“Molisa ea Molemo” le “Linku Tse Ling” Tsa Hae
“Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise.”—Joh. 10:16.
1. “Molisa ea molemo” o fapana joang le ‘ea lefuoang’?
MOLISA ea molemo o fapana le motho ea hiriloeng, ea thahasellang feela hore a lefuoe. Jesu o itse: “Ke ’na molisa ea molemo; molisa ea molemo o beela linku bophelo ba hae. Empa ea ruiloeng, eo e seng molisa, eo linku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e e-tla, o tlohela linku, oa baleha; ’me phiri e tšoara linku, ea li hasanya. Ea ruiloeng oa baleha, kahobane e le ea ruiloeng feela, ’me ha a re letho ka linku.”—Joh. 10:11-13.
2. (a) Ka ho re ‘molisa ea molemo o tella linku bophelo ba hae,’ Jesu o ne a supa’ng phihlelong ea hae? (b) Ho tela ha Jesu moea oa hae ho sebelelitse lebitsong la eng ka kakaretso?
2 Morao koo Bochabela bo Hare ho alosa linku makhulong ho ne ho e-na le mathata a hona. Re hopola kamoo moshemane oa molisa Davida a ileng a tlameha hore ka lekhetlo le leng a bolaee bere le tau hore a sireletse bophelo ba linku tsa ntat’ae Jese. (1 Sam. 17:34-36) Jesu o buile ka liphiri tse harolang linku. Ho leleka phiri ho ka ’na ha bolela ho tsoa kotsi ’meleng ha molisa. Molisa ea molemo a ke ke a baleha bakeng sa bophelo ba hae joaloka motho ea hiriloeng empa a ka sireletsa linku libataneng tse li jang. “Molisa ea molemo” a ka ba a utloisisa le ho ‘tela bophelo ba hae bakeng sa linku’ e le hore a se lahleheloe ke leha e le ’ngoe ho tsona. Ka ho hlokomelisa ka sena Jesu o ne a bolela e sa le pele lefu la hae e le moea oa motho lebitsong la “linku” tsa Jehova. Empa Jesu o ne a ithaopela ho finyella litekanyetso tsa tšobotsi ena ea “molisa ea molemo.” Ntate oa hae oa leholimo, Jehova Molimo, eo e leng Mong a “linku,” tsa lefatšeng, o ne a ithaopela hore Mora oa hae a ka tela moea oa hae oa botho lebitsong la “linku” tseo Ntat’ae a neng a li rata hakana. “Moea” oa botho oa Jesu o nyehetsoe e le sehlabelo sa topollo bakeng sa ho rekolla batho lefung, leo ba neng ba le futsitse ho Adama oa moetsalibe.
3. (a) Ho ea ka Johanne 10:14, 15, Jesu a itšoantša le eng mabapi le Ntate oa hae? (b) Hore ho kopaneloe pallong ea Abrahama le ”mohlatsoana” Jesu o ne utloisisa ho etsa joang?
3 “Molisa ea molemo” le eena o tloaelana haufi haholo le nku e ’ngoe le e ’ngoe ea mohlape ’me o e rea lebitso leo e leng la eona feela leo a tla e bitsa, a e bapalise, kapa a e hlokomele ka lona bakeng sa seo e se hlokang. Ka tšobotsi ena ea molisa oa Bochabela bo Hare khopolong, Jesu a tsoela pele hore a re: “Ke ’na molisa ea molemo, ke tseba linku tsa ka, le linku tsa ka lia ntseba, joale ka ha Ntate a ntseba, le ’na ke tseba Ntate; ’me ke beela linku bophelo ba ka.” (Joh. 10:14, 15) Jesu o ne a itšoantša le “nku” ea tšoantšetso. E ne e le “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Joh. 1:29) Bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, o bitsoa “Konyana” ka makhetlo a 28. Jesu o itšoantša ka pheleu eo mopatriareka Abrahama a ileng a e nyehela bakeng sa Isaaka mora oa hae, eo Abrahama a neng a bontšitse hore o ithaopela ho mo nyehela ka taelo ea Jehova e le sehlabelo. (Gen. 22:1-13) Isaaka a amohela le ho fetisetsa ho Jakobo pallo ea Abrahama. Joaloka Isaaka, Jesu a ja lefa la pallo ea Abrahama ’me a ithaopela ho etsoa sehlabelo hore a ka kopanela pallo le “mohlatsoana” oa hae.
4. Na Jesu o ile a “utla” “mohlatsoana” letsohong ho Ntat’ae, ’me Jesu a talima “mohlape” oo joang?
4 Ka ho hlakileng, Jesu ka sebele o ne a thahasella poloko ea “mohlatsoana” o ka ‘lesakeng’ la tokisetso ea Selekane sa Abrahama. O ile a o nka e le mpho ea bohlokoa haholo e tsoang ho Ntate oa hae oa leholimo. Joalokaha a itse: “Ntate ea ’neileng tsona o moholo ho bohle; ’me ha ho motho ea ka li utlang letsohong la Ntate.”—Joh. 10:29.
“KE SA NA LE LINKU TSE LING”
5. Ke eng e bontšang hore Jesu o ne a thahasella ho pholosa ho fetang batho ba kang linku ho kena bophelong ba leholimo?
5 Le hoja likereke tsa Bojakane li ke ke tsa nahana le ho ruta joalo, Jesu Kreste o thahasella ho fetang feela ho pholosetsa libopuoa tse batho bophelong ba leholimong. Jesu o itse: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (Joh. 10:16) Joale, “linku tse ling” tsee ke life?
6. (a) Likereke tsa Bojakane li ruta eng ka “lesaka lena,” le “linku tse ling”? (b) Ho bolela ha Jesu Paradeise ho Luka 23:43 le setšoantšo sa hae sa linku le lipōli ho supa eng?
6 Likereke tsa Bojakane li bolela hore “lesaka” leo ho boleloang ka lona mona ke Jesu le ne le tla kenya feela Bakreste ba Bajode, ha “linku” tse ling e le bao e bileng Bakreste ba e-tsoa ho bao e seng Bajode kapa Balichaba: le hore Bajode ba lumelang le Balichaba ba lumelang e ba “mohlape o le mong” tlas’a “molisa a le mong” lesakeng le le leng la moea. Empa thuto ena e hanana le litemana tse ling tsa Bibele tse amanang le taba ena. Le hoja moapostola Johanne a sa bolele joalo tlalehong ea Evangeli ea hae, Jesu o ile a bua ka Paradeise ea lefatšeng tlas’a ’muso oa hae ’me a bua ka ba bang e le “linku” ntle ho “mohlatsoana” oa majalefa hammoho le eena leholimong. Ha Jesu a fana ka boprofeta ba hae ka “pontšo” ea ho ba teng ha hae nakong e tlang le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho, o ile a bo phetha, kamoo Mattheu a tlalehang, ka setšoantšo sa linku le lipōli. “Linku” tseo li ne li tla fapana le “baena” ba moea ba Kreste, bao bana ba kang linku ba ba entseng lintho tse ntle.—Luka 23:43; Matt. 24:3; 25:31-46.
7. Ke hobane’ng ha Johanne a ne a ka hopola hantle setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli le ho ananela palo e ka lesakeng lee?
7 Moapostola Johanne o ne a tloaelane le setšoantšo seo, hobane eena le ngoan’abo Jakobo le Petrose hape le Andrease ke bona ba ileng ba phahamisa boprofeta ba Jesu ka ho botsa Jesu ka lenyele ka “pontšo” ’me Johanne o utloile boprofeta boo ka botlalo. (Mar. 13:3, 4) Kahoo ha a ngola mantsoe a Jesu ka “linku tse ling” ho bonolo hore o ne a ka ’na a hopola ka setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli. E ne e le moapostola ea seng a hōlile ea ileng a neoa tšenolo e neng e senola hore meloko e 12 ea Iseraele oa moea e ne e tla ba le litho tse 144 000 feela. Kahoo o ne a tseba hore “lesaka” le nang le “mohlatsoana” le ne le tla kenya feela palo e lekanyelitsoeng ea bohle ba pholositsoeng.
8. Moapostola Pauluse o tšoantša meloko e 12 ea Iseraele oa moea le eng mabapi le sefate, ’me, ka tsela ea sebele, likarolo tse khōlō tsa “sefate” li ne li tšoantšetsa eng?
8 Ho Ba-Roma khaolo ea 11, moapostola Pauluse o tšoantša meloko e 12 ea Iseraele oa moea le makala a sefate se thapileng sa mohloare. Motso oa sefate seo sa mohloare sa tšoantšetso o ile oa tšoantšetsoa pele ho nako ka mopatriareka Abrahama, ntate moholo oa sechaba sa Iseraele ho ea ka nama. Kutu ea sefate e ne e tšoantšetsa bapatriareka ba neng ba tla latela, Isaaka, Jakobo le lihlooho tse 12 tsa bapatriareka tsa meloko e 12 ea Iseraele oa tlhaho. (Lik. 7:8) Makala a neng a hōla kutung ena a ne a tšoantšetsa litho tsa Bojode tsa meloko e 12 ea Iseraele oa tlhaho le ea bolotseng. Ka tlhaho bana e ne e le majalefa a pallo ea Abrahama mabapi le “peō” eo malapa ’ohle a lefatše le lichaba a neng a tla itlhohonolofatsa ka eona ntlheng ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Ka lebaka leo Bajode ba tlhaho le ba bolotseng ke bona ba pele ba neng ba le moleng oa ho fumana monyetla oa ho etsa ‘peō ea Abrahama.’
9. Ka tlhaho ea tsona, “makala” ao a tšoantšetso e ne e le eng, ’me ka baka leo, “motso” oa sebele e ne e le eng, ’me kutu ea sefate e le eng?
9 Joale rea tseba hore “peō” eo ke peō ea moea, peō e tsoetsoeng ke Jehova Molimo hore e be bara ba hae ba moea. E ne e le “motso” oa sebele oa sefate seo sa mohloare sa moea. Mora oa hae, Jesu Kreste, e le eena setho se ka sehloohong kapa sa bohlokoa sa “peō” eo ea Abrahama e Moholoanyane, Jehova Molimo, ’me kahoo Jesu Kreste o ne a tšoantšetsoa ka kutu ea sefate sena sa mohloare sa tšoantšetso. Ka ho loketseng, “makala” a sefateng se joalo a ne a tla tšoantšetsa barutuoa ba tšepahalang ba fetohang majalefa le eena e le litho tse tlase tsa ‘peō ea Abrahama’ ea moea. Na makala a ne a e-na le palo e lekanyelitsoeng?
10. Ke joang, ho Ba-Roma 11:11-32, Pauluse a bontšang hore ho tla ba teng feela palo e lekanyelitsoeng ea “makala” sefateng seo sa mohloare sa tšoantšetso?
10 Moapostola Pauluse o bontša hore ho ne ho tla ba le palo e lekanyelitsoeng feela ea “makala” sefateng seo sa mohloare sa moea. Joang? Hobane o supa hore ha le leng la makala a tlhaho le ne le khephoha, sefate se ne se ke ke sa hlōmela lekala le leng la tlhaho. Ho e-na le hoo, lekala le tsoang sefateng sa mohloare se naheng le ne le tla tlameha ho kenngoa sebakeng sa lona. Kahoo lekala lena la mohloare le kentsoeng le ne le ke ke la eketsa palo ea makala a sefate. Palo ea makala a kutung ea sefate seo e ne e tla lula e tšoana. Kahoo, ha Bajode ba bolotseng ba tlhaho ba ne ba khephoha sefateng seo sa moea ka baka la hore ka ho se lumele ba hane Jesu Kreste e le Peō e ka Sehloohong ea Abrahama e Moholoanyane, ho ne ho tla kengoa bao e seng Bajode kapa Balichaba sebakeng sa “makala” ao a tlhaho a khephohileng.—Ba-Roma 11:11-32.
11. Ke joang, ho Ba-Galata 3:26-29, Pauluse a bontšang hore ba lesakeng la Iseraele oa moea ha ba balelloe e le Bajode le Balichaba?
11 Ka ho loketseng, makala ao a sefateng sa Selekane sa Abrahama a ke ke a nkoa e le Bajode ba tlhaho le Balichaba ba basele. Kaofela a nkoa e le Baiseraele ba moea. Moapostola Pauluse ke eena ea hlakisang ntlha eo. Hoba a bue ka pallo ea Abrahama le peō ea Abrahama, o re: “Bohle le bara ba Molimo ka ho lumela ho Jesu Kreste. Hobane lōna bohle ba kolobelitsoeng ho Kreste, le apere Kreste. Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang, ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste. ’Me ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.”—Ba-Gal. 3:8, 16, 26-29.
12-14. (a) Ho Ba-Galata 4:21-31, ke bommè ba mang ba moea boo Pauluse a bo supisang Bakreste ba Bagalata? (b) Kahoo. na Pauluse o hatisa motsoako leha e le ofe oa Sejode ho “mohlatsoana” o ka ‘lesakeng lee’?
12 Moapostola Pauluse o ngotse lengolo le eang ho Bagalata hoo e ka bang lilemong tsa 50-52 C.E. Hona ho etsahetse bonyane lilemo tse 17 kamor’a hore Jehova a khokhothele selekane sa Molao sefateng seo Mora oa hae Jesu Kreste a ileng a khokhotheloa ho sona. Leha ho le joalo ho bile teng Bakreste ba bang ka liphuthehong tsa Galatia ba neng ba batla ho khutlela bohlankeng ba Molao ba selekane seo sa Molao se neng se kenoe lipakeng ke Moshe Thabeng ea Sinai e Arabia. Ho sena ba ne ba batla ho ea le Bajode ba hananang le Bokreste ba neng ba itsetsepetse ka Jerusalema ea lefatšeng le tempele e bonahalang e neng e hahiloe moo ke Morena Heroda e Moholo ea neng a leka ho bolaea ngoana Jesu ka lekhetlo le leng. Jerusalema eo e ne e ile ea tšoantšoa ka Hagare, mosali oa lekhoba oa Abrahama ’me e ne e tšoana le ’mè ho Bajode ba neng ba ntse ba batla ho lula bohlankeng molaong oa Moshe ho e-na le ho amohela Jesu Kreste e le Moshe e Moholoanyane. Ka baka leo, ka sena, Pauluse a ngola:
13 “Empa Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna . . . Ha e le rōna, banab’eso, re bana ba pallo, joale ka Isaaka. . . . Ka baka leo, banab’eso, ha re bana ba ea rekiloeng, empa re le ba ea sa rekoang. Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka eona, ’me le se ke la boela la bofshoa jokong ea bohlanka.”—Ba-Gal. 4:21 ho ea ho 5:1.
14 Isaaka, mora oa Abrahama, e ne e se Mojode kapa Moiseraele. Eena, e le mora oa mosali oa Abrahama ea lokolohileng Sara, e ne e le ntate oa Jakobo, ea ileng a reoa lebitso Iseraele le eo e bileng ntate oa Juda. Bakreste bao e leng ba “mohlatsoana,” ka ‘lesakeng’ la Molisa ea Molemo Jesu Kreste ba tšoana le Isaaka ka ho ba majalefa a pallo ea Abrahama. Jerusalema ea leholimo ke ’mè oa bona oa moea, ea ileng a tšoantšetsoa ke Sara ’mè oa Isaaka Moheberu, e seng Mojode.
15, 16. Ho Johanne 10:16-18, na Jesu o bolela hore o tlameha ho tlisa “linku tse ling” ka “lesakeng” e le hore a be le “molisa a le mong”?
15 Kamor’a ho bua ka “lesaka” le nang le litho tsa ‘peō ea Abrahama’ e entsoeng ka litho tse ngata, Jesu o leba ka lehlakoreng le leng ha a re: “Ke sa na le linku tse ling tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong. Seo ke ratoang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke. Ha ho motho ea nkamohang bona; ke ’na ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.”—Joh. 10:16-18.
16 Re hlokomela hore Jesu ha a bolele hore o tlameha ho ‘tlisa’ ‘linku tseo tse ling’ ka ‘lesakeng lena.’ Ho e-na le hoo, o bolela hore e tla ba “mohlape o le mong,” hobane ho tla ba le ‘molisa a le mong.’
17. Ho ka ’na ha etsoa khang ka eng ka ’nete ea hore Jesu o ikenela habonolo feela le ntle ho ho kenya ho hong lipakeng ha a qeta ho bua ka “lesaka lena” joale a bua ka “inku tse ling,” empa na hona e hlile ke ’nete?
17 Kaha Jesu o fetela habonolo hakana ho bueng ka “lesaka lena” ho kenyelletsa “linku tse ling,” ’mali a ka ’na a nahana hore liketso tsena tse peli li latellana ka tatelano e khutšoanyane, ho se lekhalo la letho la nako lipakeng, ruri ho se teng lilemo tse makholo lipakeng. Hape, hore ka lebaka le joalo Jesu o tlameha hore e be o bua ka ho tlisa ‘lesakeng lena’ batho bao e seng Bajode, Balichaba, ho ea ka pale ea katoloso ea phutheho ea Bokreste mehleng ea baapostola. Kahoo ho ka ’na ha fihleloa qeto ea hore mona Jesu o ne a sa bue ka boprofeta bo tla nka nako e telele ba ntho e ngoe eo e leng hona e tla etsahala khale. Empa qeto e joalo hase hlile hase e nepahetseng. Ha e etse khethollo pakeng tsa “lesaka lena” le “mohlape o le mong.”—Bapisa Tšenolo 7:8, 9.
18. Na Jesu o tsebile ho etsa boprofeta ba nako e telele, ’me ho hlohonolofala ha malapa ’ohle a lefatše ho tlameha ho emela ntho efe e tlileng pele?
18 Jesu o ne a e-na le neo ea pono ea boprofeta ’me kahoo a e-na le hona ho fana ka setšoantšo sa linku le lipōli le hoja e ne e le hona se tla netefala lilemong tse tlang tse 1 900. E ne e le eena setho se ka sehloohong sa ‘peō ea Abrahama’ ’me kahoo o ne a thahasella haholo ho pholosoa ha malapa ’ohle le lichaba tsa batho ka ho itlhohonolofatsa ka ho sa feleng ka peō eo. Tlhohonolofatso e joalo e ne e lokela ho emela ho phethahala ha ‘peō eo ea Abrahama’ e entsoeng ka litho tse ngata tse 144 000 tlas’a hae. Hoo ho ne ho tla ama lilemo tse makholo a 19, joalokaha linnete tsa pale li bontša. Ke ’nete, ba itlhohonolofatsang ba ne ba tla tšoana le linku tsa malapa ’ohle le lichaba, empa e ne e tla ba “linku tse ling” hobane e ne e se ba “lesaka lena” la majalefa a pallo ea Abrahama. Kahoo e ke ke ea e-ba Baiseraele ba moea, empa, ha ho boleloa ka mohlala, e ne e le Balichaba.
19. Leseling la se tlang pele ho Tšenolo, khaolo ea 7, “bongata bo boholo” bo etsoa ke bo-mang joalokaha bo hlalositsoe ho Tšenolo 7:9-17?
19 Ho tumellanong hantle le sena ke ’nete ea hore, kamor’a hore moapostola Johanne a bone ho tiisoa ha meloko e 12 ea Iseraele oa moea, joalokaha a hlalosa ho Tšenolo 7:1-8, o bone pono ea “bongata bo boholo” bo se nang palo, ba bao e seng Baiseraele ba moea le bao ka baka leo e leng “linku tse ling.” Ba bonoe ba eme pel’a terone ea Molimo ’me ba re: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” Bana ho boleloa hore ba pholoha “mahlomoleng a maholo,” ’me ba sebeletsa Jehova Molimo ka tempeleng ea hae motšehare le bosiu. “Molisa ea molemo” o nea “linku tse ling” tsena tlhokomelo e lerato, hobane rea bala: “Konyana . . . e tla ba alosa ’me e tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo.”—Tšen. 7:9-17.
20. Ke neng hona hokae moo phethahatso ea pono ea “bongata bo boholo” e qalileng ho etsahala, hona ka pontšo efe?
20 Tumellanong le taolo eo ea lintho e beiloeng ho Tšenolo khaolo ea 7, e bile selemo selemong sa 1935, lilemo tse 20 ho kena ka ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho’ bo qalileng ka 1914, moo tlhaloso ea pono ea Tšenolo e ileng ea neoa ka “bongata bo boholo.” Hona ho etsahetse ka la 31 Motšeanong, 1935, kopanong e neng e le motse-moholo oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika. Ka lekhetlo leo J. F. Rutherford, mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society, a fana ka puo ea taba e reng “Bongata bo Boholo,” ’me a hlalosa hore na ke joang e seng sehlopha se tlase sa leholimo, empa e le sehlopha sa lefatšeng, “linku tse ling” tsa “molisa ea molemo.” Boitsebiso bona hamorao ba phatlalatsoa likarolong tsa makasine oa Molula-Qhooa. Ka sebele “molisa ea molemo” a qala ho tlisa “linku tse ling” tsa hae ’me tsa qala ho mamela lentsoe la hae le ho mo latela, hobane ka letsatsi le hlahlamang kamor’a hore ho hlalosoe Tšenolo 7:9-15 ho bile teng ba 840 ba ileng ba tšoantšetsa boineelo ba bona ho Molimo ka Kreste ka kolobetso ea metsing. Bongata ba bana ba ipolela hore ke ba “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste.—AV.
21. (a) Kahoo, ntle ho “mohlatsoana” “molisa ea molemo” o boetse a neela moea oa hae bakeng sa bo-mang? (b) Molisa a fumana moea oa hae hape joang, ’me e le pontšong ea lerato la mang?
21 “Molisa ea molemo” a tela “moea” oa hae le bakeng sa “linku tse ling” tsena tseo e seng tsa “lesaka” la majalefa a pallo ea Abrahama. Moapostola Johanne, eo e neng e le oa sehlopha sa “peō” ea Abrahama, o ngolile: “[Jesu Kreste] ke eena e leng pheko ea libe tsa rōna; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.” (1 Joh. 2:1, 2) Jehova Molimo, Ntate oa leholimo, o ratile Mora oa hae ka baka la ho etsa sena. Ka kananelo e tlohang botebong ba pelo ho sena Jesu, “molisa ea molemo” a bolela tjena ka pel’a ba neng ba mo hloile har’a Bajode: “Seo ke ratoang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke.” (Joh. 10:17) Ntate o bontšitse lerato la hae bakeng sa “molisa ea molemo” ea itetseng e le eena ka ho mo tsosa bafung ka letsatsi la boraro. Ka tsela ena Mora oa Molimo a fumana “moea” oa hae kapa boleng hape, empa tekanyong ea bophelo ba leholimo.
22. Ntle ho liteko bophelong ba hae, ke hobane’ng ha ho se motho ea amohileng Jesu bophelo ba hae ba botho, ho fihlela ha a bua mantsoe a ngotsoeng ho Johanne 10:18?
22 Ho tla fihlela nakong eo ka eona Jesu a buileng ka “linku tse ling” ho ne ho ’nile ha etsoa boiteko ba ho felisa bophelo ba “molisa ea molemo” enoa. Empa ha ho mohla a kileng a etsa eng kapa eng e tšoaneloang ke lefu matsohong a batho. Hona ho hlalosa hore na ke ka baka la’ng ha a ile a re: “Ha ho motho ea nkamohang bona; ke ’na ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.”—Joh. 10:18.
23. Ke neng Jesu a tetseng bophelo ba hae ba botho ka boithatelo, hona hobane’ng?
23 Likhoeli tse seng kae hamorao, ha fanoa ka bopaki ba polelo ena. Bosiung boo a ekiloeng ka bona tšimong ea Gethsemane, ha morutuoa oa hae Petrose a leka ho mo sireletsa ka sabole, Jesu a re: “Kapa na u re, nka sitoa ho rapela Ntate hona joale, ’me o ba a ea ’nea lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetisang? Empa ha nka etsa joalo, Mangolo a ka phethahala joang, a boletseng hore e ka khona ho be joalo?” (Matt. 26:53, 54) Kahoo, kamor’a ho tlohela baapostola ba hae hore ba balehe, Jesu a ineela ka boeena ho bongata bo neng bo tlile ho tla mo tšoara le ho iteka ka lekhetlo la ho qetela ho mo bolaea. Ka ho etsa joalo Jesu o ne a sa lahle bophelo ba hae.
24. Ke matla afe a feletseng ka moea oa hae ao Jesu a neng a a fumane ho Ntate oa hae, ’me boiteko ba ho qetela ba ho mo thibela ho sebelisa matla ao bo hlōlehile neng?
24 Jesu o ne a filoe matla ke Ntat’ae oa leholimo hore a nke tsela ena, empa ho tlohelletsoe boithatelong ba hae hore a ho etse. Matla a hae a ho amohela moea oa hae hape ka tsoho a ne a itšetlehile ka hore a ineele ka boithatelo. Kaha o ile a fela a neela moea oa hae lefung, Ntate oa hae oa leholimo a mo apesa ka matla a ho o fumana hape ho Eena feela ea nang le matla a ho mo tsosa bafung. Ha ho matla leholimong kapa lefatšeng a neng a ka thibela matla ana a hore Jesu a fumane “moea” oa hae, kapa bophelo, hape. Kahoo, tiiso ea ’musisi e neng e beiloe lejoeng le leholo le neng le koetse lebitla leo a ileng a kenngoa ka ho lona hoba a shoe sefateng, hape le ho lebela ha masole a neng a beiloe lebitleng ho thibela barutuoa ba hae hore ba ka utsoa setopo sa hae, tsa hlōleha ho thibela Jesu hore a ka sebelisa matla ao a a neiloeng ke Molimo ka letsatsi la boraro.—Matt. 27:62 ho ea ho 28:15.
25. Kaha Jesu ha a ka a lahla bophelo ba hae ba botho ka ho se utloe Molimo, bo ile ba fumaneha neng hore a ka bo sebelisetsa batho?
25 Ka sebele, Jesu o ne a le tlas’a taelo ea Ntate oa hae oa leholimo hore a etse sena sohle. Kahoo, ka letsatsi la boraro a shoele, Jehova Molimo a ntša taelo ea hore Mora oa hae ea utloang a tsohe bafung ’me a fumane bophelo hape, sebakeng sa moea le Ntate oa hae oa leholimo. Kaha o ne a sa lahleheloa ke bophelo ba hae ba nama ka baka la ho se utloe Molimo, a boela a fumana tokelo le tlotla ea bophelo bo phethahetseng ba botho eo a ka e hlahisang ho Jehova Molimo tempeleng ea hae ea leholimong ’me a etse topollo bakeng sa libe tsa lefatše lohle.
26. (a) Kahoo tsela e ne e bulehetse malapa ’ohle a batho hore a etse joang? (b) Ke neng ka ho hlokomelehang “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Jesu bo qalileng ho itlhohonolofatsa?
26 Kahoo tsela ea buleloa malapa ’ohle le lichaba tsa lefatše ho “itlhohonolofatsa” ka Ea ka Sehloohong oa ‘peō ea Abrahama.’ (Gen. 12:1-3; 22:15-18) “Bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo tsa qala ho “itlhohonolofatsa” ka eena ha li ineela ho Jehova Molimo ka eena ’me li tšoantšetsa boineelo bona ka kolobetso ea metsing. Eaba li mamela lentsoe la Molisa ea Molemo le ho mo latela, hammoho le masala a tlotsitsoeng a peō ea Abrahama. Hona ho qalehile ka ho hlokomelehang kopanong ea Washington (D.C.) ea 1935. Ho tloha ka nako eo masala a ’nile a amohela “linku tse ling” tsohle ’me, joalokaha Jesu a hlile a bolela, ho teng “mohlape o le mong” tlas’a “molisa a le mong.”
27. Ke bafe hape ntle ho “bongata bo boholo” bo pholohang “mahlomoleng a maholo” ba tla fetoha karolo ea “linku tse ling” tsa Molisa ea molemo, hona neng?
27 Nakong ea puso ea lilemo tse sekete ea “molisa a le mong,” Jesu Kreste ea lutseng teroneng, bafu bohle ba lopolotsoeng ba batho ba tla tsosoa borokong ba bona ba lefu ’me ba be le monyetla oa ho “itlhohonolofatsa” ka ho ba karolo ea “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo. Hona ho tla akarelletsa le eo e neng e le “molebeli oa monyako” oa “lesaka” le emelang tokisetso ea Selekane sa Abrahama, e leng, Johanne Mokolobetsi. (Joh. 10:1-3) Jesu o tla isa ba utloang “lilibeng tsa metsi a bophelo.” “Bongata bo boholo” ba bao ba pholohileng “mahlomoleng a maholo” e tla ba tlhohonolofatso ho bongata bo tsositsoeng hore bana ba ka iphumantša ‘liliba tsa metsi a bophelo.’ (Tšen. 7:9-17) Bohle ho ba kang linku ba tla tseba ho kopanela le “bongata bo boholo” ha bo re: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.”—Tšen. 7:10; 20:11-14.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Tokisetso ea Jehova bakeng sa “Linku” tsa Hae
(1) “Molisa ea molemo”: Jesu Kreste, ea tellang “linku” bophelo
(2) “Molebeli oa monyako”: Johanne Mokolobetsi, ea kenyellelitseng “molisa ho “linku”
(3) “Lesaka”: Lesaka la ’Muso la tokisetso ea Selekane sa Abrahama
(4) “Linku” tse ka lesakeng lena: “Mohlatsoana,” o tsoang har’a Bajode le Balichaba
(5) “Monyako oa linku”: Jesu
(6) “Linokoane,” “lesholu,” ‘ba lefuoang’: Bakoenehi le balisa ba bohata
(7) “Linku tse ling”: “Bongata bo boholo” le ba bang ba ruang sebaka sa ’Muso sa lefatšeng
(Bona hape “The Watchtower” ea la 15 May, 1946, maqephe 147-158)