Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 9/15 maq. 21-23
  • Ha Lintho li Fosahetse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Lintho li Fosahetse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEBETE LE BOIKOKOBETSO
  • LINTHO TSE KA QOJOANG
  • U HLASlMOLOHE U FANE
  • Buka ea Moeklesia—Thuto Linthong Tsa Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ke Eng e Etsang Hore Bophelo e be ba Bohlokoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Molimo o Sebetsa ka Litsela Tse “Khopameng”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Moeklesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 9/15 maq. 21-23

Ha Lintho li Fosahetse

NA U lumela hore ho na le linako tseo ka tsona lintho li fosahalang bakeng sa batho? Le hoja litlokotsi tse ling tseo batho ba li utloang e le molato oa bona, hangata maemo a bomalimabe a phahametse bao a ba oetseng.

Hangata Mangolo a hlalosa ka boemo bona. Ho etsa papiso: “Ka boela ka lemoha lihloriso tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi, ’me ka bona meokho ea ba hlorisoang, ho mpa ho se ea ba tšelisang. Ka ’nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoleli.”—Moek. 4:1.

Ke hobane’ng ha boemo bo joalo ba litaba bo le teng? Tlas’a pululelo ea Molimo, mongoli oa Bibele ea tsejoang ka bohlale o ile a totobatsa lebaka le ka sehloohong la hore na ke hobane’ng ha hangata lefatše le le maharasoa O itse: “Bobe bona bo ka ho tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi, ke hoba kotsi e le ’ngoe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho li tlala bobe, ’me pelo tsa bona li tlala booatla ho pheleng ha bona; ka mor’a moo, ba ikela ho bafu.”—Moek. 9:3.

“Kotsi” e boleloang mona ke lefu, tholoana ea sebe se futsitsoeng. (Ba-Roma 5:12, 18; bapisa Pesaleme ea 51:5.) Kaha pelo ea motho e mong le e mong e ‘tletse bobe,” hammoho le “booatla” ka baka la ho busa ha sebe le lefu bathong bohle batho ba bangata ba ineela litakatsong tse fosahetseng le litšekamelo ba sa ikhalemele. (Ba-Roma 7:14-25) Mathata a hlahisoang ke hoo ha a ame feela ba hlileng ba ikarabellang empa hape le ba bang ba bangata, ho kopanyelletsa batho ba lekang ho phela bophelo ba borapeli.

Lebaka le leng leo lintho li fosahalang ka lona ke hobane “bohle ba hlaheloa ke nako le sebaka sa ntho tseo.” (Moek. 9:11) Tsena li ka ’na tsa fihla ka sebopeho sa ho kula ho tebileng, ho tsukutleha lipolotiking, ho fetoha ha moruo, koluoa ea tlhaho le lintho tse ling tse ka fetolang boemo bohle ba motho bophelong.

Ha ho talingoa hore lintho tse ngata hakana lefatšeng li fosahetse, u ka etsa joang hore bophelo bo be monate haholoanyane le ho ba le seo bo se bolelang? A re nahaneng taba ena haholo ka buka ea Bibele ea Moeklesia.

SEBETE LE BOIKOKOBETSO

Boikutlo bo nepahetseng ba kelello ke ba bohlokoa ho loantšaneng le lintho tse fosahalang. Mongoli ea bohlale oa Bibele o ile a bolela hore: “Qetello ea taba e ’ngoe e fetisa qalo ea eona. Pelo e telele e molemo ho e-na le pelo e ikakasang. U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao, hobane khalefo e ee e hanelle sefubeng sa maoatla.”—Moek. 7:8, 9.

Ba potlakelang ho khopeha le ba nontšang likhopiso “sefubeng” ba fana ka bopaki ba boikakaso. Batho ba tšoarehileng ka se fosahalang bophelong ba bona ha ba thabisoe ke lintho tse tsoellang hantle. Tekanyong ea Molimo, ke “maoatla.” Ka lehlakoreng le leng, motho ea ikokobelitseng o sebete. O itšoara hore a se ke a khopeha, ho hloka tšepo le ho halefa. O hanela hore maemo a mabe a ka mo hlōla. Batho ba ithibang joalo hangata ba fumana hore “qetello ea taba” hamorao e hlahisa molemo o neng o sa lebelloa.

LINTHO TSE KA QOJOANG

Hore u tle u loantšane ka katleho le lintho tse fosahetseng u tlameha ho ela hloko keletso ea Mangolo ka lintho tseo u sa lokelang ho li etsa. A re nahane ka mehlala e ’meli ea bohlokoa.

Mohlomong u tloaelane le batho ba qetang nako e ngata ba leka ho fumana molao kapa mokhoa oa hore na ke hobane’ng ha lintho li etsahala ka tsela eo li etsahalang ka eona lefatšeng lena. Bonohe bo bong (bo kang bolepi) bo fetohile bo ratehang haholo hobane bo ipolela hore bo bontša hore liketsahalo tsa lefatšeng li etsahala ho latela mohlala o hlileng oa lokisetsoa pele o ka sibolloang ke batho.

Empa Mangolo a bontša hore boiteko bohle bo joalo ke tšenyo ea nako e feela. Rea bala: “Eitse ha ke sekeha pelo ea ka hore ke tsebe bohlale, ’me ke nahana mesebetsi e etsoang lefatšeng, ke sa nee mahlo a ka boroko motšehare, leha e le bosiu, ka bona hobane, bakeng sa mesebetsi eohle ea Molimo motho a ka sitoa ho utloisisa mosebetsi le o mong o etsoang tlas’a letsatsi; leha motho a ka ikhathatsa joang le joang, hore a batle hoo, a ke ke a ho fumana; esita leha ea bohlale a ka re, oa tseba, a ke ke a utloisisa.”—Moek. 8:16, 17.

Mongoli oa Bibele o supa lintho tse etsahalang lefatšeng e le ‘mesebetsi ea Molimo,’ empa e seng ka kutloisiso ea hore ke Molimo o bakang lintho tsena. Ho e-na le hoo, eka ke ‘mesebetsi ea Molimo’ ka hore e teng ka tumello ea Molimo ’me haholo e bakoa ke se phahametseng matla a motho hore a ka laola le matla a hore a ka se bona e sa le pele. Bibele e totobatsa hore boiteko bohle ba ho ‘tseba,’ kapa ho lemoha, mohlala o akaretsang oa se ka boleloang e sa le pele liketsahalo tsa batho le boitšoaro ke bo tla hlōleha.

Mohlala o mong o bohlale o fumanoa ho Moeklesia 1:15, e reng: “Ho khopameng ho ke ke ha inamoloha, ’me se hlokehang se ke ke sa baloa.” Ka baka la ho futsa sebe, batho bohle ba ‘khopame.’ Joalokaha ho hlokometsoe ke moapostola Pauluse, “tse bōpiloeng li ne li beoe tlas’a ’muso oa bosaoana.” (Ba-Roma 8:20) Ke ka baka leo ho seng boiteko ba motho, ho sa tsotellehe hore na bo tiile hakae, bo ka hlaolang mahloeo a metseng ka metso le ho kopanya batho ka boena. Ho khopama le lefeela tse fifalitseng litaba tsa lefatše li teng ka tumello ea Molimo ’me li tla tlosoa feela ka ho kenella ha bomolimo.—Bona Daniele 2:44; Tšenolo 11:18; 21:1-5.

U HLASlMOLOHE U FANE

Ha u ntse u phela har’a maemo a mangata a sa khahliseng, u tla fumana pono ena e bohlale e le e molemo ka ho khethehileng.

“Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oo motho a ikhathatsang ka oona tlas’a letsatsi, ka tšiu tsohle tsa bophelo tseo Molimo o mo neileng tsona; hobane ke eona kabelo eo a e abetsoeng. Efela ha Molimo o neile motho e mong leruo le monono, ha o mo neile le tokelo ea ho li ja le ho ingoathela ho tsona le ho thabela mosebetsi oa hae, hoo ke mpho ea Molimo; hobane a ke ke a hopola bokhutšoanyane ba tšiu tsa ho phela ha hae haholo, etsoe Molimo o mo hauhela ka ho mo thabisa pelo.”—Moek. 5:18-20.

Ho sa tsotellehe hore na mathata a hao a makae, ka mehla ho teng litšobotsi tsa bophelo tse tsoellang hantle. U se ke ua lumella mahloko a bophelo a monye hore u thabele lintho tse nyakallisang. Motho ea thabelang menyaka ea tsatsi le leng le le leng e kang ho ja le ho noa le ‘ea shebang ka botleng feela’ o tla fumana hore maemo a bosula bophelong ba hae, le hoja a ka ba mangata hakae, ke seoelo a a hopolang.—Bapisa Moeklesia 2:24-26; 3:12, 13, 22; 8:15; 9:7-10; 11:8.

Motheo o tsoelang pele oa Mangolo o ka bulelang thabo e ngata, haholo ha lintho li fosahala, o fumanoa ho Moeklesia 11:1, 2, moo re balang hore: “Akhela bohobe ba hao holim’a metsi, hobane ka mora’ matsatsi a mangata, u tla boela u bo bone. Bo arolele batho ba supileng, leha ba ka roba meno e le ’meli, hobane ha u tsebe tlokotsi e ka hlahang lefatšeng.”

Mantsoe ana ke khothalletso e ntle ea ho fana. Ho e-na le ho lekanyetsa ho fana ha hao ho metsoalle e seng mekae e haufi eo u e khethileng, ‘arolela ba supileng, leha ba robile meno e ’meli.’ Fana ho batho ba sa tšoaneng, haholo ba lapileng kapa ba hlokang ka mokhoa o mong o itseng. (Bapisa Luka 14:12-14.) Joale haeba “tlokotsi” ea mofuta o itseng e ka u oela holimo, ho tla etsahala joalokaha Jesu Kreste a boletse ka mantsoe ana: “Fanang, ’me le tla fuoa; le tla feloa sefubeng ka tekanyo e kholo, e hlohliloeng, e katiloeng, e tšolohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka eona, le tla lekanngoa ka eona le lōna.”—Luka 6:38.

Na ha u lumele hore metheo ee ea Mangolo e na le kelello? Ke hobane’ng ha u sa iphe sebaka hona joale ho itloaetsa eona ka botlalo. U phele ka eona. E tla etsa hore bophelo e be bo thabisang ho uena, le haeba lintho li fosahala.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela