Nako ea Seboholi se Kang Ezekiele
1. (a) Ke ho tloha neng Molimo o bileng le sehlopha sa oona sa “seboholi” se bolela temoso, ka morero ofe? (b) Ho e-na le ho bolela temoso, Bojakane bo entse joang?
Lilemo tse fetang 30 pele ho qhomisoa liqhomane tsa athomiki Bochabela ho hole Jehova ka mohau o ne a beile seboholi sa hae ho bolela temoso ea se haufi ka ho totobetseng hona joale, molokong ona. Le pele Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma ka 1914 o ne a e-na le sehlopha sa hae sa “seboholi” se beiloeng ho bolela temoso. Hona ho ne ho sa etsetsoa feela ho lemosa ba batlang ho tseba hore na ba ka pholoha joang empa hape ho hlokomelisa lira tsa ka boomo tsa Jehova. Kahoo lira tse joalo li ka tseba hore na timetso e tla hlaha mohloling ofe. Ha ho ba tšoaeang liphoso ba tla ba le motheo leha e le ofe oa ho belaela hore ha a ka a ba lemosa e sa le pele. Bojakane, bo nang le Bibele e halalelang ka maleme a fetang sekete, bo ne bo tlameha bo be har’a baemeli ba bolelang temoso, ka baka la seo bo ipolelang hore bo sona. Empa ha boa sebeletsa ka tsela eo. Ho e-na le hoo, bo kopanetse lintoeng tse peli tsa lefatše le lintoa tse ling tsa lekholo lena la lilemo, tse sentseng lefatše haholo. Ke mang, eo e leng “seboholi” se entsoeng ka litho tse ngata?
2, 3. (a) Ke mang eo Molimo o mo khethileng ho bolela temoso ea moroallo o tlang oa lefatše, ’me o sebelisitse mang ho fana ka temoso e joalo kajeno? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ke ke a jarisoa molato oa bophelo leha e le bofe bo lahlehang?
2 Noe mehleng ea hae ha a ka a bolela feela empa hape a haha areka e khōlo ho tiisa molaetsa oo a neng a o bolela ka molomo. Kahoo Noe ka nako eo e ne e le paki le seboholi se totobetseng sa Jehova. Lelapa la hae la litho tse supileng la ikopanya le Noe mesebetsing ea hae e le seboholi. Ba-Heberu 11:1-7 e re bolella hore Noe o paketsoe hore o khahlisitse Molimo. E bile paki e amohelehang ea Jehova Molimo. E ne e le “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5) Kajeno re talimane le “mosebetsi oa Molimo” o nkang lefatše lohle joaloka moroallo oa mehleng ea Noe. Litlaleho li supa mang e le eena ea sebelisoang ho fana ka tlhokomeliso ea sena lefatšeng lohle? Bakreste ba ineetseng, bao hohle ba tsejoang e le “Lipaki tsa Jehova.” Ka baka leo, letlapa la Jehova le hloekile ho tla fihlela joale. Ha a hlōleha ho bolela temoso ea bomolimo ka lipaki tsa hae tse limillione!
3 Kahoo boikarabelo ba tšenyeho ea bophelo ba batho lefatšeng lohle bofelong bo tlang ba tsamaiso ena ea lintho bo ke ke ba Jaroa ke Jehova. Bo tla itšetleha ka ho feletseng ho bohle ba sitiloeng ho nka bohato ka tlhokomeliso ea Molimo. Bojakane ka bobona bo sitiloe ho ela hloko temoso e boletsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Ho ne ho tla ba joang hoja ba ikopanya le Lipaki tsa Jehova ho bolela temoso e fanoeng ke Molimo? Hona ho ka be ho entse phapang e kaakang litabeng tsa batho!
SEBOHOLI HO ISERAELE EA BOHOLO-HOLO
4. (a) Ke mang eo Jehova a ileng a mo hlahisa ho moprofeta oa batho ba hae Iseraele, ’me moprofeta enoa o ne a tšoantšetsa mang e sa le pele? (b) Ezekiele a neoa thōmo efe?
4 Ka matla a hae a bomolimo Jehova o hlile a tseba hore le bona Bojakane ho tla hlokahala hore bo hlokomelisoe la ho qetela. O ne a tseba se boleloang ke pale ea batho ba hae ba pele ho Bokreste. Ka selemo sa 613 B.C.E., a hlahisa Mojode ea neng a bitsoa Ezekiele hore e be moporofeta ho batho ba hae. Le hoja ka nako eo e ne e le motlamuoa naheng ea Babylona, Ezekiele e ne e le seboholi sa Jehova Iseraeleng. Boprofeta ba hae bo ile ba isoa boroa bo ka bophirima Jerusalema naheng ea Juda. Seo Jehova a se buileng ho Ezekiele morao koo sea re khahla kajeno, hobane o ne a tšoantšetsa lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova tsa kajeno. Sehlopha sena se tlotsitsoeng se nkile bohato ka seo Jehova a se boleletseng Ezekiele ka mantsoe ana: “Mor’a motho, ke u beile seboholi sa ntlo ea Iseraele. U tle u mamele lentsoe le tsoang molomong oa ka, u ba tšose, u re: Ke ’na ke buang le bona. Ha nka re ho molotsana: Ka ’nete u tla shoa! . . . ha u sa mo tšose, u sa bue ho tšosa molotsana, hore a khelohe tsela ea hae e khopo, u tle u mo pholose, molotsana eo o tla shoa ka bokhopo ba hae, empa mali a hae ke tla a batla letsohong la hao.”—Ezek. 3:17, 18.
5, 6. (a) Ezekiele o ne a phela nakong efe? (b) Ke hobane’ng ha Molimo o ne o ke ke oa tsekisoa hore o qobelletse thōmo e boima ho Ezekiele?
5 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bua ka matla hakana le Mojode enoa Ezekiele? Hobane ka selemo seo sa 613 B.C.E. Ezekiele o ne a phela mehleng ea qetello ea ’muso oo o ahlotsoeng oa Juda ka motse-moholo oa oona o Jerusalema. Batho ba hae ba moo ’musong oo ba ne ba kentsoe selekaneng sa bosechaba le Jehova ka mokena-lipakeng oa hae, moprofeta Moshe, ’me kahoo, e le setho sa sechaba seo Ezekiele o ne a tlamehile bophelong bohle ba hae ke Jehova. Hape e ne e le moprista, ea neng a tlameha ho sebeletsa Jehova tempeleng ea hae e Jerusalema. Kahoo ka tlhaho o ne a kolota Molimo ho hong. Kahoo, Molimo o ne o ke ke oa tsekisoa hore o mo imelitse ka thōmo e boima, kaha Ezekiele o ne a tsoetsoe tlas’a selekane sa bosechaba le tlas’a litšebeletso tsa boprista ba lelapa la Aarone, boo ka nako eo hlooho ea bona e neng e le moprista e moholo Seraia.—2 Mar. 25:18.
6 Batho bahabo Ezekiele ke bona bao pelenyana Jehova a neng a itse ka bona ka moprofeta oa hae Esaia: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.” (Esa. 43:10-12) Kahoo Ezekiele o ne a tšoantšetsa sehlopha se hlophisitsoeng sa Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng ka moea nakong ea hona joale, Baiseraele ba moea. Lipaki tsena tse tlotsitsoeng li phela nakong ea bohlokoa ho feta ea Ezekiele.
7. (a) Ke ’muso ofe o neng o le kotsing mehleng ea Ezekiele, kajeno teng? (b) Ezekiele o boletse temoso nako e kae pele timetso e boleloang e fihla?
7 Morao koo e ne e le ’muso o le mong feela, ’muso o monyenyane oa Juda, o neng o le kotsing. Kajeno ke se neng se tšoantšetsoa ke ’muso oo oa boholo-holo, e leng, Bojakane, bo kotsing, hammoho le metsoalle eohle ea bona ea lefatše. Ha e le hantle, tsamaiso eohle ea lintho lefatšeng ka bophara e kahlolong, joaloka mehleng ea Noe, e ne e le lefatše le neng le ahloletsoe ho timetsoa. Temoso ea Molimo ka Ezekiele e ne e potlakile haholo kaha Ezekiele o qalile ho bolela temoso lilemo tse ’nè feela pele lekhotla la Babylona le futuhela naha ea habo, kapa lilemo tse tšeletseng pele ba timetsa motse o thibelletsoeng oa Jerusalema le tempele ea oona. Baahi ba bangata ba Jerusalema e thibelletsoeng ba bolaoa ke tlala, mafu a seoa le lerumo la ntoa. Mahlatsipa a mangata a hulanyetsoa botlamuoeng ho ea shoela Babylona e hole. Kahoo moloko oa Ezekiele o ne o le kotsing ea tlokotsi eo.
8. (a) Ke timetso efe e neng e ke ke ea qojoa ea lekholo la pele la lilemo e re thusang ho lekanyetsa ho bea nako ea ho timetsa lefatše ho tlang ho tla etsoa ke Molimo? (b) Temoso ea Molimo e ne e boleloa ke mang ka nako eo, ’me mosebetsi oa bona oa ho hlokomelisa o ne o le bohlokoa hakae?
8 Hore na re saletsoe ke nako e khutšoanyane hakae kajeno, re ka e supa feela ka se etsahalang lefatšeng ho latela boprofeta ba Bibele. Boprofeteng ba Jesu, joalokaha bo tlalehiloe ho Mattheu, likhaolo 24 le 25, a hlokomelisa barutuoa bao ba hae bao e neng e tla ba karolo ea pele ea sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ka timetso e neng e tla oela Jerusalema molokong oa bona. Ka tsela eo a hlokomelisa barutuoa ba hae ka boikarabelo ba bona ho baahi ba Bajode ba naha ea Judea. Ba ne ba le kotsing e khōlō ka baka la tlokotsi ea bosechaba e neng e le haufi. Hoja, ka nako eo e thata, sehlopha sa “mohlanka” sa Bokreste morao koo sa se ke sa lemosa le ho phehella Bajode ba amehang hore ba tsoe sebakeng se kotsi kapele kamoo ho ka khonehang, se ne se tla ba le boikarabelo ba tahleho ea bophelo le bolokolohi ba Bajode ba sa lemosoang.
9. Ezekiele e ne e le mohlala o motle bakeng sa “mohlanka” ea tlotsitsoeng oa Molimo kajeno joang?
9 Ho ne ho tla ba joang hoja khale Ezekiele o ne a hlōlehile ho phetha mosebetsi oo a o abetsoeng oa ho lemosa a le hole batho ba naha ea habo ba kotsing? A ka be a sa phonyoha ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., hobane Jehova a ka be a mo jarisitse molato oa mali a bona. Hore Ezekiele o phethahalitse thōmo ea hae e halalelang ka botšepehi ha feela puisano le Jerusalema e ahlotsoeng e sa le teng ho totobetse, hobane Jehova o ne a thabetse ho mo lumella hore a ’ne a phele. Jehova a khahloa ke ho mo sebelisa ho bolela boprofeta ka selemo sa bo27 e le motlamuoa Babylona. Ke kamor’a lilemo tse 16 hoba Jerusalema e qoele ka har’a mali ka 607 B.C.E. (Ezek. 29:17; 40:1) Ntlheng ena e ne e le mohlala o motle bakeng sa sehlopha sa “mohlanka” se tlotsitsoeng mehleng ea rōna e kotsi. Ke ’nete, haeba ba bang ho sehlopha sa “mohlanka” ba ka ikhula ho boleleng temoso ho ea pele le ho hlokomelisa ba khopo, batho ba joalo ba tla tlameha ho lokisa litaba le Jehova. Empa, boholong ba taba, sehlopha sa “mohlanka” se tla ipaka se tšoana le Ezekiele. Ba ke ke ba tsekisoa molato oa mali.
10. (a) Setulo sa seboholi ke sa bohlokoa hakae? (b) Molimo o bontša kameho ea oona joang bakeng sa ba hlokang ho lemosoa le seboholi sa hae?
10 Ka ho hlakileng, setulo sa ho ba seboholi ke se nang le boikarabelo bo phahameng. Nakong ea ntoa, haeba lesole le ka robala moo le lebetseng lea bolaoa, hobane bophelo ba a mang bo ne bo le kotsing hape ho le kotsi ea ho hlōloa. (Baahl. 7:19) Kahoo Molimo oa ameha, e seng feela ka bophelo ba bao ho hlokahalang hore ba lemosoe, empa hape le ka bophelo ba seboholi sa hae. Hona ho bontšoa ka mantsoe a mang a hae ho Ezekiele: “Empa ha uena u tšositse molotsana, ’me a sa ka a kheloha bokhopo ba hae le tsela ea hae e sa lokang, ha e le eena o tla shoa ka bokhopo ba hae, empa uena etlaba u pholositse moea oa hao. Ea lokileng, leha a ka kheloha ho loka ha hae, a etsa bokhopo, mohla ke beileng khopiso pel’a hae, o tla shoa; ha u sa ka ua mo tšosa, o tla shoa ka sebe sa hae, ’me ha ho ka ke ha thoe letho ka tse lokileng tsee a li entseng; empa mali a hae ke tla a batla letsohong la hao. Empa uena, ha u tšositse ea lokileng, hore ea lokileng a se ke a etsa sebe, ’me a fela a sa ka a se etsa, ka ’nete o tla phela, hobane o na a tšosoe, ’me etlaba uena u pholositse moea oa hao.”—Ezek. 3:19-21; 33:2-9.
11. Mosebetsi oa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o tšoana le oa seboholi joang?
11 Pesaleme ea 127:1 e re: “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare ha e se Jehova ea bolokang motse, molebeli o falimehela lefeela.” Ho le joalo, seboholi kapa molebeli ea lerakong la motse o ipeetse tšireletseho ea bophelo ba batho ba phelang ho ona. O tlameha ho lemosa baahi ba motse ka kotsi leha e le efe e tlelang bophelo ba bona le bolokolohi. Ka nepo, ha a batle ho tsekisoa mali a bona. Ke ho falimeha le ka ho lebela o tla tlotloa ka ho sireletsa bophelo ba batho ba bang. Boo ke boemo ba sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” nakong ena ea ha tsamaiso ea khale ea lintho e tloha e fela. Jehova o khethile sehlopha sa “mohlanka” e le “seboholi” sa hae ho sireletsa lithahasello tsa ka ho sa feleng tsa bohle ba ipolelang hore ke sechaba sa hae, joaloka tabeng ea Ezekiele.
LITEMOSO KA SEBOHOLI SA KAJENO
12, 13. (a) Ka ho bolela temoso, Molimo o lebelletse ho bona karabelo efe? (b) Ho bolela temoso ho nolofatsa eng, empa ho thoe’ng ka ba sa e eleng hloko?
12 Leha ho le joalo, na ke feela ba ipolelang hore ke Bakreste ba talimaneng le kotsi ea ho timela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho? Che, empa ho joalo ka balumeli bohle ba bang, hape le ba hanang ho kopanela le karolo leha efe kapa efe ea bolumeli bo hlophisitsoeng. ’Mōpi oa lefatše, Jehova Molimo, oa ho tseba. A ka mpa a ikhethela ho se timetse lefatše la batho. Takatso ea hae e khōlō ke hore ba bangata kamoo ho ka khonehang ba bolokehe timetsong ea ka ho sa feleng ’me ba ipake ba tšoaneloa ke bophelo tsamaisong ea hae e ncha ea lintho ea ho loka. Ntlheng ena o entse hore temoso ea hae e utloahatsoe hole le haufi.
13 Ka mohau a qala ka ho hlokomelisa sehlopha sa “mohlanka,” joalokaha se tšoantšetsoa ka Ezekiele. Kahoo a etsa sehlopha sena “seboholi” sa hae se entsoeng ka litho tse ngata. Sehlopha sena sa “seboholi” se hlile se abetsoe ho bolela temoso ea Molimo. Ka baka la temoso ea bona e nakong batho ba bangata ba nolofaletsoa ho utloa le ho nka bohato ka seo ba se utloang, ka tšepo ea ho bolokoa bofelong ba lefatše la khale. Ka ba hanang ho utloa temoso e fanoeng ke Molimo, mali a bona a tla ba lihloohong tsa bona.
14, 15. (a) Ke bo-mang ba lekileng ntle ho katleho ho khutsisa ho boleloa ha temoso, empa ke bo-mang ba mametseng le ho arabela? (b) Ha nako ea “mehauhelo ea Jehova” e fela, ho tla bolela eng?
14 Sehlopha sa Jehova sa “seboholi” se tsebahetse lefatšeng ka bophara. Lira tsa sona li rata ho khutsisa lentsoe la sona la temoso. Li talima temoso ea sona e le bokhukhuni litsamaisong tsa tsona tsa lintho. Empa ka ho sa thuseng letho! Temoso e boletsoe ka ho pheta-pheta litsebeng tsa tsona, haholo ho tloha ka 1919, selemo seo ka sona lefatše le qalileng ho leka ho hlaphoheloa maqebeng a entsoeng ke Ntoa ea I ea Lefatše litsamaisong tsa lona. Nako ea ho tloha ka nako eo ho ea pele e bile karolo ea seo Esaia 61:2 e se bitsang “ngoaha oa mehauhelo ea Jehova.” Hona ho bolela hore bohale ba hae ha boa s’o tšolleloe holim’a tsamaiso ea lintho e nyelisang Molimo. Hona ho sebelelitse morero ofe? Ho lumelletse hore boprofeta ba Jesu bo tsoelepele ho tla fihlela joale: “Evangeli ena ea ’Muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matt. 24:14) Ka baka la sena, ba bangata kajeno bao e leng karolo ea masala a majalefa a ’muso oo ba arabetse molaetsa oa ’Muso. Kahoo ba iphumantšitse molemo oa “mehauhelo ea Jehova.” Ba entsoe karolo ea sehlopha sa “seboholi.” Ba nkile karolo ho boleleng temoso ea bomolimo.
15 “Ngoaha” oa tšoantšetso o abetsoeng “mehauhelo ea Jehova” ke nako e lekanyelitsoeng. Lipontšo tsohle tsa kajeno ke hore e tloha e fela. Ho fela ha eona ho ke ke ha bolela “Thabo ea Selemo se Secha!” empa nako ea phetoho e tsoang ‘mehauhelong’ ea Jehova ho ea khalefong ea hae. Hoo ho bolela ho fihla ha “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” (Esa. 61:1, 2) E tla ba letsatsi le letšo ho feta ’ohle ao lefatše lena la batho le kileng la oelana le oona.
16. Ke eng se phethoang ke sehlopha sa “seboholi” ho boleleng temoso?
16 Hona ho ho etsa ho potlakileng ho sehlopha sa “seboholi” ho bolela temoso hore “ngoaha” ea Jehova ea mehauhelo e tloha e felella le hore “letsatsi la liphetetso” tsa hae le tloha le qaleha. Ho bolela ha bona ka kutlo temoso ea Molimo ho ke ke ha pholosa tsamaiso ena ea lintho e lapelletsoeng ea khale le batšehetsi ba eona ba ineetseng hore ba ka timetsoa ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang. Empa ’nete ena ha e nyahamise ho sehlopha sa “seboholi.” Ba bolelloa hore ha ba furallisa batho ba khopo tsela ea bona e mpe ho ba isa ho lokeng bana ba tla bolokoa phelisong ea lefatše lena la khale. Kahoo sehlopha sa “seboholi” se tla bolokoa molatong oa mali tabeng ea ba lemositsoeng ho tlohela bokhopo ba bona bo bolaeang. Sehlopha sa “seboholi” se boetse se tiisetsoa hore ha se phehella ho tsamaisana le temoso ea sona se tla khelosa batho ba bangata ba lokileng hore ba etse hampe ’me ba kopane le lefatše le khopo ’me kahoo ba ikahlolela ho timela le lona ‘mahlomoleng a maholo.’ Hona ke ntho e ’ngoe e khotsofatsang haholo ho sehlopha sa “seboholi.” Tšebeletso ea sona e ke ke ea e-ba ea lefeela!
17. (a) Ke moputso ofe o fumanoeng ke sehlopha sa “seboholi” ka ho bolela temoso? (b) Ke bo-mang ba seng ba kopanetse ho bolela temoso joale?
17 Sehlopha sa “seboholi” ha sea s’o qete lentsoe la sona ho hoa temoso e buang ka “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” Leha e le hore se theotse lentsoe la sona, ’me se ikemiselitse hore se ke ke sa etsa joalo. E le moputso, ke pono e khanyang hakaakang ho Jehova e khahlametsang mahlo a sona a bontšisang. “Bongata bo boholo” bo se nang palo ba bamameli ba arabelang ba temoso bo ka pel’a mahlo a sehlopha sa “seboholi.” (Tšen. 7:9) Mahlo a “bongata bo boholo” boo a bulehile ho bona “lerumo” la mohlanka ea ahlolang oa Jehova le tla tloha le khabela bahanyetsi ba khopo ba ’muso oa Messia. Lilemo tse ’nè pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, “bongata bo boholo” bona ba qala ho nka mehato e tiileng le ho ema le sehlopha sa “seboholi.” Ka mohau Ntoa ea II ea Lefatše ha e ka ea fella ka “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” Leha e le hore Ntoa ea II ea Lefatše le tse e latetseng e ile ea khaotsa kapa ea theola ho phethesela ha “bongata bo boholo” ka lehlakoreng la sehlopha sa “seboholi” har’a mahloriso a lefatše lohle. Ka sena ba oetse tlas’a tlameho ea ho kopana le sehlopha sa “seboholi” ho tleroleng temoso ea Molimo ntle ho tšabo. Ha baa checha ho nka boikarabelo bona. Ka tsela ena ha ba batle feela ho bolela kutlo ea bona e lerato ho Jehova Molimo empa le ho bolela lerato la bona bakeng sa bao ba ahileng le bona, batho ba kang bona.
18, 19. (a) Ke mosebetsi ofe o hlokang bohato bo boholo hona joale, tumellanong le mantsoe a Esaia 52:8? (b) Ke eng se lokelang ho re susumelletsa ho kopanela ho bolela temoso ea Molimo?
18 Nakong ena, mehleng e qetellang ea Bojakane le tsamaiso eohle ena e ahlotsoeng, ho hlokahala bohato bo kopaneng. Khale-khale moprofeta Ezekiele le moprofeta ea phetseng ka nako e le ’ngoe le eena Jeremia, le hoja ba ne ba arohane ka limaele tse makholo, ba kopanya mantsoe a bona a temoso ba lemosa sechaba sa habo bona se itaolang ka “letsatsi la liphetetso” le neng le tla tloha le qaleha har’a bona. Joale, lekholong la rōna la lilemo, ho tloha qetellong ea ntoa ea I ea Lefatše, mantsoe a Esaia 52:8 a sebelitse ho batho ba ineetseng ba Jehova: “Utloa liboholi tsa hao! Li phahamisa lentsoe, li etsa mohoo oa nyakallo hammoho, hobane li bona ka mahlo kamoo Jehova a khutlelang Sione.” Bohle ba ileng ba bokelloa hape tlas’a ‘Sione ea leholimo’ ba bone pono e tšoanang leseling la phethahatso ea boprofeta ba Bibele; kaofela ba bona letsoho la Jehova le sebetsa molemong oa bona. Ba phahamisa molaetsa o kopaneng lefatšeng lohle. Kajeno, lilemo tse fetang tse 60 hamorao, ba tlameha ho boloka bopaki ba bona bo kopaneng, hona joale ba kopanyelletsa temoso e potlakileng ka “letsatsi la liphetetso” la Jehova. “Bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tse ngata le lipuong tse ngata bo tlameha ho kenyelletsa mantsoe a bona le bao ba “seboholi.”
19 Pele-ea-pele, ka kopano ka temoso ea “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna”! A re itokolleng molatong oa mali. Hona ke hobane re batla ho bolokoa ‘letsatsing leo la liphetetso.’ Ba bangata bao re ahisaneng le bona ba ka thabela poloko eo. E se eka lerato la rōna le phahameng bakeng sa Jehova le Kreste le lerato la rōna le botho bakeng sa bao re ahisaneng le bona, le batho ba bang, le ka re susumetsa ka ho sa sitisoeng ho utloahatsa temoso e pholosang bophelo. Re tla hlaheloa ke thabo e khōlō! Ho molemo haholo, Jehova o tla be a tumisitsoe e le ea nang le tlhokomelo e lerato!
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Kamoo Ezekiele a lemositseng, lekhotla la Babylona la timetsa Jerusalema ’me la isa mahlatsipa a mangata botlamuoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Joaloka Ezekiele, sehlopha sa kajeno sa “seboholi” sea lemosa—joale se thusoa ke “bongata bo boholo” ba ba sebetsang le bona