Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 1/1 maq. 5-11
  • “Seboholi, Nako ea Bosiu ke Efe?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Seboholi, Nako ea Bosiu ke Efe?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA HO BOTSOA “SEBOHOLI”?
  • BOPROFETA HA HO BEILOE SEBOHOLI
  • Nako ea Seboholi se Kang Ezekiele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • “Babylona e Oele!”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Ho Sebetsa le Molebeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • ‘Ke Eme Qhooeng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 1/1 maq. 5-11

“Seboholi, Nako ea Bosiu ke Efe?”

“Seboholi, nako ea bosiu ke efe? Seboholi se re: Meso e ea hlaha, ho ntoo ba bosiu.”—Esa. 21:11, 12.

1. Ka tšoantšetso, lefatše le haola ho eng hona joale, ʼme na ho teng lebaka la tšepo bakeng sa tsamaiso ee ea lintho?

LEFATŠE le haola har’a “bosiu.” Hona joale le atamela nako ea khitla ea bosiu bona ba tšoantšetso. Hore na lintho li tla shebahala joang ha meso e roalella, ke hona re tla bona. Se tšoenyang batho haholoanyane ke boemo bo ntseng bo senyeha ho ea pele ba litaba tsa batho tšobotsing e ʼngoe le e ʼngoe ea bophelo. Pale ea lefatše e behela sena nako e le se qalileng le ntoa ea pele ea lefatše. Mapolotiki, baruti ba bolumeli, baeta-pele ba tsa tulisano le ba moruo ba ka ʼna ba nahana hore ba bona mahlaseli a meso ʼme ba leka ho kenya tlhasimoloho. Empa ha ho teng lebaka le utloahalang la ho ba le tšepo ka tsamaiso e thekeselang ea lintho.

2. Ke eng se pakang hore na ho tla ha “bosiu” bona ho hlile ha bonoa, ʼme ho tla ha “meso” ha tlisoa tlhokomelong ea batho joang?

2 Ho tla ha “bosiu” bona ho hlile ha bonoa lilemong tse fetileng tse mashome. Litlaleho tse teng tsa lekholo le fetileng la lilemo li paka seo. Le meso ea “letsatsi” le khanyang ho feta ʼohle paleng ea motho le eona e hlile ea bonoa. Batho ba hlokomelisoa ka hona ka polelo ea molomo le ea maqephe a hatisitsoeng.

3. Ke makasine ofe, o ntseng o hatisoa kajeno, oo e bileng bopaki ba seo, ʼme ke hobane’ng ha lebitso la oona le ne le tšoanela thomo ea oona?

3 Makasine eo hona joale e tsamaisoang ka limillione tokollo ka ʼngoe, ka lipuo tse ngata, e paka ʼnete eo. Ha ho hlaha tokollo ea eona ea pele ka Phupu 1879 makasine e ne e bitsoa “Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence.” Tokollo eo ea pele e ne e e-na le maqephe a robeli, ʼme maqephe a eona a ne a le maholo ho feta a makasine ea kajeno. E ne e e-na le thōmo e nakong eo e tlamehang ho e phethahatsa. Leseli la hona le ne le fanoa ke sehlooho sa eona se nang le Mantsoe a nang le seo a se hlalosang “Molula-Qhooa.” Ka ho loketseng, he, mantsoeng a hlalosang a tlas’a sehlooho ho ne ho hlaha mantsoe a bohlokoa a tsoang bukeng ea khale haholo lefatšeng. A baleha tjena: “Seboholi, nako ea bosiu ke efe?” “Meso e ea hlaha.” Mantsoe ao a ne a qotsitsoe ka Bibeleng e Halalelang, boprofeteng ba Esaia khaolo ea 21 litemana 11, 12. Mehleng ea Bibele seboholi se ne se amana le tora eo ho neng ho lebeloa ho eona lerakong la motse o sirelelitsoeng. Boemo bona bo phahameng e ne e le thuso e ntle ea ho bona koana le koana. Bahatisi ba makasine ba ne ba rerile ho sebetsa joaloka sehlopha sa seboholi. Ka likarolo tsa makasine, bahatisi ba leka ho arabela potso, “Seboholi, nako ea bosiu ke efe?” Potso eo e phephetsang ea ʼna ea hlaha leqepheng le qalang la makasine ho tla fihlela tokollong ea eona ea la 15 Tšitoe, 1938.

4. Ke ka baka la liketsahalo life tsa bohlokoa ka bo1870 makasine ea Molula-Qhooa e ileng ea hatisoa ka nako e tšoanelang?

4 Ha makasine ea Molula-Qhooa e hlaha ka lekhetlo la pele ka Phupu 1, 1879, ho hatisoa tse 6 000, sethalla sa lefatše se ne se nka ponahalo ea bohlokoa. Ntoa ea Mafora le Majeremane ea 1870 e ne e loanne, ʼme ʼMuso oa Bobeli oa Majeremane o qalile. Ntoa e ne e tla hōla pakeng tsa ʼMuso oa Manyesemane le ʼMuso oa sera oa Majeremane. Ka 1878 Seboka sa Berlin sa Lichaba se ile sa tšoaroa bakeng sa ho rarolla Khang ea Bochabela e neng e ama ho lelekoa ha ʼMuso oa Turkey har’a mebuso ea Europe, haholo Brithani le Russia. Ho ne ho nkha bora pakeng tsa lichaba ka baka la seo.

5. Kahoo e ne e le nako ea patlisiso ea mofuta ofe, ʼme, ka ho loketseng, ka la 1 Pherekhong, 1895, makasine ea Molula-Qhooa ea ngoloa joang ka ntle?

5 Ruri e ne e le nako ea ho sheba ka boprofeteng ba Bibele ho bona hore na bo na le seo bo se buang ka se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše le pheletso ea tsona. Ka ho loketseng, ka la 1 Pherekhong, 1895, makasine ea Watch Tower ea fetola ponahalo ea eona ea ka ntle ho bontša tora e qetellong ea leoatle le loebehlanang. Hape, tlase ho leqephe tlas’a setšoantšo sena se secha, makasine ea bontša mantsoe a latelang a theiloeng ho Luka 21:25-31 ka mongolo o tšekaletseng: “Lefatšeng tsieleho ea lichaba ka matsoalo; leoatle le maqhubu (ba morusu, ba sa khotsofalang) a lumang; lipelo tsa batho li ba sitisa ka baka la matsoalo le ka ho bona lintho tse tlelang lefatše (tsamaiso); hobane matla a maholimo (basebeletsi ba bolumeli) a tla sisinyeha. . . . Ha le bona tseo li etsahala, le tsebe hoba ʼMuso oa Molimo o haufi. Lelalang, emisang lihlooho, thabang hobane topollo ea lōna e haufi.”—Luka 21:25–28–31.

6. Ke hobane’ng ha lekholo la bo20 la lilemo le neng le kena le ileng la ipaka e le nako e thabisang ho sehlopha sa “seboholi”?

6 Ntoa ea Maspanishe le Amerika ea latela ka 1898 ka tahlehelo ho ʼMuso oa Spain. Ka 1899 ha tla ntoa ea Maburu, Afrika Boroa, ka melemo ho ʼMuso oa Manyesemane. Lebelo la lichaba la lihlomo la eketseha. Ha ho qaptjoa sefofane, sa lumella ntoa ea moeeng. Ka nako eo, ho ne ho boetse ho entsoe likepe tse sesang ka tlas’a metsi ka katleho ʼme li sebelisoa ntoeng. Kahoo lekholo la lilemo la bo20 la ipaka e le le tsosang cheseho bakeng sa sehlopha sa “seboholi” ho tlalehela babotsi ba nang le cheseho. Ho bile joalo haholo kaha sehlopha sa “seboholi” se ne se lebelletse hore ‘mehla ea lichaba’ e fele hoetla selemong sa 1914.—Luka 21:24.

KE HOBANE’NG HA HO BOTSOA “SEBOHOLI”?

7. Patlisiso e tobisoang ho “seboholi” e beiloe ka mokhoa o joang, joalokaha ho bapisoa ho se latelang se fuperoeng ke taba?

7 Potso e ho Esaia 21:11, e tobisitsoeng ho “seboholi” e iphumana e beiloe ka mokhoa o nkhang ntoa. Se fuperoeng ke taba se latelang se baleha tjena: “Boprofeta holim’a Arabia: Le hlola bosiu masabasabeng a Arabia, lōna lihlopha tsa baeti ba Dedane. Isang metsi ho ba nyoriloeng! Ba ahileng Thema ba nke lijo ho ea khahlanyetsa ka tsona ba balehang. Hobane ba baleha pel’a marumo, pel’a marumo a tsomotsoeng pel’a liqha tse chehiloeng, le pel’a ntoa e thata. Hobane Morena o itse ho ʼna: Ho sa setse selemo se le seng, se kang selemo sa ea sebeletsang leruo, ʼme khanya eohle ea Kedare e tla fela. Mosala oa ba liqha, oa bahale ba bana ba Kedare, o tla ba monyenyane, hobane Jehova, Molimo oa Iseraele, o boletse.”—Esa. 21:13-17.

8. Se tlang pele tabeng ka mantsoe a fapanyetsanoang pakeng tsa ea botsang le seboholi le sona se nkha eng, hona ’motsi o hokae?

8 Ka mokhoa o tšoanang, “boprofeta” bo etellang pele phetolano ea mantsoe e pakeng tsa ea botsang le seboholi bo phefumoloha ntoa. Ke kahoo ho leng teng lebaka la kameho ka lehlakoreng la ea botsang. Ea botsang o hokae? Ka ho totobetseng o tseleng ea ea hapang lefatše. Esaia 21:11 e baleha tjena: “Boprofeta holim’a Duma: Mohoo o tsoang Seire o fihlile ho ʼna, o re: Seboholi, nako ea bosiu ke efe? Seboholi, nako ea bosiu ke efe?”

9. (a) Lebitso la sebaka seo boprofeta bo tobisitsoeng ho sona se bolela eng, hona se sebetsa joang? (b) Edomo, lefahla le Jakobo, ho tlile joang hore a amane le Seire?

9 Lebitso la sebaka se profeteloang ke Duma, e leng lebitso le bolelang “khutso.” Ka ho totobetseng lebitso ke la boprofeta, le bolela pele ho nako hore sebaka se tla tšoauoa ka khutso. Lebitso ha le hlile ha le bolele hore khutso e bakoang ke tšenyo le lefu e ne e se e busa moo. Sebaka seo Duma e leng ho sona se bontšoa ke ʼnete ea hore ea ipiletsang ho seboholi o hlaha Seire, naheng ea Seire. Naha ena e amana le Idumea, naha ea Edomo. Hona ho ka ʼna ha ikarabella ka hore Septuagint Version ea Segerike e bua ka Idumea bakeng sa Duma. Edomo ke lebitso la bosoa-soi le ileng la reoa Esau, lefahla le leholo ho Jakobo. Batho ba naha ea Edomo ba ne ba hanyetsa sechaba sa Jakobo, kapa sechaba sa Iseraele.

10. Ke hobane’ng ha bana ba Edomo, kapa Esau ba ile ba hloea sechaba sa ngoan’abo bona le ho nyakallela tlokotsi ea sona ka 607 B.C.E.?

10 Lefahla le leholo ho Jakobo e ne e le Esau, e bolelang ea “mohoete,” hobane o tsoetsoe a le mohoete. Lebitso Seire le bolela “mohoete kapa ho ririella,” empa naha e nang le lebitso leo ha e-ea le fumana ka baka la Esau. Bana ba hae ba nkile naha ea Seire ka ho hapa baahi ba eona ba pele. Esau, kapa Edomo, o tsebisahala ka hore o ile a ithaopela ho rekisetsa Jakobo tokelo ea hae ea tsoalo e le mora oa letsibolo. Jehova, Molimo oa Jakobo, a hlokomela thekisatsano ’me a bea tlhohonolofatso ea bomolimo ho ea rekileng ka toka, Jakobo. Ka baka lena Esau a hloea Jakobo. Hase ho ka makatsang, hore ha Bababylona ba timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E., bana ba Esau, Baedomo ba ile ba thabisoa ke tlokotsi e sisimosang e oetseng sechaba sa bana babo bona sa Iseraele. Tlokotsi ena ea bosechaba, hammoho le ho isoa ha Baiseraele ba pholohileng Babylonia, e etsahetse lekholo la lilemo kamor’a hore Esaia a profete ka seboholi.

11. Mohloli oa karabelo potsong o fumanoa hokae, ʼme, ka baka leo, Esaia o emela’ng kajeno?

11 Leha ho le joalo, seboholi se botsoang ke ’motsi ea naheng ea Edomo ea Seire se hokae? Boprofeta bo amang ea botsang le seboholi bo entsoe ke Esaia, ʼme o iphumane a sa le naheng e ntseng e lokolohile ea Iseraele. Joale mohloli oa karabelo ea seboholi o ne o le naheng ea Iseraele, ho sa tsotellehe hore na Baiseraele ba iphumane hokae phethahatsong ea boprofeta ba Esaia. Nakong ea ho fanoa ha boprofeta Esaia o ne a emela seboholi se khethiloeng ka taelo ea Molimo ho fana ka karabelo e nepahetseng potsong. Esaia le bana ba hae ba ne ba e-na le bopaki ba Molimo. Ka ho loketseng hantle, Esaia o ne a tšoantšetsa sehlopha sa kajeno sa “seboholi,” masala a Baiseraele ba moea ba nang le lefa la leholimo. Bana ke bona ba filoeng leseli mabapi le boemo bo lefifi ba lefatše kajeno.

12. (a) Ka 1879 C.E., ke bo-mang ba itlhahisitseng ho sebetsa e le sehlopha se seholoanyane sa “seboholi”? (b) Karabelo ea bona potsong e hlahang e ne e tla tlameha ho tsoa hokae, ʼme, ha e le hantle, e le efe?

12 Ka 1879 C.E., mohlophisi oa makasine ea Watch Tower le batlatsi ba hae e ne e le Bakreste ba ineetseng ka botlalo, ba kolobelitsoeng. Ba ineela bobona ho sebeletsa e le sehlopha sa seboholi lebitsong la baena ba bona ba Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Bana bohle hammoho ba etsa sehlopha se seholo sa “seboholi.” Ba ne ba ke ke ba balehela potso e neng e hlaha ka nako eo, “Seboholi, nako ea bosiu ke efe?” Karabelo feela e tšepahalang eo ba neng ba ka fana ka eona e ne e le e fanoeng ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo e kentsoeng molomong oa seboholi sa khale. Ena e ne e le hore, hantle-ntle, “Meso e ea hlaha, ho ntoo ba bosiu.” (Esa. 21:12) E, ka pono e fanoeng ke Jehova Molimo nako e khanyang haholoanyane “meso” e ne e tla tla. Ena e ne e tla kenya lilemo tse sekete, tsa puso ea Messia oa Jehova, Mora ea tlotlisitsoeng oa hae, Jesu. Empa pele ho moo, ho ne ho tlameha hore ho tle “bosiu” ba tsieleho ea lefatše!

13. (a) Letoto la Studies in the Scriptures le ileng la qala ho hatisoa ka 1886 le ile la bitsoa eng, hona hobane’ng?’ (b) Ke hobane’ng ha ’motsi ea Seire a ne a amehile ka “bosiu” bo neng bo le naheng ka nako eo?

13 Ntle ho pelaelo, ka baka la “meso” e tšepisitsoeng, e neng e tla kenya puso ea Kreste ea lilemo tse sekete, letoto la Studies in the Scriptures leo mohlophisi oa Watch Tower a ileng a qala ho le hatisa ka 1886 le ne le bitsoa “Millennial Dawn” (Meso ea Lilemo tse Sekete.) ʼMe tlas’a sehlooho seo ho ne ho qotsitsoe mantsoe a Liproverbia 4:18, “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” Empa ’motsi oa naha ea Seire o ne a amehile ka “bosiu.” Mehleng ea moprofeta Esaia lefifi leha e le lefe la “bosiu” le neng le le naheng ea Baedomo ea Seire le ne le tla teteana. Ho ne ho tla ba joalo ha naha eo e kena tlas’a puso ea mohapi e mocha oa lefatše, ea neng a sa emele Baedomo ba Thaba ea Seire, empa a emela sechaba sa bana babo bona ba Iseraele.

14. Ke mang kajeno ea nang le karabelo e nepahetseng potsong ea “bosiu” ba lefatše lohle, ʼme na ho botsa ho ea pele ka bona hoa thibeloa?

14 Kajeno, lilemo tse fetang lekholo kamor’a hore makasine ea Molula-Qhooa e hlahe ka lekhetlo la pele, batho ba lefatše ba ntseng ba phopholetsa leseli ba ntse ba hlahisa potso, “Nako ea bosiu ke efe?” Ke sehlopha sa “seboholi” feela se nang le karabelo e tšoanelehang potsong eo. Sehlopha sena ha sea timelloa ke hore na se ka fumana karabelo e nepahetseng hokae, karabelo ea Bibele. Se amohetse lipotso tsohle tse tsoelang pele, joalokaha boprofeta ba Esaia ka seboholi bo ile ba tsoela pele hore bo re: “Ha le rata ho botsa, botsang! Sokolohang le boee.”—Esa. 21:12.

15. Tabeng ea ho amohela lipotso tse ling, makasine ea Molula-Qhooa e itšoere joang, ʼme ke molaetsa ofe ka “bosiu” oo e ʼnileng ea o bolela ntle ho tšitiso?

15 Makasine ea Molula-Qhooa e ʼnile ea phatlalatsoa lebitsong la ntlha eona eo ho tla fihlela joale. Joalokaha seboholi ka linako tsohle se lokela ho falimeha qhooeng eo se lebelang se le ho eona, kahoo makasine ea Molula-Qhooa e lutse e falimehile ʼme ha ho tokollo e kileng ea fosa khatiso ha e sa le e qala ho hatisoa ka Phupu 1879. Ho bile joalo ho sa tsotellehe ho hlorisoa lefatšeng lohle ha sehlopha sa “seboholi” nakong ea Lintoa tsa Lefatše ea I le ea II. O tlalehile ka tsoelopele ea “bosiu” o sa tšabe ho phatlalatsa hore bo tla fihla nakong ea khitla “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ho seo boprofeta ba Bibele bo se bitsang Harmagedone. Kahoo sehlopha se tlotsitsoeng sa “seboholi,” se ntse se phethahatsa thōmo ea sona ho ‘bolela letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.’—Tšen. 16:14-16; Esa. 61:1, 2.

BOPROFETA HA HO BEILOE SEBOHOLI

16. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala sebete bakeng sa “seboholi” ho phatlalatsa “boprofeta” bo beiloeng molomong oa sona, ʼme ke hobane’ng ha boprofeta bo thahasellisa ho rōna ho tla fihlela kajeno?

16 “Seboholi” sa Molimo se tlameha se be sebete ʼme se tšepahale e le hore se ka bolela se beoang molomong oa sona hore se se phatlalatse ho bohle ba ka utloang. Boprofeta e ne e se bo monate, empa bo bosula ho ʼmuso oa lefatše o neng o tla ipaka o le matla haholo ho tla fihlela nakong eo. Empa bo bontša botle bakeng sa batho ba sehlopha sa habo seboholi, sechaba sa Iseraele, nakong ea liketsahalo tseo tse sisinyang lefatše tsa mehla eo ea boholo-holo. Taba ena e ne e tla ba e sa thahaselliseng hakaalo ho rōna ba kajeno hoja e se ka baka la ʼnete ea hore lintho tse ngotsoeng ‘boprofeteng’ ba boiphetetso li na le phethahatso e khōlō le ea ho qetela holim’a lefatše lohle lekholong la rōna la lilemo le futuhetsoeng ke lintoa. Kahoo re tlameha ho ameha joalokaha ho bile joalo ka Esaia khale koo.”

17, 18. Polelo “lehoatata la leoatle” e supa eng, ʼme ke mebuso efe e neng e busa ho tloha sebakeng seo?

17 Oona molaetsa o qalang o bululetsoeng oa Esaia ke o khutsisang: “Boprofeta holim’a lehoatata la leoatle: Oa tla joale ka sefefo se tsohang ka ’nqa Boroa, o tsoa lefeelleng, lefatšeng le tšabehang.”—Esa. 21:1.

18 Sebaka se neng se boleloa ka “lehoatata la leoatle” se ipakile e le sa bohlokoa paleng ea batho. Sebaka ke naha e nonneng e pakeng tsa Nōka ea Eufrate le Nōka ea Tigrise, kapa nōka ea Hiddekele, e leng linōka tseo ka bobeli ba tsona li boleloang mabapi le ho bōptjoa ha Adama, motho oa pele. (Gen. 2:14) Ka nako e ʼngoe linōka ka bobeli li ne li kena li arohane ho se bitsoang Persian Gulf, linōka ka bobeli li bapelane haholo moo li kenang leoatleng teng. Linakong tsa likhohola, ha linōka li matha ka holim’a mabōpo, naha e lipakeng e ne e tšoana le lehoatata la leoatle. Ho hlahisa libaka tse tetebelang. Sebaka sena se ne se busoa ke ʼmuso oa Assyria oa bobeli oa lefatše oa pale ea Bibele, mehleng ea moprofeta Esaia. lekholong la lilemo le hlahlamang leo, ona o ne o tla hlahlangoa ke ʼmuso o matla ho o feta oa lefatše, oa boraro.

19. ʼMuso oo oa Boraro oa lefatše o ne o tla tlisetsa batho bahabo Esaia eng, ʼme taba ke e amang ka ho khethehileng kajeno hobane’ng?

19 ’Muso oo oa Boraro oa Lefatše o neng o atametse ke oona o neng o tla tlisetsa batho bahabo Esaia mahlomola a maholo. Ka tlhaho, se neng se tla o etsahalla se ne se tla khahla Esaia haholo joaloka seboholi, hape le mang kapa mang ea neng a tla be a sebetsa e le seboholi ka nako ea ho phethahala ha “boprofeta bohle holim’a lehoatata la leoatle.” Ke ka baka leo ho phethahala ha bona kajeno ka tsela ea ho qetela e leng ho khahlang sehlopha sa “seboholi” sa kajeno le bohle ba botsang e le hore ba ka tsamaisoa ke se bonoang ke sehlopha sa “seboholi.”

20. Sesosa sa tlokotsi e tlang se tšoantšoa le eng, ʼme ho boleloa hore makhotla a senyang a tla hlaha hokae?

20 Ho hong ho neng ho ke ke ha hanyetsoa le ho sisimosang “joale ka sefefo se tsoang ka ’nqa Boroa” ho ne ho leketlile moeeng. Lifefo tse joalo li ne li le bohale li bile li senya ka ho hlokomelehang. Lintho tse entsoeng ke motho tse tseleng ea sefefo li kotsing ea ho felisoa. Ntlha e tšosang ea tlokotsi e atamelang e kenyelletsoa ʼneteng ea hore ho boleloa hore e “tsoa lefeelleng, lefatšeng le tšabehang.” (Esa. 21:1) Morao koo moprofeta Esaia joaloka motho ea sebetsanang le tsa bolepi ka boemo ba leholimo a phahamisa tlhokomeliso e le hore a ka hlokomelisa batho ba tseleng ea sefefo hore ba itokisetse ho hobe ka ho fetisisa.

21. Lekholong la rōna la lilemo, pontšo e lemosang e phahamisitsoe ke mang, ʼme ke bo-mang bao ka ho khetheha ba jarisitsoeng boikarabelo ka ho hlokomelisoa?

21 Tumellanong le seo, temoso e hlokomelisang e phahamisitsoe ke sehlopha sa “seboholi,” haholo ho tloha bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918. Makasine ea Molula-Qhooa ea pholoha pheliso e sokelang nakong eo e thata ha sehlopha sa “seboholi” se hlorisoa ka bohale lefatšeng ka bophara. “Seboholi” le kofuto ea sona, makasine ea Molula-Qhooa, se phetse ho ʼna se utloahatsa temoso e ʼnileng ea utloahala likarolong tsohle tsa lefatše. Batho, haholo baeta-pele ba bona ba hlokomelisitsoe. Baa ikarabella.

22. Ho tla tloha ho etsoa polelo efe, ʼme “bongata bo boholo” bo tla tloha bo ba lehlohonolo ka lebaka lefe?

22 Tsebiso e sisimosang e tloha e tleroloa ke sehlopha sa “seboholi.” Ha, ka tšohanyetso, ho tleroloa, ho lehlohonolo “bongata bo boholo” boo bo khethehileng bo ileng ba ela hloko ka nako pontšo e hlokomelisang.—Tšen. 7:9-15.

[Lebokose/Mapa o leqepheng la 8, 9]

“Bosiu” ba khitla bo tla tloha bo fihla “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ʼohle” ka Harmagedone

Seboholi se emeng toreng Iseraeleng se tšoantšetsa sehlopha sa seboholi se leseling sa Iseraele ea moea. E le Lipaki tsa Jehova tsa kajeno, bana ba bolela hore “meso” ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete e tla latela bosiu ba tsieleho ea lefatše

Khutso e tla aparela Duma ea bolumeli e hlahisitseng mohoo, “Seboholi, nako ea bosiu ke efe?”

“Pono e Tšabehang” e bontša ho oa ha Babylona, ho tšoantšetsang ho oa ha moea ha Babylona e moholo ka 1919 le timetso e tla tla qetellong ea ʼmuso ona oa lefatše oa bolumeli ba bohata pelenyana ho Harmagedone

Dariuse oa Media o tšoantšetsa Jehova Molimo

Cyruse oa Persia o tšoantšetsa Mora oa Molimo, Kreste Jesu

“Boprofeta” ba boiphetetso bo khahlanong le “lehoatata la leoatle,” le neng le busoa ka ho latellana ke Assyria le Babylonia

[Mapa]

(Ha o batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

MEDIA

PERSIA

ELAM

BABYLONIA

Babylon

EDOM

Dumah

ISRAEL

Jerusalem

Great Sea

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

1879 Molula-Qhooa

1895 Molula-Qhooa

1938 Molula-Qhooa

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela