Ho Nyarela ka Litabeng
Tokoloho ea Borapeli China?
● Likhoeling tsa morao tjena ho ile ha etsoa tlhahiso ea hore China e ntse e fetoha e mamellang haholo tokolohong ea bolumeli. Empa taba ho “People’s Daily” ea Peking e boletse hore borapeli bohle ba matla a phahametseng tlhaho ke tumela-khoela.
Makasine ea “Liberty” e tlalehile haufinyane litataiso tse tsoa phatlalatsoa bakeng sa ho bula hape sebaka leha e le sefe sa borapeli China li akarelletsa tse latelang: (1) U se ke ua jala bolumeli ho mang kapa mang ea ka tlase ho lilemo tse 18; (2) u se ke ua jala bolumeli ho mookameli ofe kapa ofe oa ʼmuso; (3) bolumeli bo ka etsoa feela libakeng tse amohelehang bakeng sa bona; (4) u se ke ua jala bolumeli leha e le bofe ka ntle ho likereke kapa litempele; (5) u se ke ua amana le liphutheho leha e le life tsa bolumeli tse ka ntle ho China; (6) u se ke ua amohela thuso ea mofuta ofe kapa ofe ea lichelete liphuthehong tse ka ntle; (7) lipuo tsohle le taba ea thuto ea bolumeli Ii tlameha ho amoheloa pele ke Mokhatlo oa Litaba tsa Bolumeli; (8) ho se be libōka tsa bolumeli tse tšoareloang malapeng.
Rutang Bana ho Sebetsa
● Moprofesa Alice Rossi, setsebi sa tulisano Univesithing ea Massachusetts, o phehella batsoali hore ba boele ba sebelise bana ba bona malapeng. A re: “Ho ikutloa u hlokahala le ho ba le thuso ke habohlokoa joaloka ho ikutloa u ratoa. Leha ho le joalo maikutlo a rōna ka khōliso ea bana a hatisa feela lerato le bohlokoa ba hore ngoana a bapale, re hlokomoloha mosebetsi oo bana ba ka o etsang habonolo le ka tšireletso matlong a metse e meholo ho feta ntlong ea polasing libakeng tse ka thōko.” Mosebetsi oo o ka akarelletsa ho pheha le ho bea lijo tafoleng, ho hlatsoa lijana, ho hloekisa, ho qhala lithōle le ho etsa lintho tse ling tse ngata.
Dr. Rossi a hlokomela hore mosebetsi o ka ʼna oa khathatsana le ho shebella ha ngoana thelevishene le ho bua ka thelefono, empa a tiisa hore hona ho ka ba molemong o fetisisang oa ngoana. Ruri mosebetsi le khalemelo li thusa ho haha sebopeho le ho lokisetsa bana linnete tsa bophelo. Hona ho lumellana le maele a Bibele a reng: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”—Liprov. 22:6.
Ho Hlōleha ha “Boitsoaro bo Bocha”
● Batho ba bang mehleng ea kajeno ba ikutloa hore batho ba ka thaba haholoanyane ka ho lokolloa maikutlong a khabane a boitšoaro ba botona kapa botšehali, a kang a laeloang ke Bibele ka bofebe le bohlola. (1 Ba-Kor. 6:9, 10) Leha ho le joalo, kamor’a ho shebella liphello ka lilemo tse telele tsa ‘bolokolohi’ ba mofuta ona, batho ba bangata ba nahanang ha baa khotsofala.
Ka mohlala, ho “Express” ea Easton, Pennsylvania, mongoli Joseph Sobran o bolela hore: ‘Ho tšoana le bafetoheli ba bangata le ba lekang ho ntlafatsa boemo ba litaba, taba ea ho leka ho lokisa boitšoaro ba botona le botšehali le eona e hlōlehile. . . . khatiso e matla eo boitšoaro bo bocha bo bileng le eona ke hore ha boa fokotsa kakaretso ea mahlomola a batho. Tekanyo ea litlhalano, ho ntšoa ha Iimpa mafu a litšila e phahame ʼme e ntse e phahama ho ea pele ʼme e phahama le khoebo ea bootsoa. . . . ho bonahala ho ʼna bo pakela hore ha ho lerato le tsoelang pele empa bolutu bo boima, boo ho bonahalang e le kobo-anela le bo matla. Ke nako ea ho tsitlella hore lipallo tsa ba neng ba re ba tla fetola boitšoaro ba botona le botšehali e bile tsa bohata joalo ka tsa ba neng ba fetola tulisano, e bile li kotsi ka eona tsela eo.’
Lilothari tse Senyang
● Taba ea D. McCormack Smyth ho Toronto “Star” e ile ea hlokomelisa ka sebopeho se senyang sa papali ea chelete e etsoang ka lilothari. E re: “Ka ho ntšetsa pele ha eona Iilothari mebuso e ipilelitse ho e ʼngoe ea litšobotsi tse tlase haholo tsa batho—meharo. E tlatsetsa tšilafalong, e seng ho ntlafatsoeng ha bophelo ba batho,” ’me e “thea moea o ratehang haholo bonokoaneng bo hlophisitsoeng.”
Mong. Smyth a boela a re: “Lilothari li qobella ho hloka hlompho bakeng sa maikutlo a tsoelopele ao e leng setsi sa tulisano e lokolohileng; Batho ha baa lokela ho batla ka likelello tse hlaphohileng ho ithuisa ka bomalimabe ba ba bang. . . . Lilothari li senya tšusumetso ea ho sebetsa le ho hlahisa.” Pono eo e tšoana le maikutlo a Bibele ka mosebetsi ha e re: “ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa, a mpe a ineele ho sebetsa lintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ea hlokang.”—Ba-Ef. 4:28.
Sehlooho se phetha ka hore: “Re tlameha ho hlokomela lilothari ka seo li leng sona—tse hananang le botho le tse hananang le tsoelopele.”