Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/15 maq. 5-7
  • Ke Hobane’ng ha Bakreste ba Lokela ho Lula ba Arohile Lefatšeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Bakreste ba Lokela ho Lula ba Arohile Lefatšeng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SE BŌPANG LEFATŠE
  • LEBAKA LA HO IKAROLA LEFATŠENG
  • Baphonyohi ba Tlameha ho se be “ba Lefatše”
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Lefatše Leo Jesu a Neng a ke ke a le Rapella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Se Hlokahalang ho Ikarola Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lebaka Leo re sa Lokelang ho ba Karolo ea Lefatše Lena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/15 maq. 5-7

Ke Hobane’ng ha Bakreste ba Lokela ho Lula ba Arohile Lefatšeng?

KAJENO ho na le batho ba bangata, ba bangata haholo ba ipolelang hore ke balateli ba Jesu Kreste. Leha ho le joalo, ke taba e ’ngoe ho ipolela hore motho ke Mokreste ’me ke taba e ’ngoe hape hore motho e hle e be Mokreste. Jesu ka boeena o hlakisitse ntlha ena Thutong ea Thabeng ea hae: “Hase bohle ba reng ho ’na; Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa leholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong. Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? . . . Na ha re ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng hore; ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”—Matt. 7:21-23.

Har’a lintho tse ngata tse khethollang Bakreste ba ’nete, ho bao e leng bona ka lebitso feela ke ho ikarola ha bona lefatšeng. Jesu o ile a hatisa hona ka matla bosiung boo a ekiloeng ka bona, a re ho ’balateli ba hae: “Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna. Hoja le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; e re kaha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.” A boetse a bua joalo ha a rapela Ntate oa hae oa leholimo hona mantsiboeeng ao, a re: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.”—Joh. 15:18, 19; 17:16.

“Hase ba lefatše.” Hoo ho bolela ho ikarola lefatšeng. Ha ho pelaelo ka hona. Empa Jesu o ne a supa’ng ka polelo “lefatše,” Jesu o khethollotse pakeng tsa balateli ba hae le “lefatše” leo ha a re thapelong: “Kea ba rapella [barutuoa ba hae]; ha ke rapelle lefatše, ke rapella bao u ’neileng bona, hobane ke ba hao.” (Joh. 17:9) Ka lentsoe “lefatše,” mono Jesu o bontša hore o bolela “lefatše” la banyefoli le le khopo, kapa kosmos, le entsoeng ka bao moapostola Johanne a ba hlalosang e le ‘ba rapaletseng ka tlase ho e mobe.’ (1 Joh. 2:15-17; 5:19) Molimo oa lona le morena ke Satane Diabolose.

SE BŌPANG LEFATŠE

Satane o hlophisitse lefatše lena ka likarolo tse sa tšoaneng. E ’ngoe ea tse ka sehloohong ho tsena ke Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o hlalosoang ho Tšenolo 17:3-6 e le “’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” Ho boleloa hore o tahiloe ke mali a bahalaleli, lipaki tsa Jesu.

Karolo e ’ngoe e tsebisahalang haholo ea lefatše la Satane ke mebuso ea lipolotiki ea lefatše, e hlalosoang ke moapostola Johanne e le sebata se nyolohang leoatleng, se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse 10. (Tšen. 13:1) Hore mebuso ena ke karolo ea lefatše la Satane ho bonoa ka ’nete ea hore o tsebile ho e nea Jesu Kreste haeba Jesu a ka rapela Satane.—Matt. 4:8, 9.

E le karolo ea lefatše la hae, Satane o boetse o laola tsamaiso e meharo bo se nang mohau ea khoebo, eo ho Tšenolo 18:11 e bitsoang “bahoebi.” E tlatlapa batho feela ’me e leka ho ba boloka bokhobeng, bohlankeng ba moruo, joalokaha Babylona e Moholo e leka ho boloka batho bohlankeng ba bolumeli ’me mebuso ea lefatše lena e leka ho boloka batho bohlankeng ba lipolotiki.

Lefatše la Satane le lona le silafalitsoe ke boitšoaro bo bobe ba mefuta eohle, joalokaha moapostola Johanne a bontša ho 1 Johanne 2:15, 16: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena. Hobane tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng.”

LEBAKA LA HO IKAROLA LEFATŠENG

Ke hobane’ng ha Bakreste ba laeloa ho ikarola lefatšeng le tlas’a taolo ea Satane? Pele ho tsohle, ha re hlokomeleng hore na ho ikarola lefatšeng ha ho bolele eng. Ha ho bolele hore ho hang ha ho letho leo re ka le etsang le ba nang le moea oa lefatše, ba amehileng bolumeling ba bohata, lipolotiki tse silafetseng, kapa mekhatlo e meharo ea khoebo le e se nang boitšoaro. Hoba haeba ho le joalo, joalokaha moapostola Pauluse a re hopotsa, re ne re tla hle re tsoe lefatšeng. (1 Ba-Kor. 5:9, 10) Leha e le hore ho ikarola lefatšeng ho bolela hore re ke ke ra thabela boithabiso bo hahang kapa ra se ke ra etela beng ka rōna kapa bona ba re etela hobane feela ba sa lumela.

Ho e-na le hoo, ho ikarola lefatšeng ho amana le khang e qalehileng ha Jehova Molimo a bolela e sa le pele hore bora bo tla ba teng pakeng tsa peō ea mosali, phutheho e halalelang ea Molimo le peō ea molimo oa lefatše lena, Satane Diabolose. Ho bolela ho leka-lekana, e seng ho ba lekhoba la eng kapa eng eo lefatše lena le fanang ka eona. Ho bolela ho qoba ho sekisetsa le lefatše lena. Ho sekisetsa ka ho totobetseng ho ke ke ha khahlisa Jehova Molimo. Ho bolela ‘ho se latele keletso ea ba khopo, ho se eme tseleng ea baetsalibe, ho se lule mokhatlong oa basomi.’—Pes. 1:1.

Ho khahlisang mona ke maikutlo ao Bakreste ba lekholo la bobeli la lilemo C.E. ba bileng le oona ka lefatše, joalokaha ho tlalehiloe ke mongoli oa lipale Cadoux bukeng ea hae The Early Church and the World (1925 C.E.): “Ka boemo ba moloko oa motho ka thōko ho meeli ea Kereke ea Bokreste, bangoli ba nakong ena ka kakaretso ba na le maikutlo a fifetseng. Letoto la litšobotsi tse mpe ho nkoa hore li sebetsa ho ‘lefatše’ kapa ‘mehla ena’; kahoo, phoso, lefifi, bofofu, botahoa, thetso, bobe, bokhopo, litšila, lefeela, tšilafalo, bonyefoli, ho hloka hlompho, ho se lumele, le boetselletsi.”

Re tlameha ho ikarola lefatšeng la Satane ka baka la bonyefoli ba lona le lehloeo bakeng sa Jesu Kreste. Ho etsa setsoalle le lefatše lena, kapa ho ba karolo ea lona, ho re etsa hore re be eng? Morutuoa Jakobo oa arabela: “Banna le basali ba bafebi; hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” (Jak. 4:4) Na ke hoo re ka ho etsang hore Jehova Molimo e be sera sa rōna? Moapostola Pauluse o arabela potso eo ho 1 Ba-Korinthe 10:21, 22: “Le ke ke la noela senoelong sa Morena le senoelong sa bademona; le ke ke la jela tafoleng ea Morena le tafoleng ea bademona. Re rata ho boulelisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?”

“Senoelo” le “tafole” tsa bademona li fumanoa “Babylona e Moholo.” O ruta mashano, o etselletsa Jehova Molimo ’me o sebelisitsoe ke Satane ho thetsa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Tšen. 12:9) Kahoo ke joang bahlanka ba ’nete ba Molimo ba ka tloaelanang le bolumeli leha e le bofe ba lefatše lee? Jesu o ne a sa kopanya litumelo. Haa ka a ikopanya le sehlopha leha e le sefe sa Bojode ha li hanyetsa joko ea Baroma. Leha e le hore ho na le tumelo e kopanetsoeng e ka sebelisoang ke bao e leng balateli ba hae ba ’nete kajeno. Ba tlameha ho ela hloko mantsoe a Esaia 52:11: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova!” Ke mabaka a matla hakaakang a hore Bakreste ba ikarole karolong ea bolumeli ea lefatše la Satane!

Ho boetse ho teng mabaka a matla ao ka oona bahlanka ba ’nete ba Molimo, balateli ba sebele ba Jesu Kreste, ba tlamehang ho ikarola karolong ea lipolotiki ea lefatše la Satane, bochaba bohle le lipolotiki. Na tsee ha li hanyetsane le ’muso oa Molimo? Ha a ne a eme ka pel’a moemeli oa ’Muso oa Roma, Ponse Pilato, Jesu a fana ka bopaki ba hore: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena; bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.” (Joh. 18:36) Kaha leha e le Jesu kapa balateli ba hae e ne e se karolo ea lefatše la lipolotiki la morao koo, ho tlameha ho be ka tsela eo ka balateli ba hae kajeno. Hore lichaba tsa lefatše ha ho moo li amanang le Molimo oa ’nete ho ka bonoa ka ’nete ea hore li bokelleloa ke molimo oa lefatše lena, ka lipolelo tseo a li bululetseng ho ea ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle Harmagedone. (Tšen. 16:14, 16) Joalokaha moapostola Petrose a hlile a hlokomela hantle, Bakreste ke basele le baeti. (1 Pet. 2:11) Tumellanong le ’nete eo ke mantsoe a moapostola Pauluse ho Ba-Filippi 3:20, a bontšang hore boahi ba balateli ba ’nete ba Kreste bo maholimong. Ke ka baka leo lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li sa kopaneleng lipolotiking, kapa hona ho reka kapa ho nka likarete tsa mekha ea lipolotiki.

’Me kaha 1 Johanne 2:15, 16 e re lemosa ka lintho tse bonahalang tsa lefatše le boitšoaro ba lona bo bobe, hona ho fapaneng hantle le borapeli, le tsona tsena re tlameha ho lulella thōko le tsona haeba re tla halalela joalokaha Jehova Molimo a halalela.—1 Pet. 1:15, 16.

Ho hloka eng ho ikarola lefatšeng? Sehlooho se latelang se tla arabela potso eo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

BOLUMELI BA BOHATA

LIPOLOTIKI TSE SILAFETSENG

KHOEBO E MEHARO

BOPHELO BO HLEPHILENG

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela