Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Na phutheho e nka bohato haeba Mokreste ea kolobelitsoeng a amohela setho se tsoang ’meleng oa motho e mong, se kang phio kapa karolo ea leihlo?
Mabapi le ho tlosoa ha linama kapa masapo ho motho e mong li e-ea ho e mong, ena ke taba e hlokang qeto e etsoang ka letsoalo ke e mong le e mong ho Lipaki tsa Jehova. Bakreste ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho kenya linama leha e le life ’meleng ea bona kapa likarolo tsa ’mele tsa motho e mong ke mokhoa oa malimo. Ba ka ’na ba nka hore ho tlosoa ha thepa ea ’mele oa motho e isoa ho e mong ho reretsoe ho boloka ea amohetseng setho seo a phela ’me a sebetsa. Ba ka ’na ba bona ho hlile ho se phapang ea letho ho ho ja nama ea motho. Boikutlo bona bo ka ’na ba hlahisoa ke ho nahana hore Molimo ha o ka oa etsa tokisetso e tobileng hore motho a je nama ea motho ha a ne a lokisetsa hore batho ba je nama ea liphoofolo eo ba e fophisitseng mali a bolokang bophelo. Hape ba ka ’na ba nahana hape ka tsela eo batho ba mehleng ea Bibele ba neng ba talima ho iphelisa ka ho ja nama ea motho ka eona. Ka mohlala, bona tlaleho e ho 2 Marena 6:24-30; Deuteronoma 28:53-57; Lillo 2:20; le 4:10. Ho Johanne 6:48-66, Jesu o buile ka tšoantšetso ka ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. Ka ho utloa puo ena ’me ba sa hlokomele bohlokoa ba moea ba mantsoe a hae, barutuoa ba bang ba hae ba Bajode ba nyarosoa ke seo ’me ba mo furalla ba se ke ba hlola ba mo latela. Litlaleho tsena li bontša kamoo batho ba bang ba neng ba ikutloa ka ho ja nama ea motho.
Bakreste ba bang ba tšepahalang kajeno ba ka ’na ba ikutloa hore Bibele ha e lahle ho tlosoa ha litho tsa ’mele oa motho e mong li kenngoa ho oa e mong ka bongaka. Ba ka ’na ba bea lebaka la hore mabakeng a mang karolo eo ea ’mele oa motho ha e-ea lebelloa ho ba karolo ea ka mehla ea ’mele oa ea e amohetseng. Linamana tsa ’mele ho boleloa hore li nkeloa sebaka ke tse ling kamor’a lilemo tse ling le tse ling tse supileng, ’me hona e ka ba ’nete ka karolo leha e le efe ea ’mele oa motho e ka nkoang ho motho e mong. Hape ho ka etsoa khang hore, ho tlosoa ha litho tsa ’mele li kenngoa ho e mong ho fapane le mokhoa oa malimo kaha “mofani” ha a bolaoe hore a jeoe. Mabakeng a mang batho ba haufi le ho shoa ba hlile ba ithaopela ho fana ka litho tsa ’mele ea bona hore li kenngoe ho ba bang. Koana, haeba ho kenngoa setho sa motho e mong ho tla hloka mali a motho e mong, ka ho ke keng ha hanyetsoa hoo ho ka hanana le taelo ea Molimo.—Lik. 15:19, 20.
Ka ho hlakileng, maikutlo a batho le boikutlo bo khannoang ke letsoalo lia fapana tabeng ena ea ho tlosoa ha litho tsa ’mele li kenngoa ho e mong. Hoa tsebisahala hore ho sebelisoa ha karolo ea ’mele oa motho ho fapana ho tloha ka likarolo tse nyenyane haholo tse kang maro a tšusumetso ’meleng le likarolo tsa leihlo, ho isa lithong tse khōlō, tse kang liphio le lipelo. Le hoja Bibele ka ho toba e hanela ho jeoa ha mali, ha ho teng taelo ea Bibele eo ka ho toba e hanelang ho nkoa ha linama tse ling tsa motho. Ka lebaka lena, motho ka mong ea talimaneng le ho etsa qeto tabeng ena o tlameha hore ka hloko le ka thapelo a itekanyetse taba ebe joale o etsa qeto ka letsoalo le letle hore na a ka etsa joang kapa a se ke a etsa joang pel’a Molimo. Ke taba ea boikhethelo ba botho. (Ba-Gal. 6:5) Komiti ea boahloli ea phutheho e ke ke ea nka bohato ba khalemelo haeba motho a amohela setho se tsoang ’meleng oa e mong.