Maele a Bolela’ng?
Tsohle li Hlobotse Mahlong a Jehova
“Nqalo ea bafu le sehoko li pontšeng ho Jehova; haholo joalo lipelo tsa batho,” ho rialo mongoli oa Maele.—Liprov. 15:11.
Ha ho boleloa ka tšoantšetso, ha ho letho le arotsoeng ke sebaka se seholo ho Jehova, Molimo o Phelang, ho feta Sheol, lebitla, sebaka sa bafu. Hape, batho ba bangata ba ’nile ba bolaoa ’me ’mele ea bona ea ba ea senngoa ea se ke ea epeloa. Bana bohle ha ba bonahale mahlong a batho, ’me ba bangata ho bona ba lebetsoe, joalokaha eka ha ho mahla ba kileng ba phela. Joalokaha Moeklesia 9:5 e bolela: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe.” Ka sebele botho ba motho ka mong, ka ho se tšoane ha bona le litšobotsi, ha bo tsejoe ke batho. Ha ho tlaleho ea lefatšeng ea bona.
Empa ka pel’a Jehova Molimo, sohle se pepenene. Mopesaleme o re: “Leha nka robala nqalong ea bafu, le moo u teng.” (Pes. 139:8) E seng hore Molimo o hohle ka nako e le ’ngoe, empa hore o ka fihla ka lebitleng ’me oa ntša mang kapa mang kateng. “Leha ba ka phunya nqalo ea bafu, . . . le teng letsoho la ka le tla ba ntša; . . . Leha ba ka ipata qhooeng ea Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tšoare; leha ba ka ipatela mahlo a ka bolibeng ba leoatle, teng ke tla laela noha, ’me e tla ba loma,” kamoo ho boletseng Jehova ka ba ka lekang ho balehela kahlolo ea hae.—Amose 9:2, 3.
Molimo o tseba moo motho e mong le e mong a epetsoeng. Kapa, haeba a qoetse leoatleng, a shoetse ntoeng kapa a chesitsoe, Molimo o-oa ho tseba. (Tšen. 20:13) O tseba tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa hae—hore na o ne a shebahala joang, le litšobotsi tsa botho ba hae, tse futsitsoeng le tseo a iphumanetseng tsona. (Bapisa Pesaleme ea 139:16.) O tseba hore na ke bafe ba lokeloang ke tsoho. “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang,” kamoo ho boletseng moapostola Pauluse, ’me Jesu Kreste ka boeena o itse: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu]; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Lik. 24:15; Joh. 5:28, 29.
Haeba Jehova a tseba bafu ka ho phethahetseng hakaalo, ke ho bonolo hakaakang bakeng sa Jehova, ’Mopi oa pelo ea motho, ho bona sohle se ka lipelong tsa batho ba phelang hona joale. Ka moprofeta Jeremia, Jehova o itse: “Ke ’na Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokhoa oa hae le ka tholoana ea liketso tsa hae.” (Jer. 17:10) Lipolelo, boitšisinyo le liketso tsa motho li senola haholo se ka pelong ea hae. Le bona batho ba ka ho bona ho isa tekanyong eitseng. Jehova eena o li bona hakaakang. Moapostola Pauluse kamor’a ho bolela hore lentsoe le bululetsoeng la Molimo lea phela ’me le na le matla, le bile le na le hona ho lemoha mehopolo le merero ea pelo, o tsoela pele: “Ha ho sebopuoa se seng pepeneneng ho oona; empa tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.”—Ba-Heb. 4:12, 13.