Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 10/1 maq. 12-15
  • Hlokomela ho Nka ba Bang Hampe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomela ho Nka ba Bang Hampe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HA HO BELAELLOA SEPHEO SE SETLE
  • IKALOSE MAIKUTLONG A MABE
  • HO TLOHELLA LITABA HO BA BANG
  • HA SEPHEO SA RŌNA SE BELAELLOA
  • BOHLOKOA BA HO BA SELI LE HO LEKA-LEKANA
  • Hlokomela Hore U se ke Ua ba le Maikutlo a Fosahetseng ka Motho e Mong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Pholosoa, Eseng ka Mesebetsi Feela, Empa ka Mosa o sa Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na U Bona Eka Batho ha ba U Utloisise?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Mpho e Khotsofatsang ke e Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 10/1 maq. 12-15

Hlokomela ho Nka ba Bang Hampe

“MPOLELLE. U n’o mphethela’ng u sa ntumelise seterateng mohlang ola? Ebe ke sentse’ng?”

“Na re ile ra kopana? Che, ha ke hopole!”

“Ke mohlolo! Re ile ra fapana ua ba ua ncheba mahlong, empa ua se ke ua ntumelisa! Ebe u ntsekisa’ng?”

Na u se u kile ua utloa kapa ua bona boemo bo kang ketsahalo ena ea ’nete bophelong? Mohlomong u bile u bone taba e mpe haholo ea ha motho e mong a nkoa hampe. Lipelaelo tse se nang motheo le ho se tšepe ha li khahlise Molimo. Hona ho totobala liphellong tse senyang tse hlahisoang ke litšobotsi tsena. Nahana ka se ileng sa etsahala mehleng ea Bibele sechabeng sa Iseraele.

Hoba ho hapuoe Lefatše la Pallo, meloko e ’meli le karolo ea moloko o mong ea Iseraele ea nka sebaka seo e se abetsoeng ka mosou o ka koano oa Nōka ea Jordane. Ba haha aletare moo, e seng bakeng sa ho etsa linyehelo le mahlabelo empa ho sebeletsa e le bopaki ba hore bona le bana ba bona ha baa furalla borapeli ba ’nete. Empa meloko e meng ea ba nka hampe, ba belaella hore Baiseraele bana ba oa borapeling ba Jehova, ’me kahoo ba rera ho ba loantša. Ka thabo, boemo ba lokisoa ’me bohato ba ntoa bo neng bo reriloe ba se ke ba nkuoa.—Josh. khao. 22.

Morena Davida ka lekhetlo le leng a rōmela bahlanka ba hae ho ea tšelisa Morena Hanune oa Ammone ka lefu la ntat’ae. Empa Baammone ka phoso ba belaella Davida hore o rōmetse banna bao e le lihloela, ’me ka baka leo ba ba nyelisa haholo. Hona ha ba ha isa ntoeng, eo ho eona Baammone le Basyria ba ileng ba hlōloa haholo. Ea e-ba liphello tse kotsi hakaakang bakeng sa ho nka hampe!—2 Sam. khao. 10.

HA HO BELAELLOA SEPHEO SE SETLE

Ka makhetlo a sa tšoaneng, mehleng ea Bakreste ba pele, batho ba ne ba nahaneloa hampe. Ka mohlala, hona ho ile ha etsahalla moapostola Pauluse. Ka baka leo, a ikutloa a tlamehile ho ngola hore: “Ha kea le imetsa ka letho. Empa motho a ka re, ka ha ke le masene, ke le qhekeletse ka mano.” E, balumeli ba bang Korinthe ka phoso ba ne ba phea khang hore Pauluse o ne a sa etse ka lerato. Ba nka hampe moapostola eo ea tšepahalang.—2 Ba-Kor. 12:16.

Mohlala o totobetseng o fumanoa tabeng ea Mora oa Molimo. O tlile lefatšeng ka sepheo se setle ka ho fetisisa, ka ho tsoetseng pele a leka ho hlompha le ho tumisa Jehova Molimo. Leha ho le joalo, a qosoa ka bohata hore ke monyefoli. (Matt. 26:64, 65) Ba ileng ba nka Mora oa Molimo hampe ba ile ba hlaheloa ke liphello tse kotsi, ba e-ba molato oa ho mo bolaea le oa ho leka ho thibela tsela ea poloko bakeng sa batho ba bangata.—Matt. 23:29-39.

Le eena Jehova Molimo o ’nile a nkuoa hampe. Satane le bademona ba hae ba nka hore Molimo ha o buse ka lerato. Ho e-na le hoo, Diabolose o tseka hore Jehova ka bolotsana o amoha batho ho hong ho molemo ka ho ba beela meeli ea boitšoaro le ea botho. Ho feta moo, Satane o bolela hore Molimo o “reka” kutlo. (Jobo 2:3-5) Ka mokhoa o tšoanang, sepheo se setle sa bahlanka ba Molimo se belaelloa ke Satane. E, Diabolose o ‘ba nqositse pel’a Molimo motšehare le bosiu!’ (Tšen. 12:10) Ka sebele, batho ba bomolimo ba ke ke ba rata ho etsisa Satane ka ho nka ba bang hampe.

IKALOSE MAIKUTLONG A MABE

Bakreste ba ka ithuta eng ka tlaleho ea Bibele? Taba ke hore, ho bonolo ho se utloisise boikutlo le sepheo sa ba bang. Baammone ba entse joalo ha Davida a romela banna ho ea tšelisa Morena Hanune. Kajeno, motho a ka ’na a ba lihlong le ho itšeka. Mohlomong o boetse sefahleho sa hae se boima. Ba bang ka phoso ba ka ’na ba fihlela qeto ea hore ha a mofuthu, ke moikhohomosi e bile ha a rate batho, le hoja mohlomong ho se joalo ho hang.

Ka linako tse ling ka phoso batho ba nka hore ba bang ba botsoa. Empa eo ba reng o botsoa mohlomong o etsa sohle se matleng a hae. Ka baka la bofokoli bo bong ba ’meleng, mohlomong o sitoa ho etsa haholoanyane kapa ho sebetsa kapele. Kahoo ho hotle ho hlokomela hore, ka mabaka a mangata, batho ha ba etse ka ho lekanang.

Ka linako tse ling, ho ’nile ha nkoa hampe batho ba neng ba mpa ba leka ho bontša ho nahanela ho lerato ho ba bang. Ka mohlala, ofising e ’ngoe batho ba bangata ba suthelana linako ho arabela thelefono le kamorao ho linako tsa mosebetsi. Ha baa tlameha ho lula haufi le thelefono bakeng sa ba letsang, empa mohlomong ba ka ’na ba sebetsa ho hong kamoreng e haufi le moo. Ka tsatsi le leng, motho ea ikarabellang ea seng mosebetsing o ne a le thelefonong ha e lla. Ka ho nahanela ho hotle, a e arabela e le hore motho ea mosebetsing a se ke a tšoenyeha ho tlohela mosebetsi kamoreng e haufi. Ka bomalimabe, leha ho le joalo, ea neng a le mosebetsing a nka hampe ho ena le ho leboha motho eo ea nahanelang ka thuso ea hae e lerato. Na ke taba e fokolang? E, empa e bontša bohlokoa ba ho ikalosa maikutlong a mabe ka ba bang.

HO TLOHELLA LITABA HO BA BANG

Re bona liphello tse soabisang tsa ho nka ba bang hampe, ruri re batla ho ikhula ho sena. Ho bohlale hore Bakreste ba tlohelle litaba ho ba bang. Hona ho tumellanong le molao oa motheo oa bomolimo o boletsoeng ke moapostola Pauluse, ea boletseng hore ‘lerato le lumela tsohle.’ (1 Ba-Kor. 13:7) Ho khomarela motheong ona ka sebele ho bolela ho tšepa Mokreste e mong litabeng tsa pelaelo, ho e-na le ho mo belaella ntle ho mabaka.

Ho tloaelana hamolemo le ba bang ho thusa ho qoba ho ba nka hampe. Ka linako tse ling hona ho nka likhoeli, kapa tsona lilemo. Empa mabakeng a mangata, ha re e-na le boitsebiso bo bongata, ke ka mokhoa o theohileng haholo re ka bang kotsing ea ho nka ba bang hampe.

HA SEPHEO SA RŌNA SE BELAELLOA

Empa ho thoe’ng haeba e le rōna ba nkuoeng hampe? Re lokela ho itšoara joang? Ho hotle ho se khopehe, hobane Moeklesia 7:9 e re: “U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao.” Ha nako e ntse e tsoela pele, motho eo a ka ’na a u tseba haholoanyane ’me a lokisa pono ea hae. Ha a ananela hore o ne a fositse, haholo haeba u sa ka ua etsa ka khalefo, o tla u rata haholoanyane. Ka sebele, Bakreste ba batla ho etsisa Molimo, ea itšoarang har’a liqoso. Hape, Jehova o tseba seo re se rerileng, ’me o tla re tšelisa. Re tla thaba ha re tsoela pele ‘re tšepa Jehova ’me re etsa ho hotle.’ Haeba a rata ho re tumisa tabeng e ’ngoe, a ka etsa joalo ka nako e loketseng.—Pes. 37:3-8; Lik. 15:8; 2 Ba-Kor. 7:6.

Boemo bo boima haholo bo ba teng ha motho a eletsoa ke e mong ea sa mo utloisiseng. Eng kapa eng e tla boleloa ho itšireletsa o tla e nka e le ho itokofatsa. Ha e le hantle, leha ho le joalo, keletso mohlomong e ke ke ea sebetsa kaha ha hoa nahaneloa mabaka ’ohle. Ho ntse ho le joalo, keletso e ’ngoe e ntle e ka ’na ea sekamela ho hlahiseng lipelaelo ka sepheo sa hao haeba u leka ho totobatsa boemo ba sebele. Kahoo, haeba taba eo ho buoang ka eona e se ea bohlokoa hakaalo, u ka ’na ua ikhethela hore u se ke ua bua ho hong ho ea pele ho otlolla maikutlo a moeletsi, haeba ho se liphello tse kotsi tse hlahisoang ke ho khutsa ha hao. Empa hase kamehla ho hlokahalang hore u khutse haeba boemo ba hao kapa sepheo li sa utloisisoe. Ka ho totobetseng, ho ka ba hobe bothong ho tlohella leshano le sa fetoloa. Mabaka a mangata a ha ho loketse ho hlalosa boemo ba hao kapa boikutlo ka bonolo, hoo e leng hore letsoalo la hao le khutsitse hobane u tseba hore u itekile ho hloekisa litaba ho e-na le ho ba molato oa hore ka bofokoli u lumele qoso ea bohata. Ka baka leo moeletsi a ka ’na a fumana molemo, le eena, haholo mabapi le ho hōlisa ho leka-lekana ha a fana ka keletso.

Maele a Sejeremane a re: “Ha motho a ka qala leshano hang, ha ho sa le ea tla mo kholoa, le mohla a buang ’nete.” Empa ha hoa lokela hore ho be joalo har’a Bakreste. Haeba motho a etsa phoso e tse joang ke ba bang, ’me ntho e ’ngoe e etsahalang hamorao e hopotsa batho ba bang ka phoso ea nakong e fetileng, na ba ke ke ba belaella motho enoa ea neng a fosa ka nako e fetileng? E seng hakaalo-kaalo, hobane lerato ha le potlakele ho ahlola motho. Haeba rōna, le hoja re se na molato, re ka belaelloa ka ho hong feela hobane re ile ra etsa ntho eo nakong e fetileng, na re ne re ke ke ra nyahama ke hore ba bang ba bontše ho se re tšepe? Re ne re tla nyahama, hobane tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang oa Molimo, batho ba fetohile haholo. Hape ho molemo ho hopola hore “Lerato . . . ha le hopole bobe.”—1 Ba-Kor. 6:9-11; 13:4, 5.

BOHLOKOA BA HO BA SELI LE HO LEKA-LEKANA

Ha re ntse re loanela ho latela molao oa motheo oa ho se nke ba bang hampe le ho leka-lekana ha re nkoa hampe, re lokela ho hopola hore ho ba seli hoa hlokahala. Ka mohlala, ha Bakreste ba phela tlas’a ’muso o hlorisang bahlanka ba ’nete ba Molimo, bahlanka ba bang ba ’muso ba ka ’na ba sebelisa bolotsana hore ba eke balumeli bahabo bona. Mabakeng a joalo, ke joang motho a ka kholoang polelo e ’ngoe le e ’ngoe kapa tšepiso e etsoang ke mohlorisi? Molao oa motheo o latelang oa Lentsoe la Molimo o sebetsa maemong a joalo: “Sethoto se lumela litaba tsohle, empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” ’Me Jesu Kreste o boleletse balateli ba hae hore “ba be bohlale joale ka linoha.”—Liprov. 14:15; Matt. 10:16.

Leha ho le joalo, Bakreste ba lokela ho tšepa le ho lumela barapeli ba bang ba Molimo ha feela ho se teng bopaki bo tiileng ba ho hloka botšepehi. Ke hantle ha re hopola mantsoe a bululetsoeng: “Na u mang, ha u ahlola mofo oa e mong?” “’Mei oa molao o mong, ke eena ea nang le matla a ho boloka le a ho timetsa, uena u mang, ha u ahlola ba bang?—Ba-Roma 14:4; Jak. 4:12.

Na u sa hopola taba e boletsoeng qalehong? Motho e mong a nkile e mong hampe ka ho se mo lumelise. Ha ho ntse ho qoqoa hamorao ha fumanoa hore monna eo kelello ea hae e ne e ebile ’me a sa ka a hlokomela mosali eo. Ke lona lebaka feela leo a neng a sa ka a mo lumelisa ka lona. Ho bile hotle hore mosali enoa o ile a bua le monna ka maikutlo a hae ’me a se ke a mo koatela ha a patile maikutlo a hae. Empa pheko e molemo haholo bothateng bona e ka be e bile ho nka hore motho eo e mong o mpile a se ke a mo hlokomela feela.

Ruri, hoa hlokahala hore ho leka-lekanoe ha ho lekanngoa sepheo sa ba bang. Ka thabo, nako e teng eo ka eona ho seng motho ea lefatšeng ea tla belaella mantsoe kapa liketso tsa batho ba bang. Qetellong, ho tla ba joalo tsamaisong e ncha ea lintho tlas’a puso ea ’Muso. E mong le e mong ka nako eo o tla bontša lerato ’me o tla bona litšoaneleho tse ntle tsa ba bang. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le lebaka la khopiso, masisa-pelo, bohloko kapa ho nyahama. Ho fihlela ka nako eo, re be seli ho se nke ba bang hampe.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela