neng li lakatsoa ke mahlo a ka, ha kea ka ka a tima tsona,” kamoo a ngolang. (Moek. 2:10a) Ho isa tekanyong eitseng morena a thabela teko ka menono. O-oa totobatsa: “Ha kea ka ka hanela pelo ea ka le thabo efe le efe; pelo ea ka ea ’na ea thabela mosebetsi oohle oa ka; ke sona seo nkileng ka se rua mosebetsing oohle oa ka.”—Moek. 2:10b.

Empa ha e le ka ho khotsofala ka sebele le ho thaba kannete ka tsela ena, ’moleli o-oa lumela: “Empa eitse ha ke talima mesebetsi eohle eo matsoho a ka a e entseng, ’me ke bala mokhathala oo ke ikhathalitseng ka oona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng ha ho letho le ka fihleloang ka tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.”—Moek. 2:11.

LERUO LE BOTUMO

Mohlomong u tloaelane le batho ba sebetsang motšehare le bosiu ho fumana pokella ea matlotlo ao ba tla a sebelisa hamorao. Bakeng sa batho ba joalo buka ea Moeklesia e na le thuto ena ea bohlokoa: “Ea ratang silevera, silevera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hola ka eona. Hoo le hona ke lefeela” (Moek. 5:10) E ’ngoe ea litšobotsi tsa lefeela tsa ho phehella maruo e beiloe temaneng e latelang: “Ha monono o ata, ba o jang le bona ba ata; ha ho le joalo, mong a oona o rua’ng ka oona, ha e se ho iponela oona ka mahlo a hae?”—Moek. 5:11.

Leha motho a fetoha mong a maruo a mangata, o lula a ntse a sa khotsofala. Bohlale ba ’nete e ka be e bile ba molemo o moholo ho eena. (Moek. 7:12) Ho feta moo, ha maruo a motho a ntse a eketseha, ho hlokahala bathusi ba lefuoang ba bangata ho a hlokomela. Kaha morui o tlameha ho fepa le ho hlokomela basebeletsi, ha maruo a ata ho boetse ho ata ‘le ba le jang’. Buka e ngotsoeng ke mongoli oa Mogerike Xenophon e akareletsa litlhaloso tsena tsa motho eo e neng e kile ea e-ba mofutsana empa a se a ruile:

“Ebe, Sacian, u nahana hore ke phela ka thabo e ngata ha ke e-na le matlotlo a mangata? Ebe ha u tsebe, hore ha ke je, kapa hona ho noa, kapa hona ho robala, ke e-na le thabo eo nka reng e feta eo ke neng ke e-na le eona ha ke sa le mofutsana? Empa, ka ho ba le leenya lena, seo ke se fumanang ke sena, ke tlameha ho alosa haholoanyane, ho abela ba bang haholoanyane, le khathatso ea ho hlokomela ba bangata; hobane basebeletsi ba bangata joale ba mpatla lijo tsa bona, lino tsa bona, le liaparo tsa bona; ba bang ba bile ba mpatla ho ea lingakeng; e mong o ntlisetsa nku e harotsoeng ke phokojoe, kapa khomo tse oetseng selomong ’me li shoele, kapa a mpolelle hore likhomo li oetsoe ke feberu; hoo ho ’na ho bonahalang hore ka hore ke be le matlotlo a mangata, ke oetsoe ke mahlomola a fetang pele ha ke ne ke e-na le ho fokolang. . . . Hoja ho ba le maruo ho ne ho le monate joaloka ho a fumana, barui ba ka be ba feta mafutsana ka thabo. Empa ke tlameho ho ea nang le matlotlo hore a a ntše haholo.”

Buka ea Moeklesia e bua ka maemo a mabe a atisang ho oela batho ba ikemiselitseng ho rua: “Ka boela ka lemoha lefeela le leng le leng teng tlas’a letsatsi. Ke motho ea lutseng a ’ntoši, ea se nang oa bobeli ho eena, ea se nang leha e le mora, leha e le ngoan’abo; leha ho le joalo, mokhathala oa hae ha o fele, le ’ona mahlo a hae ha a khore moruo . . . Ke ikhathaletsa mang, ’me ke tima moea oa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokhathala o bohloko.”—Moek. 4:7, 8.

Lenyoreng la maruo, ke hangata haholo batho ba telang likamano tsa botho, ka lapeng le ka ntle. Ea hlomolang ke motho ea lekhonatha ea ikarolang ho ba bang telekisong ea maruo a bonahalang! O lumela hore ho molemo hore a se ke a ba le lelapa kapa metsoalle, kaha bana ba tla mo hloka hore a sebelise chelete ea hae. Mang le mang ea sekametseng ho nahana ka mokhoa oo o lokela ho ipotsa: “Ke ikhathaletsa mang, ’me ke tima moea oa ka lehlohonolo ka baka la mang?” Ho sa tsotellehe hore na thepa ea morui e khōlō hakae, “mahlo a hae ha a kholisoe ke maruo.” A hlokomela sena, Salomone a ngola:

‘Ba babeli ba fetisa a le mong, hobane moputso o motle o teng oa mosebetsi oa bona: leha ba e-oa, e mong a ka tsosa molekane oa hae; athe ea ’notši o malimabe, leha a e-oa, ha a na oa bobeli ea mo tsosang. Hape, ha ba babeli ba robala hammoho, ba tla futhumala; ea ’notši eena a ka futhumala joang? Leha e mong a ka tla tsohela ea ’notši matla, ha ba le babeli, ba ka mo hlōla, le lona leqhoele le meloho e meraro ha le phakise ho khaoha.’—Moek. 4:9-12.

Mantsoe ana a ruta ntho ea bohlokoa. Likamano tsa batho li molemo ho feta matlotlo. Kameho ea ’nete ea ho ameha le ho thusa batho ba bang ke tsa bohlokoa ho feta gauda, silevera kapa ntho leha e le efe e sa pheleng.

KHATELLO LE LEEME

Buka ea Moeklesia e lumela pepenene hore batho ba hlomohile haholo ke khatello: “Ka boela ka lemoha lihloriso tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi, ’me ka bona meokho ea ba hlorisoang, ho mpa ho se ea ba tšelisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoleli.” (Moek. 4:1) Ha ba hatelletsoeng ba batla tokollo ho ba pusong, hangata ho busa leeme. Salomone oa hlokomela: “Ka boela ka talima tlas’a letsatsi, ka bona bokhopo bo le teng nqalong ea kahlolo, le tulong tsa ho loka ka bona bokhopo.”—Moek. 3:16.

Batho ba lokela ho itšoara joang khatellong le leeme tse tletseng hohle? Ba tlameha hore pele ba ananele polelo ena e bululetsoeng: “Ho khopameng ho ke ke ha inamoloha, ’me se hlokehang se ke ke sa baloa.” (Moek. 1:15) Batho ba bang ba tiileng ba nkile bophelo bohle ba bona ba leka ho hlahisa maemo a lokileng lefatšeng, empa ntle ho katleho. Lentsoe la Molimo le hlakisa hore ’muso oa Molimo o ka felisa bokhopo bathong. (Dan. 2:44; 2 Pet. 3:13; Tšen. 21:1-5) Ha ho boiteko leha e le bofe ba batho bo ka otlollang “bokhopo” bo se nang palo ba boitšoaro ba batho.

Kaha ho joalo, ’moleli o fana ka tataiso e ’ngoe e thusang: “Ke re: Boloka taelo ea morena ka baka la kano eo u e entseng pel’a hae, u se ke ua tiisetsa nthong e mpe, hobane o etsa hohle ho mo khahlisang; etsoe lentsoe la morena le le matla, ’me ke mang ea tla re ho eena: U etsa’ng?”—Moek. 8:2-4.

Moeklesia ha e khothalletse bofetoheli le boiteko ba ho phethola mebuso e teng. Tsela ea bohlale ke ho lula ka boikokobetso ho ‘marena a maholo’ a mebuso. (Ba-Roma 13:1-7) Mabakeng a hlahang seoelo, takatso ea ho amoheloa ke Molimo e ka hlahisa hore motho a ikhule ho etsa melao eitseng ea ba boholong. (Dan. 3:12, 16-18) Leha ho le joalo, moo litaelo tsa ba boholong kapa likopo li sa hlokeng ho tlola molao oa Molimo, ke tsela ea bohlale ‘ho boloka molao oa morena.’

Ho hōlisa khopolo ena ho ea pejana, ’moleli o re: “Ea bolokang taelo a ke ke a bona tsietsi; ’me pelo ea ea bohlale e tla tseba nako le kahlolo. Hobane nako le kahlolo ea tsohle e tla ba teng. Empa bosoto ba motho bo boholo tabeng ea hobane ha a tsebe le hanyenyane se tla etsahala; hobane ea tla ’molella se tla hlaha, ke ha e le mang na?” (Moek. 8:5-7) Le moo puso e leng thata e hatellang, motho ea bohlale a ke ke a tsoha ka bofetoheli. O hlokomela hore “nako” e teng ea ha ho hong ho tla etsahala ho fetola lintho hore li be molemo. Empa kaha ha a tsebe ‘hore na joang’ phetoho eo e tlang ho tla, tsela e bohlale bakeng sa hona joale ho eena ke hore a sebetse mesebetsi ea hae, a ahlola ka bohlale ha a sebelisana le lintlha tse bosula tsa bophelo ba tsatsi le leng le le leng.—Bapisa Moeklesia 3:1-13.

HO THULANA KA KATLEHO LE TSE SA LEBELLOANG

Lebaka le leng leo ka lona boiteko ba batho bo bongata bo ipakang bo hlōleha le boleloa ho Moeklesia 9:11: “Ke lemohile, ’me ke bone tlas’a letsatsi hoba peisong ea lebelo ea lebelo ha a siee ba bang ka mehla, ntoa hase ea liqhenqha ka mehla, bohobe hase joa ba bohlale ka mehla, le leruo hase la ba kelello ka mehla, le ho ratoa hase ha batsebi ka mehla; empa bohle ba hlaheloa ke nako le sebaka sa ntho tseo.”

Ho ka bonahala eka litšobotsi tse kang lebelo, matla le bohlale li ka etsa hore batho ba atlehe nthong e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang. Empa hangata lintho li sebetsa kamoo li sa lebelloang. Le hoja maemo a sa lebelloang ka linako tse ling a e-ba molemo, ka linako tse ling a tla e le likotsi, ho kula kapa tlokotsi e ’ngoe. ’Me lefung “ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo, etsoe tsohle e le lefeela.”—Moek. 3:19-21.

Ka baka la sena, mongoli ea bohlale oa Bibele o khothalletsa lintho tse peli ka ho khetheha: (1) Sebetsa ka masene tsatsi le leng le le leng; (2) “bona molemo” oa mosebetsi oa hao o boima ka ho thabela seo u nang le sona hona joale. Mantsoe a lebisang ntlheng ena a fumanoa ho Moeklesia 5:18-20:

“Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oo motho a ikhathatsang ka oona tlas’a letsatsi, ka tšiu tsohle tsa bophelo tseo Molimo o mo neileng tsona; hobane ke eona kabelo eo a e abetsoeng. Efela ha Molimo o neile motho e mong leruo le monono, ha o mo neile le tokelo ea ho li ja le ho ingoathela ho tsona le ho thabela mosebetsi oa hae, hoo ke mpho ea Molimo; hobane a ke ke a hopola bokhutšoanyane ba tšiu tsa ho phela ha hae haholo, etsoe Molimo o mo hauhela ka ho mo thabisa pelo.”

Le hoja khatello, leeme le lintho tse ling tse mpe li le ngata bophelong ba motho kajeno, motho ea bohlale ha a itumelle hore tsena li kolobise thabo ea hae linthong tse tsoellang hantle, ho e-na le hoo, o ikemiselitse ho “ingoathela ho tsona” tse bonahalang e le mahlohonolo a hae a hona joale ka ho thabela seo a nang le sona, le haeba se le senyenyane.

Sebaka ha se sa lumella puisano e tsoetseng pele haholo ea bohlale bo fumanoang bukeng ea Moeklesia mona. Empa tšepo e teng ea hore mehlala e ’maloa e beiloeng mona e tla u susumelletsa hore u ithute buka kaofela ka hloko. Ho etsa joalo ho tla u thusa ho qoba ho senya nako le matla ka lintho tse se nang molemo le hore u lebise bophelo ba hao le lintho tseo u nang le tsona ho seo e leng sa bohlokoa kannete.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela