Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/15 maq. 8-10
  • Se Hlokahalang ho Ikarola Lefatšeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se Hlokahalang ho Ikarola Lefatšeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO HLOKAHALA SEBETE LE TUMELO
  • HO TŠEPAHALA LINTHONG TSE NYENYANE
  • BOIKOKOBETSO LE BOITŠOARO
  • HO TŠABA JEHOVA LE LERATO LE SE NANG BOIKHABI
  • MEPUTSO EA HO IKAROLA
  • Ke Hobane’ng ha Bakreste ba Lokela ho Lula ba Arohile Lefatšeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Baphonyohi ba Tlameha ho se be “ba Lefatše”
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Bakreste ba sa Nkeng Lehlakore Matsatsing a ho Qetela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • “Ha le Karolo ea Lefatše”
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/15 maq. 8-10

Se Hlokahalang ho Ikarola Lefatšeng

NTLE ho pelaelo, ho ananela ha rōna hore na lefatše la Satane ke le khopo le le silafetseng hakaakang ho tla re thusa ho ikarola lefatšeng. Kananelo e joalo e tla re nolofaletsa ho utloa taelo e fumanoang ho Pesaleme ea 97:10: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe.” Ho sa tsotellehe hore na lintho tse khopo ke tse monate le tse ipiletsang nameng e oeleng, re tlameha ho li nyonya, joalokaha moapostola a laela. (Ba-Roma 12:9) Ho feta moo, re batla ho hloea bao ka boomo ba iponahatsang hore ba hloile Jehova, ba hloileng se molemo. Joalokaha Davida oa khale a kile a ho bolela: “Jehova, ha ke re, ke hloile ba u hloileng? Ha ke re, ke halefela ba u phahamelang? Ke ba hloile ka hloeo ea sebele, ho ’na ke lira.” (Pes. 139:21, 22) Re ba hloile, e seng ka kutloisiso ea ho ba ntša kotsi kapa ho ba lakaletsa kotsi empa ka kutloisiso ea ho ba qoba ka tsela eo re neng re ka qoba chefu kapa noha e mahloko, kaha ba ka re kenya chefu moeeng. Ke ka baka leo re lemosoang: “Le se ke la lahleha; litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Kor. 15:33.

’Me ho ke ho hlokomeloe hore ho lula re hloekile hona ho batho ba khopo ha ho sebetse feela ho batho bao re ka ’nang ra teana le bona kapa ra ba le bona bophelong ba tsatsi le leng le le leng empa le bao re ikhethelang ho tloaelana le bona ha ho fihloa boithabisong. Hopola, rea laeloa: “Ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli leha e le taba e lihlong.” (Ba-Ef. 5:3, 4) Hona ho bolela hore re se ke ra qoba ho etsa lintho tse joalo feela moqoqo oa rōna empa hape re se lumelle lintho tse joalo li boleloe moo re leng teng, joaloka ho li shebella ho mananeo a TV kapa ho ea libaesekopong moo ho buisanoang ka lintho tse joalo. Ho e-na le hoo, re ikemisetse ho hlaolela litloaelano tsa balumeli ba bang ba ineetseng ka botlalo, e seng feela phuthehong le tšebetsong ea tšimo empa hape le boithabisong. E, ho ikarola lefatšeng re tlameha ho alosa litloaelano tsa rōna; ka lehlakoreng le leng, re qobe tse mpe ’me, ka lehlakoreng le leng, re le masene ho tloaelana le bao, joaloka rōna, e seng karolo ea lefatše.

HO HLOKAHALA SEBETE LE TUMELO

Ho ikarola lefatšeng ho boetse ho hloka tumelo le sebete. Ho haha tumelo ea rōna re tlameha ho hlaolela takatso e phelang hantle ea lijo tsa moea, re falimehetse seo re se hlokang moeeng ka linako tsohle. (Matt. 5:3) Hoo ho akarelletsa ho etsa thuto ea botho ea Bibele tloaelo le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Sena ke sebaka seo ho sona ba bangata ho batho ba Jehova ba haelloang ho sona. E mong le e mong ho rōna o lokela hore nako le nako a beele ka thōko nako bakeng sa thuto ea Bibele ea botho. Haeba ho hlokahala, tsoha metsotso e mashome a mararo pele ho nako. Ba bangata ba etsa joalo, e le hore ba ka kopanela boithutong bo joalo. Re batla ho ananela Lentsoe la Molimo ka kananelo eo mopesaleme a bileng le eona ha a re: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle. Ke ithabisa ka lentsoe la hao, joale ka motho ea ithabisang ka khapo e kholo.”—Pes. 119:97, 162.

Karolo e matla e phethoang ke tumelo e matla ho ikaroleng lefatšeng e ka bonoa ka mohlala oa banna ba tšepahalang ba khale. Ho Ba-Heberu khaolo ea 11 re bala ka bona hore “lefatše le ne le sa tšoanele ho ba le batho ba joalo.” Ba ne ba beile tšepo ea bona ’musong oa Molimo ’me kahoo “ba li bonetse hole, ba li lumetse, ba li lumelisitse, ’me ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatšeng” kamoo lefatše lena le amehang kateng.

Ho ea ka ntlo le ntlo ka sebete ka litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo hase feela pontšo ea tumelo ea rōna e sebeletsa ho e boloka e le matla, empa ke thuso e khōlō hore re ipoloke re arohile lefatšeng. Ho hatisa likelellong tsa rōna hore na ke lekhalo le lekaakang le teng pakeng tsa balefatše le Bakreste; ’me ha re hlokomela boiphapanyo, boikhakanyo, khethollo le khanyetso e totobetsang tsa ba bangata bao re kopanang le bona, re thusoa ho hanela meleko ea lefatše. Ho boetse ho joalo le ka bopaki bo sa rereloang. Ka baka la ho etsa joalo, bao e neng e le mahiphi pele ke seoelo ba thatafalloang ke ho itokolla metsoalleng ea khale; bana ba ba baleha ka baka la hobane ha ba batle ha bao e neng e le metsoalle ea bona ba ba pakela.

HO TŠEPAHALA LINTHONG TSE NYENYANE

Ho ikarola lefatšeng ho boetse ho hloka ho tšepahala linthong tse nyenyane. Joalokaha Jesu a itse: “Ea leng khabane ho tse nyenyane, le ho tse khōlō o tla ba khabane; ’me ea sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kholo.” (Luka 16:10) Haeba re le hlokolosi hore re se ke ra latela lefatše, re sa susumetsoe ke lona linthong tse nyenyane, tse kang moaparo o khopisang le boitlhopho, litabeng tsa lichelete tse sa tšepahaleng, ho qhekelleng makhethong, ho sebetsa ka mokhoa o botsoa, kapa ho ipea kotsing ntle ho mabaka, boitšoaro bo sa itlhokomelang pakeng tsa ba batona le ba batšehali—lintho tsena tsohle li tla re thibela ho foseng melao ea Molimo litabeng tse tebileng haholoanyane.

Mohlala oa motheo ona ke Baheberu ba bane ba neng ba le botlamuoeng Babylona, joalokaha ho tlalehiloe bukeng ea Daniele. Ka baka la ho ipaka ba tšepahala tabeng e neng e bonahala e le nyenyane ea lijo, ba tseba ho hlōla litabeng tsa bophelo le lefu, ho akarelletsa khang ea hore na ba ka hlompha Molimo kapa batho.—Dan. 1:1-17; 3:1-30; 6:4-23.

BOIKOKOBETSO LE BOITŠOARO

Boikokobetso ke tšoaneleho e ’ngoe e tla re thusa haholo ho ikarola lefatšeng. Hona ho bolela ho inka re le tlase, ho se mohla re inahanang re phahame ho feta kamoo ho hlokahalang. (Ba-Roma 12:3) Ba inahanang ho tlōla ba hlaseloa habonolo ke baeki ba lefatše lena. Ho ka boleloa hore Satane o sebelisitse khang e ekang ho thetsa Eva. (Gen. 3:1-7) Boikokobetso bo tla re thusa ho khotsofalla mahlohonolo a rōna a moea le a bonahalang. Ha re na le boineelo ba bomolimo ’me re khotsofetse, joalokaha re ho khothalletsoa ho 1 Timothea 6:6, re ke ke ra hloka botsitso ke ho shebella toantšano baesekopong; ha ho se ka re lekang hore re hloke botšepehi likamanong tsa rōna le ba bang, kapa hore re fetohe ba meharo ea boithati. Ho inkela tlase, re tla khotsofalla balekane ba rōna ’me re ke ke ra sheba ka mahlo a lapetseng ba bang bao mohlomong ho bonahalang ba le batle haholo, ba nyakallisa kapa ba le botsoalle haholoanyane.

Ho ikarola lefatšeng ho boetse ho hloka boitšoaro. Boitšoaro bo tla re nolofaletsa ho mamella bohloko e le hore re se ke ra sekisetsa tlas’a hloriso e bohloko, kaha ka linako tsohle re shebile Jehova Molimo bakeng sa matla a hlokahalang. Ho joalo ke ’nete ha ho fihloa melekong e beoang tseleng ea rōna ke lefatše la Satane ke hore, meleko ea ho ineela mesebetsing ea nama. (Ba-Gal. 5:19-21) Haeba re hlaoletse tholoana ea boitšoaro, re tla tseba ho hanela meleko eohle e joalo, re etsisa moapostola Pauluse: “Ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.”—1 Ba-Kor. 9:27.

HO TŠABA JEHOVA LE LERATO LE SE NANG BOIKHABI

Ho ikarola lefatšeng hape ho hloka ho tšaba Jehova, hoo e leng qalo ea bohlale. (Pes. 111:10) Tšabo ea bomolimo ea hore ho se soabisoe Ntate oa rōna oa leholimo e tla re arola lefatšeng le khopo. Lefatše le lebe haholo, ’me ho tšaba Jehova ho bolela ho hloea bobe.

Empa ka holim’a tsohle, ho hloka lerato le se nang boikhabi ho ikarola lefatšeng. Lefatše le ipiletsa boikhabing. Hore na ha rea ikhaba hakae, ho isa hona tekanyong eo meleko ea lefatše e ke ke ea re hohela. Haeba re rata Jehova Molimo kannete ka pelo eohle ea rōna le moea, ka kelello eohle ea rōna le matla, re tla tšepahala ho eena ’me kahoo re ke ke ra ba botsoalleng le lira tsa hae. Re ke ke ra mo hlokela botšepehi. ’Me haeba re rata bana babo rōna ba Bakreste, re tla ikarola lefatšeng, ka baka la hobane ho sitoa ho etsa joalo ho ka ’na ha ba khopisa, ka baka la hore re bea mohlala o mobe. Haeba re rata malapa a rōna, re tla sutha pel’a meleko eohle ea lefatse e ka ’nang ea re leka hore re se tšepahale ho oona monahanong, lentsoeng le ketsong.

MEPUTSO EA HO IKAROLA

Meputso ea ho ikarola lefatšeng ke efe? Ntlheng e le ’ngoe, re ka thabela botsoalle bo hloekileng ba Jehova Molimo, Jesu Kreste le baena ba rōna ba Bakreste. Ho feta moo, ka ho ikarola lefatšeng, re tla boloka letsoalo le hloekileng ’me re qobe tholoana e mpe e fellang ka mesebetsi ea nama. (Ba-Gal. 6:7, 8) Ka ho ikarola ho Babylona e Moholo, re ke ke ra kopanela molatong oa eona kapa hona ho amohela likotlo tsa eona.—Tšen. 18:4.

Ho ikarola lichabeng tsa lipolotiki le hona ho na le meputso ea hona. Le hoja hangata ho ’nile ha fella ka hore Bakreste ba ’nete ba hlomohe, leha ho le joalo nako le nako ho ikarola likhohlanong tsa bosechaba ho boetse ho sebelelitse molemo oa bona. Linaheng tse harasoaneng ke ntoa tse kang Lebanone le Ireland leboea, boemo ba bona ba ho se jele paate bo ba nolofalelitse ho tsamaea ka bolokolohi mosebetsing oa bona oa bopaki ’me ho bile ho pholositse bophelo ba bona.

’Me ka ho ikarola lefatšeng, molemong oa rōna, re tla tseba ho utloa taelo e fumanoang ho Sofonia 2:3: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” Kahoo re ka feta ‘mahlomoleng a maholo’ ho ea thabela bophelo bo sa feleng taolong e ncha ea Molimo.—Matt. 24:21; 2 Pet. 3:13.

E se eka Bakreste bohle ba ineetseng ba ka hopola bohlokoa ba ho ikarola lefatšeng le busoang ke Satane Diabolose. E se eka ba ka ananela mabaka a mangata ao ba lokelang ho etsa joalo ka oona. ’Me e se eka ba ka ba masene ho hlaolela litšoaneleho tse hlokahallang ho ikarola lefatšeng.

Joalokaha ho bontšitsoe lihloohong tse latelang tse lokiselitsoeng ho ithutoa, re angoa haholo ke boikutlo ba rōna ka lefatše lena. Ka sebele, ‘re kotula seo re se jalang.’

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

HLOEA ’ME U ILE BOBE

TOANTŠANO

LIMPE

HAHA TUMELO E MATLA HO MOLIMO

BOITHUTO

THAPELO

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela