Tšepiso ea Bokamoso bo Khanyang
KE MOTHO ofe ea nang le qenehelo ea sa khathatseheng haholo ha a bona leeme le mahlomola? Ruri hoa hlokahala hore ho otlolloe limpe tse ngata. Empa na re tla ke re bone bofelo ba lintho tsohle tse nyahamisang tse ntseng li tsoela pele ho ama batho lelapeng la bona ka ho tsoelang pele?
Lilemong tse fetileng tse fetang makholo a 19 monna ea neng a phela ka ho tšoasa lihlapi o ile a ngola: “Re lebeletse, ka pallo ea oona (Molimo), maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Pet. 3:13) Monna enoa, moapostola Petrose, hammoho le bahlanka ba bang ba Ea Holimo-limo ho theosa le makholo a lilemo, ba ’nile ba khothatsoa ke tšepiso ena. Ka cheseho e khōlō bana kaofela ba ne ba lebelletse letsatsi leo le leholo ha tlōlō ea molao, khatello le toantšano li tla khaotsa ’me likala tsa toka li leka-lekane. Empa re ka tiisa joang hore tšepiso ena e simolohile ho ’Mōpi oa motho ’me e fela e tla phethahala? Na ho phethahala ha eona ho tla tlisetsa ba tla beng ba phela nakong eo e tlang feela melemo? Hona na ho teng tšepiso leha le le efe e fanang ka tšepo e tšepahalang bakeng sa matšoele a batho ba shoeleng?
Hoa hlokomeleha hore ha Petrose a ne a supa “maholimo a macha le lefatše le lecha” o ne a sa kenyelletse tšepiso eo Molimo o neng o sa tsoa e etsa. Lilemo tse ka bang 800 pelenyana, Ea matla ’ohle, ka moprofeta oa hae Esaia, o ne a itse: “Hobane bonang, ke ea bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa.” (Esa. 65:17) “Hobane joale ka ha maholimo a macha, le lefatše le lecha lee ke seng ke tla le bōpa, a tla hlola a le teng pel’a ka, ho bolela Jehova, leloko la lōna le lebitso la lōna le tla ’ne le be teng pel’a ka.”—Esa. 66:22.
BOPAKI BO TIILENG
Le hoja mantsoe ana a ile a ngoloa lilemong tse ngata tse fetileng, rōna kajeno re na le bopaki bo tšepahalang ba hore qaleho ea oona ke ea bomolimo. Bibele e fana ka senotlolo sa ho khetholla mohloli oa boprofeta ba ’nete. Ho ameha lintlha tse tharo: (1) Molaetsa o phahamise borapeli bo hloekileng, (2) moprofeta a bue ka lebitso la Jehova, ’me (3) lintho tse boletsoeng li fetohe ’nete. (Deut. 13:1-4; 18:20-22) Boprofeta ba Esaia bo hlaha joang lintlheng tsee?
Ho hlahloba buka ea Esaia ho senola hore ka mokhoa o nyallanang e ipiletsa ho Baiseraele hore ba furalle tsela e mpe ’me ba sebeletse ’Mōpi ka sepheo se hloekileng. Tabeng e ’ngoe le e ’ngoe mantsoe a boleloang a boleloa ka lebitso la Jehova. Ka mohlala, rea bala:
“Itlhatsoeng, le itlhoekise; tlosang bolotsana ba liketso tsa lōna pel’a mahlo a ka, lesang ho etsa hampe; ithuteng ho etsa hantle; le batlisise ho lokileng, le sireletse motšoenyehi, le lokisetse likhutsana, le emele nyeoe ea mohlolohali. Ha le rata ho utloa, le tla ja monono oa lefatše; empa ha le ikhanela, le ikhantša, le tla jeoa ke lerumo, hobane molomo oa Jehova o boletse.” (Esa. 1:16, 17, 19, 20)
“Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi. Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela; a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo.” (Esa. 55:6, 7)
Ka ho hlakileng, boprofeta ba Esaia bo finyella se hlokoang ho (1) ho sokollela batho borapeling bo hloekileng ’me (2) bo boletsoe ka lebitso la Jehova.
Empa ho thoe’ng ka phethahatso—(3) ho netefala ha se boletsoeng? E mong a ka ’na a re, ‘Re ntse rea s’o bone “maholimo a macha le lefatše le lecha”’ Ho ke ho hlokomeloe, leha ho le joalo, hore ho bile teng phethahatso ea pelenyana ea boprofeta bona e ka pakeloang ke pale.
Kaha Baiseraele ba ile ba hana ho mamela pitso ea hore ba bake e ’nileng ea boleloa khafetsa ke baprofeta ba bona, Jehova Molimo a lahla batho ba sa utloeng a ba tlohella matsohong a lira tsa bona. Motse-moholo oa Jerusalema le naha ea Juda li ile tsa etsoa lesupi ha Bababylona tlas’a Nebukadnezare ba phetha khapo ea bona. Bopaki ba mesaletsa ea tsa boholo-holo e epollotsoeng e tiisa ’nete ena. Buka The Archaeology of Palestine, ea W. F. Albright e re: “Ha ho taba le e ’ngoe e tsebisahalang moo motse oa Juda kannete o ’nileng oa e-ba le baahi nakong ea botlamuoa. Ho bontša phapang eo, Bethele, e neng e le ka ntle ho moeli o ka leboea oa Juda linakong tsa pele ho botlamuoa, ha e-ea ka ea senngoa ka nako eo, empa e bile le baahi ka ho tsoelang pele ho kenella karolong e qetellang ea lekholo la lilemo la botšelela.” (Leq. 142) Ha naha e ne e lutse e le lesupi, Bajode ba bangata e ne e le batlamuoa Babylona.
Tšepo e ne e fokola ea hore batlamuoa ba Bajode ba ka tseba ho khutlela naheng ea habo bona. Hona ho ne ho sa lumellane le mokhoa oa se lumelloang ke borena ba Bababylona. (Esa. 14:16, 17) Ho ntse ho le joalo boprofeta ba Esaia bo ne bo laetse hore morena ea bitsoang Cyruse o tla laela hore Jerusalema e tsosoe le hore naha ea Juda e be le baahi. (Esa. 44:25–45:2) Empa hona ho ne ho ke ke ha etsahala ho fihlela ha ho felile lilemo tse 70 ho tloha ha ‘Jerusalema e entsoe e se nang baahi’ ke matsoho a Bababylona ka 607 B.C.E.—Dan. 9:2.
Phetoho e tlile bosiung ba 5/6 Mphalane, 539 B.C.E., lilemo tse 68 kamor’a ho qaleha ha bohlanka ba lilemo tse 70 ba Juda e sebeletsa Babylona. (Jer. 25:9-11) Ba ikutloa ba sireletsehile ka har’a Babylona e sireletsehileng hantle, baahi ba kena moketeng o moholo. Ba se ke ba hlokomela ’nete ea hore bophahamo ba metsi a Eufrate e neng e haola ka har’a motse bo ntse bo theoha ka potlako. Nōka e ne e khelosoa ke makhotla a futuhileng tlas’a bolaoli ba Cyruse Mopersia. Ha Bamede le Bapersia ba tsamaea ka har’a nōka, ba ikenela habonolo Babylona ka menyako ea nōkeng. Ka potlako ba kena litseleng ’me ba bolaea leha e le bafe ba loanang, bafutuhi ba hapa matlo a moreneng ’me ba bolaea morena ea busang Belshatsare. Kahoo ka bosiu bo le bong, ntle ho ntoa, Babylona e matla ea oa.
Hona hohle ho amana joang le tšepiso ea “maholimo a macha le lefatše le lecha”? Ho teng kamano e tobileng. Kamor’a ho kenyelletsa tšepiso ea “maholimo a macha le lefatše le lecha,” lentsoe la Jehova ka Esaia le tsoela pele: “Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bōpa, hobane bonang, ke ea bōpa Jerusalema e be motse oa thabo, le sechaba sa oona e be sechaba se khotšeng thabo. Ke tla etsa Jerusalema thabo ea ka, sechaba sa ka ke se etse lehlohonolo la ka; lentsoe la lillo ha le sa tla hlola le utloahala teng, leha e le lentsoe la pokollo.”—Esa. 65:17-19.
Kamor’a ho khutla ha batlamuoa ba khutlela naheng ea Juda le ho phethoa ha mosebetsi oa ho tsosolosa, Jerusalema ka sebele ‘e bile lebaka la thabo,’ e khaotsa ho ba pono ea lesupi le bokollisang. Molumo oa ho bokolla ka baka la litlokotsi tsa ntoa o neng o ile oa utloahala litseleng tsa motse oo mashome a lilemo pelenyana o ne o se o sa utloahale. Ka 537 B.C.E., ha naha e qala ho hahuoa hape ke Baiseraele ba khutlileng le liphoofolo tsa bona tse thapileng, “lefatše le lecha” la e-ba teng. Holim’a “lefatše” lena, la Baiseraele ba khutlileng, “leholimo le lecha” la busa, hobane, ka ’Musisi Zorobabele le moprista e Moholo Joshua, Jehova Molimo a tsamaisa le ho laola batlamuoa ba khutlileng.—Esa. 51:16; Hag. 1:1, 14.
Ha ho talingoa ho phethahala ha boprofeta bona ba Esaia, re ka re bo simolohile ho Molimo, bo finyella litlhokahalo tsohle tse tharo tsa boprofeta ba ’nete. Kaha mohloli oa boprofeta ke Molimo oa ka ho sa feleng, Jehova, re ka tiisa hore tšepiso e boletsoeng hape ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” e tla ba le phethahatso e khōlō.
PHETHAHATSO EA TŠEPISO E BOLETSOENG HAPE
Kamoo ho bonahalang, ha feela tsamaiso ena ea hona joale e ntse e tsoela pele, re ke ke ra lebella hore ho loka ho buse har’a batho. Kahoo, tsamaiso ea hona joale e tlameha ho fela. Hona ho tla etsahala ha Jehova Molimo, ka Mora oa hae, a nka bohato ka bohle ba phehellang tsela e nyarosang khotso le thabo ea lelapa la motho. ’Nete ea hore letsatsi lena le leholo la kahlolo hore e phethahatsoe ha lea s’o fihle e se ke ea tolokoa hampe, hobane ho feta ha nako ho sebelelitse morero o molemo. A hlalosa ka sena, moapostola Petrose o ngolile: “Morena [Jehova] ha a liehise lipallo tsa hae, joale ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.”—2 Pet. 3:9, 10; 2 Ba-Thess. 1:6-10.
Ka bohlale, ha ho lea mong ho rōna ea batlang ho sebelisa hampe mamello ea Molimo. Letsatsi la ho ikarabella le ntse le atamela ka potlako. Hore ketsahalo eo e fumane mang kapa mang a le boemong bo sa amoheleheng pel’a ’Mōpi ho tla bolela tlokotsi. Ke ka baka leo Jesu Kreste a faneng ka temoso ena: “Empa le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joale ka sefi. Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:34-36.
Ba emang ba amoheleha ba tla bona joale ho phethahala ha mantsoe ana: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšen. 21:4) Hona ho tla lopolla batho hakaakang! Masoabi ’ohle a tlisoang ke leeme, mahlomola le khatello a ke ke a tsejoa ka nako eo. Bohloko bo tepeletsang e tla ba ntho e fetileng. Lefu le ke ke la hlola le nka baratuoa ba rōna. Khotso e tla busa hohle. Batho bohle ba tla susumetsoa ke lerato la ’nete boikutlong, polelong le ketsong.
Le bona ba shoeleng ba ke ke ba haelloa ke ho phethahala ha tšepiso ea Molimo. Hobane’ng? Bibele e-ea arabela: “tsoho . . . e tla ba teng.” (Lik. 24:15) Jesu Kreste a tsositsoe bafung—’nete e nang le lipaki tse fihlang ho 500—e fana ka motheo oa tšepo ena.—1 Ba-Kor. 15:3-6, 13, 16.
Kannete, ke litaba tse molemo haholo hore tšepiso ea Molimo ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” e atamela ho phethahatsoa ka potlako. Kahoo, ho hlokahala haholo ho rōna hore re batle ho ema re amoheleha pel’a ’Mōpi oa rōna. Ke sona seo moapostola Petrose a ileng a phehella balumeli bahabo hore ba se etse, a re: “Ereka ha le lebeletse tse joalo, itiiseng hore le tle le fihleloe ke eena le ena le khotso, le se na letheba le sekoli.” (2 Pet. 3:14) Na ke sona seo u tsekellang ho se etsa?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ha batlamuoa ba Bajode ba khutla Babylona, ha theoa “lefatše le lecha”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
“Le lokisetse likhutsana, le emele nyeoe ea mohlolohali”—Esa. 1:17.